Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa

O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa

Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona

O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa

SAMUELE o ne a hlokomela hore batho ba oetse ka phatla Shilo. Seboko se neng se le motseng oo se ne se thiba litsebe. Ebe e ne e le matlong a makae moo ho neng ho utloahala seboko sa batho ba llelang bo-ntate ba bona, banna ba bona, bara ba bona le likhaitseli tsa bona, ba neng ba ke ke ba hlola ba khutlela hae? Re tseba feela hore Iseraele e ne e lahlehetsoe ke masole a 30 000 ntoeng e tšabehang eo ho eona ba neng ba hlōtsoe ke Bafilista, le hona ho ne ho e-s’o fete nako e telele ba lahlehetsoe ke masole a 4 000 ntoeng e ’ngoe.—1 Samuele 4:1, 2, 10.

Eo e ne e le e ’ngoe ea liketsahalo tse ngata tse bohloko tse ileng tsa ba hlahela. Eli, Moprista ea Phahameng, o ne a e-na le bara ba babeli ba neng ba khohlahetse, Hofni le Finease, ba ileng ba nka areka e halalelang ea selekane Shilo eaba ba ea ka eona ntoeng. Ka tsela e tloaelehileng, areka ena ea bohlokoa e neng e tšoantšetsa boteng ba Molimo e ne e lula karolong e halalelang ea tabernakele—tente eo e neng e le tempele. Joale batho ba ile ba nka Areka eo ba ea le eona ntoeng, ka booatla ba nahana hore ka mohlolo e tla etsa hore ba hlōle. Empa Bafilista ba ile ba hapa Areka eo, ba bolaea Hofni le Finease.—1 Samuele 4:3-11.

Tabernakele e Shilo e ne e ile ea ba le tlotla ea ho boloka Areka eo ka lilemo tse makholo. Joale e ne e se e le sieo. Ha Eli ea lilemo li 98 a utloa litaba tseo, o ile a oa ka sanketse setulong eaba oa shoa. Ngoetsi ea hae e neng e shoetsoe ke monna letsatsing lona leo, le eona e ile ea shoa ha e pepa. Pele e hlokahala, e ile ea re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile kholehong.” Ka sebele, Shilo e ne e ke ke ea hlola e tšoana le pele.—1 Samuele 4:12-22.

Samuele o ne a tla sebetsana joang le maemo aa a nyahamisang haholo? Na o ne a tla ema a tiile tumelong ha a tobane le bothata ba ho thusa batho bao Jehova a neng a se a sa ba sireletse a bile a ba furaletse? Ka linako tse ling, kaofela ha rōna re tobana le mathata le lintho tse re nyahamisang tse ka sisinyang tumelo ea rōna, ka hona, a re boneng hore na re ka ithuta eng ho Samuele.

O Ile a “Tlisa ho Loka”

Tlaleho ea Bibele e khaotsa ho bua ka Samuele ’me e se e bua ka Areka e halalelang, e re bontša hore na Bafilista ba ile ba feta mathateng a makae ka lebaka la ho e hapa, ba ba ba tlameha ho e khutlisa. Ha e boela e bua ka Samuele, ho ne ho se ho fetile lilemo tse 20. (1 Samuele 7:2) Ebe nakong eo o ne a tšoarehile ka eng? Ha ho hlokahale hore re nohe.

Re ithuta hore pele nako eo e qala “Lentsoe la Samuele [le ile] la boela la tla ho Baiseraele bohle.” (1 Samuele 4:1) Tlaleho e bontša hore ka mor’a nako eo Samuele o ne a tloaetse ho etela metse e meraro ea Iseraele, a e potoloha selemo se seng le se seng ho rarolla liqabang le ho araba lipotso. Ka mor’a moo, o ne a khutlela motseng oa habo oa Rama. (1 Samuele 7:15-17) Ka ho hlakileng, kamehla Samuele o ne a lula a phathahane, ho bolelang hore nakong eo ea lilemo tse 20, o ne a ntse a e-na le lintho tse ngata tseo a li etsang.

Boitšoaro bo bobe le bobolu ba bara ba Eli li ne li entse hore batho ba se ke ba hlola ba e-ba le tumelo. Kamoo ho bonahalang kateng, ba bangata ba ile ba ba ba rapela litšoantšo. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse 20 Samuele a sebetsa ka thata, o ile a fa batho molaetsa ona: “Haeba le khutlela ho Jehova ka lipelo tsohle tsa lōna, lahlang melimo esele har’a lōna le litšoantšo tsa Ashtorethe, le lebise lipelo tsa lōna ho Jehova ka mokhoa o sa kheloheng le sebeletse eena feela, ’me o tla le lopolla matsohong a Bafilista.”—1 Samuele 7:3.

Batho ba ne ba fella “matsohong a Bafilista.” Kaha lebotho la Baiseraele le ne le hlōtsoe ke Bafilista, ba ile ba hatella batho ba Molimo kamoo ba ratang kateng. Empa Samuele o ile a tiisetsa batho hore lintho li ne li tla fetoha hafeela ba ne ba ka khutlela ho Jehova. Na ba ne ba ikemiselitse ho khutlela ho eena? Samuele o ile a thaba ha ba fela ba furalla litšoantšo tsa bona ’me “ba qala ho sebeletsa Jehova feela.” Samuele o ile a epa pitso Mizpa, motse o sebakeng se lithaba o ka leboea ho Jerusalema. Batho ba ile ba phutheha, ba itima lijo ’me ba bakela libe tsa bona tse ngata tsa ho rapela litšoantšo.—1 Samuele 7:4-6.

Leha ho le joalo, Bafilista ba ile ba utloela ka pitso ena e khōlō eaba ba bona seo e le monyetla o motle. Ba ile ba romela lebotho la bona Mizpa hore le e’o ripitla barapeli bao ba Jehova. Baiseraele ba ile ba utloa hore ba tlil’o hlaseloa. Ba tšohile, ba ile ba kōpa Samuele hore a ba rapelle. O ile a etsa joalo, a ba a etsa le sehlabelo. Nakong ea tšebeletso eo e halalelang, Bafilista ba ile ba fihla Mizpa. Joale Jehova o ile a araba thapelo ea Samuele. Ha e le hantle, Jehova o ile a lumisa sealuma se bontšang hore o halefile. O ile “a etsa hore ho be le sealuma se lerata le phahameng letsatsing leo khahlanong le Bafilista.”—1 Samuele 7:7-10.

Na u nahana hore Bafilista bao ba ne ba tšoana le bana ba tšohang ha ba utloa sealuma ebe ba mathela ho ea ipata ka mor’a bo-’mè ba bona? Che, masole ana e ne e le banna ba matla, ba seng ba tiile lipelo. Ka hona, e tlameha ebe ba ne ba qala ho utloa sealuma se thoathoaretsang joalo. Na ebe e ne e le ka lebaka la “lerata le phahameng” la sona? Hona na ho thoathoaretsa hoo ho ne ho hlaha leholimong le leputsoa le hlakileng, kapa ho ile ha luma lithabeng tse potolohileng? Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, sealuma seo se ile sa etsa hore Bafilista bao ba tšereme mangole. Ba se ba ferekane ka ho feletseng, ka potlako feela bo-nkoapo bao ba ile ba fetoha liphofu. Banna ba Iseraele ba ile ba ba seohela ho tloha Mizpa, ba ba hlōla ba ba ba ba ngoanyapisa lik’hilomithara tse ngata ho theohela karolong e ka boroa-bophirimela ho Jerusalema.—1 Samuele 7:11.

Ntoa eo e ile ea tlisa liphetoho tse khōlō. Bafilista ba ile ba ’na ba checha mehleng ea ha Samuele e ne e le moahloli. Metse e mengata e ile ea khutlela ho batho ba Molimo.—1 Samuele 7:13, 14.

Lilemo tse makholo hamorao, moapostola Pauluse o ile a kenya Samuele lethathamong la baahloli ba tšepahalang le baprofeta ba ileng “ba tlisa ho loka.” (Baheberu 11:32, 33) Ka sebele Samuele o ile a thusa batho hore ba etse se setle le se nepahetseng ho Molimo. O ile a lula a atleha mosebetsing oa hae hobane o ne a e-na le mamello ea ho letela Jehova, a lula a tšepahala mosebetsing oa hae ho sa tsotellehe maemo a nyahamisang. O ile a boela a bontša hore ke motho ea ananelang. Ka mor’a hore ho be le tlhōlo Mizpa, Samuele o ile a haha sefika e le hore se lule se hopotsa batho kamoo Jehova a ileng a ba thusa kateng.—1 Samuele 7:12.

Na le uena u batla ho “tlisa ho loka”? Haeba ho joalo, ho ka ba molemo hore u ithute ho itseng tseleng eo Samuele a neng a mamella ka eona, a ikokobelitse a bile a ananela ka eona. Ha ho le ea mong oa rōna ea sa hlokeng ho ba le litšobotsi tseo. Samuele o ile a ithusa ka ho hlaolela litšobotsi tseo le ho li bonahatsa a sa le monyenyane, kaha hamorao o ile a tobana le maemo a nyahamisang haholo bophelong.

“Bara ba Hao ha Baa Tsamaea Litseleng Tsa Hao”

Ha Bibele e bua ka Samuele ka lekhetlo le latelang, o ne “a se a tsofetse.” O ne a e-na le bara ba babeli ba seng ba hōlile, e leng Joele le Abija, ’me o ile a ba fa boikarabelo ba hore ba mo thuse mosebetsing oa ho ahlola. Leha ho le joalo, ka masoabi o ne a tšepile batho basele. Le hoja Samuele a ne a tšepahala a bile a lokile, bara ba hae bona ba ile ba sebelisa boemo ba bona hore ba ithuise molemo, ba khopamisa toka le ho nka tjotjo.—1 Samuele 8:1-3.

Ka letsatsi le leng banna ba baholo ba Iseraele ba ile ba ea ho moprofeta enoa ea seng a tsofetse ho ea ipelaetsa. Ba ile ba re: “Bara ba hao ha baa tsamaea litseleng tsa hao.” (1 Samuele 8:4, 5) Na Samuele o ne a tseba ka taba eo? Tlaleho ha e re bolelle. Leha ho le joalo, ho fapana le Eli, ha ho pelaelo hore Samuele eena o ne a se na molato liketsong tsa bara ba hae. Jehova o ne a ile a khalemela Eli a ba a mo otla ka lebaka la hore o ne a sa ka a khalemela bara ba hae ha ba etsa liketso tse khopo, o ne a hlompha bara ba hae ho feta Molimo. (1 Samuele 2:27-29) Jehova ha aa ka a fumana Samuele a e-na le molato o joalo.

Tlaleho ha e bontše hore na ha Samuele a se a tseba ka boitšoaro bo bobe ba bara ba hae, o ile a utloa bohloko bo bokae ka lebaka la ho hlajoa ke lihlong, ho tšoenyeha kapa ho soetseha. Leha ho le joalo, batsoali ba bangata bona baa utloisisa hore e tlameha ebe o ne a ikutloa joang. Mehleng ena ea kajeno e nyahamisang, ho hana taolo ea batsoali le khalemelo ea bona ke seoa. (2 Timothea 3:1-5) Batsoali ba tobaneng le boemo bo joalo bo utloisang bohloko ba ka tšelisoa haholo ke mohlala oa Samuele oa ba oa ba tataisa. Ha aa ka a lumella mekhoa e sa bontšeng tumelo ea bara ba hae hore e ame tsela eo a etsang lintho ka eona. U se ke ua lebala hore mohlala o motle oa batsoali o lula e le thuto e matla ho bana esita le haeba ba hanne ho mamela keletso kapa khalemelo ea bona. Hape batsoali ba na le monyetla oa hore kamehla ba thabise Ntate oa bona, Jehova Molimo, joalokaha Samuele a ile a etsa.

“Re Behele Morena”

Bara ba Samuele ba ne ba sa ka ba nahana hore na meharo ea bona le boithati ba bona li ne li tla ba le liphello life. Banna ba baholo ba Iseraele ba ile ba ea ho Samuele ’me ba re: “Joale re behele morena hore a re ahlole joaloka lichaba tsohle.” Mohlomong Samuele o ile a utloa eka ba lahla eena. Etsoe e ne e le lilemo tse mashome joale e le moahloli oa batho bao bakeng sa Jehova. Joale ba ne ba se ba batla ho ba le morena e le hore e be eena moahloli oa bona, ba ne ba se ba sa batle moprofeta feela tjee joaloka Samuele. Lichaba tse ba potolohileng li ne li e-na le marena ’me Baiseraele le bona ba ne ba batla oa bona! Samuele o ile a amohela litaba tsee joang? Re bala hore “ntho eo e ne e le mpe” mahlong a hae.—1 Samuele 8:5, 6.

Hlokomela hore na Jehova o ile a arabela joang ha Samuele a mo bolella bothata bona thapelong: “Mamela lentsoe la sechaba seo mabapi le sohle seo se u bolellang sona; kaha ha sea lahla uena, empa se lahlile ’na hore ke se ke ka ba morena oa sona.” Le hoja mantsoe ao a ile a tšelisa Samuele, ketso ea batho bao e ne e qholotsa Molimo ea Matla ’Ohle hakaakang! Jehova o ile a bolella moprofeta eo oa hae hore a lemose Baiseraele hore na ba ne ba tla khola litholoana life ka ho ba le morena oa motho. Ha Samuele a ba bolella, ba ile ba ngangabala, ba re: “Che, empa re tla ba le morena.” Kaha Samuele o ne a lula a mamela Molimo oa hae, o ile a ea tlotsa morena eo Jehova a neng a mo khethile.—1 Samuele 8:7-19.

Empa Samuele o ne a ikutloa joang ha a phetha seo? Na o ne a hloname, a se a mpa a phetha molao feela? Na o ile a lumella maemo a nyahamisang hore a thellise pelo ea hae, eaba o tlala khalefo? Batho ba bangata ba ka ’na ba ikutloa joalo maemong ao, empa ha hoa ka ha e-ba joalo ka Samuele. O ile a tlotsa Saule a ba a amohela hore monna eo o ne a khethiloe ke Jehova. O ile a aka Saule, e leng pontšo ea hore o ne a amohela a bile a ikokobelletsa morena eo e mocha. Hape o ile a re ho sechaba: “Na le bone eo Jehova a mo khethileng, hore ha ho le ea mong ea tšoanang le eena har’a batho bohle?”—1 Samuele 10:1, 24.

Samuele ha aa ka a sheba liphoso tsa motho eo ea neng a khethiloe ke Jehova, empa o ile a sheba makhabane a hae. Tabeng ea hae teng o ile a inahanela ka tlaleho e ntle eo a neng a iketselitse eona ka ho tšepahala ho Molimo ho e-na le ho ameha ka hore a amoheloe ke batho ba neng ba lula ba feto-fetoha. (1 Samuele 12:1-4) Hape o ile a phetha kabelo ea hae ka botšepehi, a eletsa batho ba Molimo ka likotsi tse ka ba fokolisang moeeng le ho ba khothatsa hore ba lule ba tšepahala ho Jehova. Keletso ea hae e ile ea fihla sechaba pelong eaba ba kōpa Samuele hore a ba rapelle. O ile a ba araba ka mantsoe ana a thobang pelo: “Ha e le ’na, ke ho sa utloahaleng hore ke siteloe Jehova ka ho khaotsa ho le rapella; ke tla le rupela ka tsela e ntle le e nepahetseng.”—1 Samuele 12:21-24.

Na u se u kile ua nyahama ha motho e mong a khetheloa tšebeletso kapa boikarabelo bo itseng? Mohlala oa Samuele ke khopotso e matla ea hore le ka mohla ha rea lokela ho lumella lipelo tsa rōna hore li tlale mōna kapa bohale. Molimo o na le mosebetsi o mongata o putsang le o khotsofatsang oo a o fang mohlanka e mong le e mong oa hae ea tšepahalang.

“U Tla ’ne U Siame ka Lebaka la Saule Halelele Hakae?”

Samuele o ne a nepile ha a bona se setle ho Saule; ruri e ne e le motho ea babatsehang. E ne e le tjaka ea mohlankana oa seema ka litlhako, a le sebete a bile a tseba ho sebetsana le maemo, ebile qalong o ne a ikokobelitse a bile a le bonolo. (1 Samuele 10:22, 23, 27) Ntle le litšobotsi tseo tse ntle tseo a neng a li filoe, o ne a boetse a e-na le e ’ngoe ea bohlokoahali—o ne a e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, matla a ho ikhethela hore na o batla ho phela joang le a ho iketsetsa liqeto. (Deuteronoma 30:19) Na o ile a sebelisa mpho eo hantle?

Ka masoabi, ka linako tse ling matla a mathela motho hloohong hang ha a tsitsa maemong a hae a macha. Ha hoa ka ha feta nako e telele eaba Saule o se a qala ho ikakasa. O ile a khetha ho se mamele litaelo tsa Jehova tseo Samuele a neng a mo file tsona. Ka lekhetlo le leng Saule o ile a felloa ke mamello eaba o etsa sehlabelo se neng se lokela ho etsoa feela ke Samuele. Samuele o ile a tlameha ho mo khalemela ka matla a ba a mo bolella hore borena bo ne bo ke ke ba lula lelapeng la hae. Ho e-na le hore a ithute khalemelong eo, Saule o ile a etsa lintho tse mpe le ho feta tse bontšang ho se mamele.—1 Samuele 13:8, 9, 13, 14.

Jehova o ile a roma Samuele hore a bolelle Saule hore a e’o loantša Baamaleke. Litaelo tsa Jehova li ne li akarelletsa hore a bolaee morena oa bona ea khopo, Agage. Leha ho le joalo, Saule ha aa ka a bolaea Agage, hape o ile a ikhapela lintho tse ntle ho tse neng li lokela ho felisoa. Ha Samuele a mo khalemella seo, Saule o ile a itšenola hore na o fetohile hakae. Ho e-na le hore ka boikokobetso a amohele khalemelo eo, o ile a ikemela, a se ke a ipona molato a ba a lokafatsa liketso tsa hae, a iphapanyetsa taba eo a ba a leka ho beha sechaba molato. Ha Saule a leka ho hlokomoloha khalemelo eo ka ho ipuella hore o ne a rerile ho tl’o etsetsa Jehova sehlabelo ka e ’ngoe ea thepa e hapuoeng, Samuele o ile a bua mantsoe ana a tloaelehileng: “Bona! Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo.” Samuele o ile a khalemela monna eo ka sebete a ba a mo bolella qeto eo Jehova a e entseng: Borena bo ne bo tla tlosoa ho Saule ’me bo fuoe motho e mong—motho ea etsang hantle.—1 Samuele 15:1-33.

Samuele o ne a utloile bohloko haholo ke liketso tseo tse fosahetseng tsa Saule. O ile a qeta bosiu a llela ho Jehova ka taba ena. O ile a ba a siama ka lebaka la hae. Samuele o ne a bone hore Saule o ne a ka phetha mesebetsi e mengata le hore o ne a ka etsa lintho tse ngata tse ntle, empa joale tšepo eo ea hae e ne e tšetsoe ka metsi. Motho enoa eo a neng a mo tseba o ne a fetohile—o ne a lahlile litšobotsi tsa hae tse babatsehang ’me a se a furaletse Jehova. Samuele o ile a hana ho bona Saule hape bophelong. Ka mor’a nako Jehova o ile a fa Samuele khalemelo ena e mosa: “U tla ’ne u siame ka lebaka la Saule halelele hakae, ha ’na, ka lehlakoreng le leng, ke mo lahlile hore a se ke a busa e le morena oa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ka oli ’me u tsamaee. Ke tla u romela ho Jese Mobethlehema, hobane ke iphumanetse morena har’a bara ba hae.”—1 Samuele 15:34, 35; 16:1.

Morero oa Jehova ha oa itšetleha ka batho ba sa phethahalang bao ka linako tse ling ba sa tšepahaleng. Ha motho eo Jehova a mo sebelisang a fetoha ’me a se a sa tšepahale, o tla fumana e mong hore a phethe thato ea Hae. Ka hona, Samuele ea neng a se a tsofetse o ile a khaotsa ho llela Saule. Ka taelo ea Jehova, Samuele o ile a ea lelapeng la Jese, Bethlehema, moo a ileng a bona bara ba hae ba bangata ba nang le ponahalo e ntle. Empa li sa tloha feela Jehova o ile a hopotsa Samuele: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae . . . Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona, hobane motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.” (1 Samuele 16:7) Qetellong Samuele o ile a kopana le mora oa ho fela, ’me ke eena eo Jehova a neng a mo khethile—e ne e le Davida!

Lilemong tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, Samuele o ile a bona ka ho hlaka le ho feta hore na qeto ea Jehova e ne e nepahetse hakaakang ka hore a behe Davida boemong ba Saule. Saule o ile a ba le mōna o neng o etsa hore a batle ho tšolla mali, hape e ile ea e-ba mokoenehi. Leha ho le joalo, Davida eena o ile a bonahatsa litšobotsi tse ntle—sebete, botšepehi, tumelo le ho se koenehe. Ha Samuele a le haufi le ho shoa, tumelo ea hae e ile ea tiea le ho feta. O ile a bona hore boemo bo bong le bo bong bo nyahamisang, Jehova a ka bo lokisa, a ka bo rarolla kapa a ka etsa hore e qetelle e le tlhohonolofatso. Qetellong Samuele o ile a shoa, a siea tlaleho ea bophelo bo babatsehang boo a bo phetseng lilemo tse batlileng li etsa lekholo. Baiseraele bohle ba ile ba siama ka lebaka la ho lahleheloa ke monna eo ea tšepahalang, ’me seo ha se makatse. Le kajeno lena bahlanka ba Jehova ba etsa hantle ha ba ipotsa, ‘Na ke tla etsisa tumelo ea Samuele?’

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Samuele o ne a tla thusa sechaba sa habo joang hore se sebetsane le ho lahleheloa ha sona le boemo bo se nyahamisitseng?

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Samuele o ile a sebetsana joang le boemo bo nyahamisang ba bara ba hae ba khohlahetseng?