Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Molimo oa ka, U Nkhopole Bakeng sa se Molemo”

“Molimo oa ka, U Nkhopole Bakeng sa se Molemo”

Atamela ho Molimo

“Molimo oa ka, U Nkhopole Bakeng sa se Molemo”

“KE NE ke nahana hore kaha Jehova o ntseba hantle, a ke ke a nthata kapa a nkamohela.” Ana ke mantsoe a ’mè e mong oa Mokreste ea neng a e-na le bothata ba ho ikhella fatše. Na le uena u kile ua ba le boikutlo boo, ua inka u se na thuso hoo Molimo a ke keng a u ela hloko kapa hona ho u amohela? Haeba ho joalo, u ka ’na ua khothatsoa ke mantsoe a tlalehiloeng ho Nehemia 13:31.

Nehemia, e leng ’musisi oa Bajuda oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., o ile a etsa sohle seo a ka se khonang hore a thabise Molimo. O ile a etella pele ha ho tsosolosoa marako a Jerusalema ho sa tsotellehe lira tse neng li le khahlanong le seo. O ile a tiisa hore Molao oa Molimo oa phethoa, a hlokomela ba hlorileng a ba a loanela ho haha tumelo ea Baiseraele ba habo. Na Molimo o ile a ela hloko lintho tse molemo tseo monna eo ea tšepahalang a li entseng? Na Jehova o ne a amohela Nehemia? Re ka fumana likarabo mantsoeng a qetellang a buka e reheletsoeng ka eena.

Ha Nehemia a rapela o re: “Molimo oa ka, u nkhopole bakeng sa se molemo.” * Na Nehemia o ne a tšoenngoa ke hore Molimo ha aa ka a ela hloko liketso tsa hae tse molemo kapa hore Molimo o tla mo lebala? Che. Ha ho pelaelo hore Nehemia o tseba seo bangoli ba bang ba Bibele ba pele ho eena ba ileng ba se bua ka taba ea hore Jehova o thahasella ka ho teba barapeli ba hae ba tšepahalang le liketso tsa bona tse molemo. (Exoda 32:32, 33; Pesaleme ea 56:8) Ka hona, ha e le hantle o kōpa Molimo hore a etse’ng? Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e re lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng mona e le “nkhopole” le bolela “ho hopola ntho e itseng hobane u e rata ebe u etsa ho itseng.” Kaha Nehemia o ne lumela ka ho feletseng hore thapelo e na le matla, o kōpa Molimo hore a mo hopole ka lerato le hore a mo hlohonolofatse.—Nehemia 2:4.

Na Jehova o tla araba thapelo ea Nehemia ea hore a mo hopole? Ha e le hantle o se a ntse a mo arabile. Taba ea hore Jehova o bone ho loketse hore ho be le tlaleho ea thapelo ea Nehemia ’me a e etsa karolo ea Mangolo a bululetsoeng, ke le leng la mabaka a re bontšang hore o hopola Nehemia ka lerato. Empa “Ea Utloang thapelo” o tla etsa se fetang seo ho araba kōpo ea Nehemia e tsoang pelong.—Pesaleme ea 65:2.

Molimo o ntse a tla putsa Nehemia ka molemo oohle oo a o entseng bakeng sa borapeli bo hloekileng. (Baheberu 11:6) Lefatšeng le lecha le tlang le lokileng leo Jehova a le tšepisitseng, o tla putsa Nehemia ka ho mo tsosa bafung. * (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) Kaha Nehemia o tla be a se a e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng, o tla bona hore ka sebele Jehova o mo hopotse bakeng sa se molemo.

Thapelo ea Nehemia e re tiisetsa hore mantsoe ana a Morena Davida ke ’nete: “Jehova, u tla hlohonolofatsa mang kapa mang ea lokileng; joalokaha eka ke ka thebe e khōlō, u tla ba lika-liketsa ka kamohelo.” (Pesaleme ea 5:12) Ka sebele Molimo o ananela boiteko ba rōna bo tsoang pelong ba ho mo thabisa. Hafeela u etsa ka hohle hore u mo sebeletse, u ka kholiseha hore o tla u hopola ka lerato ebile o tla u hlohonolofatsa haholo.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka February:

Nehemia 1-13

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Bukeng ena ea Bibele, lena ke lekhetlo la ho qetela ho a mane ao Nehemia a rapelang Molimo hore a mo putse ka liketso tsa hae tse tšepahalang.—Nehemia 5:19; 13:14, 22, 31.

^ ser. 7 Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka morero oa Molimo ka batho ba tšepahalang lefatšeng, sheba khaolo ea 3 le ea 7 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.