Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Bone Matla a ’Nete ea Bibele

Ke Bone Matla a ’Nete ea Bibele

Ke Bone Matla a ’Nete ea Bibele

Joalokaha ho boletse Vito Fraese

MOHLOMONG u qala ho utloa lebitso Trentinara. Ke torotsoana e ka boroa ho Naples, Italy. Batsoali ba ka le abuti oa ka, Angelo, ba hlahetse moo. Ka mor’a hore Angelo a hlahe, batsoali ba ka ba ile ba fallela United States, ’me ba lula Rochester, New York, e leng moo ke hlahetseng teng ka 1926. Ka 1922 Ntate o ile a qala ho kopana le Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng mehleng eo. Kapele eena le ’Mè e ile ea e-ba Liithuti Tsa Bibele.

Ntate e ne e le motho ea thōtseng, ea nahanang ka ho teba, empa ho hloka toka ho ne ho mo halefisa. O ne a fela pelo ha a ne a bona kamoo baruti ba neng ba tlohela batho ba le lefifing kateng, kahoo o ne a sebelisa monyetla o mong le o mong ho ba bolella linnete tsa Bibele. Ha a khaotsa ho sebetsa, o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng ’me a mamella ho eona ho fihlela ha bokuli le mohatsela oa mariha o kenellang masapong o mo tlama hore a khaotse a le lilemo li 74. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele a qeta lihora tse pakeng tsa tse 40 le tse 60 ka khoeli mosebetsing oa boboleli ho fihlela a le lilemo li ka holimo ho 90. Mohlala oa Ntate o ile oa nkama ka ho teba. Le hoja a ne a e-na le nako ea ho soasoa, e ne e se motho oa masaoana. O ne a tloaetse ho re, “’Nete e lokela ho nkoa ka ho teba.”

’Mè le Ntate ba ile ba ikitlaetsa hore ba re rute Lentsoe la Molimo ka bohlano ba rōna. Ke ile ka kolobetsoa ka la 23 August, 1943, ’me ka ba pula-maliboho ka June 1944. Ausi oa ka Carmela o ne a bula maliboho motseng oa Geneva, New York le Fern ea neng a le mahlahahlaha. Ho e-s’o ee kae ke ile ka hlokomela hore Fern e ne e le eena moroetsana eo ke neng ke batla ho qeta bophelo bohle ba ka le eena. Kahoo, ka August 1946, re ile ra nyalana.

Mosebetsi oa Boromuoa

Ka mor’a hore re nyalane likabelo tsa pele tse peli tseo re ileng ra li fuoa, e ile ea e-ba hore re be bo-pula-maliboho ba khethehileng Geneva le Norwich, New York. Ka August 1948, re ile ra ba le tlotla ea ho ba sehlopheng sa bo12 sa sekolo sa Gileade. Ka mor’a moo re ile ra romeloa Naples, Italy, le banyalani ba bang ba baromuoa, e leng Carl le Joanne Ridgeway. Nakong eo, batho ba Naples ba ne ba sa ntse ba itlhotha litlhotse ka mor’a ntoa. Ho ne ho se bonolo ho fumana ntlo, kahoo ka likhoeli tse seng kae re ne re lula foleteng e nyenyane e nang le likamore tse peli.

Ke hōtse ke utloa batsoali ba ka ba bua puo e buuoang Naples, kahoo batho ba ne ba utloisisa ha ke bua Setaliana—le hoja ke ne ke se bua Seamerika. Fern o ne a thatafalloa ke puo eo. Empa bonneteng o ile a qetella a e tseba joaloka ’na a ba a mpheta.

Qalong, batho ba thahasellang bao re ileng ra ba fumana Naples, e ne e le lelapa la batho ba bane feela. Ba ne ba rekisa lisakerete tse seng molaong. Setho se seng sa lelapa leo e leng Teresa, se ne se fetoha ka tsela e makatsang letsatsi le leng le leng ha se ne se il’o rekisa. Hoseng o ne a bonahala a le motenya ka lebaka la lisakerete tseo a neng a li topetse ka lipokothong tse ngata tsa mose oa hae oa letheka. Mantsiboea o ne a bonahala a le mosesaane. ’Nete e ile ea fetola lelapa lena ka ho feletseng. Qetellong, litho tse 16 tsa lelapa lena e ile ea e-ba Lipaki. Hona joale hona le Lipaki tse ka bang 3 700 motseng oa Naples.

Mosebetsi oa Rōna oa Hanyetsoa

Ka mor’a ho lula likhoeli tse robong feela Naples, ba boholong ba ile ba re leleka motseng oo bone ba rōna. Re ile ra qeta nako e ka etsang khoeli re le Switzerland, eaba re khutlela Italy ka lengolo la tumello ea ho kena la bohahlauli. ’Na le Fern re ile ra romeloa Turin. Qalong, ’mè e mong o ile a re hirisetsa kamore, ’me re ne re sebelisa kamore ea hae eo ho itlhatsoetsoang ho eona hammoho le kichine. Ha ba ha Ridgeway ba fihla Turin, re ile ra hira folete e le ’ngoe le bona. Ha nako e ntse e e-ea, re ile ra lula ntlong e le ’ngoe re le malapa a mahlano a baromuoa.

Ka 1955, ha ba boholong ba ne ba re leleka Turin, ho ne ho se ho raliloe motheo oa hore ho be le liphutheho tse ncha tse ’nè. Ho ne ho se ho e-na le barab’abo rōna ba sebakeng seo ba neng ba ka khona ho hlokomela liphutheho tseo. Ba boholong ba ile ba re ho rōna, “Re kholisehile hore hang ha lōna Maamerika le tsamaea, mosebetsi oohle oa lōna o tla putlama.” Empa keketseho e ileng ea e-ba teng ka mor’a moo e ile ea bontša hore Molimo ke eena ea etsang hore mosebetsi o atlehe. Kajeno ho na le Lipaki tse fetang 4 600 le liphutheho tse 56, Turin.

Florence—Motse o Babatsehang

Kabelo ea rōna e latelang e ile ea e-ba ho ea Florence. Re ne re atisa ho utloa ho buuoa ka motse ona, kaha ke moo ausi oa ka Carmela le monna oa hae Merlin Hartzler e neng e le baromuoa teng. Empa, nahana feela hore na ho lula moo ho ne ho le joang. Libaka tse kang Piazza della Signoria, Ponte Vecchio, Piazzale Michelangelo le Palazzo Pitti, li ne li etsa hore motse ona e be o babatsehang haholo! E ne e le ho thabisang ho bona tsela eo batho ba bang ba Florence ba neng ba mamela litaba tse molemo ka eona.

Re ile ra ithuta le lelapa le leng, ’me batsoali ba ile ba kolobetsoa. Leha ho le joalo, ntate oa teng o ne a tsuba. Ka 1973, Molula-Qhooa o ile oa totobatsa hore ho tsuba ke tloaelo e sa hloekang ’me oa khothalletsa babali hore ba khaotse ho tsuba. Bana ba hae ba baholo ba ile ba mo kōpa hore a khaotse. O ile a ba tšepisa hore o tla khaotsa, empa ha a ka a etsa joalo. Bosiung bo bong mosali oa hae o ile a re bana ba bona ba babeli ba mafahla ba lilemo li robong ba e’o robala empa o ne a e-s’o ba etsetse thapelo. Hamorao, o ile a ikoahlaea eaba o ea kamoreng ea bona. Ba ne ba se ba ithapeletse. O ile a ba botsa a re, “Le rapeletse eng?” Ba ile ba re re itse, “Jehova, re kōpa u thuse Ntate hore a khaotse ho tsuba.” ’Mè oa bona o ile a bitsa ntate oa bona a re, “Tloo u tlo mamela thapelo ea bana ba hao.” Ka mor’a hore a ba mamele, o ile a lla ’me a re, “Nke ke ka hlola ke tsuba hape!” Ha aa ka a koenehela tšepiso eo ea hae, ’me hona joale litho tse ka holimo ho 15 tsa lelapa leo ke Lipaki.

Ho Sebeletsa Afrika

Ka 1959 re ile ra romeloa Mogadishu, Somalia, le baromuoa ba bang ba babeli, e leng Arturo Leveris le abuti oa ka Angelo. Ha re fihla teng maemo a lipolotiki a ne a sa jese litheohelang. Machaba a Kopaneng a ne a laetse puso ea Italy hore e thuse Somalia hore e fumane boipuso, empa boemo bo ne bo bonahala bo ntse bo mpefala. Mataliana a mang ao re neng re ithuta le ’ona a ile a tsamaea naheng ena, ’me ho ne ho le thata ho hlophisa hore ho be le phutheho sebakeng seo.

Ka nako eo, molebeli ea etelang makala o ile a nkōpa hore ke sebeletse ke le mothusi oa hae. Kahoo, re ile ra qala ho etela linaha tse haufi. Batho ba bang bao re neng re ithuta le bona ba ne ba hatela-pele hantle, empa ba ile ba tlameha ho falla mahahabo bona ka lebaka la khanyetso. Ba bang ba ile ba sala le hoja ba ile ba tlameha ho mamella mahlomola a mangata. * Le hona joale re sa ntse re seka meokho ha re nahana kamoo ba neng ba rata Jehova kateng le seo ba ileng ba se mamella e le hore ba lule ba tšepahala.

Mocheso le mongobo oa Somalia le Eritrea o ne o atisa ho ba matla. Lijo tse ling tsa libakeng tseo li ne li etsa hore re chese le ho feta. Ha re ne re qala ho ja tse ling tsa lijo tseo lelapeng la seithuti se seng sa Bibele, ka bosoasoi mohats’a ka o ile a re litsebe tsa hae li ile tsa retela, tsa tšoana le liroboto tse khubelu!

Ha Angelo le Arturo ba fuoa kabelo e ’ngoe, re ile ra sala re le bang. Ho ne ho se bonolo ha ho se na motho ea re khothatsang. Empa, boemo bona bo ile ba re thusa hore re atamele haufi le Jehova haholoanyane re be re mo tšepe ka ho feletseng. Re ne re khothala haholo ha re ne re etetse linaheng tseo ho tsona mosebetsi o neng o thibetsoe.

Ho ne ho e-na le mathata a mangata Somalia. Re ne re se na foriji, kahoo re ne re reka lijo tseo re tla li ja ka letsatsi feela, ebang e ne e le nama ea shaka e hlooho e sepapetloa kapa litholoana tsa sebakeng seo tse kang limango, liphopho, li-grapefruit, likokonate kapa libanana. Hangata re ne re tšoenngoa ke likokoanyana tse fofang. Ka linako tse ling li ne li re lula melaleng ha re ntse re khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele. Bonyane re ne re e-na le sethuthuthu, kahoo ho ne ho sa hlokahale hore re tsamaee nako e telele mochesong o bataolang oa letsatsi.

Re Khutlela Italy

Ka lebaka la metsoalle ea rōna e fanang ka seatla se bulehileng, re ile ra khona ho palama sekepe se tsamaisang libanana, ra khutlela Italy moo re ileng ra ea kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Turin ka 1961. Re ile ra utloa hore re ne re tla fuoa kabelo e ncha. Ka September 1962, re ile ra khutlela Italy, moo ke ileng ka qala ho sebeletsa ke le molebeli oa potoloho. Re ile ra reka koloi e nyenyane, eo re ileng ra e sebelisa ka lilemo tse hlano lipotolohong tse peli.

Ka mor’a ho lula Afrika moo ho neng ho chesa, joale re ile ra tlameha ho mamella serame. Mariheng a pele, ha re ne re etetse phutheho e ’ngoe e mosikong oa lithaba tsa Alps, re ile ra robala kamoreng e neng e se na ntho e futhumatsang, e neng e le mokatong o ka holim’a moo ho pakoang furu teng. Ho ne ho bata hoo re ileng ra robala re ntse re apere lijase. Bosiung boo, likhoho tse ’nè le lintja tse peli tsa haufi le moo, li ile tsa bolaoa ke serame!

Hamorao, ke ile ka boela ka sebeletsa ke le molebeli oa setereke. Lilemong tseo, re ne re potoloha Italy kaofela. Re ile ra etela libaka tse ling, tse kang Calabria le Sicily, ka makhetlo a mangata. Re ile ra khothalletsa bacha hore ba hōle moeeng ’me ba hahamalle ho sebeletsa e le baholo ka phuthehong, e le balebeli ba tsamaeang kapa e le litho tsa lelapa la Bethele.

Re ithutile lintho tse ngata ho metsoalle ea rōna e tšepahalang e sebelelitseng Jehova ka pelo eohle. Re ananetse litšobotsi tsa bona, tse kang ho tšepahala ho Jehova ka ho feletseng, ho ba seatla se bulehileng, ho rata bara babo bona, ho ikamahanya le maemo le ho itela. Re ’nile ra ba manyalong a neng a tšoaretsoe Liholong Tsa ’Muso. A ne a tsamaisoa ke Lipaki tse lumeletsoeng ka molao hore li ka nyalisa, e leng ntho eo ka lilemo tse ngata e neng e le toro feela. Liphutheho ha li sa tšoarela liboka ka likichineng tsa barab’abo rōna ebile ha ho sa luloa mapolankeng, joalokaha ho ne ho etsahala Turin. Ho e-na le hoo, liphutheho tse ngata li se li e-na le Liholo Tsa ’Muso tse ntle tse tlotlisang Jehova. Ha re sa tšoarela likopano liholong tsa boemo bo tlaase, ho e-na le hoo re se re li tšoarela Liholong tse khōlō tsa Kopano. Hape re ile ra thaba haholo ha re bona palo ea bahoeletsi e e-ba ka holimo ho 243 000. Ha re ne re fihla Italy, ho ne ho e-na le ba 490 feela.

Re Entse Liqeto Tse Nepahetseng

Re ’nile ra ba le mathata a akarelletsang ho hloloheloa hae le ho kula. Kamehla ha Fern a ne a bona leoatle o ne a hloloheloa hae. Hape o ile a tlameha ho etsoa liopereishene tse tharo tse khōlō. Ka nako e ’ngoe ha a ne a il’o khanna thuto ea Bibele, mohanyetsi e mong o ile a mo hlasela ka fereko e lemang. Tlhaselo eo le eona e ile ea mo kenya sepetlele.

Le hoja ka linako tse ling re ne re nyahama, re ’nile ra ‘letela Jehova,’ tumellanong le lengolo la Lillo Tsa Jeremia 3:24. Ke Molimo oa matšeliso. Ka lekhetlo le leng ha re ne re nyahame, Fern o ile a fumana lengolo le monate le neng le tsoa ho Mor’abo rōna Nathan Knorr. O ile a ngola hore kaha o hlahetse haufi le Bethlehem, Pennsylvania, moo Fern a qalileng ho bula maliboho teng, o tseba hantle hore basali ba Pennsylvania ba Madache, ba matla ba bile baa phehella joaloka Fern. O ne a opile khomo lenaka. Ha lilemo li ntse li feta, batho ba bangata ba ’nile ba re khothatsa ka litsela tse ngata.

Ho sa tsotellehe mathata ao re ’nileng ra thulana le ’ona, re ’nile ra leka ho lula re chesehela tšebeletso. Ka bosoasoi ha Fern a bapisa ho cheseha le veine ea Italy e monate e tšikhunyang e bitsoang Lambrusco, o re, “Ha rea lokela ho lumella cheseho ea rōna hore e tape, e lokela ho lula e tšikhunya.” Ka mor’a ho qeta lilemo tse 40 re etsa mosebetsi oa potoloho le oa setereke, re ile ra fumana tlotla e ’ngoe ea ho etela le ho hlophisa lihlopha le liphutheho tsa lipuo tse ling ntle ho Setaliana. Lihlopha tseo li pakela batho ba tsoang Bangladesh, Chaena, Eritrea, Ethiopia, Ghana, India, Nigeria, Philippines, Sri Lanka le linaheng tse ling. Letsatsi le ka likela re ntse re bua ka litsela tse hlollang tse re bontšitseng kamoo Lentsoe la Molimo le leng matla kateng ha le ntse le fetola bophelo ba batho ba fumaneng mohau oa Jehova.—Mik. 7:18, 19.

Letsatsi le leng le le leng re rapela Jehova hore a tsoele pele ho re matlafatsa ’meleng le maikutlong e le hore re phethe tšebeletso ea rōna. Thabo ea Morena ke matla a rōna. E etsa hore mahlo a rōna a phatsime ’me e re kholisa hore re entse liqeto tse nepahetseng bophelong ha re ntse re phatlalatsa ’nete ea Bibele.—Baef. 3:7; Bakol. 1:29.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 18 Sheba Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1992 (ea Senyesemane), leqepheng la 95-184.

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 27-29]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Batsoali ba ka ha ba le Rochester, NY

1948

Ha ke le South Lansing sehlopheng sa bo12 sa Gileade

1949

’Na le Fern pele re e-ea Italy

Capri, Italy

1952

Ha re le Turin le Naples re e-na le baromuoa ba bang

1963

Fern le liithuti tse ling tsa hae tsa Bibele

“Ha rea lokela ho lumella cheseho ea rōna hore e tape”