Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ruri ke Ikutloa ke Bile Lehlohonolo”

“Ruri ke Ikutloa ke Bile Lehlohonolo”

Lengolo le Tsoang Haiti

“Ruri ke Ikutloa ke Bile Lehlohonolo”

KA MOR’A hore ho be le tšisinyeho ea lefatše Haiti ka la 12 January, 2010, ke ne ke sitoa le ho sheba feela litaba tse bontšang tšenyo eo e e bakileng. Joale ka la 20 khoeling eona eo, motsoalle oa ka ea bitsoang Carmen o ile a ntetsetsa ’me a re na ho ka ba joang ha re ka ithaopela ho ea thusa Haiti. Ke ne ke ile ka tsebana le Carmen lilemo tse ’maloa tse fetileng ha re ne re le baoki ba baithaopi mosebetsing oa kaho e ’ngoe ea Holo ea ’Muso. Ka mor’a moo, re ’nile ra ithaopela ho thusa mesebetsing e meng eaba re qetella re le metsoalle e meholo.

Ke ile ka bolella Carmen hore ke bona eka ha ke na matla a lekaneng a ho thusa Haiti ebile ha ke bone eka le maikutlong ke tla khona ho sebetsana le boemo boo. O ile a nkhopotsa hore re ’nile ra sebetsa hantle hammoho ’me re tla tšehetsana. Mantsoe ao a hae a ile a nkhothatsa eaba ka mor’a moo ke letsetsa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, ’me ka buisana le motho ea neng a hlophisa litaba tse amanang le thuso e neng e tla hlaha e tsoa United States. Ke ile ka ingolisa lenaneng la baithaopi. Ka boela ka ngolisa le Carmen ’me ka re re ka rata ho sebetsa hammoho. Seo ke ileng ka se bolelloa ke hore nke ke ka tiisetsoa hore ’na kapa Carmen re tla bitsoa kapa hona hore re tla sebetsa hammoho.

Ke ile ka nahana hore nke ke ka bitsoa eaba ke itsoella pele le mesebetsi ea ka ea letsatsi le letsatsi. Matsatsi a mane hamorao, ka Mantaha oa la 25, ke ile ka fumana mohala o tsoang Brooklyn o nkōpang hore na nka ea Haiti letsatsing le hlahlamang haeba ke khona! Ha kea ka ka lumela seo ke se utloang. Ke ile ka re ke tla etsa sohle seo nka se khonang. Pele ho tsohle, ke ile ka kōpa matsatsi mosebetsing. Ka mor’a moo, ka letsetsa Carmen, athe eena ha aa bitsoa kaha o ne a sa tsebe ho bua Sefora. Ke ne ke thabile empa ka lehlakoreng le leng ke tšohile. Ka mor’a hore ke fumane tekete ea sefofane, ka la 28 January ke ile ka tloha New York ka leba Santo Domingo, Dominican Republic, e sehelanang moeli le Haiti.

Mocha e mong oa Paki o ile a nkhahlametsa boema-fofaneng ka koloi ’me a nkisa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Dominican Republic. Baoki ba bang ba babeli ba tsoang United States le bona ba ile ba fihla letsatsing leo, eaba re robala kamoreng e le ’ngoe bosiung boo. Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, re ile ra isoa ofising ea lekala ea Haiti e Port-au-Prince, e leng leeto la lihora tse supileng le halofo ka koloi.

Ka mor’a ho tšela borokho ba Haiti, re ile ra bona masisa-pelo feela. Re ile ra makala hore ebe ka metsotsoana e 35 feela tšisinyeho eo ea lefatše e ne e sentse sebaka seo se setle hakaalo! Ke ne ke ameha habohloko ha ke sheba tšenyo eo thelevisheneng; joale u se u ka inahanela hore na ho ile ha ba joang ha ke e bona ka mahlo. Matlo a mangata, ho akarelletsa le moo ho lulang mopresidente, a ne a senyehile, ha a mang ’ona a ne a soahlamane. Boholo ba matlo ao e ne e le a batho ba sebelitseng ka thata bophelo bohle hore ba be le ’ona, empa ka ho panya ha leihlo feela a ne a ile. Ke ile ka lemoha kamoo e leng ’nete kateng hore ruri lintho tsa bohlokoa bophelong hase tse bonahalang.

Ha re fihla lekaleng, motho ea amohelang baeti o ile a re bona ha re kena eaba o tloha deskeng ea hae ’me a matha ho re khahlanyetsa ka thabo e khōlō a ba a re haka. O ile a re leboha haholo hore ebe re tetse lintho tseo re ka beng re li etsa e le hore re be moo. Ka mor’a lijo tsa motšehare, re ile ra ea Holong ea Kopano e haufi le moo, e neng e fetotsoe sepetlele. Ke ile ka kopana le Lipaki tse ling moo tseo le tsona e neng e le baithaopi, ho akarelletsa le banyalani ba bang ba tsoang Jeremane bao ka bobeli e neng e le lingaka le motho ea neng a ba thusa hammoho le mopepisi ea neng a tsoa Switzerland.

Ke ile ka qala ho sebetsa bosiung bona boo. Ho ne ho e-na le bakuli ba 18, bao ba bang ba bona e neng e se Lipaki, ’me kaofela ba ne ba robetse materaseng a neng a aliloe ka Holong eo ea Kopano. Lingaka le baoki ba Lipaki ba ile ba hlokomela mokuli e mong le e mong ka tsela e tšoanang ntle le ho ba lefisa.

Bosiung bona boo, mokuli e mong eo e neng e le ntate-moholo ea lilemo li 80, o ile a hlokahala. Mosali oa hae o ne a le pel’a hae, hammoho le ’na le motho eo ke neng ke lula le eena kamoreng. Ka mor’a moo, mofumahatsana e mong ea bitsoang Ketly o ile a qala ho lla ke bohloko. O ne a ponngoe letsoho le letona ka lebaka la likotsi tseo a neng a bile le tsona ha lefatše le sisinyeha. Pel’a hae ho ne ho lutse ’mè e mong oa Paki ea neng a ithuta Bibele le Ketly. Hoo e ka bang bosiu bo bong le bo bong o ne a robala pel’a Ketly hona moo Holong ea Kopano.

Ke ile ka ea ho Ketly, takatso ea ka e le hore ke leke ho kokobetsa bohloko boo a bo utloang, empa e ne e se feela bohloko ba ho opeloa. O ile a mpolella hore o ne a le ha motsoalle oa hae ha tšisinyeho ea lefatše e ba teng. Ba ne ba sa tsebe hore na ho etsahala’ng, ka hona ba ile ba mathela foranteng ea ntlo ba tšoarane, athe lebota le tla oela holim’a bona ’me le ba kupetse. Ketly o ile a bitsa motsoalle oa hae empa ha aa ka a araba. O re o ile a tseba hona hoo hore e tlameha ebe motsoalle oa hae o hlokahetse. Karolo e ’ngoe ea ’mele oa motsoalle oa hae e ne e le holim’a hae ho fihlela ha ba tsa pholoso ba fihla lihora tse ’nè hamorao. Ketly o ile a tlameha ho pongoa letsoho ho tloha lehetleng.

Ho tloha bosiung ba pele boo ke bileng moo ka bona, ha Ketly a re oa robala, ketsahalo eo e ne e khutla kelellong ea hae nako le nako. O ile a re ho ’na a ntse a lla: “Kea tseba hore na Mangolo a re’ng ka mehla ea bofelo le ho ba teng ha litšisinyeho tsa lefatše. Kea tseba hore re letetsoe ke bokamoso bo thabisang. Kea tseba hore ke lokela ho leboha hore ebe ke ntse ke phela. Empa ak’u ipehe boemong ba ka ka motsotsoana. U re bophelo bo ntse bo u tsamaela hantle ebe ka ho panya ha leihlo feela u se u iphumana u le tjena.” Ke ile ka felloa ke mantsoe, eaba kea mo haka ’me le ’na kea lla. Re ile ra lla ho fihlela a ba a khaleha.

Letsatsi le leng le le leng ho ne ho e-ba le ngaka le baoki ba babeli ba neng ba il’o hlokomela bakuli. Ke ile ka isoa Petit Goave, e ka bang bohōle ba lihora tse peli ho tloha Port-au-Prince ka koloi. Ke ne ke e-na le baithaopi ba bang ba babeli—mooki ea tsoang Florida le ngaka e tsoang Fora. Re ile ra fihla ka 9:30 hoseng, ra laolla thepa ea rōna eaba re e kenya ka Holong ea ’Muso. Batho ba ne ba boleletsoe hore rea tla ’me ba ne ba lutse ka moo ba re letetse.

Re ile ra qala ho sebetsa hang-hang. Ho ne ho chesa ’me le mokoloko oa ba hlokang thuso o ne o ntse o lelefala. Hora ea boraro e ile ea ba ea otla re e-s’o nke khefu. Boraro ba rōna re ile ra enta bakuli ba 114 ’me ra hlahloba ba bang ba 105 letsatsing leo. Ke ne ke shoele ke mokhathala empa thabo ea ka e ne e khaphatseha ka lebaka la hore ke khonne ho thusa ba neng ba hloka thuso.

Ke ile ka qeta matsatsi a batlang a feta libeke tse peli ke ntse ke thusa Haiti. Hoo e ka bang bosiu bo bong le bo bong ke ne ke sebetsa lihora tse 12 Holong ea Kopano. Ke ne ke qala ho fuoa boikarabelo bo boima hakaalo. Empa ke ile ka nka seo e le tokelo ka ba ka ikutloa ke hlohonolofalitsoe ka ho ba moo. Ke thabela hore ebe ke ile ka isa matšeliso a itseng le ho fana ka thuso e itseng ho batho ba Haiti ba oetsoeng ke koluoa eo e khōlō.

Re ithutile lintho tse ngata ho bona. Ka mohlala, e mong oa bakuli bao ke neng ke ba hlokomela e ne e le Eliser, moshanyana ea lilemo li 15 ea ileng a tlameha ho pongoa leoto le leng. Ke ile ka lemoha hore o ne a beha lijo tsa hae hore a tl’o ja le Jimmy, ea neng a tla bosiu ho tla mo robalisa. O ile a ntlhalosetsa hore e ne e se kamehla Jimmy a neng a fumana seo a ka se jang pele a tla ho eena moo mantsiboea. Mohlala oa Eliser o ile oa ntlhokomelisa hore ha ho hlokahale re be barui kapa re be ba phetseng hantle e le hore re be ba fanang.

Moea oo o ne o bonahala ka ho hlaka le ho baithaopi ba neng ba le sehlopheng sa rōna. Moithaopi e mong o ne a sa phele hantle ka boeena; e mong eena o ne a opeloa ke mokokotlo. Leha ho le joalo, bohle ba ile ba qhelela boiketlo ba bona ka thōko, ba shebana le seo bakuli ba se hlokang. Sena se ile sa nkhothatsa hore ke tsoele pele. Nako le nako kaofela ha rōna re ne re khathala maikutlong, kelellong le ’meleng, empa re ne re tšehetsana ’me re tsoela pele. Eo e bile phihlelo eo nke keng ka e lebala lekhale! Ke leboha hore ebe ke karolo ea mokhatlo oa Bakreste ba babatsehang, ba mosa, ba lerato le ba itellang ba bang.

Pele ke tloha Haiti, bakuli ba babeli ba neng ba ponngoe matsoho a bona a matona ba ile ba khona ho ’ngolla mangolo a ntebohang empa ba tsitlella hore ke a bale ha ke se ke le ka sefofaneng. Ke ile ka fela ka etsa joalo. Likeleli li ile tsa ’na tsa itšolohela feela ka mor’a hore ke bale mangolo ao a ileng a nkama pelo haholo.

Ka mor’a ho khutlela hae, ke ntse ke buisana le e meng ea metsoalle e mecha eo ke kopaneng le eona Haiti. Batho ba ka theha setsoalle se matla empa se bonahala nakong ea mathata le likoluoa hore na se tiile hakae. Ke nahana hore setsoalle sena sa rōna se tla lula se tiile ho sa tsotellehe mathata leha e le afe a ka bang teng nakong e tlang. Ruri ke ikutloa ke bile lehlohonolo.