Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

MOROETSANA ea neng a sebetsa bareng, a le litlhapa, a tahoa a bile a sebelisa lithethefatsi o ile a khona joang ho fetola tsela eo a phelang ka eona? Ebe ho tlile joang hore motho eo e neng e le ralipolotiki ea hloileng bolumeli a qetelle e le ’moleli oa bolumeli? Ke mathata afe ao mokoetlisi oa ntoa lebothong la sepolesa la Russia a ileng a tlameha ho a hlōla e le hore e be Paki ea Jehova? Bala ’me u fumane hore na batho bana ba itlhalosa joang.

“’Na le ’Mè re se re Utloana Hape.”—NATALIE HAM

SELEMO SA TSOALO: 1965

NAHA EA HESO: AUSTRALIA

PELE: KE NE KE SEBELISA LITHETHEFATSI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse torotsoaneng ea batšoasi ba litlhapi ea Robe, Australia Boroa. Litorotsoaneng tse kang ena, batho ba bokana hoteleng ea motse ho tla roba monakeli. Batsoali ba qeta nako e ngata ba le hoteleng moo, ka hona, bana ba bona ba hōla ba tloaetse ho bona batho ba tahoang, ba rohakanang le ba tsubang.

Ha ke le lilemo li 12, ke ne ke se ke tsuba, ke ntša litlhapa tse tala ke bile ke lula ke loana le ’Mè. Ha ke le lilemo li 15, batsoali ba ka ba ile ba arohana, eaba ka mor’a likhoeli tse 18 ke tloha lapeng. Ke ne ke noa joala ho tlōla, ke sebelisa lithethefatsi ke bile ke sa itšoara hantle. Ke ne ke tletse bohale ke bile ke ferekane. Empa kaha ke ne ke qetile lilemo tse hlano ke ikoetlisetsa karate le mekhoa eo basali ba ka itšireletsang ka eona, ke ne ke nka hore nka itlhokomela. Empa ’nete ke hore ha ke le mong ’me ke nahana ka ho teba, ke ne ke apareloa ke mesarelo ebe ke rapela Molimo, ke mo kōpa hore a nthuse. Ke ne ke ee ke re ho eena: “Empa u se k’a mpa ua re ke ee kerekeng.”

Ka le leng moshanyana e mong, eo e neng e le motsoalle oa ka, ea neng a rata bolumeli empa ho se na kereke eo a e kenang, o ile a mpha Bibele. Le eena o ne a tsuba lithethefatsi joaloka metsoalle ea rōna e meng. Empa o ne a bolela hore eena o tšepa Molimo ka pelo eohle ’me o ile a nkholisa hore ke lokela ho kolobetsoa. O ile a nkisa letšeng le haufi eaba oa nkolobetsa. Ka mor’a moo, ke ile ka ikutloa ke e-na le kamano e ikhethang le Molimo. Leha ho le joalo, ha ho mohla ke ileng ka fumana nako ea ho bala Bibele.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ka 1988, ho ile ha kokota Lipaki tse peli monyako. E mong oa tsona o ile a mpotsa, “Na u tseba lebitso la Molimo?” Paki eo e ile ea bala Pesaleme ea 83:18 Bibeleng, e reng: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Ke ne ke hloletsoe! Ha li qeta ho tsamaea, ke ile ka nka leeto la lik’hilomithara tse 56 ka koloi ho ea lebenkeleng le rekisang libuka tsa Bokreste e le hore ke hlahlobe hore na Libibele tse ling li re’ng, eaba ke sheba lebitso leo dikishinaring. Ha ke se ke kholisehile hore lebitso la Molimo ke Jehova, ke ile ka ipotsa hore na ebe ke lintho life tse ling tseo ke sa li tsebeng.

’Mè o ne a ile a mpolella hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba makatsang. Le hoja ke ne ke tseba ho fokolang haholo ka tsona, ke ne ke nahana hore ke batho ba khomarelang ka thata melaong ea bona le ba sa tsebeng ho ithabisa. Ke ile ka nahana hore lekhetlong le tlang ha ba tla ke tla etsa eka ha ke eo. Empa ke ile ka fetola maikutlo a ka ha ba fihla. Ke ile ka re ba kene ka tlung ’me hang-hang ra qala ho ithuta Bibele.

Ke ne ke bolella mohlankana oa ka, Graig, seo ke ithutileng sona lekhetlo le leng le le leng ha re qeta ho bala. Qetellong o ile a teneha eaba o nkamoha buka eo re neng re ithuta eona a ba a qala ho e bala. Le pele libeke tse tharo li fela, o ile a etsa qeto ea hore o fumane ’nete ka Molimo. Qetellong ’na le Graig re ile ra khaotsa ho sebelisa lithethefatsi le ho noa joala ho tlōla, eaba ke tlohela ho sebetsa bareng. Re ile ra etsa qeto ea ho nyalana e le hore re phele ka tsela e lumellanang le melao ea Bibele.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Nakong eo re neng re qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ’na le Graig re ne re le mothating oa ho arohana. Empa kajeno Graig ke monna ea babatsehang haholo ’me re na le bana ba babeli ba batle. Re boetse re na le metsoalle eo re e ratang haholo e lumelang seo re se lumelang.

Qalong ’Mè o ne a tletse bohale ha a utloa hore ke kopanela le Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, o ne a tšoenyehile hobane a ne a filoe boitsebiso bo fosahetseng. Hona joale ’na le ’Mè re se re utloana hape. Ha ke sa ikutloa ke hloka thabo joaloka pele. Ho e-na le hoo, kea tseba hore na ke phelela’ng ’me kea utloa hore ke se ke e-na le kamano e ntle le Molimo.—Matheu 5:3.

“Ke Ithutile Lintho Tse Ngata Tse Hlollang ka Bibeleng.”—ISAKALA PAENIU

SELEMO SA TSOALO: 1939

NAHA EA HESO: TUVALU

PELE: KE NE KE LE RALIPOLOTIKI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse Nukulaelae, e leng sehlekehleke se setle sa Pacific seo hona joale e leng karolo ea Tuvalu. Eta ho ne ho lla sa baruti lihlekehlekeng tseo, ba neng ba fumana thupelo ea bona k’holejeng ea Samoa. Baahi ba sehlekehlekeng ba ne ba lokela ho fepa baruti le ba malapa a bona letsatsi le letsatsi, ba lokela ho ba fa bolulo, ha e le hantle, ba ne ba lokela ho bona hore ba fumana mabothobotho linthong tsohle. Esita le haeba baahi ba sehlekehlekeng ba ne ba se na lijo tse lekaneng ba malapa a bona, ba ne ba lokela ho bona hore baruti bona baa ja.

Moruti oa sehlekehlekeng sa rōna o ne a okametse sekolo sa motseng moo ’me a ruta thuto ea bolumeli, lipalo le jeokrafi. Ke hopola ke bona moruti eo a shapa bana hampe hoo ba neng ba qetella ba tletse mali. Leha ho le joalo, ho ne ho se na motho ea ka itetang sefuba ho tletleba ka seo, esita le bona batsoali ba bana bao. Moruti o ne a tšajoa joalokaha eka ke Molimo.

Ha ke le lilemo li leshome, ke ile ka tloha lapeng ka ea sekolong seo e neng e le sona feela sa ’muso, se neng se le sehlekehlekeng se seng. Ha ke qetile, ke ile ka fumana mosebetsi ’musong. Ka nako eo, lihlekehleke tseo e ne e le karolo ea likolone tsa Brithani tse neng li tsejoa e le Lihlekehleke Tsa Gilbert le Ellice. Ke ile ka sebetsa makaleng a sa tšoaneng pele ke qetella ke le mohlophisi oa leselinyana la ’muso le neng le hatisoa beke le beke. Lintho li ne li itsamaela hantle ho fihlela ka lekhetlo le leng ha ke hatisa lengolo la ’mali e mong ea neng a nyatsa tsela eo chelete e sebelisoang ka eona ho lokisetsa leeto la Khosana ea Wales. Mongoli o ne a sa sebelisa lebitso la hae la sebele, kahoo mookameli oa ka o ile a ntaela hore ke fane ka lebitso la sebele la motho eo. Ke ile ka hana ho mo bolella lona, eaba seo se tsebahala hohle.

Kapele ka mor’a ketsahalo eo, ke ile ka tloha ’musong eaba ke kena lipolotiking. Ke ile ka hlōla likhethong tsa Nukulaelae eaba ke khethoa ho ba Letona la Khoebo le Lirafshoa. Hamorao ha batho ba lihlekehlekeng tsa Kiribati (eo e neng e le Gilbert) le Tuvalu (eo e neng e le Ellice) ba fumana boipuso ho Brithani, ’musisi o ile a mpha mosebetsi oa ho ba hlooho ea tsamaiso ea litaba tsa ’muso Tuvalu. Leha ho le joalo, ke ne ke sa batle hore batho ba nke hore ke na le kamano leha e le efe le puso ea bokolone. Ka hona, ke ile ka hana mosebetsi oo eaba ke ba e mong oa bo-nkhetheng ba neng ba batla mosebetsi o ka holimo-limo oa lipolotiki. Ha kea ka ka khethoa. Ka mor’a moo, ’na le mosali oa ka re ile ra khutlela sehlekehlekeng sa habo rōna eaba re etsa qeto ea ho phela ka tsela e tloaelehileng joaloka batho ba bang motseng.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Batho ba lihlekehlekeng tsena ba ne ba nka Sontaha e le letsatsi la Sabatha ’me ka hona, bohle ba ne ba le nka le halalela, kantle ho ’na. Sontaha e ne e le letsatsi la ka la ho tsamaea ka sekepe le ho tšoasa litlhapi. Ke ne ke sa batle ho amahanngoa le bolumeli. Ntate o ile a mpolella hore liketso tsa ka li ne li mo soabisa li bile li soabisa le ba bang haholo. Empa ke ne ke ipoleletse hore nke ke ka lumela hore ke qetelle ke laoloa ke kereke.

Ka le leng ha ke etetse Funafuti—e leng sehlekehleke seo motse-moholo oa Tuvalu o leng ho sona—moena oa ka o ile a re ke ee le eena sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova. Hamorao moromuoa e mong oa Paki o ile a mpha limakasine tse ngata tsa Molula-Qhooa le Tsoha! hore ke e’o li bala. Hape o ile a mpha buka e neng e bontša hore lithuto tse ngata tsa likereke tse ipitsang tsa Bokreste li ne li simoloha boheteneng. Ke ile ka bala buka eo ka makhetlo a mangata. Ke ile ka ithuta lintho tse ngata tse hlollang ka Bibeleng, ho akarelletsa le taba ea hore ha ho na letho le tlamang Bakreste hore ba boloke Sabatha ea beke le beke. * Ke ile ka phetela mohats’aka lintlha tsena, eaba o khaotsa ho ea kerekeng hang-hang.

Leha ho le joalo, ke ne ke ikanne hore nke ke ka ikamahanya le bolumeli leha e le bofe. Ho ile ha feta lilemo tse ka bang tse peli, empa ke ne ke sitoa ho lebala seo ke ithutileng sona. Qetellong ke ile ka ngolla moromuoa ea Funafuti, ka mo bolella hore joale ke ikemiselitse ho etsa liphetoho. O ile a kena sekepeng se latelang ho tla nthusa hore ke ithute ho eketsehileng ka Bibele. Ntate o ile a tuka ke bohale ha a utloa hore ke batla ho ba Paki ea Jehova. Empa ke ile ka mo bolella hore Lipaki li nthutile lintho tse ngata ka Bibeleng, ka hona ke entse qeto.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ka 1986, ke ile ka ba Paki ea Jehova e kolobelitsoeng, eaba mosali oa ka o kolobetsoa selemong se latelang. Barali ba rōna ba babeli le bona ba ile ba ithuta seo Bibele e se rutang eaba ba etsa qeto ea ho ba Lipaki Tsa Jehova.

Hona joale ke thabela ho ba karolo ea sehlopha sa bolumeli seo joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, se sa arolang batho ka lihlopha tsa hore bana ke baruti, bana ke batho feela. (Matheu 23:8-12) Hape batho ba sehlopha sena ba latela mohlala oa Jesu ’me ba bolella ba bang molaetsa oa ’Muso oa Molimo. (Matheu 4:17) Ka sebele ke leboha Jehova Molimo hore ebe o ntumeletse hore ke ithute ka eena le ka batho ba hae.

“Lipaki li ne li sa Mpolelle Hore na ke Lokela ho Lumela Eng.”—ALEXANDER SOSKOV

SELEMO SA TSOALO: 1971

NAHA EA HESO: RUSSIA

PELE: KE NE KE LE MOKOETLISI OA NTOA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse Moscow, eo ka nako eo e neng e le motse-moholo oa Soviet Union. Lelapa leso le ne le lula lifoleteng tse khōlō ’me batho ba bangata ba lulang moo ba ne ba sebetsa femeng e le ’ngoe. Ke hopola kamoo ba neng ba tletleba kateng ka hore ke ngoana ea mahlahahlaha haholo ba bile ba re haeba ke sa shoe kapele, ke tla qetella ke kene teronkong. Ha e le hantle, ha ke le lilemo li leshome ke ne ke se ke e-na le tlaleho e mpe mapoleseng.

Ha ke tšoara selemo sa bo18, ke ile ka bitsetsoa lebothong la sesole eaba ke ba e mong oa ba lebelang meeling. Ke ile ka khutlela hae ka mor’a lilemo tse peli eaba ke sebetsa femeng, empa mosebetsi oo o ne o ntena. Ka hona, ke ile ka kena lebothong la sepolesa se loantšang merusu la Moscow, eaba ke ba mokoetlisi oa ntoa ea matsoho. Ke ile ka thusa hore ho tšoaroe likebekoa Moscow ka ba ka ea le libakeng tse ngata tseo ho neng ho e-na le meferefere teng ka har’a naha. Ke ne ke lula ke tlallane eka nka rabella motho. Ha ke khutlela hae, ka linako tse ling ke ne ke sa robale le mosali oa ka moo ke tšabang hore ke tloha ke mo lematsa ha ke robetse.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka elelloa hore bophelo bo mabifi boo ke neng ke bo phela ha bo lumellane le melao ea Bibele. Hape ke ile ka hlakeloa hore ke lokela ho khaotsa ho tsuba le ho laola tsela eo ke noang ka eona. Leha ho le joalo, ke ile ka ipehela lebaka la hore ha ke na mokhoa oa ho tlohela mosebetsi hobane ho ne ho se na lintho tse ling tseo ke li tsebang tse ka etsang hore ke fumane mosebetsi e le hore ke hlokomele lelapa la ka. Ke ne ke boetse ke nka hore le ka mohla nke ke ka ea bolela joaloka Lipaki.

Qetellong ke ile ka kholiseha hore tlaleho ea Bibele e nepahetse. Ke ile ka tšelisoa ke tlaleho e ho Ezekiele 18:21, 22. Litemana tseo li re: “Mabapi le ea khopo, haeba a ka furalla libe tsohle tsa hae tseo a li entseng . . . , litlōlo tsohle tsa hae tseo a li entseng—li ke ke tsa hopoloa khahlanong le eena.”

Ke ne ke rata taba ea hore Lipaki li ne li sa mpolelle hore na ke lokela ho lumela eng, empa li ne li nthusa hore ke nahane hantle ka seo ke ithutang sona. Ke ile ka nka limakasine tsa bona tse ka bang 40 kapa ho feta, eaba ke li bala nakong ea libeke tse tharo. Seo ke ileng ka ithuta sona moo se ile sa nkholisa hore ke fumane bolumeli ba ’nete.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Pele ke ithuta Bibele, ke ne ke le mothating oa ho hlalana le mosali oa ka. Hona joale maemo a ntlafetse haholo lenyalong la rōna. Ha ke qala ho ithuta Bibele mohats’aka le eena o ile a ithuta eaba re etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova hammoho. Lelapa la rōna le thabile haholo hona joale. Ke ile ka ba ka fumana mosebetsi o sa hohlaneng le melao-motheo ea Bibele.

Ha ke ne ke qala ho ea boboleling ba ntlo le ntlo, maikutlo a ka a ne a phahama—e leng tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona nakong e fetileng ha ke ne ke il’o loantša likebekoa kae-kae. Empa hona joale ke kholisehile hore ke se ke tseba ho itšoara, esita le ha motho a ka leka ho nkhoatha ka leihlong. Butle-butle ke ithutile hore ke se ke ka fella batho pelo. Ke ikoahlaela feela hore ebe ke sentse nako e ngata hakana bophelong, empa hona joale kea utloa hore tsela eo ke phelang ka eona ho hang hase tšenyo ea nako. Ke thabela ho sebelisa matla a ka ho sebeletsa Jehova Molimo le ho thusa ba bang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 24 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba sehlooho se reng “Na U Lokela ho Boloka Sabatha ea Beke le Beke?” Molula-Qhooeng oa February 1, 2010, leqepheng la 11-15.