Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Genese 6:3 e re: “Moea oa ka o ke ke oa sebetsa ho motho ka nako e sa lekanyetsoang kaha ebile ke nama. Ka lebaka leo matsatsi a hae e tla ba lilemo tse lekholo le mashome a mabeli.” Na Jehova o ne a tiisa hore lilemo tseo batho ba neng ba tla li phela li ne li tla ba 120 feela, hona na Noe o ile a qeta lilemo tse kaalo a bolela ka ho tla ha Moroallo?

Karabo ea lipotso tseo tse peli ke che.

Pele ho Moroallo, batho ba bangata ba ne ba phela lilemo tse makholo. Noe o ne a le lilemo li 600 ha Moroallo o ne o fihla, ’me o ile a phela ho fihlela a le lilemo li 950. (Gen. 7:6; 9:29) Batho ba bang ba ileng ba hlaha ka mor’a Moroallo le bona ba ile ba phela lilemo tse ngata ho feta tse 120. Arpakshade o ile a shoa a le lilemo li 438 ’me Shela a shoa a le lilemo li 433. (Gen. 11:10-15) Empa mehleng ea Moshe, nako e tloaelehileng eo batho ba neng ba e phela e ne e se e theohetse lilemong tse 70 kapa tse 80. (Pes. 90:10) Kahoo, Genese 6:3 e ne e sa tiise hore lilemo tseo batho ba neng ba tla li phela li ne li tla ba 120 feela.

Joale, na mantsoe a temaneng eo e ne e le polelo eo Molimo a neng a e bolella Noe mabapi le hore a lemose batho ba bang ka timetso e neng e tla tla nakong ea lilemo tse 120? Che. Molimo o ile a bua le Noe ka makhetlo a mangata. Temaneng ea 13 ea tlaleho ena re bala sena: “Molimo a re ho Noe: ‘Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka, hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona.’” Lilemong tse latelang, Noe o ile a qeta mosebetsi o moholo oa ho haha areka, ’me ka nako eo, “Jehova a re ho Noe: ‘E-ea, uena le bohle ba ntlo ea hao, le kene ka arekeng.’” (Gen. 6:13; 7:1) Ho boetse ho na le linako tse ling tseo ka tsona Jehova a ileng a tsebisa Noe litaba tse itseng.—Gen. 8:15; 9:1, 8, 17.

Leha ho le joalo, Genese 6:3 e fapane; ha e bue ka Noe ebile ha e bolele hore Molimo o ne a bua le eena. Ho ka nkoa hore e ne e mpa e le phatlalatso ea morero oa Molimo kapa boikemisetso ba hae. (Bapisa le Genese 8:21.) Taba ea bohlokoa ke hore tlalehong ea histori e buang ka lintho tse etsahetseng nako e telele pele Adama a e-ba teng, re fumana lipolelo tse kang e reng: “Molimo a tsoela pele ho re.” (Gen. 1:6, 9, 14, 20, 24) Ho hlakile hore Jehova o ne a sa bue le motho ea lefatšeng, kaha ho ne ho e-s’o be le motho ea bōptjoang.

Kahoo, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore Genese 6:3 e bontša boikemisetso boo Molimo a neng a e-na le bona ba ho felisa tsamaiso e khopo ea lintho lefatšeng. Jehova o ile a etsa qeto ea boahloli ea hore o ne a tla etsa joalo nakong ea lilemo tse 120, le hoja Noe a ne a e-s’o elelloe seo. Empa ke hobane’ng ha Molimo a ile a beha nako? Ke hobane’ng ha a ile a leta?

Moapostola Petrose o hlalosa mabaka tjena: “Ho se fele pelo ha Molimo ho ne ho letile matsatsing a Noe, ha areka e ne e ntse e hahoa, eo ka ho eona batho ba seng bakae, ke hore, meea e robeli, ba ileng ba pholosoa ba sireletsehile metsing.” (1 Pet. 3:20) Kahoo, ha Molimo a ne a fihlela qeto mabapi le lilemo tse 120, ho ne ho sa ntse ho e-na le lintho tse neng li lokela ho etsoa. Lilemo tse ka bang 20 hamorao, Noe le mosali oa hae ba ile ba qala ho ba le bana. (Gen. 5:32; 7:6) Bara ba bona ba ile ba hōla ba ba ba nyala, e leng se ileng sa etsa hore e be lelapa la “meea e robeli.” Joale ba ile ba lokela ho haha areka, ’me oo ha ea ka ea e-ba mosebetsi o bonolo ka lebaka la boholo ba eona le boholo ba lelapa la Noe. Ka sebele, ho mamella ha Molimo ka lilemo tse 120 ho ile ha fana ka monyetla oa hore ho finyelloe lintho tseo ha ba ha etsa hore ho pholosoe bophelo, ha etsa hore batho ba robeli ba tšepahalang ba ‘pholosoe ba sireletsehile metsing.’

Bibele ha e bolele ka ho toba selemo seo Jehova a ileng a bolella Noe ka sona hore Moroallo o ne o tla tla. Kaha bara ba hae ba ne ba se ba hlahile, ba se ba hōlile ba bile ba se ba nyetse, mohlomong ho ne ho se ho setse lilemo tse 40 kapa tse 50 pele ho Moroallo. Eaba Jehova o re ho Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka.” O ile a phaella ka ho re Noe o ne a lokela ho haha areka e khōlō a be a kene ka ho eona le lelapa la hae. (Gen. 6:13-18) Lilemong tse mashome tse setseng, Noe ha aa ka a beha mohlala oa ho loka ka tsela eo a neng a phela ka eona feela. Empa e ile ea e-ba “’moleli oa ho loka” ea neng a phatlalatsa molaetsa o matla oa temoso—oa hore Molimo o ne a ikemiselitse ho felisa batho ba nakong eo ba neng ba sa tšabe Molimo. Noe ha aa ka a tseba nako e telele pele hore na seo se ne se tla etsahala ka selemo sefe, empa o ne a tseba hore joang kapa joang se ne se tla etsahala. Le uena ua tseba hore se ile sa etsahala.—2 Pet. 2:5.