Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha—Tataisoang ke Lentsoe la Molimo

Bacha—Tataisoang ke Lentsoe la Molimo

Bacha—Tataisoang ke Lentsoe la Molimo

“Fumana bohlale, fumana kutloisiso.”—LIPROV. 4:5.

1, 2. (a) Moapostola Pauluse o ile a thusoa ke eng hore a atlehe ho sa tsotellehe ho loantšana ha maikutlo hoo a neng a e-na le hona? (b) U ka fumana bohlale le kutloisiso joang?

“HA KE lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.” Na ua tseba hore na ke mang ea ileng a bua mantsoe ao? Ke moapostola Pauluse. Le hoja Pauluse a ne a rata Jehova, ka linako tse ling o ne a thatafalloa ho etsa se nepahetseng. O ne a ikutloa joang ka ho loantšana hoo ha maikutlo hoo a neng a e-na le hona? O ile a ngola a re: “Ke monna ea sōtō hakaakang!” (Bar. 7:21-24) Na u utloisisa kamoo Pauluse a neng a ikutloa kateng? Na ka linako tse ling le uena u thatafalloa ho etsa se nepahetseng? Na seo se u nyahamisa joalokaha se ile sa nyahamisa Pauluse? Haeba ho joalo, u se ke ua khathala matla. Ho sa tsotellehe ho loantšana hona ha maikutlo hoo Pauluse a neng a e-na le hona, o ile a atleha ’me le uena u ka atleha.

2 Pauluse o ile a atleha hobane o ile a itumella hore a tataisoe ke “mantsoe a phelisang hantle.” (2 Tim. 1:13, 14) Ka lebaka leo, o ile a fumana bohlale le kutloisiso tseo a neng a li hloka hore a tsebe ho hlōla mathata le hore a etse liqeto tse nepahetseng. Le uena Jehova Molimo a ka u thusa hore u fumane bohlale le kutloisiso. (Liprov. 4:5) O fane ka keletso e molemo ka ho fetisisa ka Lentsoeng la hae, Bibele. (Bala 2 Timothea 3:16, 17.) Nahana hore na melao-motheo e ka Mangolong e ka u tsoela molemo joang ha u sebelisana le batsoali ba hao, ha u etsa qeto ea hore na u sebelise chelete joang le nakong eo u leng mong.

Ho Tataisoa ke Lentsoe la Molimo ka Lapeng

3, 4. Ke hobane’ng ha u ka ’na ua thatafalloa ke ho mamela melao ea batsoali ba hao, empa ke hobane’ng ha batsoali ba beha melao?

3 Na u fumana ho le thata hore u mamele melao ea batsoali ba hao? Ebe ke hobane’ng ha ho le joalo? Lebaka le leng e ka ’na ea e-ba hore u batla ho fumana bolokolohi bo bongatanyana. Ho ikutloa ka tsela eo ke ntho e tloaelehileng. Ke karolo ea ho hōla. Leha ho le joalo, ha u ntse u lula lapeng, u tšoanela ho mamela batsoali ba hao.—Baef. 6:1-3.

4 Haeba u utloisisa hore na ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba beha melao ba bile ba hloka hore u etse lintho tse itseng, seo se ka etsa hore u nolofalloe ke ho mamela melao eo le ho phetha lintho tseo ba li hlokang. Ke ’nete hore ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa kamoo Brielle * ea lilemo li 18 a neng a ikutloa kateng; ha a ne a bua ka batsoali ba hae o ile a re: “Ba lebetse thuoe! hore na ke ntho e joang ho ba lilemong tseo ke leng ho tsona. Ha ba batle ho utloa maikutlo a ka, ha ba batle hore ke ikhethele kapa ke bontše hore ke hōlile.” Joaloka Brielle, u ka ’na ua ikutloa eka batsoali ba hao ha ba u fe bolokolohi boo u bo batlang. Leha ho le joalo, ha e le hantle batsoali ba hao ba beha melao hobane baa u tsotella. Ho phaella moo, batsoali ba Bakreste baa tseba hore ba ikarabella ho Jehova ka tsela eo ba u hlokomelang ka eona.—1 Tim. 5:8.

5. Ho mamela batsoali ba hao ho ka u tsoela molemo joang?

5 Ka sebele, ho mamela melao ea batsoali ba hao ho tšoana le ho lefa sekoloto seo u nang le sona bankeng—ha u lefa ka botšepehi, banka e tla lokoloha haholoanyane ho u fa sekoloto. Ka tsela e tšoanang, sekoloto sa hao ho batsoali ba hao ke hore u ba hlomphe u be u ba mamele. (Bala Liproverbia 1:8.) Ha u mamela batsoali ba hao haholoanyane, ho ka etsahala hore le bona ba u fe bolokolohi bo bongatanyana. (Luka 16:10) Leha ho le joalo, haeba u tsoela pele ho tlōla melao, u se ke ua makala ha batsoali ba hao le bona ba fokotsa kapa ba koala seo re ka reng ke sekoloto sa hao.

6. Batsoali ba ka thusa bacha joang hore ba mamele?

6 Tsela e ’ngoe eo ka eona batsoali ba ka thusang bacha hore ba mamele melao ea bona, ke ka hore ba ba behele mohlala. Ha bona ka bobona ba bontša hore ba ikemiselitse ho etsa seo Jehova a se hlokang, seo e tla be e le sesupo sa hore melao ea Molimo ha e boima. Sena se tla thusa bana hore ba be le maikutlo a tšoanang ka melao eo batsoali ba ba behelang eona. (1 Joh. 5:3) Ho feta moo, Bibele e bolela liketsahalo tseo ho tsona Jehova a ileng a fa bahlanka ba hae monyetla oa hore ba ntše maikutlo a bona litabeng tse itseng. (Gen. 18:22-32; 1 Mar. 22:19-22) Na ho na le linako tseo ka tsona batsoali ba ka ’nang ba fa bana ba bona monyetla oa hore ba ntše maikutlo a bona mabapi le litaba tse itseng?

7, 8. (a) Bana ba bang ba thulana le bothata bofe? (b) U lokela ho hlokomela eng e le hore khalemelo e u tsoele molemo?

7 Bacha ba ka ’na ba boela ba nka hore batsoali ba bona ba ba nyatsa le ha ho sa hlokahale. Ka linako tse ling, e ka ’na eaba u ’nile ua ikutloa kamoo mohlankana ea bitsoang Craig a neng a ikutloa kateng; o ile a re, “’Mè e ne eka ke lefokisi—o ne a lula a tsoma liphoso.”

8 Hangata ha motho a khalemeloa kapa a lauoa, seo se akarelletsa hore a nyatsuoe. Bibele ea lumela hore leha khalemelo e loketse, ha ho bonolo ho e amohela. (Baheb. 12:11) Ke eng e ka u thusang hore khalemelo eo u e fuoang e u tsoele molemo? Ntho ea bohlokoa eo u lokelang ho e hopola ke hore batsoali ba hao ba u khalemela hobane ba u rata. (Liprov. 3:12) Ba batla ho u thusa hore u se ke ua ba le mekhoa e mebe empa u be le e metle. Mohlomong batsoali ba hao baa hlokomela hore haeba ba sa u khalemele, ho tšoana le ha ba bontša hore ba u hloile! (Bala Liproverbia 13:24.) Ho feta moo, hopola hore re ithuta ka ho etsa liphoso. Kahoo, e ka ba hantle hore ha u khalemeloa u leke ho fumana hore na keletso eo e ka u tsoela molemo joang. “Ho ba le [bohlale] e le leruo ho molemo ho feta ho ba le silevera e le leruo ’me ho ba le bona e le lihlahisoa ho molemo ho feta khauta.”—Liprov. 3:13, 14.

9. Ho e-na le hore bacha ba lule ba nahana ka seo ba nkang hore ke ho hloka toka, ba ka etsa’ng?

9 Leha ho le joalo, batsoali le bona ba etsa liphoso. (Jak. 3:2) Ka linako tse ling ha ba u khalemela ba ka ’na ba bua ba sa nahana. (Liprov. 12:18) Ke eng e ka etsang hore batsoali ba hao ba etse see? E ka ’na eaba ba na le khatello ea maikutlo kapa ba nka hore liphoso tseo u li etsang li bontša hore ba hlōtsoe ho etsa mosebetsi oa bona. Ho e-na le ho lula u nahana ka seo u nkang hore ke ho hloka toka, e ka ba hantle hore u bontše hore u ananela boiteko ba bona bo tiileng ba ho batla ho u thusa. Ha u amohela khalemelo, seo se tla u thusa ha u se u le motho e moholo.

10. U ka nolofalloa joang ho amohela melao le khalemelo ea batsoali ba hao?

10 Na u ka rata ho nolofalloa ke ho amohela melao le khalemelo ea batsoali ba hao? Haeba ho joalo, u lokela ho ntlafatsa tsela eo u buisanang le bona ka eona. U ka etsa seo joang? Mohato oa pele ke hore u mamele. Bibele e re: ‘U potlakele ho utloa, u liehe ho bua, u liehe ho halefa.’ (Jak. 1:19) Ho e-na le hore u potlakele ho ikemela, leka ho laola maikutlo ’me u mamele seo batsoali ba hao ba se buang. Tsepamisa kelello ho se buuoang, eseng tabeng ea hore na se buuoa joang. Ka mor’a moo, ka tlhompho pheta ka mantsoe a hao seo batsoali ba hao ba reng u lokela ho se etsa. Seo se tla ba kholisa hore u fela u utloile seo ba se buileng. Joale u lokela ho etsa’ng haeba u batla ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha u buile taba e itseng kapa u entse ntho e itseng? Maemong a mangata, ke bohlale hore ‘u thibe molomo oa hao’ ho fihlela u entse seo batsoali ba hao ba batlang hore u se etse. (Liprov. 10:19) Ha batsoali ba hao ba bona hore u ba mametse, le bona ba tla batla ho u mamela. Ha u etsa lintho joalo ka tsela e bontšang hore u hōlile, u tla be u bontša hore u tataisoa ke Lentsoe la Molimo.

Ho Tataisoa ke Lentsoe la Molimo ha U Sebelisa Chelete

11, 12. (a) Mabapi le chelete, Lentsoe la Molimo le re khothalletsa hore re etse’ng, hona hobane’ng? (b) Batsoali ba hao ba ka u thusa joang hore u sebelise chelete hantle?

11 Bibele e re: ‘Chelete ke tšireletso.’ Empa eona temana eo e bontša hore bohlale bo bohlokoa ho feta chelete. (Moek. 7:12) Lentsoe la Molimo le re khothalletsa hore re be le maikutlo a nepahetseng ka chelete, re se ke ra e rata. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho rata chelete? Nahana ka papiso ena: Thipa e bohale ke sesebelisoa sa bohlokoa ho seapehi se hloahloa. Empa thipa eona eo e ka baka kotsi e tšabehang ha e sebelisoa ke motho ea seng hlokolosi kapa ea sa tsotelleng. Haeba e sebelisoa ka bohlale, chelete le eona e ka ba molemo. Leha ho le joalo, hangata batho “ba ikemiselitseng ho rua” ba lahleheloa ke metsoalle, likamano tsa bona tsa lelapa lia senyeha, esita le kamano ea bona le Molimo ea senyeha. Ka lebaka leo, ba itlhaba “hohle ka bohloko bo boholo.”—Bala 1 Timothea 6:9, 10.

12 U ka ithuta ho sebelisa chelete ka bohlale joang? E ka ba hantle hore u botse batsoali ba hao hore na u ka etsa moralo oa ho sebelisa chelete joang. Solomone o ile a ngola a re: “Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng, ’me motho ea nang le kutloisiso ke ea fumanang tataiso e bohlale.” (Liprov. 1:5) Moroetsana e mong ea bitsoang Anna o ile a kōpa batsoali ba hae hore ba mo fe tataiso e bohlale. O re, “Ntate o ile a nthuta ho etsa moralo oa tšebeliso ea chelete, ’me a mpontša kamoo ho leng bohlokoa kateng ho hlophisa tsela eo chelete ea lelapa e sebelisoang ka eona.” Ka tsela e tšoanang ’mè oa Anna le eena o ile a mo ruta lintho tse neng li tla mo tsoela molemo. Anna o re, “O ile a mpontša bohlokoa ba ho bapisa litheko pele ke reka.” See se ile sa tsoela Anna molemo joang? Ha a araba o re: “Hona joale ke tseba ho hlokomela chelete ea ka. Ke laola ka hloko chelete eo ke e sebelisang, ka hona ke lokolohile ebile ke imolohile kelellong kaha ke qoba likoloto tse sa hlokahaleng.”

13. Mabapi le ho sebelisa chelete u ka itaea joang?

13 U ka ’na ua iphumana u kene tloara! likolotong haeba u reka lintho ka lepotlapotla kapa u sebelisa chelete feela ho khahlisa metsoalle ea hao. U ka thusoa ke’ng hore u qobe maraba aa? U lokela ho ithuta ho itaea mabapi le ho sebelisa chelete. Sena ke seo Ellena ea ka holimonyana ho lilemo tse 20 a se etsang. O re, “Ha ke intša le metsoalle, ke rera esale pele ebe ke etsa qeto ea hore na ke tla sebelisa bokae. . . . Hape ke ee ke bone ho le molemo ho ea mabenkeleng le metsoalle e hlokolosi ka chelete le e tla nkhothalletsa hore ke bapise lintho pele ke reka, eseng hore ke reke ntho ea pele feela eo ke e bonang.”

14. Ke hobane’ng ha u lokela ho itebela khahlanong le “matla a thetsang a maruo”?

14 Ho fumana chelete le ho e sebelisa hantle ke ntho ea bohlokoa bophelong ba hao. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolela hore thabo ea ’nete e fumanoa ke batho ba “elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Mat. 5:3) O ile a lemosa hore thahasello eo motho a nang le eona linthong tsa moea e ka bipetsoa ke lintho tse joaloka “matla a thetsang a maruo.” (Mar. 4:19) Kahoo, ruri ke habohlokoa hore u lumelle Lentsoe la Molimo hore le u tataise le hore u be le maikutlo a loketseng ka chelete!

Ho Tataisoa ke Lentsoe la Molimo ha U le Mong

15. Ho ka etsahala hore ebe botšepehi ba hao ho Molimo bo tla lekoa haholo neng?

15 U nahana hore botšepehi ba hao ho Molimo bo tla lekoa haholo nakong efe—ha u e-na le batho ba bang kapa ha u le mong? Ha u le sekolong kapa mosebetsing, ho ka etsahala hore ebe u lula u itebetse moeeng. U ela hloko lintho tse ka ’nang tsa u ntša kotsi moeeng. Ha u iketlile ’me u sa falimeha, ke hona ha boitšoaro ba hao bo ba kotsing le ho feta.

16. Ke hobane’ng ha u lokela ho batla ho mamela Jehova esita le ha u le mong?

16 Ke hobane’ng ha u lokela ho batla ho mamela Jehova esita leha u le mong? Hopola sena: U ka utloisa Jehova bohloko kapa u ka thabisa pelo ea hae. (Gen. 6:5, 6; Liprov. 27:11) Liketso tsa hao li ama Jehova hobane ‘oa u tsotella.’ (1 Pet. 5:7) O batla hore u mo mamele e le hore u itsoele molemo. (Esa. 48:17, 18) Ha bahlanka ba bang ba Jehova ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba iphapanyetsa keletso ea hae, ba ne ba mo utloisa bohloko. (Pes. 78:40, 41) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ne a rata moprofeta Daniele kaha lengeloi le ile la re ke “monna ea khahlehang haholo.” (Dan. 10:11) Hobane’ng? Hobane Daniele o ile a lula a tšepahala ho Molimo, eseng feela ha a ne a le har’a batho empa leha a ne a le mong.—Bala Daniele 6:10.

17. Ke lipotso life tseo u ka ipotsang tsona ha u khetha boithabiso?

17 E le hore u lule u tšepahala ho Molimo leha u le mong, u lokela ho ba le ‘matla a ho lemoha e le hore u khetholle se nepahetseng le se fosahetseng’ ’me u koetlise matla ao “ka tšebeliso” ka ho etsa seo u tsebang hore se nepahetse. (Baheb. 5:14) Ka mohlala, ha u khetha ’mino oo u o mamelang, lifilimi tseo u li shebellang kapa liwebsaete tseo u li shebang, lipotso tse latelang li tla u thusa hore u khethe se nepahetseng ’me u qobe se fosahetseng. Ipotse lipotso tsena: ‘Na ntho ee e tla nkhothalletsa hore ke be le kutloelo-bohloko kapa e tla ntšusumelletsa hore ke thabele “koluoa ea [motho] e mong”?’ (Liprov. 17:5) ‘Na e tla nthusa hore ke “rate se molemo” kapa e tla etsa hore ke thatafalloe ke ho “hloea se sebe”?’ (Amose 5:15) Seo u se etsang ha u le mong se bontša hore na ke ntho efe eo u e nkang e le ea bohlokoa.—Luka 6:45.

18. U lokela ho etsa’ng haeba ho e-na le ntho e fosahetseng eo u ’nileng ua e etsa ka lekunutu, hona hobane’ng?

18 U lokela ho etsa’ng haeba ho e-na le ntho eo u ’nileng ua e etsa ka lekunutu empa u tseba hore e fosahetse? Hopola hore “ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.” (Liprov. 28:13) Ruri e ka ba booatla hore u tsoele pele u etsa ntho e fosahetseng ebe u “soabisa moea o halalelang oa Molimo”! (Baef. 4:30) U na le boikarabelo ba ho bolella Molimo le batsoali ba hao ntho efe kapa efe e mpe eo u e entseng; ha u etsa joalo, u tla be u itsoela molemo. “Banna ba baholo ba phutheho” ba ka u thusa haholo tabeng ena. Morutuoa Jakobo o re: “Ba [rapelle mofosi], ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova. Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa. Hape, haeba a entse libe, o tla tšoareloa.” (Jak. 5:14, 15) Ke ’nete hore sena se ka ’na sa etsa hore u hlajoe ke lihlong kapa u kotule litholoana tse bosula. Empa haeba u iteta sebete hore u kōpe thuso, u tla qoba hore u tsoe kotsi le ho feta ebile u tla ikutloa u imolohile kaha u tla boela u e-ba le letsoalo le hloekileng.—Pes. 32:1-5.

Thabisa Pelo ea Jehova

19, 20. Jehova o batla hore ho etsahale’ng ka uena, hona uena u lokela ho etsa’ng?

19 Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ’me o batla hore le uena u thabe. (1 Tim. 1:11) O u tsotella haholo. Le haeba ho se na motho ea bonang boiteko boo u bo etsang ba ho etsa se nepahetseng, eena oa bo bona. Ha ho letho le patehileng mahlong a Jehova. Ha aa u sheba ka morero oa hore a fumane liphoso empa hore a u tšehetse ha u ntse u ikitlaelletsa ho etsa se nepahetseng. “Mahlo a [Molimo] a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”—2 Likron. 16:9.

20 Ka lebaka leo, itumelle hore u tataisoe ke Lentsoe la Molimo ’me u sebelise keletso ea lona. Ha u etsa joalo, u tla fumana bohlale le kutloisiso tse tla u thusa hore u hlōle mathata a boima le hore u fihlele liqeto tseo ho seng bonolo ho li etsa. Ha u na ho thabisa batsoali ba hao le Jehova feela empa u tla boela u phele bophelo bo monate e le kannete.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Mabitso a fetotsoe.

U ka Araba Joang?

• Bacha ba ka etsa’ng hore ba nolofalloe ho amohela melao le khalemelo ea batsoali ba bona le hore li ba tsoele molemo?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u be le maikutlo a loketseng ka chelete?

• U ka lula u tšepahala ho Jehova joang esita leha u le mong?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Na u tla lula u tšepahala ho Molimo ha u le mong?