Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Batho ba Mehleng ea Bibele ba Hlile ba Phetse Nako e Telele Hakaalo?

Na Batho ba Mehleng ea Bibele ba Hlile ba Phetse Nako e Telele Hakaalo?

Na Batho ba Mehleng ea Bibele ba Hlile ba Phetse Nako e Telele Hakaalo?

JEANNE LOUISE CALMENT o hlokahetse ka la 4 August, 1997, motseng oa habo o karolong e ka boroa-bochabela, Fora. O ne a le lilemo li 122!

Tsoelo-pele ea saense, ea bongaka le ea lintho tse ling, e thusa batho hore ba phele nako e teletsana. Leha ho le joalo, hase batho ba bangata ba phelang lilemo tse lekholo kapa ho feta moo. E ka ’na eaba ke lona lebaka le etsang hore batho ba phetseng nako e telele ba phatlalatsoe litabeng, joalokaha ho bile joalo ka Nkhono Calment.

Bibele e tlaleha hore mehleng ea boholo-holo batho ba ne ba phela nako e telele, ba bang ba batlile ba fihla lilemong tse sekete. Na seo ke ’nete kapa ke ntho eo batho ba ka e lumelang? Na batho ba mehleng ea Bibele ba hlile ba phetse nako e telele hakaalo? Hona na see sea re ama kajeno?

Batho ba Ileng ba Phela Nako e Telele

Buka ea Bibele ea Genese e bua ka banna ba supileng ba phetseng lilemo tse fetang 900, bao kaofela ha bona ba hlahileng pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe. Banna bao ke Adama, Setha, Enoshe, Kenane, Jarede, Methusela le Noe. (Genese 5:5-27; 9:29) E ka ’na eaba batho ba bangata ha ba tsebe ba bang ba banna bana, empa kaofela ha bona ba phetse melokong e leshome ea pele ea batho. Methusela ke eena ea tsebahalang a phetse nako e telele ka ho fetisisa—o phetse lilemo tse 969 kaofela!

Bibele e boetse e bua ka batho ba bang ba ka bang 25 ba ileng ba phela lilemo tse telele ho feta tseo batho ba li phelang kajeno. Ba bang ba bona ba ile ba phela lilemo tse 300, ba bang tse 400, ha ba bang bona e bile tse 700 kapa ho feta moo. (Genese 5:28-31; 11:10-25) Leha ho le joalo, batho ba bangata ba nka tlaleho ea Bibele ea batho ba ileng ba phela nako e telele e le pale feela. Na ehlile ho joalo?

Na ke Pale Feela Kapa ke Tlaleho ea ’Nete?

Ho ea ka tokomane e hatisitsoeng ke Max Planck Institute for Demographic Research, Jeremane, bafuputsi ba ile ba fumana hore na Nkhono Calment, eo ho builoeng ka eena pejana, o lilemo li kae ka hore ba kopanye “lipolelo tse itseng tsa lintho tseo ba nang le bopaki ba hore li etsahetse” tseo a ileng a li bua. E ne e le ha a bua ka eena kapa ka beng ka eena nakong eo ho neng ho etsahala lintho tse itseng. Joale seo a ileng a se bua se ile sa bapisoa le mangolo a ’muso, mangolo a bo-ramolao, litlaleho tsa kereke hammoho le litaba tsa likoranta le litlaleho tsa palo ea sechaba. Leha ho le joalo, ntho e thahasellisang ke hore le hoja ho ne ho sa khonehe ho netefatsa tlaleho e ’ngoe le e ’ngoe, bopaki bo tobileng le bo sa tobang bo neng bo le teng bo tiisitse taba ea hore na o phetse nako e kae.

Joale litlaleho tse ka Bibeleng tsona? Na li na le bopaki bo ka tšeptjoang? Ka sebele! Le hoja e se boitsebiso kaofela bo tlalehiloeng ka Bibeleng bo nang le bopaki ba lintho tse sa amaneng le Bibele, bopaki bo teng bo bontša ka makhetlo-khetlo hore se boletsoeng ka Bibeleng ke ’nete ho latela histori, saense le tatellano ea liketsahalo. * Seo ha sea lokela ho re makatsa kaha Bibele ka boeona e re: “Molimo o bua ’nete esita le ha ba bang kaofela ba bua leshano.” (Baroma 3:4, Contemporary English Version) Kaha Bibele ke buka e ‘bululetsoeng ke Molimo,’ ha e na lipale tse iqapetsoeng.—2 Timothea 3:16.

Moshe ea ileng a tataisoa ke Jehova Molimo hore a ngole libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele, o nkoa e le e mong oa batho ba nang le tšusumetso e matla le ba hlomphuoang haholo historing ea batho. Bajuda ba mo nka e le mosuoe e moholo ka ho fetisisa mesuoeng eohle ea bona. Mamosleme a mo nka e le e mong oa baprofeta ba ka sehloohong. Bakreste bona ba nka Moshe e le ea neng a eteletse Jesu Kreste pele. Na e ne e tla ba ntho e utloahalang ho etsa qeto ea hore mangolo a ngotsoeng ke motho oa bohlokoa joalo historing ha a tšepahale?

Na Nako e ne e Baloa ka Tsela e Fapaneng?

Ba bang ba fana ka maikutlo a hore mehleng eo nako e ne e baloa ka tsela e fapaneng le kajeno le hore seo ho neng ho thoe ke selemo ha e le hantle e ne e le khoeli. Leha ho le joalo, ha ho hlahlobisisoa tlaleho ea Genese, hoa hlaka hore batho ba mehleng eo ba ne ba bala nako ka tsela e tšoanang le ea kajeno. Nahana ka mehlala ena e ’meli. Tlalehong ea Moroallo, re bala hore Moroallo o ile oa qala ha Noe a le lilemo li 600, “ka khoeli ea bobeli, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli.” Joale tlaleho eo e tsoela pele ho bontša hore metsi a ile a koahela lefatše ka matsatsi a 150 le hore “ka khoeli ea bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli, areka [e ile] ea lula lithabeng tsa Ararate.” (Genese 7:11, 24; 8:4) Ka hona, likhoeli tse hlano—ho tloha ka la 17 khoeling ea bobeli ho ea ka la 17 khoeling ea bosupa selemong sona seo—ho thoe ke matsatsi a 150. Ho hlakile hore taba ea hore selemo ha e le hantle e ne e le khoeli, ha e-na bopaki.

Joale ak’u nahane ka mohlala ona oa bobeli. Ho latela Genese 5:15-18, Mahalalele o ile a ba le mora ha a le lilemo li 65, eaba ka mor’a moo o phela lilemo tse 830 ’me a shoa a le lilemo li 895. Setloholo sa hae, Enoke, le eena o ile a ba le mora ha a le lilemo li 65. (Genese 5:21) Haeba ka sebele selemo e ne e hlile e le khoeli, seo se ne se tla bolela hore banna bao ba babeli e bile batsoali ba le lilemo li hlano feela! Na seo sea utloahala?

Lintho tsa khale tse epolotsoeng le tsona li fana ka bopaki kaha li lumellana le tlaleho ea Bibele ea batho ba phetseng nako e telele. Ha Bibele e bua ka mopatriareka Abrahama, e re o ne a tsoa motseng oa Ure, eaba hamorao o aha motseng oa Harane, a ntan’o lula Kanana, hape e bontša hore o ile a loantša a ba a hlōla Kedorlaomere, morena oa Elame. (Genese 11:31; 12:5; 14:13-17) Lintho tse epolotsoeng li tiisitse taba ea hore libaka tseo li kile tsa e-ba teng le hore batho bao ba kile ba phela. Hape lintho tse epolotsoeng li fane ka leseli la hore na libaka tseo li ne li le joang le hore na batho ba boletsoeng tlalehong ea Abrahama ba ne ba phela joang. Kaha lintho tseo Bibele e li buileng ka Abrahama ke ’nete, na re lokela ho belaella taba ea hore o phetse lilemo tse 175?—Genese 25:7.

Ka hona, hoa hlaka hore ha ho na lebaka la hore re belaelle se boletsoeng ke Bibele mabapi le lilemo tse sa tloaelehang tseo batho ba boholo-holo ba li phetseng. Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ke hoa bohlokoa ho ’na hore na batho bao ba phetse nako e telele kapa che?’

U ka Phela Nako e Telele ho Feta eo U e Nahanang!

Taba ea hore batho ba pele ho mehla ea Moroallo ba phetse nako e telele ka tsela e ikhethang e bontša hore ’mele oa motho o na le matla a ikhethang a ho phela nako e telele. Theknoloji ea morao tjena e entse hore bo-rasaense ba hlahlobisise ’mele oa motho hammoho le tsela e babatsehang eo o entsoeng ka eona, ho akarelletsa le matla a hlollang a ho inchafatsa le ho iphekola. Ba fihletse qeto efe? Ea hore o ka khona ho phela ka ho sa feleng. Moprofesa oa Tsa Bongaka, Tom Kirkwood, o re: “[Ho tsofala] ke e ’ngoe ea lintho tseo lingaka li sa utloisiseng hore na hantle-ntle ho etsahala joang.”

Leha ho le joalo, Jehova Molimo eena o tseba hantle hore na ke hobane’ng ha batho ba tsofala ebile ke ntho eo a ka e rarollang habonolo feela. O bōpile motho oa pele, Adama, a phethahetse ’me morero oa hae e ne e le hore batho ba phele ka ho sa feleng. Ka masoabi, Adama o ile a etsa qeto ea ho furalla Molimo. Ka lebaka leo, o ile a etsa sebe ’me ea e-ba ea sa phethahalang. Ka hona, tlhaloso eo bo-rasaense e leng khale ba e batla ke ena: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Sebe le ho se phethahale ke tsona tse entseng hore re kule, re tsofale, re be re shoe.

Leha ho le joalo, morero oa ’Mōpi oa rōna ea lerato ha o e-s’o ka o fetoha le ka mohla. E le bopaki ba seo, o fane ka Mora oa hae, Jesu Kreste, hore e be sehlabelo sa thekollo se tla bula monyetla oa hore batho ba boele ba phethahale ’me ba phele ka ho sa feleng. Bibele e re: “Feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” (1 Bakorinthe 15:22) Batho ba pele ho Moroallo ba ne ba e-s’o be hōle haholo le phetheho joaloka rōna, ke lona lebaka le entseng hore ba phele nako e telele haholo ho re feta. Empa kajeno re haufi le nako eo ka eona tšepiso ea Molimo e tla phethahala. Haufinyane sebe le ho se phethahale li tla be li felile ’me batho ba ke ke ba hlola ba tsofala le ho shoa.—Esaia 33:24; Tite 1:2.

U ka etsa’ng hore u fumane litlhohonolofatso tseo? U se ke ua nahana hore tšepiso eo ea Molimo e mpa e le takatso ea batho feela. Jesu o itse: “Ea utloang lentsoe la ka ’me a lumela ea nthomileng o na le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 5:24) Ka hona, ithute Bibele ’me u sebelise seo u ithutang sona. Ha u etsa joalo, u tla be u latela mohlala oa bao moapostola Pauluse a ileng a re ba ‘ipolokela ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.’ (1 Timothea 6:19) U ka kholiseha hore Molimo ea ileng a etsa hore batho ba boletsoeng ka Bibeleng ba phele nako e telele a ka etsa hore le uena u phele ka ho sa feleng!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba buka e reng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Krafo e leqepheng la 12]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

1000

969 METHUSELA

950 NOE

930 ADAMA

900

 

 

 

800

 

 

 

700

 

 

 

600

 

 

 

500

 

 

 

400

 

 

 

300

 

 

 

200

 

 

 

100 MOTHO OA KAJENO

 

 

 

LILEMO