Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ngoana oa Hao o ne a Tla Re’ng?

Ngoana oa Hao o ne a Tla Re’ng?

Ngoana oa Hao o ne a Tla Re’ng?

BATSOALI: Molula-Qhooeng oa January 15, 2010, leqepheng la 16-20, re ile ra bua ka hore le be le linako tsa ho itlhakisa le bana ba lōna. Sehlooho sena se fana ka lintlha tse tla le thusa hore le hlomelle bana ba lōna hore ba loantše mathata ha ba le sekolong. Le ka ’na la rata ho itlhakisa nakong ea Borapeli ba lōna ba Lelapa ba mantsiboea.

BANA bao e leng Lipaki Tsa Jehova ba thulana le mathata a mangata. Hangata bana bao ba kenang sekolo le bona ba ba botsa hore na ke hobane’ng ha ba sa etse lintho tse itseng, joaloka ho saluta folakha, ho keteka matsatsi a tsoalo le ho etsa mesebetsi ea ho ithuta e amanang le matsatsi a phomolo. Haeba mora kapa morali oa hao a ka botsoa lipotso tse joalo, o tla li araba joang?

Bana ba bang ba Bakreste ba ’nile ba re feela: “Nke ke ka etsa joalo. Seo se khahlanong le bolumeli ba ka.” Bana bao ba lokela ho babatsoa ka lebaka la ho ema ba tiile. Karabo eo ea bona e ka ’na ea koala bana bao molomo. Empa Bibele e re khothalletsa hore re ‘lokele ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea re batlang lebaka’ la lintho tseo re li lumelang. (1 Pet. 3:15) Ho etsa seo ho bolela ho fetang ho re feela, “Nke ke ka etsa joalo.” Esita leha batho ba bang ba sa lumellane le rōna, ba bang ba ka ’na ba thabela ho tseba mabaka a liqeto tseo re li entseng.

Bacha ba bangata ba Lipaki ba ’nile ba phetela bana bao ba kenang sekolo le bona litlaleho tsa Bibele ba sebelisa lingoliloeng tse kang Ithute ho Mosuoe e Moholo. Litlaleho tsena li ka ’na tsa thusa ho ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha bana ba Lipaki ba etsa lintho tse itseng kapa ba sa li etse. Liithuti tse ngata li mamela lipale tsa Bibele ka hloko, ’me lithuto tse ngata tsa Bibele li qalisitsoe ka tsela ena. Liithuti tse ling li ka ’na tsa thatafalloa ke ho mamela pale eohle ea Bibele. Bana ba sekolo ba ka ’na ba thatafalloa ke ho utloisisa litlaleho tse ling tsa Bibele haeba li sa hlalosoe ka botlalo. Ha Minhee ea lilemo li 11 a ne a mengoa ke motsoalle oa hae hore a ee phathing ea hae ea letsatsi la tsoalo, o ile a mo araba ka ho re: “Bibele ha e re re keteke matsatsi a tsoalo. Johanne Mokolobetsi eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng, o ile a bolaoa ka letsatsi la tsoalo.” Leha ho le joalo, Minhee o hopola hore motsoalle oa hae o ne a bonahala a sa utloisise karabo ea hae.

Ka linako tse ling, ho molemo ho bontša seithuti-’moho setšoantšo kapa tlaleho e itseng ho e ’ngoe ea libuka tsa rōna. Bana ba lokela ho etsa’ng haeba batsamaisi ba likolo ba bolela hore ba se ke ba bontša liithuti tse ling lingoliloeng tsa bolumeli? Na bana ba rōna ba ka atleha ho fana ka bopaki esita leha ba se na lingoliloeng? U ka thusa bana ba hao joang hore ba ikarabelle?

E-bang le Linako Tsa ho Itlhakisa

Ho ba le linako tsa ho itlhakisa lapeng ho molemo; ’me batsoali ba ka bapala karolo ea bana ba sekolo. Ha bana ba ntse ba leka ho sireletsa tumelo ea bona, batsoali ba lokela ho babatsa boiteko boo ba bo etsang ’me ba ba bontše hore na ba ka ntlafatsa tsela eo ba behang mabaka ka eona joang le hore na ke hobane’ng ha seo se hlokahala. Ka mohlala, ba khothalletse hore ba sebelise mantsoe ao bana ba lekanang le bona ba ka a utloisisang. Joshua, ea lilemo li robong, o bolela hore bana bao a kenang sekolo le bona ba ne ba sa utloisise mantsoe a kang “letsoalo” le “botšepehi.” Kahoo o ile a lokela ho sebelisa mantsoe a bonolo ha a bua le bona.—1 Bakor. 14:9.

Bana ba bang ba sekolo ba botsitseng potso ba ka ’na ba felloa ke thahasello haeba ba fuoa karabo e telele. Bacha ba Lipaki ba ka etsa hore ba lule ba thahasella ka ho qoqa le bona le ka ho ba behela mabaka. Ngoanana ea lilemo li leshome ea bitsoang Haneul o re, “Bana bao ke kenang sekolo le bona ba rata ho buisana eseng ho hlalosetsoa lintho.” E le hore u buisane le motho, botsa lipotso ebe u mamela maikutlo a hae ka hloko.

Lipuisano tse hlahang ka tlaase mona li bontša kamoo bana ba Bakreste ba ka behelang bana bao ba kenang sekolo le bona mabaka kateng. Ha ho hlokahale hore lipuisano tsena li tšoaroe ka hlooho—bana ha ba tšoane, ebile maemo a sa tšoaneng a ka sebetsoa ka litsela tse sa tšoaneng. Ka lebaka leo, ngoana oa Paki o lokela ho utloisisa taba, a e behe ka mantsoe a hae ebe o e hlalosa ka tsela e loketseng boemo le bana bao a kenang sekolo le bona. Haeba u na le bana ba kenang sekolo, lekang ho itlhakisa le sebelisa lipuisano tsena.

Ho koetlisa bana ho hloka nako le boikitlaetso. Batsoali ba Bakreste ba lokela ho ruta bana ba bona melao-motheo ea Bibele ba be ba ba susumelletse hore ba phele tumellanong le eona.—Deut. 6:7; 2 Tim. 3:14.

Nakong ea Borapeli ba lōna ba Lelapa ba mantsiboea bo latelang, leka ho itlhakisa le bana ba hao le sebelisa lipuisano tse boletsoeng mona. U tla bona hore na sena se ka ba molemo hakae. Hopola hore sepheo hase ho tšoara likarabo kapa mantsoe ka hlooho. Ha e le hantle, le ka ’na la itlhakisetsa boemo bo tšoanang ka makhetlo a ’maloa, u ba arabe ka litsela tse fapaneng ’me u bone hore na ba tla etsa joang. Ha ba ntse ba leka ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha ba lumela lintho tse itseng, ba thuse hore ba nahanele batho ba be ba bue le bona hantle. Ha nako e ntse e e-ea, u tla ruta bana ba hao hore ba emele seo ba se lumelang ho bana bao ba kenang sekolo le bona, ho baahelani esita le ho matichere.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]

MEKETE EA MATSATSI A TSOALO

Lineo: Lumela Tšepo. Ke u memela phathing ea ka ea letsatsi la tsoalo.

Tšepo: Lineo, kea leboha ha u nkhopotse. Ke kōpa ho u botsa, ke hobane’ng ha u tlil’o ba le phathi ea letsatsi la tsoalo?

Lineo: Ho keteka letsatsi la ka la tsoalo. Uena la hao ha u le keteke?

Tšepo: Che, ha ke le keteke.

Lineo: Hobane’ng? Lelapa leso le ile la thaba ha ke ne ke hlaha.

Tšepo: Lelapa leso le tšoana le leno. Le lona le ile la thaba ha ke ne ke hlaha. Empa ha ke nahane hore leo ke lona lebaka la hore ke keteke selemo se seng le se seng. Batho ba bangata ba nahana hore ke bona batho ba bohlokoa ka ho fetisisa ha ba le liphathing tsa bona tsa matsatsi a tsoalo. Empa na Molimo hase eena oa bohlokoa ka ho fetisisa? Hona na ha rea lokela ho mo leboha ka hore ebe o re file bophelo?

Lineo: U bolela hore ha kea lokela ho etsa phathi ea letsatsi la ka la tsoalo?

Tšepo: Lineo, ho tsoa ho uena. Ak’u nahane ka sena. Le hoja batho ba bangata ba rata ho fuoa limpho tsa letsatsi la tsoalo, Bibele e re ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela. Ho e-na le ho nahana ka rōna feela letsatsing la rōna la tsoalo, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo hore re lebohe Molimo, re nahane ka batho ba bang re be re ba etsetse lintho tse ntle?

Lineo: Ha ke e-s’o ka ke nahana ka taba eo. Joale batsoali ba hao ha ba u fe limpho ho hang?

Tšepo: Baa mpha. Empa batsoali ba ka ha ba emele ho mpha tsona ka letsatsi la ka la tsoalo. Ba mpha limpho neng le neng ha ba batla. Empa Lineo, na u ne u ka thabela ho tseba hore na mekete ea matsatsi a tsoalo e qalile joang?

Lineo: E, nka thabela ho tseba.

Tšepo: Hosane ke tla u bolella pale e thahasellisang ka mokete oa letsatsi la tsoalo o ileng oa ketekoa khale koana.

HO SALUTA FOLAKHA

Lisebo: Mookho, ke hobane’ng ha u sa salute folakha?

Mookho: Ke leboha potso ea hao, Lisebo. E-re ke u botse pele, ke hobane’ng ha uena u e saluta?

Lisebo: Ke hobane ke rata naha ea heso.

Mookho: Lisebo, kea tseba hore u rata ’mè oa hao. Empa ha u mo salute, na ha ho joalo?

Lisebo: U tiisitse. Empa bonneteng ke saluta folakha hobane ke e hlompha. Na uena ha u e hlomphe?

Mookho: Kea e hlompha. Empa ha re salute motho e mong le e mong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e hlomphang, na ha ho joalo?

Lisebo: Ke ’nete hore ke hlompha tichere ea rōna empa ha ke e salute. Ache, ke bona eka ha ke tsebe hore na ke hobane’ng ha ke saluta folakha.

Mookho: Lisebo, batho ba bangata ba nahana hore folakha e emela naha ea habo bona. Ho saluta folakha ho bolela hore ba ka etsa eng kapa eng molemong oa naha ea habo bona. Empa ’na ha ke ikutloe ka tsela eo. Nke ke ka nehela bophelo ba ka naheng ea heso hobane Molimo ke eena ea mphileng bophelo. Ke entse qeto ea ho nehela bophelo ba ka ho eena. Ka lebaka leo, le hoja ke hlompha folakha, ha ke e salute.

Lisebo: Kea bona joale.

Mookho: Lisebo, leha ho le joalo ke thabela hore ebe u buile ka taba ena. Ntle le moo, haeba u batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha ke etsa lintho tse itseng kapa ke sa li etse, u se ke ua tšaba ho mpotsa. Ha e le hantle, Bibele e bolela hore khale koana, morena oa Babylona o kile a laela batho hore ba khumamele setšoantšo. Ba bang ha baa ka ba se khumamela—le hoja ba ne ba ka ’na ba bolaoa.

Lisebo: Na kannete? Ho ile ha etsahala’ng ka bona?

Mookho: Ke tla u qoqela ka bona ka tinare.

LIPOLOTIKI TSA SEKOLO

Mokhethi: Molise, u nahana hore moeta-pele oa tlelase ea rōna e lokela ho ba mang?

Molise: Ha ho motho eo ke mo tšehetsang.

Mokhethi: Hobane’ng?

Molise: Ke se ke ntse ke e-na le moeta-pele ea molemo ka ho fetisisa. Kaha ke Mokreste, ke itlamme hore ke tla latela Jesu. Kahoo, nke ke ka khetha moeta-pele e mong. Empa, na ua tseba hore na ke hobane’ng ha ke nahana hore ke eena Moeta-pele ea molemo ka ho fetisisa?

Mokhethi: Che ha ke tsebe, ebile ha ke na taba.

Molise: Ho lokile; mohla u ka ratang ho tseba, nka thabela ho u bolella.

[Setšoantšo]

“Lumela Tšepo. Ke u memela phathing ea ka ea letsatsi la tsoalo”

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

“Ke hobane’ng ha u sa salute folakha?”