Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang eo re Lokelang ho Buisana le Eena Sebakeng sa Moea?

Ke Mang eo re Lokelang ho Buisana le Eena Sebakeng sa Moea?

Ke Mang eo re Lokelang ho Buisana le Eena Sebakeng sa Moea?

MOLIMO EA MATLA ’OHLE o file libōpuoa tse ling tsa moea boikarabelo ba ho phetha mesebetsi e itseng. Ka mohlala, o file Jesu Kreste matla a ho busa lefatše, o bile o khethile mangeloi a tšepahalang hore a thuse ho etella pele mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo. (Tšenolo 14:6) Leha ho le joalo, ho fapane tabeng ea lithapelo. Tsona ha aa fa leha se le seng boikarabelo ba hore se li mamele. Lithapelo tsa rōna li lokela ho ea ka ho toba ho Molimo feela.

Jehova ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) O mamela lithapelo tsa rōna ebile oa li araba. Mabapi le thapelo, moapostola Johanne o ile a ngolla bahlanka-’moho le eena ka Jehova, a re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa. Ho ekelletsa moo, haeba re tseba hore oa re utloa mabapi le eng kapa eng eo re e kōpang, rea tseba hore re tla ba le lintho tse kōpiloeng kaha re li kōpile ho eena.”—1 Johanne 5:14, 15.

Mangeloi a tšepahalang ha a batle hore re leke ho a kōpa thuso kapa ho a rapela. Aa utloisisa a bile a sebelisana le Molimo tokisetsong ea thapelo, eo ka linako tse ling e a amang ka ho toba. Joang? Ha moprofeta Daniele a ne a rapela Jehova ka timetso ea Jerusalema, Molimo o ile a araba thapelo ea Daniele ka ho rōmela lengeloi Gabriele hore le mo fe molaetsa o khothatsang.—Daniele 9:3, 20-22.

Na re ka Fumana Melaetsa e Tsoang ho Bafu?

Na re lokela ho leka ho buisana le bafu? Ho na le lipale tse ngata tse buang ka batho ba reng ba ile ba buisana le meea ea bafu. Ka mohlala, mofumahali e mong oa Ireland o re senohe se seng se ile sa tla ho eena, sa mo bolella hore bosiung bo fetileng se ne se buisana le monna oa hae, e leng Fred. Empa Fred o ne a shoele libeke tse ’maloa tse fetileng. Senohe seo se ile sa pheta seo se reng Fred o ne a se buile ho sona, e leng litaba tseo mofumahali oa hae a neng a nahana hore li tsejoa ke eena feela. Ho ne ho ka ’na ha e-ba bonolo hore mofumahali eo a nahane hore Fred o ntse a phela kae-kae lefatšeng la moea ’me o ne a leka ho buisana le eena ka motho eo. Leha ho le joalo, qeto eo e ne e tla hanana le seo Bibele e se buang ka ho hlaka ka boemo ba bafu.—Sheba lebokose le tlaase mona.

Joale ho tla joang hore ho be le lipale tsa mofuta oo? Tsela e ’ngoe eo bademona ba e sebelisang ke ea ho thetsa batho ka ho iketsa eka ke batho ba shoeleng ’me lekhetlong lena ba ne ba ikentse Fred. Sepheo sa bona ke sefe? Ba batla ho etsa hore batho ba se lumellane le se rutoang ke Bibele, ba fokole tumelong ba be ba se ke ba hlola ba tšepa Jehova. Ha ho pelaelo hore Satane le bademona ba khelosa batho “ka mosebetsi o mong le o mong o matla le lipontšo le limakatso tsa leshano le ka thetso e ’ngoe le e ’ngoe e sa lokang bakeng sa ba timelang.”—2 Bathesalonika 2:9, 10.

Ke ’nete hore ho na le linohe le ba sebelisanang le tsona, ba lumelang ka tieo hore ba buisana le bafu. Empa ’nete ke hore, haeba ho na le bao ba buisanang le bona, e tlameha ebe ke meea e khahlanong le Jehova. Ka tsela e tšoanang, ho na le batho ba lumelang hore ba rapela Molimo empa ho se joalo. Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole temoso ena e matla: “Lintho tseo lichaba li li etsang sehlabelo li li hlabela bademona, eseng Molimo.”—1 Bakorinthe 10:20, 21.

Ka sebele re ke ke ra rata ho rapela motho e mong empa re tseba hore re ka rapela Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ea re ratang le ea re tsotellang e le kannete. Etsoe Bibele e re tiisetsa tjena: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”—2 Likronike 16:9.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Ka sebele re ke ke ra rata ho rapela motho e mong empa re tseba hore re ka rapela Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ea re ratang le ea re tsotellang e le kannete.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Seo e Leng ’Nete le se Iqapetsoeng

SEO E LENG ’NETE: SATANE KE MOTHO OA SEBELE

“Satane o ntse a iphetola lengeloi la leseli.”—2 Bakorinthe 11:14.

“Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.”—1 Petrose 5:8.

“Ea tsoelang pele ho etsa sebe o simoloha ho Diabolose, hobane Diabolose o ’nile a etsa sebe ho tloha tšimolohong.”—1 Johanne 3:8.

“Ka hona, ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.”—Jakobo 4:7.

“Diabolose . . . e ne e le ’molai ha a qala, ’me ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena. Ha a bua leshano, o bua ho ea ka tšekamelo ea hae, hobane o leshano ’me ke ntate oa leshano.”—Johanne 8:44.

SE IQAPETSOENG: HA BATHO BA E-SHOA, BA FETELA SEBAKENG SA MOEA

“U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.”—Genese 3:19.

“Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.”—Moeklesia 9:5.

“Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao, etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole [lebitleng], e leng sebaka seo u eang ho sona.”—Moeklesia 9:10.

“Moea oa hae oa tsoa, eena o khutlela lerōleng la hae; ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.”—Pesaleme ea 146:4.

SEO E LENG ’NETE: MANGELOI A TŠEPAHALANG AA RE TSOTELLA

“Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.”—Pesaleme ea 34:7; 91:11.

“Na kaofela [mangeloi] hase meea bakeng sa tšebeletso ea sechaba, e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua poloko?”—Baheberu 1:14.

“Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang, le re ka lentsoe le phahameng: ‘Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise.’”—Tšenolo 14:6, 7.

SE IQAPETSOENG: JESU O LEKANA LE MOLIMO

“Ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.”—1 Bakorinthe 11:3.

“Ha lintho tsohle li tla be li behiloe tlas’a hae, joale Mora le eena o tla ipeha tlas’a Ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae, e le hore Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.”—1 Bakorinthe 15:28.

“Kannete-nete ke re ho lōna, Mora a ke ke a etsa ntho le e ’ngoe e le ho itsoelang ho eena, haese feela seo a bonang Ntate a se etsa.”—Johanne 5:19.