Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nahanela Batsoali ba se Nang Balekane

Nahanela Batsoali ba se Nang Balekane

Nahanela Batsoali ba se Nang Balekane

HASE batho ba bangata ba nang le lintho tse ngata ho feta tse lokelang ho etsoa ke batsoali ba se nang balekane. Lintho tseo batsoali ba se nang balekane ba lokelang ho sebetsana le tsona ha li na palo. Ba lokela ho phetha boikarabelo ba ho hōlisa bana. Ba lokela ho ea mosebetsing, mabenkeleng, ho pheha, ho hloekisa le ho hlokomela bana. Joale hape ba lokela ho etsa bonnete ba hore bana ba bona ba phela hantle ’meleng, ba ba le linako tsa boikhathollo, ba ba tšehetsa maikutlong ’me ha ho khoneha ba be ba iphe nako ea bohlokoa haholo ea hore ba ke ba ikhutse ba le bang.

Le hoja kajeno malapa a batsoali ba se nang balekane a ntse a eketseha a bile a tloaeleha, ’nete ke hore ho bonolo ho a tlōlisa mahlo. ’Mè e mong o ipuela ’nete feela, o re: “Pele ke e-ba motsoali ea se nang molekane, ke ne ke sa ba tsotelle hakaalo.” U ka etsa’ng ho bontša hore u nahanela batsoali ba se nang balekane? Na u lokela ho ameha ka bona? A re ke re hlahlobe mabaka a mararo a etsang hore re nahanele seo ba se hlokang.

Mabaka ao re Lokelang ho ba Nahanela ka ’Ona

Batsoali ba bangata ba se nang balekane ba hloka thuso. Mohlolohali e mong ea lilemo li 41 ea nang le bana ba babeli o re: “Ho na le linako tseo ka tsona ke sa tsebeng hore na ke lokela ho etsa’ng, ke imeloa ke lintho tse ngata tseo ke lokelang ho li etsa.” Ho shoeloa ke molekane, ho siuoa ke molekane kapa maemo a mang a sa thabiseng a entse hore batsoali ba bangata ba se nang balekane ba ikutloe joaloka ’mè e mong ea ileng a re: “Re hloka thuso ka hohle kamoo ho ka khonehang!”

Ho tla u thabisa. Na u se u kile ua nkisa motho thoto e ngata ho feta eo a ka e jarang a le mong? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba u ile ua ikutloa u khotsofetse hore ebe u mo thusitse ka tsela eo ea sebele. Ka tsela e tšoanang, batsoali ba se nang balekane ba jere boikarabelo boo ka linako tse ling bo ka bang boima ha bo shebane le motho a le mong. Haeba u ka ba thusa ka seo ba se hlokang, u tla bona hore mantsoe a ho Pesaleme ea 41:1 ke ’nete, a reng: “Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase.”

Ho thabisa Molimo. Jakobo 1:27 e re: “Mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona.” Sena se akarelletsa ho hlokomela batsoali ba se nang balekane. * Baheberu 13:16 e re: “Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”

U nahanne ka mabaka ana a mararo ao ka ’ona re lokelang ho nahanela batsoali ba se nang balekane, joale a re bone hore na u ka etsa’ng ho ba thusa le hore na u ka tseba joang hore thuso eo u fanang ka eona ke eo ba hlileng ba e hlokang.

Lemoha Seo ba se Hlokang

Ho ka ’na ha bonahala ho le bonolo ho re feela ho motsoali ea se nang molekane: “Nka u thusa joang?” Empa ’nete ke hore hase kamehla motho a u bolellang seo a hlileng a se hlokang. Joalokaha ho bontšitsoe pejana, Pesaleme ea 41:1 e re khothalletsa hore re ‘nahanele.’ Buka e ’ngoe e hlalosa hore lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona le bolela “ho nahana ka tsela e tebileng e etsang hore motho a nke khato e bohlale.”

Ka hona, e le hore u fumane tsela e molemo haholo ea ho ba thusa, u lokela ho nahana ka ho teba ka mathata ao batsoali ba se nang balekane ba sebetsanang le ’ona. E-ba seli, u se ke ua habanya boemo feela. Ipotse, ‘Haeba ke ne ke le boemong boo, ke ne ke tla thabela ho thusoa joang?’ Ke ’nete hore batsoali ba bangata ba se nang balekane ba tla u bolella hore leha u ka leka joang kapa joang, u ke ke ua utloisisa ka ho feletseng hore na ho joang ho ba motsoali ea se nang molekane, ntle le ha u hlile u le eena. Empa haeba u etsa sohle se matleng a hao ho ba qenehela boemong boo ba leng ho bona, u tla ba boemong bo botle ba ho ‘nahanela’ batsoali ba se nang balekane.

Etsisa Mohlala o Phethahetseng oa Molimo

Tabeng ea ho hlokomela batsoali ba se nang balekane, ha ho ea entseng sena ka lerato le ka tsela ea sebele joaloka Jehova Molimo. Mangolo a mangata a totobatsa tsela eo ka eona Jehova Molimo a nahanelang bahlolohali le bashanyana ba se nang bo-ntate—e leng ho akarelletsang batsoali ba se nang balekane—le kamoo a amehang ka bona kateng. Ha re hlahloba tsela eo ka eona Molimo a ileng a thusa ba tlaase joalo, re ka ithuta ho hongata ka ho fana ka thuso eo ka sebele e tla fela e ba tsoele molemo. Ho na le lintlha tse ’nè tsa bohlokoa tseo re lokelang ho nahana ka tsona.

Iphe nako ea ho ba mamela

Molaong oo Jehova a ileng a o fa Baiseraele ba boholo-holo, o ile a bolela hore ‘ruri o tla utloa mohoo’ oa ea hlokang thuso. (Exoda 22:22, 23) U ka etsisa mohlala oo o motle joang? Hangata batsoali ba se nang balekane ba jeoa ke bolutu haholo kaha ha ho na motho e moholo eo ba ka buisanang le eena. Motsoali e mong ea se nang molekane o re: “Ha bana ba robala, ka linako tse ling ke lla habohloko. Ho ba le linako tseo ka tsona ke tetebelang haholo ke bolutu.” Ha boemo bo loketse, e ka ba hantle hore u ‘utloe mohoo’ oa motsoali ea se nang molekane eo e ka ’nang eaba o batla ho tšolla maikutlo a hae. Ho ipha nako ea ho mamela tlas’a maemo a loketseng ho ka mo thusa hore a sebetsane hantle le mathata a ho ba motsoali ea se nang molekane.

Ba khothatse

Jehova o ile a bululela hore ho ngoloe lipina tse halalelang, kapa lipesaleme tseo Baiseraele ba neng ba li bina linakong tsa borapeli. U ka inahanela feela hore na bahlolohali ba Baiseraele le bashanyana ba se nang bo-ntate ba ne ba khothala hakaakang ha ba bina mantsoe ao Molimo a neng a susumelitse hore a ngoloe, a neng a ba hopotsa hore Jehova ke “ntate” ebile ke “moahloli” oa bona le hore o ne a tla ba imolla. (Pesaleme ea 68:5; 146:9) Le rōna re ka bua mantsoe a khothatsang ao motsoali ea se nang molekane a ka a hopolang nako e telele. Le hoja ho se ho fetile lilemo tse 20, Ruth, eo e leng motsoali ea se nang molekane, o ntse a hopola ka thabo lekhetlo le leng leo ka lona ntate e mong ea neng a e-na le boiphihlelo a ileng a re ho eena: “U hōlisa bara ba hao ba babeli hantle haholo. U tšoare tsoho leo.” Ruth o re: “Ruri ke ile ka tiea lengole ha ke utloa a bua mantsoe ao.” Ka sebele “mantsoe a mosa ke setlhare se setle” ’me a ka khothatsa motsoali ea se nang molekane ho feta kamoo re ka nahanang kateng. (Liproverbia 15:4, Contemporary English Version) Na ho na le ntho e tobileng e sa bontšeng boikaketsi eo u ka khothatsang motsoali ea se nang molekane ka eona?

Ba thuse ka lintho tseo ba li hlokang

Molao oa Jehova ho Baiseraele ba boholo-holo o ne o akarelletsa tokisetso ea hore bahlolohali le bashanyana ba se nang bo-ntate ba fumane lijo tseo ba li hlokang, empa ka tsela e ba sielang seriti. Litokisetso tseo li ne li etsa hore bana ba tlaase ba be le ho lekaneng hore ba ‘je le hore ba ikhotsofatse.’ (Deuteronoma 24:19-21; 26:12, 13) Le rōna re ntse re ka thusa lelapa la motsoali a le mong ka lintho tse bonahalang, empa re etse seo ka tsela e ba sielang seriti le eo e seng ea mponeng. Na u ka pota ho bona ua ba siela lijo tse itseng kapa korosari? Na u na le liphahlo tseo motsoali ea se nang molekane le bana ba hae ba ka li sebelisang? Kapa na u ka ba thusa ka chelete e le hore motsoali eo a khone ho reka lintho tseo lelapa le li hlokang?

Ba hopole ha le ithabisa

Jehova o ile a laela hore bahlolohali le bashanyana ba se nang bo-ntate ba kenyelletsoe meketeng ea sechaba ea selemo le selemo, moo ba neng ba ka thabela botsoalle le Baiseraele ba bang. Ha e le hantle, ba ile ba bolelloa hore: “U thabe.” (Deuteronoma 16:10-15) Le kajeno Bakreste ba khothalletsoa hore ba ‘bontšane kamohelo ea baeti’ ka ho ipha nako ea ho thabela botsoalle le ba bang. (1 Petrose 4:9) Joale ke hobane’ng ha u sa memele lelapa la motsoali a le mong lijong ha hao? Ha ho hlokahale hore e be matletsetletse. Ha Jesu a ne a thabela botsoalle lelapeng la metsoalle e meng ea hae, o ile a re: “Ho hlokahala lintho tse seng kae, kapa e le ’ngoe feela.”—Luka 10:42.

Ba Tla Ananela ho Nahanela ha Hao

Kathleen, eo e leng motsoali ea se nang molekane, ea hōlisitseng bana ba bararo, o re a ke ke a hlola a lebala keletso ena e bohlale eo a neng a e fuoe, “U se ke ua lebella letho; ananela sohle.” Joaloka Kathleen, batsoali ba bangata ba se nang balekane baa hlokomela hore boikarabelo ba ho hōlisa bana ke ba bona. Ka hona, ha baa lebella hore batho ba bang ba ba phethele boikarabelo ba bona. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore ka sebele ba ananela thuso leha e le efe eo ba e fuoang. U ka tlatsetsa boiketlong ba batsoali ba se nang balekane le ho itlisetsa thabo ka bouena ka hore u ba nahanele, u kholisehile hore Jehova Molimo “o tla u putsa ka seo u se entseng.”—Liproverbia 19:17, New Century Version.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Le hoja poleloana “motsoali ea se nang molekane” e sa hlahe ka Bibeleng, mantsoe a kang “mohlolohali” le “moshanyana ea se nang ntate” a sebelisoa hangata. Sena se bontša hore batsoali ba se nang balekane ba ne ba atile le mehleng ea Bibele.—Esaia 1:17.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

U qetetse neng ho memela lelapa la motsoali ea se nang molekane lijong ha hao? E ka ba hantle hore haufinyane u etse joalo