Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Satane a Sebelisitse Noha ho Bua le Eva?

Ke Hobane’ng ha Satane a Sebelisitse Noha ho Bua le Eva?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Ke Hobane’ng ha Satane a Sebelisitse Noha ho Bua le Eva?

▪ E ka ’na eaba ua lumela hore Satane ke eena ea ileng a etsa hore noha e bue le Eva, joalokaha ho tšohliloe taba ena leqepheng la 8. Ka sebele sena ke sona seo Bibele e se rutang. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha sebōpuoa se matla sa moea se ile sa sebelisa noha ka tsela e tšoanang le eo motho ea bohlale a etsang ka eona hore eke popi ea bua?’

Bibele e khetholla mekhoa eo Satane a e sebelisang e le “maqiti,” kapa “liketso tse bolotsana,” ’me ketsahalo ena e re thusa hore re bone hore sena ke ’nete. (Baefese 6:11; NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Se etsahetseng Edene hase tšōmo feela ea phoofolo e buang; ke mohlala o tšosang oa mokhoa o bohlale o reretsoeng ho khelosa batho ho Molimo. Joang?

Satane o ile a khetha phofu ea hae ka bohlale. Eva e ne e le eena ea e-s’o be le phihlelo e kaalo libōpuoeng tsohle tse bohlale. Satane o ile a sebelisa monyetla oo oa ho hloka phihlelo ’me a loha leqheka eaba oa mo khelosa. Ka ho sebelisa noha, e leng phoofolo e hlokolosi haholo, ka bomenemene Satane o ile a pata ho tella ha hae hammoho le merero ea hae ea ho rata ho hlahella. (Genese 3:1) Hape nahana ka seo a ileng a se finyella ka ho etsa eka noha ea bua.

Ntlha ea pele, Satane o ile a hapa thahasello ea Eva ka ho feletseng. O ne a tseba hore linoha ha li bue; etsoe monna oa hae o ne a ile a reha liphoofolo kaofela mabitso, ho akarelletsa le eona ena, mohlomong ka mor’a hore a ithute tsona hantle. (Genese 2:19) Ha ho pelaelo hore Eva le eena o ne a ithutile phoofolo ena e hlokolosi haholo. Ka hona, leqheka lena la Satane le ile la etsa hore Eva a be bohelehele; eaba o se a nahana ka ntho e le ’ngoe feela ho tsohle tse neng li le teng serapeng, e leng eo a neng a e hanetsoe. Ntlha ea bobeli, haeba noha e ne e ipatile makaleng a sefate se hanetsoeng, ebe Eva o ne a ka fihlela qeto efe? Na ebe mohlomong o ne a ka beha lebaka la hore phoofolo ee e se nang thuso, e sa tsebeng le ho bua, e ne e jele tholoana eo ha e tla khona ho bua? Haeba tholoana eo e ne e ka etsetsa noha ntho e khōlō hakaalo, joale eena? Re ke ke ra tseba kamoo Eva a ileng a nahana kateng kapa hona hore na noha e ne e lomme tholoana kapa che, empa seo re se tsebang ke hore ha noha e bolella Eva hore tholoana eo e tla etsa hore a be “joaloka Molimo,” o ile a lumela leshano leo.

Khetho ea Satane ea mantsoe le eona e senola se seholo. O ile a jala lipelaelo kelellong ea Eva, a fana ka maikutlo a hore Molimo o mo tima ntho e itseng e molemo ebile o mo tima tokoloho. Leano leo la Satane le ne le tla atleha haeba Eva a ne a ka ithata ho feta tsela eo ka eona a ratang Molimo ea neng a mo file tsohle. (Genese 3:4, 5) Ka bomalimabe, leqheka la Satane le ile la atleha; Eva le Adama ba ne ba sa tebisa lerato le kananelo eo ba lokelang ho ba le eona ka Jehova lipelong tsa bona. Na le kajeno Satane o ntse a sa khothalletse batho hore ba nahane ka bona feela ba be ba ipehele mabaka a sa utloahaleng?

Ebe joale sepheo sa Satane e ne e le sefe? Ha e le hantle o ne a batla’ng? Ha a le Edene o ile a leka ho pata mohoasa le ho pata hore na sepheo sa hae ke sefe. Empa ha nako e ntse e e-ea ha aa ka a hlola a ipata. Ha a leka Jesu, ha ho pelaelo hore o ne a tseba hore ho ipata ha ho na thuso. Ka hona, o ile a toba Jesu, a re: ‘Itihele fatše ’me u nketsetse ketso ea borapeli.’ (Matheu 4:9) Ha ho pelaelo hore ke khale Satane a bipetsane ke mōna ka lebaka la borapeli bo lebisoang ho Jehova Molimo. O tla etsa ntho leha e le efe hore a thibele ba bang ho rapela Molimo kapa a etse hore ba mo rapele ka tsela eo a ke keng a e amohela. O rata ho senya botšepehi ba rōna ho Molimo.

Ka ho hlakileng, Bibele e senola hore Satane ke setsebi sa ho loha maqheka a kotsi e le hore a tšoase bao a ba korotseng. Empa ho thabisang ke hore ha rea lokela ho thetsoa joaloka Eva, “kaha re tseba merero ea hae.”—2 Bakorinthe 2:11.