Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molepera oa Phekoloa!

Molepera oa Phekoloa!

Tsa Bacha

Molepera oa Phekoloa!

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Naamane, Elisha le ngoanana oa Moiseraele ea sa boleloang lebitso

Kakaretso: Molaoli oa lebotho la Syria ea bitsoang Naamane o phekoloa lefu le nyonyehang ka mor’a hore ngoanana oa Moiseraele a mo khothalletse hore a ee ho Elisha.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA 2 MARENA 5:1-19.

U nahana hore ngoanana oa Moiseraele o ne a ikutloa joang ka lebaka la hore o ne a nkiloe bathong ba habo ba tšabang Molimo?

․․․․․

U nahana hore Naamane o ne a tsielehile hakae—haholo ha u nahana hore e ne e le monna ea matla empa a e-na le lefu le mo fokolisang?

․․․․․

Ha u bala temana ea 11 ho ea ho ea 13, u utloa eka maikutlo a ne a le joang ha Naamane a buisana le bahlanka ba hae?

․․․․․

U lemoha phetoho efe maikutlong a Naamane ho qala temaneng ea 15?

․․․․․

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Ke lintho life tseo e ka ’nang eaba li ne li etsa hore Naamane a ikhohomose? (Bala temana ea 1 hape.)

․․․․․

U sebelisa mokhoa leha e le ofe oo u nang le oona oa ho etsa lipatlisiso, fumana ho itseng ka lepera la mehleng ea Bibele. * (Ka mohlala, le ne le le kotsi hakae? Na le ne le tšoaetsanoa? Le ne le folisoa joang?)

․․․․․

U nahana hore e ka ’na eaba ho folisoa ha Naamane ho ile ha ama ngoanana oa Moiseraele joang?

․․․․․

E ka ’na eaba seo Elisha a ileng a se bua e ile ea e-ba teko joang ho Naamane? (Sheba temana ea 10.)

․․․․․

3SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Likotsi tsa ho ikhohomosa.

․․․․․

Sebete sa ho bua ka tumelo ea hao.

․․․․․

Matla a Jehova a ho folisa boloetse.

․․․․․

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

HAEBA U SE NA BIBELE, E KŌPE HO LIPAKI TSA JEHOVA KAPA U BALE LINGOLILOENG TSE LING TSA BIBELE INTHANETENG HO www.watchtower.org

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 18 Lefu la letlalo leo mehleng ea Bibele le neng le bitsoa lepera le akarelletsa lefu leo mehleng ena le tsejoang e le Hansen’s disease.