Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Chesehela Borapeli ba ’Nete

Chesehela Borapeli ba ’Nete

Chesehela Borapeli ba ’Nete

“Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae.”—MAT. 9:37.

1. U ka hlalosa ho potlaka joang?

U NA le tokomane eo motho ea itseng a lokelang ho nka bohato ka eona pele letsatsi le likela. U lokela ho etsa’ng? U ngola hore “E POTLAKILE!” U tatetse ho ea phetha lebaka la bohlokoa empa u siiloe ke nako. U lokela ho etsa’ng? U re ho mokhanni, “Ke kōpa u potlake; ke ea lebakeng le POTLAKILENG!” Ka sebele, ha ho e-na le mosebetsi o lokelang ho etsoa ’me nako e se e ile, ua ferekana ebile ua tšoenyeha. Matšoafo a hao a qala ho phahama, ’me u sebetsa ka potlako le ka matla ka hohle kamoo u ka khonang kateng. Hoo ke ho potlaka!

2. Ke mosebetsi ofe o potlakileng ka ho fetisisa oo Bakreste ba ’nete ba lokelang ho o etsa kajeno?

2 Mosebetsi o potlakileng ka ho fetisisa oo Bakreste ba ’nete ba lokelang ho o etsa kajeno, ke oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Ha morutuoa Mareka a ne a qotsa mantsoe a Jesu, o ile a ngola hore mosebetsi ona o tlameha ho etsoa “pele,” ka mantsoe a mang, pele bofelo bo e-tla. (Mar. 13:10) Ho hlakile hore seo ke sona se lokelang ho etsoa. Jesu o ile a re: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae.” Lijalo li ke ke tsa tloheloa feela; li tlameha ho bokelloa pele nako ea kotulo e fela.—Mat. 9:37.

3. Kaha ho hlokahala hore litaba tse molemo li boleloe ka potlako, batho ba bangata ba entse’ng?

3 Kaha re nka mosebetsi oa boboleli e le oa bohlokoa joalo, re tšoanela ho o etsa ka matla a rōna ’ohle re be re sebelise nako e ngata ka hohle kamoo re ka khonang kateng. Se thabisang ke hore ke sona seo ba bangata ba hlileng ba se etsang. Batho ba bang ba fokolitse lintho tse itseng bophelong ba bona e le hore ba ka ba tšebeletsong ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho kapa baromuoa kapa ba sebeletsa mahaeng a Bethele lefatšeng lohle. Ba phathahane haholo. E ka ’na eaba ba tetse lintho tse ngata ebile ho na le mathata a mangata ao ba lokelang ho a hlōla. Leha ho le joalo, Jehova o ba hlohonolofalitse haholo. Re thaba le bona. (Bala Luka 18:28-30.) Le hoja ba bang ba sa khone ho ba baboleli ba nako e tletseng, ba sebelisa nako e ngata kamoo ho ka khonehang kateng mosebetsing ona o pholosang bophelo, o akarelletsang ho thusa bana ba rōna hore ba pholohe.—Deut. 6:6, 7.

4. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba lebala hore metsotso e se e jele babeli?

4 Joalokaha re se re bone, hangata ho potlaka ho amana le ho fela ha nako le hore ntho e fihla pheletsong ka nako e itseng. Re phela nakong ea bofelo, ’me ho na le bopaki bo bongata ba Mangolo le ba histori bo pakang seo. (Mat. 24:3, 33; 2 Tim. 3:1-5) Ho ntse ho le joalo, ha ho na motho ea tsebang hantle hore na bofelo bo tla tla neng. Ha Jesu a ne a fana ka lintlha tse mabapi le “pontšo” e neng e tla tšoaea “qetello ea tsamaiso ea lintho,” o ile a bua ka ho toba a re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Mat. 24:36) Ka lebaka leo, batho ba bangata ba ka ’na ba thatafalloa ke hore selemo le selemo ba lule ba hopola hore metsotso e se e jele babeli, haholo-holo haeba ba ’nile ba etsa joalo ka nako e telele. (Liprov. 13:12) Na ka linako tse ling le uena u ee u ikutloe ka tsela eo? Ke eng e ka re thusang hore re lule re hopola hore mosebetsi oo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba batlang hore re o etse kajeno o potlakile?

Nahana ka Motho ea re Behelang Mohlala, e Leng Jesu

5. Jesu o ile a bontša ka litsela life hore o ne a lula a hopola hore tšebeletso ea hae e potlakile?

5 Ruri Jesu Kreste ke eena ea ka sehloohong har’a batho bohle ba ileng ba bontša hore ba lula ba hopola hore metsotso e se e jele babeli ha ba ntse ba sebeletsa Molimo. Lebaka le leng le neng le etsa hore a lule a hopola hore metsotso e se e jele babeli ke hore ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo a neng a lokela ho li etsa ka lilemo tse tharo le halofo feela. Ho sa tsotellehe seo, Jesu o ile a finyella lintho tse ngata mabapi le borapeli ba ’nete ho feta mang kapa mang. O ile a tsebahatsa lebitso la Ntate oa hae le morero oa hae, a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, a pepesa boikaketsi le lithuto tsa bohata tsa baeta-pele ba bolumeli, a ba a tšehetsa bobusi ba Jehova ho fihlela lefung. O ile a ikakhela ka setotsoana ha a ntse a haola naheng eohle—a ruta batho, a ba thusa a bile a ba phekola. (Mat. 9:35) Ha ho na motho ea kileng a finyella lintho tse ngata hakaalo ka nako e khutšoanyane joalo. Jesu o ile a sebetsa ka thata ka hohle kamoo a neng a ka khona kateng.—Joh. 18:37.

6. Ke ntho efe e neng e le ka sehloohong bophelong ba Jesu?

6 Jesu o ne a susumetsoa ke’ng hore a sebetse ka thata tšebeletsong ea hae? A sebelisa boprofeta ba Daniele, Jesu o ne a tseba hore na o ne a lokela ho phetha mosebetsi oa hae ka nako e kae ho ea ka nako e neng e behiloe ke Jehova. (Dan. 9:27) Kahoo, joalokaha ho boletsoe, tšebeletso ea hae ea lefatšeng e ne e lokela ho fela “halofong ea beke,” kapa ka mor’a lilemo tse tharo le halofo. Nakoana ka mor’a hore Jesu a kene ka tlhōlo Jerusalema nakong ea selemo ka 33 C.E., o ile a re: “Hora ea hore Mor’a motho a tlotlisoe e fihlile.” (Joh. 12:23) Le hoja Jesu a ne a tseba hore lefu la hae le ne le se le le haufi, ha aa ka a etsa hore seo e be ntho e ka sehloohong bophelong ba hae, hore e be lebaka le leholo la hore a sebetse ka thata. Ho e-na le hoo, ntho e ka sehloohong ho eena e ne e le ho sebelisa monyetla o mong le o mong hore a etse thato ea Ntate oa hae le ho bontša lerato ho batho ba bang. Lerato leo le ile la mo susumelletsa hore a bokelle barutuoa a be a ba koetlise, ’me a ba rome hore ba etse mosebetsi oa boboleli. O ile a etsa seo e le hore ba ne ba ka ntšetsa pele mosebetsi oo a neng a o qalile ba be ba etse le mesebetsi e meholo ho feta eo a neng a e entse.—Bala Johanne 14:12.

7, 8. Barutuoa ba ile ba etsa’ng ha Jesu a ne a hloekisa tempele, hona ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa joalo?

7 Ho na le ntho e ’ngoe e ileng ea etsahala bophelong ba Jesu, e ileng ea bontša ka ho hlaka hore na o ne a e-na le cheseho e kae. E etsahetse qalong ea tšebeletso ea hae, nakong ea Paseka ka 30 C.E. Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba tla Jerusalema ’me ka tempeleng ba bona batho “ba rekisang likhomo le linku le maeba le ba ananyang chelete litulong tsa bona.” Jesu o ile a etsa’ng, ’me seo se ile sa ama barutuoa ba hae joang?—Bala Johanne 2:13-17.

8 Seo Jesu a ileng a se bua le ho se etsa ketsahalong eo ka nepo se ile sa hopotsa barutuoa mantsoe a boprofeta a pesaleme e ’ngoe ea Davida, a reng: “Cheseho ea ntlo ea hao e ntjele.” (Pes. 69:9) Hobane’ng? Hobane seo Jesu a ileng a se etsa se ne se ka beha bophelo ba hae kotsing haholo. Ha e le hantle, ba boholong ka tempeleng—e leng baprista, bangoli le ba bang—ba ne ba kentse letsoho khoebong e mpe e neng e etsahala moo. Ka hore ebe Jesu o ile a pepesa morero oo oa bona o mobe a ba a o nyopisa, o ile a iketsa sera sa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo. Joalokaha ka nepo barutuoa ba ile ba hlokomela, ho ne hlakile hore o ne a chesehela borapeli ba ’nete, kapa a e-na le ‘cheseho ea ntlo ea Molimo.’ Empa, ha e le hantle cheseho ke eng? Na e fapane le ho potlaka?

Ho Potlaka ha ho Bapisoa le Cheseho

9. Cheseho e ka hlalosoa joang?

9 Ha dikishinari e ’ngoe e hlalosa “cheseho” e re ke “tabatabelo le tjantjello e matla ea ho etsa ntho e itseng,” ’me e re mantsoe a tšoanang le eona ke a kang thahasello, mafolofolo le mahlahahlaha. Ka sebele, mantsoe ana kaofela a ka sebelisoa ho hlalosa tšebeletso ea Jesu. Ka lebaka leo, Today’s English Version e fetolela temana ena tjena: “Molimo, boinehelo ba ka ntlong ea hao bo chesa joaloka mollo ka hare ho ’na.” Ho thahasellisang ke hore lipuong tse ling tsa Linaheng Tsa Bochabela, lentsoe “cheseho” le bōpiloe ka mantsoe a mabeli ao ha e le hantle a bolelang “pelo e chesang,” joalokaha eka pelo ea tuka. Ha ho makatse hore ebe barutuoa ba ile ba hopola mantsoe a Davida ha ba ne ba bona seo Jesu a ileng a se etsa tempeleng. Leha ho le joalo, ke eng eo ho ka thoeng e ile ea chesa pelo ea Jesu, ’me ea mo susumelletsa kapa ea mo hlohlelletsa hore a etse seo?

10. “Cheseho” e bolela’ng ho ea kamoo e sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng?

10 Lentsoe “cheseho,” le sebelitsoeng pesalemeng ea Davida le tsoa lentsoeng la Seheberu leo hangata le fetoleloang e le “ho boulela” kapa “poulelo” likarolong tse ling tsa Bibele. Ka linako tse ling, Phetolelong ea Lefatše le Lecha le fetoleloa e le ‘ho batla boinehelo bo khethehileng.’ (Bala Exoda 20:5; 34:14; Joshua 24:19.) Dikishinari e ’ngoe ea Bibele ha e hlalosa lentsoe lena e re: “Le atisa ho sebelisoa mabapi le kamano ea lenyalo . . . Joalokaha poulelo ea monna kapa ea mosali e le pontšo e matla ea hore ke eena feela ea nang le tokelo ho molekane oa hae, ka tsela e tšoanang Molimo le eena o batla hore batho ba inehetseng ho Eena e be ba Hae a le mong ebile o sireletsa tokelo eo.” Ka hona, ho ea ka Bibele cheseho hase feela mahlahahlaha kapa mafolofolo ao motho a bang le ’ona bakeng sa ntho e itseng, a kang ao batšehetsi ba bang le ’ona bakeng sa papali eo ba e ratang. Cheseho eo Davida a neng a e-na le eona e ne e le poulelo e ntle, ka mantsoe a mang, e ne e le ho se mamelle tlhōlisano kapa nyefolo, e le takatso e matla ea ho sireletsa lebitso le letle kapa ho lokisa tšenyo.

11. Ke eng e ileng ea susumelletsa Jesu hore a ikitlaetse ka cheseho?

11 Barutuoa ba Jesu ba ne ba nepile ha ba ne ba amahanya mantsoe a Davida le seo ba ileng ba bona Jesu a se etsa tempeleng. Jesu ha aa ka a ikitlaetsa hobane feela a ne a lokela ho qeta mosebetsi ka nako e itseng empa hobane a ne a chesehela—kapa a boulela—lebitso la Ntate oa hae le borapeli ba ’nete. Ha a ne a bona kamoo lebitso la Molimo le neng le nyefoloa le bile le rohakoa kateng, ka nepo o ile a cheseha kapa a boulela, a ba a nka khato ho lokisa boemo boo. Ha Jesu a ne a bona batho ba boemo bo tlaase ba hatelloa ba bile ba tlatlapuoa ke baeta-pele ba bolumeli, cheseho ea hae e ile ea mo susumelletsa hore a ba thuse a be a nyatse ka matla baeta-pele bao ba bolumeli ba bahatelli.—Mat. 9:36; 23:2, 4, 27, 28, 33.

Chesehela Borapeli ba ’Nete

12, 13. Kajeno baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba entse’ng mabapi le (a) lebitso la Molimo? (b) ’Muso oa Molimo?

12 Kajeno boemo bo teng bolumeling bo tšoana le bo neng bo le teng mehleng ea Jesu, haeba ha bo bobe le ho feta. Ka mohlala, hopola hore ntho ea pele eo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba e rapelle e ne e amana le lebitso la Molimo, ha a ne a re: “Lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Mat. 6:9) Na baeta-pele ba bolumeli, haholo-holo baruti ba Bokreste-’mōtoana, ba ruta batho hore ba tsebe lebitso la Molimo ba be ba le halaletse kapa ba le tlotle? Ho e-na le ho etsa joalo, ba buile lintho tseo e seng tsona ka Molimo ka ho ruta lithuto tsa bohata tse kang ea Boraro-bo-bong, ea hore moea oa motho ha o shoe le ea mollo oa lihele, ’me ba etsa hore Molimo eke ke Molimo oa mohlolo, eo ho leng thata ho mo utloisisa, ea khopo le ea bileng a leng sehlōhō. Ba boetse ba nyefotse Molimo ka lintho tse mpe tseo ba li entseng le ka boikaketsi ba bona. (Bala Baroma 2:21-24.) Ho phaella moo, ba lekile matsapa ’ohle ho pata lebitso la Molimo, ba ba ba le tlosa liphetolelong tsa bona tsa Bibele. Ka tsela eo, ba sitisa batho hore ba atamele ho Molimo le hore ba be le kamano e haufi le eena.—Jak. 4:7, 8.

13 Jesu o ile a boela a ruta balateli ba hae hore ba rapelle ’Muso oa Molimo ka tsela ena: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Mat. 6:10) Le hoja baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba pheta thapelo eo hangata, ba khothalelitse batho hore ba tšehetse mekhatlo ea lipolotiki le e meng ea batho. Ho feta moo, ba khella fatše batho ba lekang ka matla ho phatlalatsa ’Muso ona le ho o pakela. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ha ba sa bua ka ’Muso oa Molimo ebile ha ba sa na tumelo ho oona.

14. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba bebofalitse Lentsoe la Molimo joang?

14 Ha Jesu a ne a rapela Molimo, o ile a bua ka ho hlaka a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Joh. 17:17) Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a bontša hore o ne a tla khetha “lekhoba le tšepahalang le le masene” le neng le tla fa batho ba hae lijo tsa moea. (Mat. 24:45) Le hoja baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ipolela hore ba ruta batho Lentsoe la Molimo, na ka botšepehi ba entse mosebetsi oo Monghali a lebeletseng hore ba o etse? Che. Hangata ba bolela hore seo Bibele e se buang ke tšōmo kapa ke khopolo-taba feela. Ho e-na le hore baruti ba fepe mohlape oa bona lijo tsa moea, tse neng li tla o tšelisa le ho o fa tsebo, ba ’nile ba tsikinyetsa litsebe tsa balumeli ka filosofi ea batho. Ho phaella moo, ba bebofalitse melao ea boitšoaro ea Molimo ’me ba iketselitse seo ba bolelang hore ke melao e mecha ea boitšoaro.—2 Tim. 4:3, 4.

15. U ikutloa joang ka lintho tsohle tseo baruti ba li entseng lebitsong la Molimo?

15 Ka lebaka la lintho tsena tsohle tse ’nileng tsa etsoa—tseo ho boleloang hore li entsoe lebitsong la Molimo eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng—batho ba bangata ba lipelo li ntle ba feletsoe ke tšepo kapa ho hang ha ba sa lumela ho Molimo le Bibeleng. Ke liphofu tsa Satane le tsamaiso ea hae e khopo ea lintho. U ikutloa joang ha u bona ebile u utloa ka lintho tse joalo tse etsahalang letsatsi le letsatsi? Kaha u mohlanka oa Jehova, ha u bona kamoo lebitso la Molimo le nyefoloang le ho rohakoa kateng, na ha u susumeletsehe hore u etse sohle seo u ka se khonang hore u lokise boemo boo? Ha u bona batho ba tšepahalang le ba lipelo li ntle ba thetsoa ba bile ba tlatlapuoa, na ha u susumeletsehe hore u tšelise meea eo e hateletsoeng? Ha Jesu a ne a bona batho ba mehleng ea hae ba “sohlokehile ’me [ba] qhalakane joaloka linku tse se nang molisa,” ha aa ka a ba utloela bohloko feela. Empa o ile a ‘qala ho ba ruta lintho tse ngata.’ (Mat. 9:36; Mar. 6:34) Re na le mabaka a utloahalang a hore re chesehele borapeli ba ’nete joaloka Jesu.

16, 17. (a) Ke eng e lokelang ho re susumelletsa hore re ikitlaetse tšebeletsong? (b) Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

16 Ha re nka tšebeletso ea rōna ka tsela eo, mantsoe a moapostola Pauluse a ho 1 Timothea 2:3, 4 e ba a bohlokoa ka tsela e khethehileng. (E bale.) Ha re sebetse ka thata tšebeletsong hobane feela re tseba hore re phela matsatsing a ho qetela empa hobane re boetse re hlokomela hore ke thato ea Molimo. O batla hore batho ba tsebe ’nete e le hore le bona ba ka ithuta ho mo rapela le ho mo sebeletsa ’me ba hlohonolofatsoe. Re susumelletseha hore re ikitlaetse tšebeletsong, eseng hobane feela nako e se e ile, empa hobane re batla ho tlotla lebitso la Molimo le ho thusa batho hore ba tsebe thato ea hae. Re chesehela borapeli ba ’nete.—1 Tim. 4:16.

17 Kaha re batho ba Jehova, re hlohonolofalitsoe ka hore ebe re tseba ’nete mabapi le morero oa Molimo ka batho le ka lefatše. Re ka tseba ho thusa batho hore ba thabe le hore ba be le tšepo e tiileng ka bokamoso. Re ka ba bontša tsela ea hore ba lule ba sireletsehile ha tsamaiso ea lintho ea Satane e timetsoa. (2 Bathes. 1:7-9) Ho e-na le hore re ferekane kapa re nyahame hobane ho bonahala eka letsatsi la Jehova lea lieha, re lokela ho thabela hore re sa ntse re e-na le nako ea hore re chesehele borapeli ba ’nete. (Mik. 7:7; Hab. 2:3) Re ka etsa joang hore re be le cheseho e joalo? Re tla tšohla sena sehloohong se latelang.

Na U ka Hlalosa?

• Jesu o ne a susumetsoa ke’ng hore a sebetse ka thata tšebeletsong ea hae?

• Ho ea ka Bibele, “cheseho” e bolela’ng?

• Ke eng eo re e bonang kajeno e lokelang ho re susumelletsa hore re chesehele borapeli ba ’nete?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ntho e ka sehloohong ho Jesu e ne e le hore a etse thato ea Ntate oa hae le ho bontša lerato ho batho ba bang

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Re na le mabaka a utloahalang a hore re chesehele borapeli ba ’nete