Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Teng Moo—Empa ke Bo-mang?

Batho ba Teng Moo—Empa ke Bo-mang?

Batho ba Teng Moo​—Empa ke Bo-mang?

Europe, ’mè ea seng a hōlile o kena ka kerekeng a tšoere rosari ’me ka tlhompho e khōlō o khumama ka pel’a setšoantšo sa Maria. Afrika teng, ba lelapa le leng ba tšela joala lebitleng la mong ka bona eo ba neng ba mo rata. Athe ho e ’ngoe ea Linaha Tsa Amerika, mohlankana e mong o itima lijo o bile o tebisa menahano moo a tšepileng hore o tla khona ho buisana le seo a lumelang hore ke lengeloi la hae la mohlokomeli. Ho la Asia teng, moruti o etsetsa balimo sehlabelo ka ho chesa lintho tse entsoeng ka lipampiri tse mebala-bala.

KE ENG eo batho baa kaofela ba tšoanang ka eona? Kaofela ba lumela hore ho na le batho ba bohlale bo phahameng ba lulang sebakeng sa moea bao ba ka buisanang le bona, ba nang le matla a ho susumetsa batho haholo. Ha e le hantle, tumelo ena ha e ncha ebile ha e makatse. Ntho feela e makatsang ke hore ho na le likhopolo tse ngata tse sa tšoaneng mabapi le hore na ke bo-mang ba lulang sebakeng seo sa moea.

Mamosleme a rapela Molimo o le mong—e leng Allah. * Batho ba malumeli a reng ke a Bokreste bona ba re Molimo ke Boraro-bo-bong, e leng Molimo Ntate, Molimo Mora le Molimo Moea o Halalelang. Mahindu ’ona a lumela hore ho na le melimo le melimotsana e fetang sekete. Batho ba bang bona ba re meea e phela liphoofolong tse itseng, lifateng, mafikeng hammoho le melapong. Athe ba bang bona ba susumetsoa haholo ke libuka, lifilimi le mananeo a thelevishene a buang ka mangeloi le bademona, lipōko le lithokolosi, melimo hammoho le melimotsana.

Feela joalokaha ho e-na le likhopolo tse ngata le tse sa lumellaneng ka melimo le melingoana, ho joalo le ka khopolo ea hore na ho sebelisoe mekhoa efe ho bua le eona. Ke ntho e utloahalang ho fihlela qeto ea hore e ke ke eaba mekhoa eo kaofela e nepahetse. Nahana ka tsela ena: Hangata pele motho a founa, oa tseba hore na o founela mang, le hore motho eo a mo founelang ehlile ke motho ea teng eo ba ka khonang ho buisana. Ho leka ho bua le motho eo u nahanang feela hore e ka ’na eaba o teng ha ho na thuso. Ntho e mpe le ho feta ke hore ho buisana le motho ea ikhakantseng ho ka ba kotsi haholo.

Ka hona, ha e le hantle, ke bo-mang ba lulang sebakeng sa moea? Bibele ha e arabe potso ena feela, empa e boetse e hlalosa hore na re lokela ho buisana le mang le hore na re ka lebella eng. Ha u ka tsoela pele u bala lihlooho tse latelang, u ka ’na ua makala ha u utloa seo Bibele e se rutang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 “Allah” hase lebitso, e mpa feela e bolela “Molimo.”