Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ruta Bana ba Hao Hore ba Hlomphe

Ruta Bana ba Hao Hore ba Hlomphe

Ruta Bana ba Hao Hore ba Hlomphe

MAELE a Sejeremane a re: “Ha motho a tšoere katiba ka letsoho, a ka tsamaea naheng eohle.” Litsong tse ngata, ha monna a rōla katiba ha a kena lelapeng la motho kapa a lumelisana le ba bang, ho ne ho nkoa e le ho bontša mekhoa e metle ’me seo se ne se etsa hore a hlomphuoe. Kahoo, maele a boletsoeng ka holimo a bolela hore hangata batho ba ba mosa ho batho ba nang le mekhoa e metle ebile ba ba tšoara hantle.

Ruri hoa thabisa ha bana ba e-na le mekhoa e metle! Molebeli e mong oa potoloho oa Honduras ea tsamaeang le bahoeletsi ba lilemo tse fapa-fapaneng ha a le mosebetsing oa ho paka ka ntlo le ntlo o re, “Hangata ke hlokometse hore bana ba koetlisitsoeng hantle le ba hlomphang ba ama lipelo tsa beng ba matlo ho feta seo ke se buang.”

Nakong ena eo ho hloka tlhompho ho ntseng ho eketseha, ho tseba tsela ea ho sebelisana le batho ho ka u thusa ha ba ha u tsoela molemo. Ho feta moo, Mangolo a re eletsa hore re “itšoare ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.” (Bafil. 1:27; 2 Tim. 3:1-5) Ke habohlokoa haholo hore re rute bana ba rōna hore ba hlomphe batho ba bang. Ba ka rutoa joang hore ba se ke ba iketsa eka baa hlompha empa ba hlomphe ho tsoa botebong ba pelo? *

Bana ba Ithuta Mekhoa e Metle ka ho Beheloa Mohlala

Bana ba ithuta ka ho etsisa mehlala eo ba e bonang. Kahoo, tsela e ka sehloohong eo batsoali ba ka rutang bana ba bona mekhoa e metle ka eona, ke ka hore bona ka bobona ba be le mekhoa e metle. (Deut. 6:6, 7) Ho hlalosetsa ngoan’a hao feela hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlompha batho ba bang, ha hoa lekana. Ha u ntse u mo hlalosetsa, ke habohlokoa hore u mo behele mohlala o motle.

Nahana ka mohlala oa Paula, * ea hōletseng lelapeng la Bokreste a hōlisoa ke motsoali ea se nang molekane. Ho hlompha batho bohle e ile ea e-ba botho ba hae. Hobane’ng? O re, “’Mè o ne a re behela mohlala, kahoo ho hlompha ho ne ho itlela feela ka tlhaho ho rōna.” Mokreste e mong ea bitsoang Walter o ile a ruta bara ba hae hore ba hlomphe ’mè oa bona ea sa lumelang. O re, “Ke ne ke batla ho ruta bara ba ka hore ba hlomphe ’mè oa bona ka hore ’na ke ba behele mohlala, le ka mohla ke ne ke sa bue mohats’a ka hampe.” Walter o ile a tsoela pele a ruta bara ba hae Lentsoe la Molimo, ’me a rapella hore Jehova a mo thuse. Hona joale mora e mong o sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ’me e mong ke pula-maliboho. Bara ba hae ba rata batsoali ba bona ka bobeli ebile baa ba hlompha.

Bibele e re: “Molimo hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso.” (1 Bakor. 14:33) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e etsang e na le taolo. Bakreste ba lokela ho ikitlaetsa hore ba etsise tšobotsi ena ea Molimo ’me ba etse hore malapa a bona a lule a le makhethe. Batsoali ba bang ba rutile bana ba bona hore ba alole libethe tsa bona letsatsi le leng le le leng pele ba e-ea sekolong, ba behe liaparo tsa bona sebakeng se loketseng ba be ba thuse ka mesebetsi e meng ea lelapa. Haeba bana ba bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e behiloe ka makhethe ebile e hloekile ka lapeng, ho tla ba bonolo hore le bona ba boloke likamore tsa bona le lintho tsa bona li le makhethe.

Bana ba hao ba nka lintho tseo ba ithutang tsona sekolong joang? Na ba bontša hore ba ananela seo matichere a bona a ba rutang sona? Na uena u bontša hore ua se ananela? Ho tla ba bonolo hore bana ba hao ba bontše maikutlo a tšoanang le a hao ka mosebetsi oa sekolo le ka matichere. E ka ba hantle hore u ba khothalletse hore ba tloaele ho leboha matichere a bona. Ho leboha batho ba u sebelelitseng ke mokhoa o babatsehang oa ho bontša tlhompho, ebang ke matichere, lingaka, barekisi kapa batho ba bang. (Luka 17:15, 16) Bacha ba Bakreste ba hlaheletseng ka mahetla har’a bana bao ba kenang sekolo le bona ka lebaka la ho hlompha le ho itšoara hantle, ba lokela ho babatsoa.

Litho tsa phutheho ea Bokreste li lokela ho beha mohlala o motle tabeng ea ho bontša mekhoa e metle. Ruri ke ho thabisang ho bona bana ba ka phuthehong ba bontša mekhoa e metle ka ho bua mantsoe a kang “ke kōpa” le “kea leboha”! Ha batho ba baholo ba bontša hore ba hlompha Jehova ka ho mamela se rutoang libokeng, bana ba susumelletseha ho ba etsisa. Bana ba ka ithuta ho hlompha baahelani ba bona ha ba bona mehlala ea batho ba bontšang mekhoa e metle Holong ea ’Muso. Ka mohlala, Andrew ea lilemo li ’nè o se a ithutile ho bua mantsoe a kang, “Ke kōpa ho feta,” ha a feta pel’a batho ba baholo.

Batsoali ba ka boela ba etsa’ng ho thusa bana ba bona hore ba ithute hore na ho lebeletsoe hore ba itšoare joang? Batsoali ba lokela ho ipha nako ea ho buisana le bana ba bona ka lintho tsa bohlokoa tseo ba ithutileng tsona mehlaleng e mengata e ka Lentsoeng la Molimo.—Bar. 15:4.

Ba Rute ka Mehlala e ka Bibeleng

Ho ka etsahala hore ebe ’mè oa Samuele o ile a ruta mor’a hae hore a inamele Moprista ea Phahameng, Eli. Ha a ne a isa Samuele tabernakeleng, mohlomong o ne a le lilemo li tharo kapa li ’nè. (1 Sam. 1:28) E ka ba hantle hore u rute ngoana oa hao mekhoa ea ho lumelisa e kang ho re “lumela ntate,” “lumela ’mè,” “lumela abuti,” kapa mekhoa e meng e tloaelehileng sebakeng seo le lulang ho sona. Joaloka Samuele e monyenyane, bana ba hao le bona ba ka “rateha ka ho eketsehileng ponong ea Jehova le ea batho.”—1 Sam. 2:26.

Ho ka ba joang ha u ka sebelisa litlaleho tsa Bibele ho bontša phapang pakeng tsa ho hlompha le ho se hlomphe? Ka mohlala, ha Morena Akazia ea sa tšepahaleng oa Iseraele a ne batla ho bona moprofeta Elia, o ile a romela “molaoli oa ba mashome a mahlano le ba hae ba mashome a mahlano” hore ba mo bitse. Molaoli eo o ile a laela moprofeta Elia hore a tsamaee le eena. Eo e ne e se tsela e loketseng ea ho bua le moemeli oa Molimo. Elia o ile a re’ng? O ile a re: “Joale, haeba ke le monna oa Molimo, mollo o ke o theohe maholimong ’me o chese uena le ba hao ba mashome a mahlano.” Ho ile ha fela ha etsahala joalo. “Mollo [o ile] oa theoha maholimong ’me oa chesa eena le ba hae ba mashome a mahlano.”—2 Mar. 1:9, 10.

Ho ile ha boela ha romeloa molaoli e mong oa ba 50 hore a e’o lata Elia. Le eena o ile a leka ho laela Elia hore a tsamaee le eena. Mollo o ile oa boela oa theoha maholimong. Empa joale molaoli oa boraro oa ba 50 o ile a tla ho Elia. Molaoli enoa o ile a bontša tlhompho. Ho e-na le hore a laele Elia, o ile a khumama ka pel’a hae eaba oa mo kōpa o re: “Monna oa Molimo oa ’nete, ka kōpo moea oa ka le moea oa bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano e ke e be oa bohlokoa mahlong a hao. Bona! mollo o theohile maholimong ’me oa chesa balaoli ba babeli ba pele ba ba mashome a mahlano le ba bona ba mashome a mahlano, empa joale moea oa ka e ke e be oa bohlokoa mahlong a hao.” Na moprofeta oa Molimo o ne a tla re mollo o theohele ho motho eo e ka ’nang eaba o ne a tšohile empa a buile ka tsela e bontšang tlhompho hakaalo? Eo e ne e tla be e le ntho e sa utloahaleng! Ho e-na le hoo, lengeloi la Jehova le ile la bolella Elia hore a tsamaee le molaoli enoa. (2 Mar. 1:11-15) Na seo hase bontše bohlokoa ba ho bontša tlhompho?

Ha moapostola Pauluse a ne a tšoaroa ke masole a Roma tempeleng, ha aa ka a iketsetsa qeto ea hore o ne a e-na le tokelo ea ho bua. Ka tlhompho o ile a botsa molaoli eo e neng e le eena ea ikarabellang, a re: “Na ke lumeletsoe ho bua ho hong ho uena?” Ka lebaka leo, Pauluse o ile a fuoa monyetla oa hore a ipuelle.—Lik. 21:37-40.

Ha Jesu a ne a le nyeoeng, o ile a jabeloa. Leha ho le joalo, o ne a tseba tsela e nepahetseng ea ho ipelaetsa: “Haeba ke buile ka phoso, paka malebana le phoso eo; empa haeba ke ka nepo, u nkotlela’ng?” Ha ho na motho ea neng a ka tšoaea tsela eo Jesu a neng a buile ka eona phoso.—Joh. 18:22, 23.

Lentsoe la Molimo le boetse le fana ka mehlala ea hore na re ka etsa’ng ha re khalemeloa ka matla le hore na ke joang re ka lumelang liphoso tsa nakong e fetileng ka tlhompho. (Gen. 41:9-13; Lik. 8:20-24) Ka mohlala, Abigaile o ile a kōpa tšoarelo ka tsela e hlokang tlhompho eo mohats’a hae, Nabale, a ileng a tšoara Davida ka eona. Ho phaella tabeng ea ho kōpa tšoarelo, o ile a fa Davida moqeqeko oa lijo. Davida o ile a khahloa haholo ke seo Abigaile a ileng a se etsa hoo a ileng a mo nyala ka mor’a lefu la Nabale.—1 Sam. 25:23-41.

Ruta bana ba hao ho hlompha, ho sa tsotellehe hore na ba hlompha ha ho le thata kapa ke feela taba ea ho bontša mekhoa e metle. Ho etsa hore ‘leseli la rōna le khanye ka pel’a batho’ ka tsela ena ho ‘tlotlisa Ntat’a rōna ea maholimong.’—Mat. 5:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Leha ho le joalo, batsoali ba lokela ho thusa bana ba bona hore ba hlokomele phapang pakeng tsa ho hlompha batho ba baholo le ho etsa se batloang ke batho ba nang le merero e mebe. Sheba Tsoha! ea October 2007, leqepheng la 3-11.

^ ser. 7 Mabitso a mang a fetotsoe.