Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova ke ’Musi le Morena oa Rōna!

Jehova ke ’Musi le Morena oa Rōna!

Jehova ke ’Musi le Morena oa Rōna!

“Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova.”—PES. 73:28.

1. Kamoo ho bonahalang kateng, mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe 7:31 a ne a bua ka’ng?

MOAPOSTOLA PAULUSE o itse: “Boemo ba lefatše lena boa fetoha.” (1 Bakor. 7:31) Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a bapisa lefatše le sethala seo ho sona libapali tsa tšoantšiso li bapalang karolo ea batho ba lokileng kapa ba khopo ho fihlela ho kena ketsahalo e latelang.

2, 3. (a) Tsela eo bobusi ba Jehova bo loantšoang ka eona e ka bapisoa le eng? (b) Re tla tšohla lipotso life?

2 Kajeno, ho bapaloa tšoantšiso ea bohlokoa ka ho fetisisa—’me ea u ama! E amana ka ho khetheha le ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova Molimo. Tšoantšiso ena e ka bapisoa le boemo bo ka ’nang ba e-ba teng naheng e itseng. Ka lehlakoreng le leng, ho na le ’muso o hlonngoeng ka molao o etsang hore ho be le taolo. Ka ho le leng, ho na le mokhatlo oa linokoane o busang ka bomenemene, ka mabifi le ka polao. Mokhatlo oo o seng molaong o loantša bobusi bo phahameng o bile o etsa hore baahi bohle ba be tekong ea hore na ba tla tšepahalla puso ea bona kapa che.

3 Ho etsahala se tšoanang bokahohleng bohle. Ho na le puso e hlonngoeng ka molao ea “’Musi Morena Jehova.” (Pes. 71:5) Empa joale batho ba sokeloa ke mokhatlo oa linokoane oo moeta-pele oa oona e leng “ea khopo.” (1 Joh. 5:19) O loantša ’muso oa Molimo o hlonngoeng ka molao ebile o etsa hore batho bohle ba be tekong ea hore na ba tla tšepahalla bobusi ba hae bo phahameng kapa che. Boemo boo bo bakiloe ke’ng? Ke hobane’ng ha Molimo a bo lumella? Re ka etsa’ng ka bona re le batho ka bomong?

Litaba Tseo Tšoantšiso Ena e Buang ka Tsona

4. Tšoantšiso ea bokahohleng e tsoelang pele e amana le litaba life tse peli tse tsamaellanang?

4 Tšoantšiso ena ea bokahohleng e tsoelang pele e amana le litaba tse peli tse tsamaellanang: E leng bobusi ba Jehova le botšepehi ba batho. Ka Mangolong, hangata Jehova o bitsoa “’Musi Morena.” Ka mohlala, mopesaleme o ile a bina tjena a e-na le tšepo e feletseng ho eena: “Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova.” (Pes. 73:28) “Bobusi” ke matla kapa puso e phahameng ka ho fetisisa. ’Musi o na le matla a phahameng ka ho fetisisa. Re na le mabaka a utloahalang a hore re nke Jehova Molimo e le Ea Phahameng ka ho Fetisisa.—Dan. 7:22NW.

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho susumelletseha hore re tšehetse bobusi ba Jehova?

5 Kaha Jehova Molimo ke ’Mōpi, ke eena ’Musi oa lefatše le bokahohleng bohle. (Bala Tšenolo 4:11.) Jehova e boetse ke Moahloli, Monehi-Molao le Morena, hobane ke eena ea nang le matla a boahloli, a ho etsa melao le a ho phethahatsa melao ea puso ea bokahohleng. (Esa. 33:22) Kaha re bōpiloe ke Molimo re bile re itšetlehile ka eena, re lokela ho mo nka e le ’Musi le Morena oa rōna. Re tla susumelletseha hore re tšehetse boemo ba hae bo phahameng haeba re lula re hopola hore “Jehova o tiisitse terone ea hae ka thata maholimong; borena ba hae bo ’nile ba ba le taolo holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”—Pes. 103:19; Lik. 4:24.

6. Botšepehi ke eng?

6 E le hore re tšehetse bobusi ba Jehova, re lokela ho lula re tšepahala ho eena. “Botšepehi” ke ho ba le boitšoaro bo phethahetseng kapa bo nepahetseng. Motho ea tšepahalang ke ea se nang sekoli le ea khabane. Mopatriareka Jobo o ne a le joalo.—Jobo 1:1.

Kamoo Tšoantšiso Ena e Qalileng Kateng

7, 8. Satane o ile a hlahisa lipelaelo joang mabapi le hore na Jehova o na le tokelo ea ho busa?

7 Lilemong tse ka bang 6 000 tse fetileng, sebōpuoa sa moea se ile sa hlahisa lipelaelo mabapi le hore na Jehova o na le tokelo ea ho busa. Seo lerabele leo le ileng la se bua le ho se etsa se ne se susumetsoa ke takatso ea boithati ea hore le rapeloe. Le ile la susumelletsa banyalani ba babeli ba pele e leng Adama le Eva hore ba se ke ba tšepahala bobusing ba Molimo, la ba la leka ho senya Jehova lebitso ka ho bolela hore O ne a buile leshano. (Bala Genese 3:1-5.) Lerabele leo le ile la fetoha Sera se seholo, Satane (Mohanyetsi), Diabolose (Moetselletsi), noha (mothetsi) le drakone (moharoli).—Tšen. 12:9.

8 Satane o ile a iketsa ’musi oa bohanyetsi. ’Musi Morena Jehova o ne a tla etsa’ng ka bothata boo? Na o ne a tla felisa marabele ao a mararo hang-hang—e leng Satane, Adama le Eva? Ha ho pelaelo hore o ne a e-na le matla a ho etsa joalo, ’me ho etsa joalo ho ka be ho ile ha totobatsa hore na ke mang ea nang le matla a phahameng ka ho fetisisa. Hape ho ka be ho ile ha paka hore Jehova o ne a bua ’nete mabapi le hore na kotlo ea ho tlōla molao oa hae e ne e tla ba efe. Ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a nka khato e joalo?

9. Satane o ile a hlahisa pelaelo mabapi le eng?

9 Ha Satane a ne a bua leshano a bile a etsa hore Adama le Eva ba furalle Molimo, o ile a hlahisa pelaelo mabapi le hore na Jehova o na le tokelo ea hore a laele batho hore ba mo mamele. Ho feta moo, ha Satane a ne a susumelletsa banyalani ba babeli ba pele hore ba se ke ba mamela Molimo, o ile a boela a hlahisa pelaelo mabapi le hore na libōpuoa tsohle tse bohlale li ne li tla tšepahala kapa che. Joalokaha ho bonahetse tabeng ea Jobo ea ileng a tšepahalla bobusi ba Jehova, Satane o ile a bolela hore o ne a ka etsa hore batho bohle ba furalle Molimo.—Jobo 2:1-5.

10. Ka hore ebe Molimo o ile a chechisetsa morao taba ea hore a tiise bobusi ba hae, o fane ka monyetla oa eng?

10 Ka hore ebe Jehova o ile a chechisetsa morao taba ea hore a tiise bobusi ba hae, o file Satane nako ea hore a pake bonnete ba seo a se buileng. Molimo o boetse o file batho monyetla oa hore ba bontše hore ba tšepahalla bobusi ba hae. Ho etsahetse’ng ha makholo a lilemo a ntse a feta? Satane o ’nile a haha mokhatlo o matla oa linokoane. Qetellong Jehova o tla o timetsa a be a timetse le Diabolose, e leng se tla fana ka bopaki bo matla ba hore Molimo o na le tokelo ea ho busa. Jehova Molimo o ne a kholisehile hore qetellong lintho li ne li tla loka, hoo e ileng eare ha ho ne ho hlaha borabele Edene, a ileng a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba joalo.—Gen. 3:15.

11. Batho ba bangata ba ’nile ba etsa’ng mabapi le bobusi ba Jehova?

11 Batho ba bangata ba ’nile ba bontša tumelo ba ba ba lula ba tšepahalla bobusi ba Jehova le ho halaletsoa ha lebitso la hae. Bona ba akha Abele, Enoke, Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Ruthe, Davida, Jesu, barutuoa ba Kreste ba lekholong la pele la lilemo le batho ba bang ba limilione ba lulang ba tšepahala kajeno. Batho bao ba ’nileng ba tšehetsa bobusi ba Molimo, ba kenya letsoho ho paka hore Satane o leshano le ho hlakola lebitso la Jehova nyeliso eo Diabolose a le pharileng ka eona, ha a ne a ikotla sefuba ka hore o ne a ka etsa hore motho e mong le e mong a furalle Molimo.—Liprov. 27:11.

Hoa Tsebahala Hore na Qetello e Tla ba Efe

12. Re ka kholiseha joang hore Molimo a ke ke a mamella bokhopo ka ho sa feleng?

12 Re ka kholiseha hore haufinyane Jehova o tla tiisa bobusi ba hae. A ke ke a mamella bokhopo ka ho sa feleng, ’me rea tseba hore re phela matsatsing a ho qetela. Jehova o ile a nkela batho ba khopo khato nakong ea Moroallo. O ile a timetsa Sodoma le Gomora hammoho le Faro le mabotho a hae. Sisera le lebotho la hae hammoho le Sankeribe le mabotho a hae a Assyria, ba ne ba ke ke ba o besa oa tuka khahlanong le Ea Phahameng ka ho Fetisisa. (Gen. 7:1, 23; 19:24, 25; Ex. 14:30, 31; Baahl. 4:15, 16; 2 Mar. 19:35, 36) Kahoo, re ka kholiseha hore Jehova Molimo a ke ke a mamella ka ho sa feleng ha lebitso la hae le ntse le hlompholloa ’me Lipaki tsa hae li tšoaroa hampe. Ho feta moo, hona joale re bona bopaki ba pontšo ea ho ba teng ha Jesu le ea qetello ea tsamaiso ena e khopo ea lintho.—Mat. 24:3.

13. Re ka pholoha joang e le hore re se ke ra timetsoa hammoho le lira tsa Jehova?

13 E le hore re se ke ra timetsoa hammoho le lira tsa Molimo, re tlameha ho tšepahalla bobusi ba Jehova. Re ka etsa seo joang? Ka ho lula re se karolo ea puso ea bonokoane ea Satane le ka ho se tšosoe ke mahlahana a hae. (Esa. 52:11; Joh. 17:16; Lik. 5:29) Ke feela ha re lula re se karolo ea puso ea Satane re ka tšehetsang bobusi ba Ntate oa rōna ea leholimong, e leng Jehova, ’me ra ba le tšepo ea ho pholoha ha a tlosa thohako lebitsong la hae a bile a bontša hore ke eena ’Musi oa Bokahohleng.

14. Ho senoloa eng likarolong tse sa tšoaneng tsa Bibele?

14 Boitsebiso bo mabapi le batho le bobusi ba Jehova bo fumaneha ka hare ho Bibele eohle. Likhaolo tsa pele tse tharo li re bolella ka pōpo le kamoo motho a ileng a oela sebeng kateng, athe tse tharo tsa ho qetela li tšohla kamoo batho ba ileng ba lopolloa kateng. Maqepheng a lipakeng ho fanoa ka lintlha tse mabapi le mehato eo ’Musi Morena Jehova a e nkileng e le hore a phethahatse morero oa hae ka batho, lefatše le bokahohle. Genese e bontša kamoo Satane le bokhopo bo bileng teng kateng lefatšeng, ’me karolo e qetellang ea Tšenolo e senola kamoo bokhopo bo tla felisoa kateng, kamoo Diabolose a tla timetsoa kateng le kamoo thato ea Molimo e tla etsoa kateng lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Ha e le hantle, Bibele e senola hore na sebe le lefu li bile teng joang ebile e bontša hore na li tla felisoa joang lefatšeng, li nkeloe sebaka ke thabo e khaphatsehang ’me batho ba tšepahalang ba fumane bophelo bo sa feleng.

15. E le hore re ka rua molemo ha tšoantšiso e amanang le bobusi e fela, re lokela ho etsa’ng?

15 Haufinyane boemo ba lefatše lena bo tla fetoha ka ho feletseng. Lesira le tla oa tšoantšisong ena e amanang le bobusi e bapetseng ka lilemo tse makholo. Satane o tla tlosoa sethaleng, ’me qetellong o tla timetsoa ’me ha ho pelaelo hore thato ea Molimo e tla phethoa. Empa e le hore sena se re tsoele molemo re be re fumane mahlohonolo a mangata a boletsoeng esale pele Lentsoeng la Molimo, re tlameha ho tšehetsa bobusi ba Jehova hona joale. Re ke ke ra ema terateng. E le hore re ka re: “Jehova o ka lehlakoreng la ka,” re tlameha ho lula ka lehlakoreng la hae.—Pes. 118:6, 7.

Re ka Lula re Tšepahala!

16. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore batho ba ka khona ho lula ba tšepahala ho Molimo?

16 Re ka tšehetsa bobusi ba Jehova ra ba ra lula re tšepahala, etsoe moapostola Pauluse o ngotse a re: “Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tloaelehileng ho batho. Empa Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.” (1 Bakor. 10:13) Moleko o boletsoeng ke Pauluse o tsoa hokae, hona Molimo o re bulela tsela ea ho tsoa joang?

17-19. (a) Baiseraele ba ile ba inehela molekong ofe ha ba ne ba le lefeelleng? (b) Ke hobane’ng ha re ka khona ho lula re tšepahala ho Jehova?

17 Joalokaha ho bonahetse linthong tse ileng tsa etsahalla Baiseraele lefeelleng, “moleko” o tlisoa ke maemo a ka ’nang a re susumelletsa hore re tlōle molao oa Molimo. (Bala 1 Bakorinthe 10:6-10.) Baiseraele ba ka be ba ile ba hlōla moleko, empa ba ile ba lakatsa “lintho tse mpe” ha Jehova a ne a ba fa likoekoe ka mohlolo khoeli kaofela. Le hoja sechaba se ne se ile sa hloka nama ka nako e itseng, Molimo o ne a ile a se fa manna a lekaneng ao se neng se a ja. Empa se ile sa oela molekong oa ho inehela hore se laoloe ke meharo ha se ne se bokella likoekoe.—Num. 11:19, 20, 31-35.

18 Pejana, ha Moshe a ne a ile Thabeng ea Sinai ho ea amohela Molao, Baiseraele ba ile ba rapela melimo ea litšoantšo, ba rapela namane le menate ea nama. Kaha moeta-pele oa bona eo ba neng ba mo bona ka mahlo o ne a le sieo, ba ile ba inehela molekong. (Ex. 32:1, 6) Nakoana pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Baiseraele ba likete ba ile ba ekoa ke basali ba Bamoabe, bao ba ileng ba etsa boitšoaro bo bobe le bona ba ho kopanela liphate. Ketsahalong eo, Baiseraele ba likete ba ile ba shoa ka lebaka la sebe sa bona. (Num. 25:1, 9) Ka linako tse ling, sechaba sa Iseraele se ile sa inehela molekong oa ho ipelaetsa ka borabele, ’me ka nako e ’ngoe se ile sa ba sa bua Moshe le Molimo hampe! (Num. 21:5) Sechaba sa Iseraele se ile sa ba sa korotla ka mor’a ho timetsoa ha batho ba khopo, e leng Kora, Dathane, Abirame le metsoalle ea bona; se ne se e-na le monahano o fosahetseng oa hore marabele ao a ne a bolailoe ka ho hloka toka. Ka lebaka leo, Baiseraele ba 14 700 ba ile ba timetsoa ke lefu la seoa le neng le e-tsoa ho Molimo.—Num. 16:41, 49.

19 Har’a meleko e sa tsoa boleloa, ha ho le o mong oo Baiseraele ba neng ba ka sitoa ho o hlōla. Sechaba se ile sa inehela molekong hobane se ile sa felloa ke tumelo ’me sa lebala Jehova, tsela eo a neng a se hlokomela ka lerato ka eona le hore na litsela tsa hae li lokile hakae. Joalokaha ho ile ha etsahala ho Baiseraele, liteko tseo re thulanang le tsona li hlahela batho bohle. Haeba re etsa boiteko bo hlokahalang ba hore re li hlōle ’me re itšetleha ka Molimo hore a re thuse, re ka lula re tšepahala. Re ka kholiseha ka sena hobane “Molimo oa tšepahala” ’me ha a re tlohele hore re “lekoe ho feta seo [re] ka se jarang.” Le ka mohla Jehova ha a re lahle hoo a ka re lumellang hore re hlaheloe ke maemo a etsang hore ho hang re se ke ra khona ho etsa thato ea hae.—Pes. 94:14.

20, 21. Ha re lekoa, Molimo o re bulela “tsela ea ho tsoa” joang?

20 Jehova o re bulela “tsela ea ho tsoa” ka ho re matlafatsa e le hore re hlōle moleko. Ka mohlala, bahlorisi ba ka ’na ba re hlekefetsa ka morero oa hore re koenehele tumelo ea rōna. Ha re hlekefetsoa joalo re ka ’na ra ba tekong ea ho inehela e le hore re se ke ra hlola re shapuoa, re hlokofatsoa kapa mohlomong re bolaoa. Leha ho le joalo, ho ea ka tiiso e bululetsoeng eo Pauluse a e boletseng ho 1 Bakorinthe 10:13, rea tseba hore boemo bo hlahisang moleko ke ba nakoana feela. Jehova a ke ke a bo lumella hore bo fihle moo bo ka re sitisang hore re lule re tšepahala ho eena. Molimo a ka matlafatsa tumelo ea rōna a ba a re fa matla a moea ao re a hlokang e le hore re ka lula re tšepahala.

21 Jehova o re matlafatsa ka moea oa hae o halalelang. Moea oo o boetse o re hopotsa lintlha tse tsoang ka Mangolong tseo re li hlokang e le hore re ka hlōla moleko. (Joh. 14:26) Ka lebaka leo, ha re thetsehe ebe re latela tsela e fosahetseng. Ka mohlala, re utloisisa litaba tse amanang, tse mabapi le bobusi ba Jehova le botšepehi ba batho. Ka tsebo eo, Molimo o ’nile a thusa batho ba bangata hore ba lule ba tšepahala ho isa lefung. Empa lefu hase lona le ba buletseng tsela; Jehova ke eena ea ba thusitseng hore ba mamelle ho fihlela qetellong, ba sa inehele molekong. Le rōna a ka re thusa ka tsela e tšoanang. Ha e le hantle, o boetse o sebelisa mangeloi a hae a tšepahalang hore a re thuse joaloka basebeletsi ba sechaba ba “rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua poloko.” (Baheb. 1:14) Joalokaha ho tla bontšoa sehloohong se latelang, batho ba tšepahalang ke bona feela ba ka bang le tšepo ea ho ba le tlotla e thabisang ea ho tšehetsa bobusi ba Molimo ka ho sa feleng. Re ka ba har’a bona haeba re khomarela Jehova joaloka ’Musi le Morena oa rōna.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho amohela hore Jehova ke ’Musi le Morena oa rōna?

• Ho lula re tšepahala ho Molimo ho bolela’ng?

• Re tseba joang hore haufinyane Jehova o tla tiisa bobusi ba hae?

• Ka lebaka la se boletsoeng ho 1 Bakorinthe 10:13, ke hobane’ng ha re ka khona ho lula re tšepahala?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Satane o ile a susumelletsa Adama le Eva hore ba se ke ba tšepahala ho Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ikemisetse ho tšehetsa bobusi ba Jehova