Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha—Le Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Lōna?

Bacha—Le Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Lōna?

Bacha—Le Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Lōna?

“Tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka otla moea.”—1 BAKOR. 9:26.

1, 2. E le hore u atlehe ha u ntse u e-ba motho e moholo u lokela ho ba le eng?

HAEBA u ne u il’o tsamaea ka tsela eo u sa e tloaelang, u ne u ka ’na ua tsamaea u nkile ’mapa le sesupa-tsela. ’Mapa o ne o tla u thusa hore u bone hore na u hokae ’me o u thuse hore u rale tsela eo u tla tsamaea ka eona. Sesupa-tsela se ne se tla u thusa hore u lule u le tseleng e nepahetseng. Leha ho le joalo, ’mapa le sesupa-tsela li ne li ke ke tsa u thusa ka letho haeba u ne u sa tsebe hore na u ea hokae. E le hore u se ke ua ’na ua lelera feela, u ne u tla lokela ho tseba hantle hore na u ea hokae.

2 Ha u ntse u e-ba motho e moholo u tobana le boemo bo tšoanang. U na le ’mapa le sesupa-tsela se tšepahalang. Bibele ke ’mapa o ka u thusang hore u khethe tsela eo u tla e nka. (Liprov. 3:5, 6) Haeba letsoalo la hao le koetlisitsoe hantle, le ka u thusa haholo hore u lule u le tseleng e nepahetseng. (Bar. 2:15) Le ka sebetsa joaloka sesupa-tsela. Leha ho le joalo, e le hore u atlehe bophelong, u lokela ho tseba hore na u ea hokae. U lokela ho ba le lipakane tse hlakileng.

3. Ho 1 Bakorinthe 9:26, ke melemo efe ea ho ba le lipakane eo Pauluse a buang ka eona?

3 Moapostola Pauluse o ile a akaretsa melemo ea ho ipehela lipakane le ho loanela ho li finyella ha a ne a ngola a re: “Tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise; tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka otla moea.” (1 Bakor. 9:26) Haeba u e-na le lipakane u ka matha ka ho nepisisa. Haufinyane u tla lokela ho etsa liqeto tse khōlō mabapi le borapeli, mosebetsi, lenyalo le lelapa, ha re bolela lintho tse seng kae feela. Ka linako tse ling, u ka ’na ua ikutloa u ferekane, u sa tsebe hore na u khethe’ng. Empa haeba u rala lintho esale pele, ’me u theha liqeto tseo u li etsang linneteng le melao-motheong ea Lentsoe la Molimo, u ke ke ua lekeha hore u nke tsela e fosahetseng.—2 Tim. 4:4, 5.

4, 5. (a) Ho ka etsahala’ng haeba u sa ipehele lipakane? (b) Ke hobane’ng ha u lokela ho tataisoa ke takatso ea ho khahlisa Molimo ha u khetha lintho tseo u batlang ho li etsa bophelong?

4 Haeba u sa ipehele lipakane, ho ka etsahala hore lithaka tsa hao le matichere ba u susumetse hore u etse seo ba nahanang hore se molemong oa hao. Ke ’nete hore leha u e-na le lipakane tse hlakileng ba bang ba ka ’na ba u bolella maikutlo a bona. Ha u ntse u mametse litlhahiso tsa bona ipotse, ‘Na lipakane tseo ba buang ka tsona li tla nthusa hore ke hopole ’Mōpi oa ka ha ke sa le mocha kapa li tla ntšitisa ho mo hopola?’—Bala Moeklesia 12:1.

5 Ke hobane’ng ha u lokela ho tataisoa ke takatso ea ho khahlisa Molimo ha u khetha lintho tseo u batlang ho li etsa bophelong? Lebaka le leng ke hore Jehova o re file ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo eo re nang le eona. (Jak. 1:17) Ha e le hantle, motho e mong le e mong o lokela ho leboha Jehova. (Tšen. 4:11) Na ho na le tsela e molemo ea ho bontša teboho ho feta ho nahana ka Jehova ha u ipehela lipakane? A re ke re tšohleng hore na ke lipakane life tseo ho leng molemo hore motho a li finyelle le hore na ke sefe seo u lokelang ho se etsa hore u li finyelle.

U ka Ipehela Lipakane Life?

6. Ke pakane efe ea bohlokoa eo u ka ipehelang eona, hona hobane’ng?

6 Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, pakane ea bohlokoa eo u ka ipehelang eona ke hore u ipakele hore seo Bibele e se buang ke ’nete. (Bar. 12:2; 2 Bakor. 13:5) E ka ’na eaba lithaka tsa hao li lumela khopolong ea hore lintho li iphetotse kapa lithutong tse sa tšoaneng tsa bolumeli ba bohata hobane batho ba bang ba li boleletse hore ke seo li lokelang ho se lumela. Leha ho le joalo, ha ua lokela ho lumela ntho hobane feela batho ba bang ba batla hore u e lumele. Hopola, Jehova o batla hore u mo sebeletse ka pelo ea hao eohle. (Bala Matheu 22:36, 37.) Ntate oa rōna ea leholimong o batla hore u be le bopaki ba seo u se lumelang.—Baheb. 11:1.

7, 8. (a) U ka matlafatsa tumelo ea hao ka hore u ipehele lipakane life tseo u ka li finyellang ka nako e khutšoanyane? (b) Ho tla etsahala’ng ha u se u finyeletse tse ling tsa lipakane tsa hao tsa nako e khutšoanyane?

7 E le ho u thusa ho matlafatsa tumelo ea hao, e ka ba hantle hore u ipehele lipakane tseo u ka li finyellang ka nako e khutšoanyane. Pakane e ’ngoe e ka ba ho rapela letsatsi le letsatsi. E le hore ho lule ho e-na le lintho tse ncha le tse tobileng tseo u ka li rapellang, u ka hopola kapa ua ngola fatše lintho tse tobileng tse etsahetseng motšehare tseo u batlang ho li akarelletsa lithapelong tsa hao. U se ke ua bolela mathata ao u thulaneng le ’ona feela empa u bolele le lintho tseo u li thabetseng. (Bafil. 4:6) Pakane e ’ngoe ke ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng. Na u ne u tseba hore haeba u ka bala maqephe a mane letsatsi le leng le le leng u ka qeta ho bala Bibele ka selemo se le seng feela? * Pesaleme ea 1:1, 2 e re: ‘Ho thaba motho ea thabelang molao oa Jehova, molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare.’

8 Pakane ea boraro ea nako e khutšoanyane eo u ka ipehelang eona, ke ho lokisetsa karabo eo u tla e fana sebokeng se seng le se seng sa phutheho. Qalong u ka ’na ua bala karabo ea hao kapa lengolo. Hamorao, u ka ipehela pakane ea ho araba ka mantsoe a hao. Ka sebele, nako le nako ha u araba u nyehela mpho ho Jehova. (Baheb. 13:15) Hang ha u se u finyeletse tse ling tsa lipakane tsena, u tla tsoha molota u be u ananele Jehova haholoanyane, ’me u tla be u loketse ho ipehela lipakane tsa nako e telele.

9. Haeba ha u e-s’o be mohoeletsi oa ’Muso, ke lipakane life tsa nako e telele tseo u ka ipehelang tsona?

9 U ka ipehela lipakane life tsa nako e telele? Haeba ha u e-s’o qale ho bolela litaba tse molemo phatlalatsa, pakane ea nako e telele eo u ka ’nang ua ipehela eona ke hore u be mohoeletsi oa ’Muso. Hang ha u finyeletse pakane ena ea bohlokoa, u tla batla ho atleha ho eona le hore u e etse kamehla, le ka mohla khoeli e se ke ea feta u sa etsa mosebetsi oa boboleli. U tla boela u batle ho ithuta ho sebelisa Bibele ha u le tšebeletsong. Ha u ntse u etsa sena, mohlomong u tla hlokomela hore u thabela mosebetsi oa boboleli le ho feta. Joale u ka eketsa nako eo u e qetang mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo kapa u etse boiteko ba ho khanna thuto ea Bibele. Joaloka mohoeletsi ea sa kolobetsoang, na ho na le pakane eo u ka ipehelang eona e molemo ho feta ea hore u tšoanelehele ho kolobetsoa e le hore u be Paki ea Jehova Molimo e inehetseng le e kolobelitsoeng?

10, 11. Bacha ba kolobelitsoeng ba ka ipehela lipakane life tsa nako e telele?

10 Haeba u se u le mosebeletsi oa Jehova ea kolobelitsoeng, tse ling tsa lipakane tsa nako e telele tseo u ka ipehelang tsona ke tsena. Ka linako tse ling u ka ’na ua thusa liphutheho ho sebetsa tšimo e sebetsoang ngope’a-setšoha. U ka ’na ua boela ua khetha ho ba pula-maliboho ea thusang kapa oa kamehla ha u sa ntse u le matla ebile u phetse hantle. Bo-pula-maliboho ba likete tse mashome ba tla u bolella hore ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ke tsela e khotsofatsang eo u ka hopolang ’Mōpi oa hao ka eona nakong ea bocha. Tsena ke lipakane tseo u ka li finyellang ha u ntse u lula heno. Phutheho ea heno le eona e tla una molemo ha u li finyella.

11 Lipakane tse ling tsa nako e telele li ka etsa hore u se ke ua thusa phutheho ea heno feela, empa u thuse le liphutheho tsa libakeng tse ling. Ka mohlala, u ka rera ho sebeletsa sebakeng se seng kapa naheng e ’ngoe eo ho eona ho hlokahalang baboleli ba bangata. U ka ’na ua batla ho thusa kahong ea Liholo Tsa ’Muso kapa ea makala linaheng tse ling. Hape u ka ’na ua sebeletsa Bethele kapa ua ba moromuoa. Ke ’nete hore pakane ea pele ea bohlokoa eo u lokelang ho e finyella pele u finyella lipakane tse ling tsa nako e telele tseo ho buuoang ka tsona mona ke hore u kolobetsoe. Haeba ha u e-s’o kolobetsoe, hlokomela hore na ke sefe se hlokahalang e le hore u finyelle pakane ena ea bohlokoa bophelong ba hao.

Ho Finyella Pakane ea ho Kolobetsoa

12. Batho ba bang ba kolobetsoa ka mabaka afe, hona ke hobane’ng ha mabaka ao a sa lokela?

12 U ka hlalosa sepheo sa kolobetso joang? Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ke ho ba sireletsa hore ba se ke ba etsa sebe. Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ba lokela ho kolobetsoa hobane lithaka tsa bona li kolobelitsoe. Bacha ba bang ba ka ’na ba batla ho kolobetsoa e le hore ba thabise batsoali ba bona. Leha ho le joalo, kolobetso hase konteraka e u thibelang ho etsa lintho tseo u batlang ho li etsa ka lekunutu, ebile ha ua lokela ho kolobetsoa hobane u utloa khatello ea batho ba bang. U lokela ho kolobetsoa ha u se u utloisisa hantle hore na ho ba Paki ea Jehova ho bolela’ng ’me u le malala-a-laotsoe u bile u ikemiselitse ho jara boikarabelo bona.—Moek. 5:4, 5.

13. Ke hobane’ng ha u lokela ho kolobetsoa?

13 Lebaka le leng leo batho ba lokelang ho kolobetsoa ka lona ke hore Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ‘ba etse barutuoa, ba ba kolobetse.’ O ile a ba behela mohlala ka hore le eena a kolobetsoe. (Bala Matheu 28:19, 20; Mareka 1:9.) Ho feta moo, kolobetso ke bohato ba bohlokoa bo lokelang ho nkoa ke batho ba batlang ho pholosoa. Ka mor’a hore moapostola Petrose a bue ka hore Noe o ile a haha areka eo eena le lelapa la hae ba ileng ba pholosoa ka eona nakong ea Moroallo, o ile a re: “Se lekanang le sena le sona joale sea le pholosa, e leng, kolobetso, . . . ka tsoho ea Jesu Kreste.” (1 Pet. 3:20, 21) Leha ho le joalo, sena hase bolele hore kolobetso e tšoana le inshorense eo u e nkelang mohlang ho bang le tsietsi. Ho e-na le hoo, u kolobetsoa hobane u rata Jehova ’me u batla ho mo sebeletsa ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle, ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.—Mar. 12:29, 30.

14. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba e-ba leqe ho kolobetsoa, empa u ka kholiseha ka eng?

14 Ba bang ba ka ’na ba e-ba leqe ho kolobetsoa hobane ba tšaba hore hamorao ba ka ’na ba khaoloa. Na le uena ua tšaba? Haeba ho joalo, hase hore ho ba le tšabo e joalo ka bohona ho fosahetse. Ho ka ’na ha bolela hore ua hlokomela hore na ho ba Paki ea Jehova ke boikarabelo bo tebileng hakae. Kapa ebe mohlomong ho na le lebaka le leng? Mohlomong ha u e-s’o kholisehe hore ho boloka melao ea Molimo ke tsela e molemo ka ho fetisisa bophelong. Haeba ho joalo, ho nahana ka litholoana tse kotuloang ke batho ba sa bolokeng melao ea Bibele ho ka u thusa hore u etse qeto. Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba u rata melao ea Molimo empa ha u itšepe hore u ka khona ho e phetha. Ha e le hantle, seo e ka ba letšoao le letle le bontšang hore u motho ea ikokobelitseng. Etsoe Bibele e re lipelo tsa batho bohle ba sa phethahalang li bolotsana. (Jer. 17:9) Empa u ka atleha haeba kamehla u ‘itebela ho ea ka lentsoe la Molimo.’ (Bala Pesaleme ea 119:9.) Ho sa tsotellehe hore na u leqe ho kolobetsoa ka mabaka afe, u lokela ho rarolla mathata ao le lintho tseo ebang u tšoenyehile ka tsona. *

15, 16. U ka tseba joang haeba u se u loketse ho kolobetsoa?

15 Leha ho le joalo, u ka tseba joang hore na u se u loketse ho kolobetsoa kapa che? Tsela e ’ngoe ke ka hore u ipotse lipotso tse kang tsena: ‘Na nka hlalosetsa batho ba bang lithuto tsa motheo tsa Bibele? Na ke ea tšebeletsong le haeba batsoali ba ka ba sa ee? Na ke etsa boiteko ba ho ba teng libokeng tsohle tsa Bokreste? Na ke hopola liketsahalo tse khethehileng moo ke ileng ka hlōla khatello ea lithaka? Na ke ne ke tla tsoela pele ho sebeletsa Jehova le haeba batsoali ba ka le metsoalle ea ka ba ne ba ka khaotsa ho mo sebeletsa? Na ke rapeletse kamano ea ka le Molimo? Hona na ka thapelo ke se ke inehetse ho Jehova ka hohle-hohle?’

16 Kolobetso ke mohato o fetolang bophelo ba motho le o sa lokelang ho nkoa hasesaane. Na u se u hōlile ka ho lekaneng hore u nahane ka botebo ka bohato boo? Ho hōla ha ho bontšoe feela ka hore motho a fane ka lipuo tse monate ha a le sethaleng kapa ka likarabo tse monate libokeng. Ho bontšoa ka hore liqeto tseo motho a li etsang li bontše hore o utloisisa melao-motheo ea Bibele. (Bala Baheberu 5:14.) Haeba u se u le boemong ba hore u ka etsa seo, u tla ba le tlotla e khōlō ka ho fetisisa—e leng ea ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle le ea ho phela ka tsela e bontšang hore ruri u inehetse ho eena.

17. U tla thusoa ke eng hore u sebetsane le liteko tseo u ka ’nang ua thulana le tsona ka mor’a hore u kolobetsoe?

17 Hang ka mor’a hore u kolobetsoe, u ka ’na ua utloa u chesehela ho sebeletsa Molimo haholo. Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae u ka ’na ua thulana le liteko tse tla leka tumelo ea hao le mamello ea hao. (2 Tim. 3:12) U se ke ua nahana hore u lokela ho sebetsana le liteko tseo u le mong. Kōpa keletso ho batsoali ba hao. Kōpa thuso ho batho ba hōlileng ka phuthehong. E-ba le setsoalle le batho ba tla u tšehetsa. Le ka mohla u se ke ua lebala hore Jehova oa u tsotella, le hore o tla u fa matla a hore u thulane le boemo bofe kapa bofe bo ka ’nang ba hlaha.—1 Pet. 5:6, 7.

U ka Finyella Lipakane Tsa Hao Joang?

18, 19. Ho hlahloba lintho tse tlang pele bophelong ba hao ho ka u tsoela molemo joang?

18 Ho sa tsotellehe boikemisetso boo u nang le bona, na ho bonahala eka ha ho mohla u fumanang nako ea ho etsa seo u batlang ho se etsa le seo u tlamehang ho se etsa? Haeba ho joalo, hlahloba hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba hao. Ka mohlala: Nka nkho ea polasetiki ebe ka hare ho eona u tšela majoe a maholo. Ka mor’a moo, tlatsa nkho eo lehlabathe. Nkho ea hao e tletse majoe le lehlabathe. Ntša majoe ao le lehlabathe ka nkhong empa u li boloke. Lekhetlong lena, nka lehlabathe lane leo u le ntšitseng ka nkhong ebe ua le khutlisetsa, ka mor’a moo u leke ho khutlisetsa majoe. Na aa fella? Ha a felle hobane u qalile ka ho tšela lehlabathe ka nkhong.

19 U thulana le boemo bo tšoanang ha u sebelisa nako ea hao. Haeba u etelletsa lintho tse kang boithabiso pele, u tla bona eka ha ho mohla u tla ba le nako ea ho etsa lintho tse khōlō bophelong ba hao—e leng lintho tsa moea. Empa haeba u latela keletso ea Bibele ea hore u ‘nepisise lintho tsa bohlokoa haholo,’ u tla ba le nako ea ho sebeletsa Molimo le ea boithabiso.—Bafil. 1:10.

20. U lokela ho etsa’ng haeba u tšoenyeha kapa u e-ba le lipelaelo ha u ntse u leka ho finyella lipakane tsa hao?

20 Ka linako tse ling ha u ntse u etsa boiteko ba hore u finyelle lipakane tsa hao, ho akarelletsa le ea ho kolobetsoa, u ka ’na ua tšoenyeha kapa ua ba le lipelaelo. Ha ho le joalo, “lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.” (Pes. 55:22) Hona joale u na le monyetla oa ho etsa mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa historing, e leng mosebetsi o etsoang lefatšeng ka bophara oa ho bolella batho litaba tse molemo le ho ba ruta. (Lik. 1:8) U ka ’na ua khetha ho shebella batho ba bang ha ba etsa mosebetsi ona. Kapa le uena u ka kena khabong. U se ke ua khoechela morao eaba ha u sebelise litalenta tsa hao ho sebeletsa Molimo le ho tšehetsa ’Muso oa hae. Le ka mohla u ke ke ua ikoahlaela ho sebeletsa “’Mopi oa hao matsatsing a bocha ba hao.”—Moek. 12:1, Bibele ea Sesotho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Sheba Molula-Qhooa oa August 1, 2009, leqepheng la 15-18.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha u lokela ho ipehela lipakane?

• Ke lipakane life tseo ho leng molemo hore motho a li finyelle?

• Ho hlokahala’ng hore motho a finyelle pakane ea ho kolobetsoa?

• Ho hlahloba lintho tse tlang pele bophelong ba hao ho ka u thusa joang hore u finyelle lipakane tsa hao?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Na u ipehetse pakane ea hore u bale Bibele letsatsi le letsatsi?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ke eng e tla u thusa hore u finyelle pakane ea ho kolobetsoa?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Papiso ee e u ruta’ng?