Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Tla Tsamaea Botšepehing ba Rōna!

Re Tla Tsamaea Botšepehing ba Rōna!

Re Tla Tsamaea Botšepehing ba Rōna!

“Ha e le ’na, ke tla tsamaea botšepehing ba ka.”—PES. 26:11.

1, 2. Jobo o ile a re’ng ka botšepehi ba hae, hona Jobo khaolo ea 31 e bontša’ng mabapi le eena?

MEHLENG ea boholo-holo, hangata lintho li ne li bekhoa ka sekala seo li neng li leketlisoa ho sona. Hangata se ne se e-na le tšepe e tšekalalitsoeng holim’a e ’ngoe e shebileng holimo. Ho ne ho leketlisoa sekotlolo ka nģa tse peli tsa sona. Ntho e bekhoang e ne e kenngoa ka sekotlolong se seng ebe ka ho se seng ho kenngoa majoe a ho bekha. Batho ba Molimo ba ne ba lokela ho sebelisa sekala le majoe a ho bekha a nepahetseng.—Liprov. 11:1.

2 Ha Jobo, e leng monna ea neng a tšaba Molimo, a ne a le mahlomoleng ha a ne a hlasetsoe ke Satane, o ile a re: “[Jehova] o tla ntekanya sekaleng se nepahetseng [’me] Molimo o tla tseba botšepehi ba ka.” (Jobo 31:6) Mabapi le taba eo, Jobo o ile a bolela maemo a ’maloa a ka ’nang a beha motho ea tšepahalang tekong. Empa ka sebele Jobo o ile a atleha ho hlōla teko eo, joalokaha mantsoe a hae a tlalehiloeng ho Jobo khaolo ea 31 a bontša. Mohlala oa hae o motle o ka ’na oa re susumelletsa hore re etse se tšoanang re be re bue ka sebete joaloka mopesaleme Davida, re re: “Ha e le ’na, ke tla tsamaea botšepehing ba ka.”—Pes. 26:11.

3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tšepahale ho Molimo linthong tse nyenyane le tse khōlō?

3 Le hoja Jobo a ile a lekoa haholo, o ile a lula a tšepahala ho Molimo. Batho ba bang ba ka ba ba re liteko tse matla tsa Jobo le botšepehi ba hae li ne li bontša hore e ne e le mohale. Ha re hlaheloe ke mahlomola a tšoanang hantle le a ileng a hlahela Jobo. Leha ho le joalo, e le ho bontša hore rea tšepahala le hore re tšehetsa bobusi ba Molimo, re tlameha ho tšepahala linthong tse nyenyane le tse khōlō.—Bala Luka 16:10.

Ke Habohlokoa Hore re Tšepahale Litabeng Tsa Boitšoaro

4, 5. Kaha Jobo o ne a tšepahala, o ile a qoba boitšoaro bofe?

4 E le hore re lule re tšepahala ho Jehova, re tlameha ho khomarela melao ea hae ea boitšoaro joaloka Jobo. O ile a re: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka. Kahoo nka ela moroetsana hloko joang? . . . Haeba pelo ea ka e ekiloe ke mosali, ’me ke ’nile ka lalla monyakong oa motsoalle oa ka, mosali oa ka a silele monna e mong, banna ba bang ba ke ba khumame holim’a hae.”—Jobo 31:1, 9, 10.

5 Kaha Jobo o ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala ho Molimo, o ile a qoba ho sheba mosali ka ho mo lakatsa. Kaha o ne a nyetse, ha aa ka a bonya le mosali ea sa nyaloang kapa a batla ho ratana le mosali oa motho e mong. Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a bua polelo e matla mabapi le boitšoaro ba ho kopanela liphate—e leng ntlha eo ka sebele batho ba tšepahalang ba lokelang ho e hopola.—Bala Matheu 5:27, 28.

Le ka Mohla U se ke Ua Sebelisa Bomenemene

6, 7. (a) Joaloka tabeng ea Jobo, Molimo o sebelisa eng ha a lekanya botšepehi ba rōna? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho sebelisa bomenemene kapa ho ba mano?

6 Haeba re batla ho nkoa re le batho ba tšepahalang, re ke ke ra sebelisa bomenemene. (Bala Liproverbia 3:31-33.) Jobo o ile a re: “Haeba ke tsamaile le batho ba leshano, leoto la ka le potlakela thetsong, [Jehova] o tla ntekanya sekaleng se nepahetseng [’me] Molimo o tla tseba botšepehi ba ka.” (Jobo 31:5, 6) Jehova o lekanya batho bohle “sekaleng se nepahetseng.” Joaloka tabeng ea Jobo, Molimo o sebelisa toka ea hae e phethahetseng ha a lekanya botšepehi ba rōna re le bahlanka ba hae ba inehetseng.

7 Haeba re ne re ka sebelisa bomenemene kapa ra ba mano, re ne re tla be re sa lule re tšepahala ho Molimo. Batho ba tšepahalang ba “hlobohile lintho tsa sekhukhu tseo [ba] lokelang ho ba lihlong ka tsona” ’me ha ba “tsamaee ka mano.” (2 Bakor. 4:1, 2) Empa ho tla etsahala’ng ka rōna haeba re bua kapa re etsa lintho ka bomenemene, e leng se ka etsang hore molumeli-’moho le rōna a ipiletse ho Molimo hore a mo thuse? E tla ba ha rea le bona re le tjametse! Mopesaleme o ile a bina a re: “Ke ile ka ipiletsa ho Jehova mahlomoleng a ka, a nkaraba. Jehova, u lopolle moea oa ka molomong oa bohata, lelemeng le qhekellang.” (Pes. 120:1, 2) Ke hantle ho hopola hore Molimo a ka hlahloba seo re leng sona botebong ba pelo, ‘a leke pelo le liphio’ ho bona hore na re hlile re batho ba tšepahalang e le kannete.—Pes. 7:8, 9.

Beha Mohlala o Motle ha U Sebelisana le ba Bang

8. Jobo o ne a tšoara batho ba bang joang?

8 E le hore re lule re tšepahala, re lokela ho tšoana le Jobo, ea neng a sebelisa toka, a ikokobelitse a bile a nahanela batho ba bang. O ile a re: “Haeba ke ne ke hana kahlolo ea lekhoba la ka kapa ea lekhabunyane la ka nyeoeng ea ka le bona, joale ke tla etsa’ng ha Molimo a ema? Ha a batla boikarabello, ke tla mo araba ke re’ng? Na Ea nketsang ka mpeng ha aa ka a mo etsa, na hase A le mong feela ea ileng a re etsa ka pōpelong?”—Jobo 31:13-15.

9. Jobo o ne a bonahatsa litšobotsi life ha a ne a sebelisana le bahlanka ba hae, hona re lokela ho etsa joang tabeng ee?

9 Kamoo ho bonahalang kateng, mehleng ea Jobo tsela ea ho sebetsa linyeoe e ne e sa rarahana. Linyeoe li ne li sebetsoa ka tsela e hlophisehileng, ’me le makhoba a ne a ka khona ho isa linyeoe tsa ’ona khotla. Jobo o ne a sebelisana le bahlanka ba hae ka toka le ka mohau. E le hore re ka tsamaea botšepehing ba rōna, re tlameha ho bonahatsa litšobotsi tse joalo, haholo-holo haeba re sebeletsa re le baholo ka phuthehong ea Bokreste.

E-ba Seatla se Bulehileng, U se ke Ua Chacheha ka Mohono

10, 11. (a) Re tseba joang hore Jobo o ne a le seatla se bulehileng a bile a thusa batho ba bang? (b) Jobo 31:16-25 e ka ’na ea re hopotsa keletso efe ea Mangolo e ileng ea fanoa hamorao?

10 Jobo o ne a le seatla se bulehileng a bile a thusa batho ba bang, o ne a sa ichebe boeena a bile a sa chachehe ka mohono. O ile a re: “Haeba . . . ke ne ke etsa hore mahlo a mohlolohali a felloe ke matla, ke ne ke ja sengoathoana sa ka ke le mong, ha moshanyana ea se nang ntate a sa se je . . . Haeba ke ne ke bona mang kapa mang ea timelang ka lebaka la ho se be le liaparo . . . Haeba ke ile ka tsokela letsoho la ka koana le koana khahlanong le moshanyana ea se nang ntate, ha ke bona hore thuso ea ka ea hlokahala hekeng, kharafu ea ka ea lehetla e ke e oe lehetleng la eona, letsoho la ka le robehe lesapong la lona le ka holimo.” Ho feta moo, Jobo o ne a tla be a sa lula a tšepahala haeba a ne a itse ho khauta: “U tšepo ea ka!”—Jobo 31:16-25.

11 Mantsoe a joalo a thothokiso a ka ’na a re hopotsa mantsoe ana a morutuoa Jakobo: “Mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba lefatšeng.” (Jak. 1:27) Re ka boela ra hopola temoso ena ea Jesu: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” Ka mor’a moo, Jesu o ile a etsa papiso e buang ka motho ea ruileng ea neng a chacheha ka mohono, ea ileng a shoa “a sa ruela ho Molimo.” (Luka 12:15-21) E le hore re tšepahale, ha rea lokela ho inehela sebeng sa ho chacheha ka mohono kapa meharo. Ho chacheha ka mohono ke borapeli ba litšoantšo hobane ntho eo motho a e lakatsang ka meharo e etsa hore a se ke a nahana ka Jehova ’me ka tsela eo e fetoha molimo oa setšoantšo. (Bakol. 3:5) Botšepehi le meharo ha li tsamaisane!

U se ke Ua Kheloha Borapeling ba ’Nete

12, 13. Jobo o ile a beha mohlala ofe mabapi le ho qoba borapeli ba litšoantšo?

12 Batho ba tšepahalang ha ba khelohe borapeling ba ’nete. Jobo ha aa ka etsa joalo, hobane o ile a re: “Haeba ke bone ha leseli le khanya, kapa khoeli ea bohlokoa e tsamaea, pelo ea ka ea qala ho ekeha ka sephiring [’me] letsoho la ka la aka molomo oa ka, le seo e ne e tla ba phoso e lokelang ho eloa hloko ke baahloli, etsoe nka be ke latotse Molimo oa ’nete ea holimo.”—Jobo 31:26-28.

13 Jobo o ne a sa rapele lintho tse sa pheleng. Haeba ka sephiring pelo ea hae e ne e ile ea ekeha ha a ne a bona lihloliloeng tsa leholimo, tse joaloka khoeli, ’me haeba ‘letsoho la hae le ne le ile la aka molomo oa hae,’ mohlomong a ne a aka letsoho la hae ebe o le otlollela nthong e rapeloang, e ne e tla be e le morapeli oa litšoantšo ea neng a tla be a latotse Molimo. (Deut. 4:15, 19) E le hore re lule re tšepahala ho Molimo, re tlameha ho qoba borapeli bohle ba litšoantšo.—Bala 1 Johanne 5:21.

U se ke Ua ba le Moea oa Boiphetetso Kapa Ua ba Moikaketsi

14. Ke hobane’ng ha re ka re Jobo o ne a se khopo?

14 Jobo o ne a se khopo a bile a se sehlōhō. O ne a tseba hore ho ba le mekhoa e joalo ho ne ho tla bontša hore o ne a sa tšepahale, etsoe o ile a re: “Haeba ke ne ke thabela pheliso ea ea ntlhoileng haholo, kapa ke nyakalla kahobane a fumanoe ke bobe . . . , ka se ke ka lumella mahalapa a ka ho etsa sebe ka ho kōpa kano khahlanong le moea oa hae.”—Jobo 31:29, 30.

15. Ke hobane’ng ha ho fosahetse hore re thabe ha motho ea re hloileng a hlaheloa ke tlokotsi?

15 Le ka mohla Jobo ea lokileng o ne a sa thabe ha motho ea mo hloileng a ne a hlaheloa ke tlokotsi. Maele a ileng a ngoloa hamorao a fana ka temoso ena: “Ha sera sa hao se oa, u se ke ua thaba; ’me ha se etsoa hore se khoptjoe, e se eka pelo ea hao e ke ke ea nyakalla, hore Jehova a se ke a bona ’me ha e-ba hobe mahlong a hae eaba ka sebele o khutlisa bohale ba hae khahlanong le sona.” (Liprov. 24:17, 18) Kaha Jehova o khona ho bona se ka pelong, oa tseba haeba ka sephiring re thabela tlokotsi ea motho e mong ’me ha ho pelaelo hore ha a thabele moea o joalo. (Liprov. 17:5) Molimo a ka ’na a re nkela bohato bo loketseng, hobane o re: “Phetetso ke ea ka, le tefetso.”—Deut. 32:35.

16. Esita le haeba re se barui, re ka bontša joang hore re rata ho amohela baeti?

16 Jobo o ne a rata ho amohela baeti. (Jobo 31:31, 32) Le hoja ho ka etsahala hore ebe ha re barui, re ka ‘latela mokhoa oa ho amohela baeti.’ (Bar. 12:13) Re ka ja lijonyana tse bobebe le batho ba bang, re ntse re hopola hore “ho ja meroho ho molemo moo ho nang le lerato ho feta ho ja poho e fepetsoeng sejelong e tsamaeang le lehloeo.” (Liprov. 15:17) Ho ja le molumeli-’moho ea tšepahalang moo ho renang lerato ho tla etsa hore le lijonyana tse bobebe li be monate ’me ruri ho tla re tsoela molemo moeeng.

17. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho leka ho pata sebe se tebileng?

17 E tlameha ebe batho bao Jobo a neng a ba amohela ka mofuthu ba ne ba hahuoa moeeng, kaha e ne e se moikaketsi. O ne a sa tšoane le batho ba sa tšabeng Molimo ba neng ba kene ka sekhukhu ka phuthehong ea lekholong la pele la lilemo le ba neng ba “khahloa ke batho ba phahameng molemong oa bona.” (Juda 3, 4, 16) Ebile Jobo o ne a sa koahele tlōlo ea hae kapa hona ho ‘pata phoso ea hae ka pokothong ea hae ea hempe,’ hobane a ne a tšaba hore batho ba bang ba ne ba tla mo khesa ha ba ne ba ka e tseba. O ne a ikemiselitse hore a hlahlojoe ke Molimo, eo a neng a tla ipolela ho eena kamoo ho hlokahalang kateng. (Jobo 31:33-37) Haeba re ka etsa sebe se tebileng, le ka mohla re se ke ra leka ho pata phoso e joalo ho sireletsa seriti sa rōna. Re ka bontša joang hore re leka ho lula re tšepahala? Ka ho lumela liphoso tsa rōna, ka ho baka, ka ho batla thuso ea moea le ka ho etsa sohle seo re ka se khonang ho lokisa phoso.—Liprov. 28:13; Jak. 5:13-15.

Motho ea Tšepahalang oa Qosoa

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ho ne ho se mohla Jobo a kileng a tlatlapa motho? (b) Jobo o ne a ikemiselitse ho etsa’ng haeba a ne a fositse?

18 Jobo o ne a tšepahala a bile a tšoara batho ba bang ka toka. Ke ka lebaka leo a ileng a re: “Haeba tšimo ea ka e ne e hoeletsa ho kōpa thuso khahlanong le ’na, litsela tsa eona tsa mehoma li lla hammoho; haeba ke jele litholoana tsa eona ntle ho chelete, ke entse hore meea ea beng ba eona e hemesele, setlama-tlama se meutloa se ke se hlahe ho e-na le koro, ho hlahe litlama-tlama tse nkhang ho e-na le harese.” (Jobo 31:38-40) Le ka mohla Jobo ha aa ka a amoha batho ba bang masimo a bona, ebile o ne a sa tlatlape basebetsi. Joaloka eena, re lokela ho lula re tšepahala ho Jehova linthong tse nyenyane le tse khōlō.

19 Ka pel’a metsoalle ea hae e meraro hammoho le mohlankana Elihu, Jobo o ne a buile ka tsela eo a neng a phetse ka eona. Jobo o ne a kōpile hore motho ea nyeoeng le eena a hlahise liqoso tsa hae khahlanong le tlaleho ea hae ea nako e telele e neng e e-na le “mosaeno” oa hae. Haeba ho ne ho ka pakoa hore Jobo o ne a fositse, o ne a tla ikemisetsa ho amohela kotlo. Kahoo, o ile a teka taba ea hae eaba o emela kahlolo ea lekhotla la Molimo. “Mantsoe a Jobo a fihlile sephethong” ka tsela eo.—Jobo 31:35, 40.

U ka Lula U Tšepahala

20, 21. (a) Ke hobane’ng ha Jobo a ile a khona ho lula a tšepahala? (b) Re ka loanela ho rata Molimo joang?

20 Jobo o ile a khona ho lula a tšepahala hobane o ne a rata Molimo, ’me Jehova le eena o ne a mo rata a bile a mo thusa. Jobo o ile a re: “[Jehova] u mphile bophelo le mosa o lerato [“lerato le tšepahalang,” NW, ftn.]; tlhokomelo ea hao e lebetse moea oa ka.” (Jobo 10:12) Ho feta moo, Jobo o ne a rata batho ba bang, a hlokomela hore mang kapa mang ea hanelang ba habo ka mosa o lerato o tla tlohela ho tšaba Ea Matla ’Ohle. (Jobo 6:14) Batho ba tšepahalang ba rata Molimo le moahelani.—Mat. 22:37-40.

21 Re ka loanela ho rata Molimo ka ho bala Lentsoe la hae letsatsi le letsatsi le ka ho thuisa ka seo le re senolelang sona ka eena. Ka thapelo e tsoang botebong ba pelo, re ka rorisa Jehova ra ba ra mo leboha ka molemo oo a re bontšitseng oona. (Bafil. 4:6, 7) Re ka binela Jehova ’me ra rua molemo ka ho bokana hammoho le batho ba hae kamehla. (Baheb. 10:23-25) Ho feta moo, lerato leo re ratang Molimo ka lona le tla eketseha ha re ntse re kopanela tšebeletsong ’me re phatlalatsa “litaba tse molemo tsa poloko ea hae.” (Pes. 96:1-3) Re ka lula re tšepahala ka litsela tseo, joaloka mopesaleme ea ileng a bina a re: “Ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na. Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova.”—Pes. 73:28.

22, 23. Kaha re tšehetsa bobusi ba Jehova, lintho tseo re li etsang li tšoana joang le tse neng li etsoa ke batho ba pele ba neng ba tšepahala?

22 Ka lilemo tse makholo, Jehova o ’nile a fa batho ba tšepahalang mesebetsi e mengata e fapaneng. Noe o ile a haha areka ’me e ne e le “’moleli oa ho loka.” (2 Pet. 2:5) Joshua o ile a etella Baiseraele pele ho ea kena Naheng e Tšepisitsoeng, empa o ile a atleha feela hobane a ne a bala ‘buka ea molao bosiu le motšehare’ a bile a etsa lintho tumellanong le eona. (Josh. 1:7, 8) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba etsa barutuoa ba bile ba kopana kamehla ho ithuta Mangolo.—Mat. 28:19, 20.

23 Re tšehetsa bobusi ba Jehova le ho lula re tšepahala ka ho bolela ho loka, ka ho etsa barutuoa, ka ho sebelisa keletso ea Mangolo le ka ho kopana le balumeli-’moho le rōna libokeng, likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Lintho tse joalo li etsa hore re be sebete, re be matla moeeng re be re atlehe ho etsa thato ea Molimo. Ena hase ntho e thata haholo kaha Ntate oa rōna ea leholimong le Mora oa hae baa re tšehetsa. (Deut. 30:11-14; 1 Mar. 8:57) Ho feta moo, re tšehetsoa ke “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna,” bao le bona ba tsamaeang botšepehing ’me ba hlompha Jehova joaloka ’Musi le Morena oa bona.—1 Pet. 2:17.

U ka Araba Joang?

• Re lokela ho nka melao ea Jehova ea boitšoaro joang?

• Ke litšobotsi life tsa Jobo tse u khahlang ka ho khetheha?

• Joalokaha ho bontšitsoe ho Jobo 31:29-37, Jobo o ne a itšoara joang?

• Ke hobane’ng ha re ka khona ho lula re tšepahala ho Molimo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Jobo o ile a lula a tšepahala ho Jehova. Le rōna re ka etsa se tšoanang!

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Re ka lula re tšepahala!