Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Binelang Jehova!

Binelang Jehova!

Binelang Jehova!

“Ke tla binela Molimo oa ka lipina tsa thoriso hafeela ke ntse ke le teng.”—PES. 146:2.

1. Mohlankana Davida o ile a susumetsoa ke’ng hore a qape tse ling tsa lipesaleme tsa hae?

HA Davida e sa le mohlankana, o ile a qeta lihora tse ngata a le naheng haufi le Bethlehema, a lisitse mohlape oa ntate oa hae. Ha Davida a ntse a hlokometse linku, o ne a bona pōpo e hlollang ea Jehova: e leng linaleli tse ngata maholimong, “liphoofolo tsa naha e sabaletseng,” le “linonyana tsa leholimo.” Seo a ileng a se bona se ile sa mo ama maikutlo haholo—hoo a ileng a susumelletseha ho qapa lipina tse susumetsang pelo le tse rorisang Moetsi oa lintho tsena tse hlollang. Lipina tse ngata tseo Davida a li qapileng li fumaneha bukeng ea Lipesaleme. *Bala Pesaleme ea 8:3, 4, 7-9.

2. (a) ’Mino o ka ama motho joang? Fana ka mohlala. (b) Pesalemeng ea 34:7, 8 le Pesalemeng ea 139:2-8, re ka ithuta’ng mabapi le kamano eo Davida a neng a e-na le eona le Jehova?

2 Ho ka etsahala hore ebe ke nakong eona ena moo Davida a ileng a chorisa tsebo ea hae ea ’mino. Ha e le hantle, o ile a ipabola hoo a ileng a ba a kōptjoa hore a letsetse Morena Saule harepa. (Liprov. 22:29) ’Mino oa Davida o ne o kokobetsa maikutlo a morena eo ea neng a ferekane, feela joalokaha le kajeno ’mino o monate o atisa ho etsa se tšoanang. Nako le nako ha Davida a ne a nka seletsa sa hae, “ho ne ho e-ba le phomolo bakeng sa Saule ebile lintho li ne li mo tsamaela hantle.” (1 Sam. 16:23) Lipina tseo sebini le sengoli sena sa ’mino se tšabang Molimo se li qapileng, haesale li le molemo ho fihlela kajeno. Nahana feela! Kajeno, lilemo tse fetang 3 000 hoba Davida a tsoaloe, batho ba limilione ba maemo a fapa-fapaneng le ba lulang likarolong tsohle tsa lefatše, ba bala lipesaleme tsa Davida kamehla ha ba batla matšeliso le tšepo.—2 Likron. 7:6; bala Pesaleme ea 34:7, 8; 139:2-8; Amose 6:5.

’Mino o Phetha Karolo ea Bohlokoa Borapeling ba ’Nete

3, 4. Mehleng ea Davida ho ile ha etsoa litokisetso life tsa ho letsa le ho bina ’mino o halalelang?

3 Davida o ne a e-na le talenta, ’me o ile a e sebelisa ka tsela e molemo ka ho fetisisa—e leng ho tlotlisa Jehova. Ka mor’a hore Davida e be morena oa Iseraele, o ile a lokisetsa hore litšebeletso tsa tabernakele li akarelletse ’mino o monate. Balevi ba fetang karolo ea leshome ea Balevi bohle ba neng ba sebeletsa tempeleng—e leng ba ka bang 4 000—ba ne ba filoe mosebetsi oa hore e be “ba fanang ka thoriso,” ’me ba 288 ba ne ‘ba koetliselitsoe ho binela Jehova, kaofela e le litsebi.’—1 Likron. 23:3, 5; 25:7.

4 Davida o ne a qapile boholo ba lipina tseo Balevi ba neng ba li letsa ba bile ba li bina. E tlameha ebe seo Baiseraele ba neng ba e-ba le monyetla oa ho ba teng ha ho ne ho binoa lipesaleme tsa Davida ba neng ba se utloa, se ne se ba ama maikutlo haholo. Hamorao, ha areka ea selekane e ne e isoa Jerusalema, “Davida [o ile] a re baokameli ba Balevi ba emise barab’abo bona ba libini ka liletsa tsa bona tsa pina, liletsa tse likhoele le liharepa le licymbala, ba li letsetsa holimo ho tsosa molumo oa thabo.”—1 Likron. 15:16.

5, 6. (a) Ke hobane’ng ha ’mino o ne o nkoa e le oa bohlokoa hakaale pusong ea Davida? (b) Re tseba joang hore mehleng ea Baiseraele ba boholo-holo ’mino o ne o nkoa e le oa bohlokoa borapeling?

5 Ke hobane’ng ha ’mino o ne o nkoa e le oa bohlokoa hakaale mehleng ea Davida? Na ke hobane feela morena e ne e le sebini? Che, ho ne ho e-na le lebaka le leng, le ileng la senoloa lilemo tse makholo hamorao ha Morena Ezekiase ea lokileng a ne a tsosolosa litšebeletso tempeleng. Ho 2 Likronike 29:25, re bala sena: “[Ezekiase] a emisa Balevi ntlong ea Jehova, ba tšoere licymbala, ba tšoere liletsa tse likhoele ’me ba tšoere liharepa, ka taelo ea Davida le ea Gade ea bonang lipono bakeng sa morena le ea moprofeta Nathane, etsoe taelo eo e ne e fanoe ka letsoho la Jehova ka baprofeta ba hae.”

6 Ka sebele, Jehova o ile a laela barapeli ba hae hore ba mo rorise ka lipina a sebelisa baprofeta ba hae. Libini tsa leloko la baprista li ne li bile li filoe tumello ea hore li se ke tsa etsa mesebetsi eo ho neng ho lebeletsoe hore Balevi ba bang ba e etse, e le hore li ne li ka sebelisa nako e lekaneng li qapa ’mino, mohlomong li bile li ikoetlisa.—1 Likron. 9:33.

7, 8. Tabeng ea ho bina lipina tsa ’Muso, ke’ng eo e leng ea bohlokoa ho feta ho ba le talenta?

7 U ne u ka ’na ua re, “Tabeng ea ho bina, ho hang ke ne nke ke ka balelloa har’a litsebi tse neng li bina tabernakeleng!” Empa hase libini tsohle tsa Balevi tseo e neng e le litsebi. Ho ea ka 1 Likronike 25:8, ho ne ho boetse ho e-na le ‘liithuti.’ Hoa thahasellisa ho hlokomela hore e ka ’na eaba ho ne ho e-na le libini tse ipabolang merabeng e meng ea Iseraele, empa Jehova o ile a khetha Balevi hore e be bona ba binang. Re ka kholiseha hore ebang e ne e le ‘litsebi’ kapa ‘liithuti,’ Balevi bohle ba tšepahalang ba ne ba bina ka lipelo tsohle tsa bona.

8 Davida o ne a rata ’mino ’me o ne a ipabola ho oona. Empa na talenta ke eona feela ea bohlokoa ho Molimo? Davida o ile a ngola tjena Pesalemeng ea 33:3: “Etsang se molemo ka ho fetisisa ha le letsa liletsa tse likhoele ka mohoo oa thabo.” Ho hlakile hore ntho ea bohlokoa ke hore re ‘etse se molemo ka ho fetisisa’ ha re rorisa Jehova.

Karolo eo ’Mino o Neng o e Phetha ka Mor’a Mehla ea Davida

9. Hlalosa hore na ke eng eo u neng u ka ’na ua e bona ua ba ua e utloa haeba u ne u le teng ha tempele e ne e khakoloa nakong ea puso ea Solomone.

9 Pusong ea Solomone, ’mino o ne o phetha karolo ea bohlokoa haholo borapeling bo hloekileng. Ha ho ne ho khakoloa tempele, ho ne ho e-na le sehlopha se seholohali sa ’mino oa liletsa, seo karolo ea sona ea liletsa tsa brase, e neng e e-na le literompeta tse 120. (Bala 2 Likronike 5:12.) Bibele e re bolella hore “liletsi tsa literompeta le libini [tseo kaofela e neng e le baprista, li ne li] le joaloka motho a le mong ka ho etsa hore molumo o le mong o rorisang le ho leboha Jehova o utloahale, . . . ‘etsoe o molemo, kaha mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’” Eitse hoba molumo oo o monate o phahame, “ntlo ea tlala leru,” e leng se neng se bontša hore Jehova o amohela seo. Ruri e tlameha ebe e ne e le ho hlollang le ho susumetsang ho utloa ha molumo oa literompeta tseo tsohle hammoho le oa libini tse likete o momahane hamonate!—2 Likron. 5:13.

10, 11. Ke eng e bontšang hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sebelisa ’mino borapeling?

10 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ne ba sebelisa ’mino borapeling. Ke ’nete hore barapeli ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba kopanela malapeng a batho, eseng litabernakeleng kapa litempeleng. Ka lebaka la mahloriso le lintho tse ling, hangata maemo ao ba neng ba kopana ho ’ona a ne a se monate. Ho ntse ho le joalo, Bakreste bao ba ne ba rorisa Molimo ka lipina.

11 Moapostola Pauluse o ile a phehella barab’abo ba Bakreste ba neng ba le Kolose, a re: ‘Le ’ne le eletsane ka lipesaleme, lithoriso ho Molimo, lipina tsa moea ka mosa.’ (Bakol. 3:16) Ka mor’a hore Pauluse le Silase ba kenngoe chankaneng, ba ile ba qala ho “rapela ’me ba rorisa Molimo ka pina,” le hoja ba ne ba se na buka ea lipina. (Lik. 16:25) Haeba u ne u ka kenngoa chankaneng, ke lipina tsa ’Muso tse kae tseo u neng u tla khona ho li bina ka hlooho?

12. Re ka bontša joang hore re ananela lipina tsa rōna tsa ’Muso?

12 Kaha ’mino o phetha karolo ea bohlokoa borapeling ba rōna, re lokela ho ipotsa: ‘Na ke o ananela ka tsela e loketseng? Na ke ikitlaelletsa ho fihla ka nako libokeng, likopanong tse khōlō le tse nyenyane e le hore nka kopanela le bara le barali beso ha ho binoa pina e qalang, hona na ke bina ka pelo eohle? Na ke khothalletsa bana ba ka hore ba se ke ba nka hore pina e binoang pakeng tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso kapa e binoang pakeng tsa puo ea phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa ke nako ea khefu kapa monyetla oa hore ba tlohe litulong tsa bona ho sa hlokahale, mohlomong hore feela ba otlolle maoto?’ Ho bina ke karolo ea borapeli ba rōna. Ka sebele, ebang re ‘litsebi’ kapa ‘liithuti,’ kaofela ha rōna re ka kopanya mantsoe a rōna ho rorisa Jehova—ebile ke sona seo re lokelang ho se etsa.—Bapisa le 2 Bakorinthe 8:12.

Ha Nako e Ntse e Feta, Litlhoko Tsa Rōna Lia Fetoha

13, 14. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bina ka pelo eohle libokeng tsa phutheho? Bontša.

13 Lilemong tse fetang 100 tse fetileng, Zion’s Watch Tower e ile ea hlalosa hore na ke hobane’ng ha lipina tsa rōna tsa ’Muso e le tsa bohlokoa haholo. E ile ea re: “Ho bina ’nete ke tsela e molemo ea ho e kenya likelellong le lipelong tsa batho ba Molimo.” Lipina tsa rōna tse ngata li na le mantsoe a tsoang litemaneng tsa Bibele, kahoo ho ithuta mantsoe a tse ling tsa lipina tseo e ka ba tsela e molemohali ea ho etsa hore ’nete e thophothele lipelong tsa rōna. Hangata baeti ba neng ba qala ho etela libokeng tsa rōna, ba ile ba angoa haholo ke tsela eo ka eona phutheho e neng e bina ka pelo eohle.

14 Mantsiboea a mang ka 1869, C. T. Russell o ne a tsoa mosebetsing ’me a khutlela hae ha a ne a utloa ho binoa holong e ’ngoe e neng e le mokatong o ka tlaase. Nakong eo, o ne a tetse hore o ne a ka hlola a fumana ’nete mabapi le Molimo. Kahoo, o ne a entse qeto ea ho ikakhela ka setotsoana khoebong ea hae, a ipoleletse hore haeba a ne a ka bokella chelete e ngata, bonyane o ne a tla khona ho thusa batho ka lintho tseo ba li hlokang le haeba a ne a ke ke a ba thusa moeeng. Mor’abo rōna Russell o ile a kena holong eo e neng e tletse lerōle ebile e le litšila ’me a fumana hore ho ne ho tšoareloa litšebeletso tsa bolumeli moo. O ile a lula fatše eaba oa mamela. Hamorao o ile a ngola hore seo a ileng a se utloa bosiung boo “se ne se lekane, ka thuso ea Molimo, hore se tiise tumelo ea [hae] e neng e se e thekesela tabeng ea hore Bibele e bululetsoe ke Molimo.” Hlokomela hore ’mino ke oona o ileng oa hapa Mor’abo rōna Russell hore a ee sebokeng seo.

15. Ke lintho life tse ntlafalitsoeng tseleng eo re utloisisang lintho ka eona tse entseng hore ho hlokahale hore buka ea rōna ea lipina e ntlafatsoe?

15 Ha nako e ntse e feta, tsela eo re utloisisang Mangolo ka eona ea ntlafatsoa. Liproverbia 4:18 e re: “Tsela ea ba lokileng e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o moholo.” Joalokaha ho ka lebelloa, leseli le ntseng le eketseha le etsa hore ho hlokahale hore tsela eo ‘re binang ’nete’ ka eona e fetoloe. E se e le lilemo tse 25 Lipaki Tsa Jehova linaheng tse ngata li ntse li thabela ho sebelisa buka ea lipina e nang le sehlooho se reng, Binelang Jehova Lithoriso. * Haesale buka eo e hatisoa ka lekhetlo la pele lilemong tse fetileng, leseli le ’nile la tsoela pele ho khanya litabeng tse ngata, ’me lipolelo tse ling tse sebelisitsoeng bukeng eo ea lipina li se li siiloe ke nako. Ho tea mohlala, ha re sa re “taolo e ncha” empa re se re re “lefatše le lecha.” Ho feta moo, re se re re lebitso la Jehova le tla “halaletsoa,” eseng le tla “tlosoa qoso.” Ho hlakile hore ho ile ha hlokahala hore ho etsoe hore buka ea rōna ea lipina e kheme le linako mabapi le se rutoang.

16. Buka ea rōna ea lipina e ncha e tla re thusa joang hore re latele keletso ea Pauluse e tlalehiloeng ho Baefese 5:19?

16 Ka mabaka ana le a mang, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore ho hatisoe buka ea lipina e ncha e nang le sehlooho se reng, Binelang Jehova. Lenane la lipina tse bukeng ea rōna e ncha le fokolitsoe hore e be 135. Kaha re tla be re ithuta lipina tse fokolang ka palo, re ka khona ho tšoara lipina tse ling tse ncha ka hlooho. Sena se lumellana le keletso ea Pauluse e tlalehiloeng ho Baefese 5:19.—E bale.

U ka Bontša Hore Ua li Ananela

17. Ke lintlha life tse ka re thusang hore re se ke ra tšaba ho hlajoa ke lihlong mabapi le ho bina phuthehong?

17 Na re lokela ho lumella hore ho tšaba ho hlajoa ke lihlong ho re thibele ho bina libokeng tsa rōna tsa Bokreste? Nahana: Na hase ’nete hore “kaofela re khoptjoa hangata” lipuong? (Jak. 3:2) Leha ho le joalo, ha re lumelle ho se phethahale ha rōna lipuong hore ho re thibele ho rorisa Jehova ka ntlo le ntlo. Joale, na mantsoe a rōna a sa phethahalang a lokela ho re thibela ho rorisa Molimo ka ho bina? Jehova, “ea etselitseng motho molomo,” o thabela ho mamela ha re sebelisa mantsoe a rōna ho mo binela lithoriso.—Ex. 4:11.

18. Fana ka litlhahiso tse ka thusang motho hore a ithute mantsoe a lipina.

18 Li-CD tse nang le sehlooho se reng, Binelang Jehova—Khatiso ea Mantsoe, li fumaneha ka lipuo tse ’maloa. Li akarelletsa lipina tse ncha tse monate tse binoang ka liletsa le mantsoe. Ho mamela lipina tsena tse monate ho thabisa haholo. Li mamele khafetsa; ka tsela eo, kapele feela u tla ithuta mantsoe a lipina tse ling tsa rōna tse ncha. Mantsoe a lipina tse ngata a entsoe ka tsela eo ka eona ereng ha u bina mola o le mong, u ka khonang ho nahana hore na mantsoe a latelang a re’ng. Kahoo, ha u letsa li-CD tsena, e ka ba hantle hore u bine le tsona. Haeba u itloaetsa mantsoe le morethetho u sa le lapeng, ha ho pelaelo hore u tla khona ho bina ka sebete ha u se u le Holong ea ’Muso.

19. Ho lateloa mehato efe ha ho lokisetsoa lipina tsa rōna tsa ’Muso tse letsoang ke sehlopha sa ’mino oa liletsa?

19 Ho bonolo hore re se ke ra nkela hloohong ’mino oo re tsamaisanang le oona likopanong tse khethehileng tsa letsatsi, likopanong tsa potoloho le tsa setereke. Ho o hlophisa ke mosebetsi o mongata. Ka mor’a hore ho khethoe lipina, sehlopha sa ’mino oa liletsa sa Watchtower sa batho ba 64 ka hloko se ngolloa litaelo tsa likarolo tse fapa-fapaneng tseo se tla li bina. Ka mor’a moo, libini li qeta lihora tse ngata li hlahloba ’mino oo li tla itlhakisetsa oona ebe qetellong li o rekota sebakeng sa rōna sa ho rekota se Patterson, New York. Bara le barali babo rōna ba leshome ho bona, ha ba lule United States. Kaofela ha bona ba nka hore ke tlotla ho kenya letsoho ho hlahisa ’mino o monate bakeng sa liketsahalo tsa rōna tsa puso ea Molimo. Re ka bontša hore re ananela boiteko ba bona boo ba bo etsang ka lerato. Ha re le likopanong tse khōlō le tse nyenyane ’me molula-setulo a kōpa hore re lule fatše ’me re mamele ’mino ona o lokiselitsoeng ka lerato, a re etseng joalo kapele re be re khutse.

20. U ikemiselitse ho etsa’ng?

20 Jehova o mamela lipina tsa rōna tsa thoriso. O li nka e le tsa bohlokoa. Re ka thabisa pelo ea hae ka hore re bine ka lipelo tsa rōna tsohle nako le nako ha re le libokeng tsa borapeli. Ka sebele, ebang re litsebi kapa re liithuti, a re ‘bineleng Jehova’!—Pes. 104:33.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 1 Ho thahasellisang ke hore lilemo tse makholo a leshome ka mor’a lefu la Davida, sehlopha sa mangeloi se ile sa tsebisa balisa ba neng ba hlokometse mehlape ea bona sebakeng se haufi le Bethlehema, ka tsoalo ea Mesia.—Luka 2:4, 8, 13, 14.

^ ser. 15 Buka eohle ea lipina tse 225 e ne e fumaneha ka lipuo tse fetang 100.

U Nahana’ng ka See?

• Ke mehlala efe ea mehleng ea Bibele e bontšang hore ’mino o phetha karolo ea bohlokoa borapeling ba rōna?

• Ho mamela taelo ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 22:37 ho amana joang le ho bina lipina tsa ’Muso ka pelo eohle?

• Re ka bontša ka litsela life hore re ananela lipina tsa rōna tsa ’Muso ka tsela e loketseng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Na u khothalletsa bana ba hao hore ba se ke ba tloha litulong tsa bona ho sa hlokahale nakong eo ho binoang?

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Na u ithuta mantsoe a lipina tsa rōna tse ncha ha u le lapeng?