Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ba Ile ba Hana Mesia?

Ke Hobane’ng ha ba Ile ba Hana Mesia?

Ke Hobane’ng ha ba Ile ba Hana Mesia?

HA Jesu a le lefatšeng, batho ba bangata ba ne ba hlolloa ke lintho tseo a li buang ’me ba tsota mehlolo eo a e etsang. Ka lebaka leo, ba bangata ba ile “ba beha tumelo ho eena” eaba ba mo amohela e le Mesia ea boletsoeng esale pele, kapa Kreste. Lebaka la bona e ne e le lena: “Ha Kreste a fihla, a ke ke a etsa lipontšo tse ngata ho feta tseo monna enoa a li entseng, na ha ho joalo?”—Johanne 7:31.

Ho sa tsotellehe bopaki bo hlollang bo neng bo bontša hore Jesu e ne e le Mesia, batho ba bangata ba ileng ba bona ba ba ba utloa seo Jesu a se buang ha e ea ka ea e-ba balumeli. Ntho e soabisang ke hore le ba bang bao pele ba neng ba lumela ba ile ba mo furalla. Ke hobane’ng ha ba bangata hakaalo ba ile ba hana ho amohela Jesu e le Mesia le hoja ba ne ba bona bopaki bo matla hakaalo? A re hlahlobeng mabaka a seo ’me ha re ntse re etsa joalo, ipotse, ‘Na ebe le ’na nka iphumana ke entse phoso e tšoanang le eo?’

Seo ba Neng ba se Lebeletse ha Sea ka sa Phethahala

Mehleng ea ha Jesu a hlaha, Bajuda ba bangata ba ne ba lebeletse ho hlaha ha Mesia. Ha Jesu a ne a tlisoa tempeleng e le lesea, batho ba neng ba ‘letetse topollo ea Jerusalema’ ka Mesia ea tšepisitsoeng ba ile ba kopana le eena. (Luka 2:38) Hamorao ba bangata ba ileng ba bona mesebetsi ea Johanne Mokolobetsi ba ile ba ipotsa: “Na ekaba mohlomong ke eena Kreste?” (Luka 3:15) Leha ho le joalo, Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lebeletse hore Mesia a etse’ng?

Tumelo e neng e atile ho Bajuda ba mehleng eo e ne e le ea hore Mesia o tla tla ’me a ba lokolle jokong e boima ea puso ea Baroma a be a tsosolose ’Muso oa lefatšeng oa Iseraele. Pele Jesu a qala tšebeletso ea hae, ho ile ha e-ba le baeta-pele ba nang le tšusumetso e matla ba ileng ba buella hore ho loantšoe ka mabifi ’muso oa lipolotiki oa mehleng eo. Mohlomong se entsoeng ke banna bana ke sona se ileng sa etsa hore batho ba lebelle seo ho Mesia.

Jesu o ne a fapane ka ho feletseng le bo-Mesia bao ba bohata. Ha aa ka a khothalletsa liketso tse mabifi empa o ile a ruta bamameli ba hae hore ba rate lira tsa bona ba be ba ikokobeletse ba boholong. (Matheu 5:41-44) O ile a hana ha batho ba etsa boiteko ba ho mo etsa morena. Ho e-na le hoo, o ile a ruta hore ’muso oa hae e ne e se “karolo ea lefatše lena.” (Johanne 6:15; 18:36) Leha ho le joalo, ho bonahala batho ba ile ba ’na ba susumetsoa haholo ke mehopolo e neng e se e metse ka metso ho bona ka Mesia.

Johanne Mokolobetsi o ile a bona a ba a utloa ka mehlolo e neng e paka hore Jesu ke Mora oa Molimo. Leha ho le joalo, ha Johanne a ne a koalletsoe chankaneng, o ile a roma barutuoa ba hae hore ba botse Jesu: “Na u Ea Tlang, kapa re lokela ho lebella ea fapaneng?” (Matheu 11:3) Mohlomong Johanne o ne a ipotsa hore na ruri Jesu ke eena Molopolli ea tšepisitsoeng, ea neng a tla phethahatsa seo Bajuda ba se lebeletseng.

Baapostola ba Jesu ba ile ba thatafalloa ho utloisisa hore o ne a tla bolaoa ebe o tsoha bafung. Ka lekhetlo le leng ha Jesu a hlalosa hore ho ne ho hlokahala hore Mesia a utloe bohloko ’me a shoe, Petrose o ile “a mo nkela ka thōko ’me a qala ho mo khalemela ka matla.” (Mareka 8:31, 32) Petrose o ne a ntse a e-s’o utloisise hore na lefu la Jesu le amana kae le karolo eo a tla e phetha joaloka Mesia.

Ha a kena Jerusalema nakoana pele ho Paseka ea 33 C.E., Jesu o ile a amoheloa ka cheseho ke matšoele a neng a mo thoholetsa a re ke Morena. (Johanne 12:12, 13) Empa boemo boo bo ile ba fetoha ka potlako hakaakang! Le pele beke e fela, Jesu o ile a tšoaroa a ba a ahloleloa lefu. Ka mor’a hore Jesu a bolaoe, barutuoa ba hae ba babeli ba ile ba bua ka lipelo tse bohloko: “Re ne re tšepile hore monna enoa ke eena ea reretsoeng ho lopolla Iseraele.” (Luka 24:21) Esita leha Jesu ea tsositsoeng bafung a se a itlhahisa ho barutuoa ba hae, ba ne ba ntse ba e-na le maikutlo a hore Mesia o ne a tla theha ’muso lefatšeng. Ba ile ba botsa: “Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” Ka ho hlakileng, lintho tse fosahetseng tseo ba neng ba li lebeletse ka Mesia li ne li ntse li metse ka metso lipelong le mehopolong ea bamameli ba Jesu.—Liketso 1:6.

Ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong ’me a tšollele moea o halalelang ho barutuoa ba hae, ba ile ba qala ho utloisisa hantle hore Mesia o ne a tla busa e le Morena leholimong. (Liketso 2:1-4, 32-36) Moapostola Petrose le moapostola Johanne ba ile ba bolela ka sebete ka tsoho ea Jesu ba ba ba fana ka bopaki ba hore ba tšehelitsoe ke Molimo ka ho etsa mehlolo. (Liketso 3:1-9, 13-15) Ba likete Jerusalema ba ile ba amohela molaetsa ’me ea e-ba balumeli. Leha ho le joalo, sena ha sea ka sa jesa baeta-pele ba Bajuda litheohelang. Feela joalokaha ba ile ba hanyetsa Jesu, ba ile ba qala ho hanyetsa baapostola ba hae le barutuoa ba hae. Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba hanyetsa Jesu ka matla hakaalo?

O Hanyetsoa ke Baeta-pele ba Bolumeli

Nakong ea ha Jesu a tsoaloa, monahano oa baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda le mekhoa ea bona e ne e le hōle haholo le se rutoang ke Mangolo a bululetsoeng. Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo—Basaduse, Bafarisi le Bangoli—ba ne ba khomaretse lineano tsa batho, ba latela tsona ho e-na le ho latela Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. Nako le nako ba ne ba qosa Jesu ka hore o tlotse Molao hobane a ne a entse mohlolo oa ho folisa batho ka Sabatha. Ha e le hantle, ha Jesu a latola ka matla lithuto tsa bona tse neng li sa thehoa Mangolong, o ne a hana taolo ea bona hammoho le taba ea hore ba amoheloa ke Molimo. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ne a hōletse lelapeng le tlaase ’me o ne a sa ea sekolong sa molao sa thuto ea bolumeli. Hase feela ho ileng ha ba thata hore banna bao ba ikhohomosang ba amohele hore Jesu ke Mesia! Ba ne ba halefisoa haholo ke ha Jesu a ba toba ka litaba hoo ba ileng “ba rerisana khahlanong le eena e le hore ba ka mo timetsa.”—Matheu 12:1-8, 14; 15:1-9.

Leha ho le joalo, baeta-pele ba bolumeli ba ne ba ka latola matla a Jesu a ho etsa mehlolo joang? Ke ’nete hore ha baa ka ba hana hore o entse mehlolo. Empa ka ho nyefola hohle ba ile ba leka ho etsa hore batho ba se ke ba e-ba le tumelo ho Jesu ka ho hlalosa hore o fumana matla ho Satane, ba re: “Motho enoa ha a leleke bademona haese ka Beelzebube, ’musi oa bademona.”—Matheu 12:24.

Ho ne ho e-na le lebaka le leng hape le matla le neng le etsa hore ba be manganga ho amohela hore Jesu ke Mesia. Ka mor’a hore Jesu a tsose Lazaro bafung, baeta-pele ba malumeli a sa tšoaneng ba ile ba kopana hammoho ’me ba re: “Re tla etsa joang, hobane monna enoa o etsa lipontšo tse ngata? Haeba re mo tlohela ka tsela ena, bohle ba tla beha tumelo ho eena, ’me Baroma ba tla tla ba nka sebaka sa rōna le sechaba sa rōna.” Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba etsa ’momori oa hore ba bolaee Jesu le Lazaro e le hore ba se ke ba lahleheloa ke matla ao ba neng ba e-na le ’ona le maemo a bona.—Johanne 11:45-53; 12:9-11.

Sechaba se ne se ba Hloile se Bile se ba Hlorisa

Boikutlo ba baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba lekholong la pele la lilemo bo ile ba etsa hore batho ba hloee motho leha ele ofe ea amohelang Jesu e le Mesia. Ba ne ba ikotla sefuba ka maemo a bona a hlaheletseng ebe ba nyenyefatsa motho leha e le ofe ea bontšang tumelo ho Jesu, ba re: “Ha ho le ea mong oa babusi kapa oa Bafarisi ea behileng tumelo ho eena, na ha ho joalo?” (Johanne 7:13, 48) Baeta-pele ba bang ba Bajuda, ba kang Nikodemase le Josefa oa Arimathea, e ile ea e-ba barutuoa ba Jesu empa ka lebaka la tšabo, ba boloka tumelo ea bona e le sephiri. (Johanne 3:1, 2; 12:42; 19:38, 39) Baeta-pele ba Bajuda ba ne ba behile molao oa hore “haeba leha e le mang a . . . bolela hore [Jesu] ke Kreste, o lokela ho lelekoa synagogeng.” (Johanne 9:22) Motho eo o ne a iloa ke sechaba a bile a nyefoloa.

Ho hanyetsa baapostola ba Jesu le barutuoa ba hae ho ile ha etsa hore qetellong ho be le mahloriso a mabifi. Kaha baapostola ba ne ba bolela ka sebete, ba ile ba hlorisoa ke lekhotla le phahameng la Bajuda, e leng Sanhedrine. (Liketso 5:40) Bahanyetsi ba ile ba feneketsa liqoso tsa bohata tsa hore morutuoa Setefane o ne a nyefotse. Sanhedrine e ile ea mo ahlola ’me ea re a tlepetsoe ka majoe. Ka mor’a moo, “ha tsoha mahloriso a maholo khahlanong le phutheho e neng e le Jerusalema; bohle ntle ho baapostola ba hasana ho pholletsa le libaka tsa Judea le Samaria.” (Liketso 6:8-14; 7:54–8:1) Saule, eo hamorao e ileng ea e-ba moapostola Pauluse, o ile a kena letšolong la ho ba hlorisa le neng le tšehetsoa ka molao ke moprista ea phahameng le ke ‘sehlopha sa banna ba baholo.’—Liketso 9:1, 2; 22:4, 5.

Esita le tlas’a maemo a thata joalo, Bokreste bo ile ba ’na ba hōla ka potlako lilemong tse latelang ka mor’a lefu la Jesu. Le hoja ba likete e ile ea e-ba balumeli, Bakreste ba ne ba ntse ba fokola ka palo Palestina ea lekholong la pele la lilemo. Ha motho a ne a ipolela phatlalatsa hore ke molateli oa Kreste, o ne a ipeha kotsing e mpe ea ho iloa kapa ho tšoaroa ka mabifi.

Ithute ho ba Ileng ba Latola Jesu

Joalokaha re bone, maikutlo a fosahetseng, tšusumetso ea batho ba bang le mahloriso li ile tsa sitisa ba bangata lekholong la pele la lilemo hore ba lumele ho Jesu. Le kajeno likhopolo tse fosahetseng ka Jesu le lithuto tsa hae li ka ba le liphello tse tšoanang. Ka mohlala, ba bangata ba ’nile ba rutoa hore ’Muso oa Molimo o ka lipelong tsa bona kapa o tla tlisoa ke boiteko ba batho. Ba bang ba khothalletsoa hore ba tšepe hore saense kapa theknoloji ke eona e tla rarolla mathata a batho, ka tsela eo, ho qheleloa ka thōko taba ea hore batho ba lokela ho lumela ho Mesia. Ba bangata ba tšoaeang liphoso kajeno ba re liketsahalo tsa tšebeletso ea Jesu tse tlalehiloeng ka Bibeleng hase lintho tse etsahetseng; ka tsela eo, ba fokolisa tumelo ea ba lumelang hore Jesu ke Mesia.

Ka lebaka la maikutlo le likhopolo tse joalo, ba bangata ba ferekane hore na karolo e phethoang ke Mesia ke efe kapa ha ba bone molemo oa ho nahana ka taba eo. Leha ho le joalo, ho ba ikemiselitseng ho hlahloba bopaki, ho na le bopaki bo bongata kajeno ba hore Jesu ke Mesia ho feta bo neng bo le teng lekholong la pele la lilemo. Re na le Mangolo a Seheberu a feletseng a nang le boprofeta bo bongata bo mabapi le seo Mesia a neng a tla se etsa, hape re na le tlaleho ea Likosepele tse ’nè tsa Bibele tse tlalehileng seo Jesu a ileng a se etsa e le ho phethahatsa boprofeta boo. *

Ka sebele ho na le bopaki bo bongata e le hore rōna ka bomong re iketsetse khetho kapa qeto ka seo re se tsebang tabeng ena. Leha ho le joalo, qeto eo ke ea bohlokoa. Hobane’ng? Hobane Bibele e bontša hore Morena oa Bomesia oa ’Muso oa Molimo, e leng Jesu, haufinyane o tla nka khato ho felisa bohle ba senyang lefatše, ebe o tlisa puso e lokileng e tla etsa hore bafo bohle ba mamelang ba phele ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. (Daniele 2:44; Tšenolo 11:15, 18; 21:3-5) U ka ba le bokamoso bona bo babatsehang haeba u etsa boiteko ba ho ithuta ka Jesu le ho bontša tumelo ho eena hona joale. Nahana ka botebo ka mantsoe ana a Jesu: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 22 Bona chate e nang le sehlooho se reng “Boprofeta bo Mabapi le Mesia,” leqepheng la 200 la buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]

Na u ka be u amohetse hore Jesu ke Mesia haeba u ne u phela mehleng ea hae?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

U se ke ua lumella maikutlo ao u ’nileng ua ba le ’ona hore a u thibele ho ithuta ’nete ka Jesu