Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Fumana Kamohelo ea Molimo ho Fana ka Bophelo bo sa Feleng

Ho Fumana Kamohelo ea Molimo ho Fana ka Bophelo bo sa Feleng

Ho Fumana Kamohelo ea Molimo ho Fana ka Bophelo bo sa Feleng

“Jehova, u tla hlohonolofatsa mang kapa mang ea lokileng; joalokaha eka ke ka thebe e khōlō, u tla ba lika-liketsa ka kamohelo.”—PES. 5:12.

1, 2. Elia o ile a kōpa eng ho mohlolohali oa Sarepta, hona o ile a mo tiisetsa eng?

MOHLOLOHALI oa Sarepta le mora oa hae ba ne ba lapile, ’me moprofeta oa Molimo le eena o ne a lapile. Ha mohlolohali eo a le mothating oa ho besa mollo, moprofeta Elia o ile a mo kōpa metsi le bohobe. O ne a ikemiselitse ho mo fa metsi, empa sohle seo a neng a e-na le sona e ne e le “lefupu la phofo ka nkhong e khōlō le oli e nyenyane ka nkhong e nyenyane.” O ne a nahana hore o ne a ke ke a khona ho fa moprofeta Elia lijo, ’me ke sona seo a ileng a mo bolella sona.—1 Mar. 17:8-12.

2 Elia o ile a mo phehella, a re: “U nketsetse polokoe e nyenyane ka se teng ka moo pele, u e tlise ho ’na, ’me ka mor’a moo u ka etsa ho hong bakeng sa hao le mora oa hao. Etsoe sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Nkho e khōlō ea phofo e ke ke ea fela, le nkho e nyenyane ea oli e ke ke ea fela.’”—1 Mar. 17:13, 14.

3. Ke taba efe ea bohlokoa eo re tobaneng le eona?

3 Mohlolohali eo o ne a tobane le ntho ea bohlokoa ho feta hore feela a etse qeto ea hore na o tla ngoathela Elia lijo tsa hae tsa ho qetela kapa che. Na o ne a tla tšepa Jehova hore o tla mo lopolla hammoho le mora oa hae, kapa o ne a tla nka litlhoko tsa hae tsa nama e le tsa bohlokoa ho feta hore a fumane kamohelo ea Molimo ’me e be motsoalle oa hae? Kaofela ha rōna re tobane le ho etsa qeto e tšoanang. Na re tla ameha haholo ka hore re fumane kamohelo ea Jehova ho feta ho batla tšireletseho linthong tsa nama? Re na le mabaka a utloahalang a ho tšepa Molimo le ho mo sebeletsa. Ho feta moo, ho na le mehato eo re ka e nkang e le hore re ka batla kamohelo ea hae re be re e fumane.

‘Ua Tšoaneleha ho Amohela Borapeli’

4. Ke hobane’ng ha Jehova a tšoaneloa ke hore re mo rapele?

4 Jehova o na le tokelo ea ho lebella hore batho ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang. Sehlopha sa bahlanka ba hae ba leholimong se ile sa tiisa taba ena se le ntsoe-leng, sa re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” (Tšen. 4:11) Kaha Jehova ke ’Mōpi, o tšoaneloa ke hore re mo rapele.

5. Ke hobane’ng ha lerato la Molimo le lokela ho re susumelletsa hore re mo sebeletse?

5 Lebaka le leng la hore re sebeletse Jehova ke hore o re rata ka lerato le ke keng la lekanngoa. Bibele e re: “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.” (Gen. 1:27) Motho o na le boikhethelo ’me Molimo o mo file bokhoni ba hore a nahane a be a etse liqeto. Kaha Jehova o re file bophelo, e ile ea e-ba Ntate oa batho. (Luka 3:38) Joaloka ntate ofe kapa ofe ea molemo, o entse sohle ho fa bara le barali ba hae seo ba se hlokang e le hore ba thabele bophelo. ‘O chabisa letsatsi la hae’ ’me ‘o nesa pula,’ e le hore Lefatše le ka re hlahisetsa lijo tse ngata ’me ho be le tikoloho e ntle.—Mat. 5:45.

6, 7. (a) Adama o ile a bakela bana ba hae mahlomola afe? (b) Sehlabelo sa Kreste se tla etsetsa batho ba batlang kamohelo ea Molimo eng?

6 Jehova o boetse o re lopolotse liphellong tse bohloko tsa sebe. Ha Adama a ne a etsa sebe, o ile a tšoana le motho ea bechang, ea utsoetsang lelapa la hae chelete e le hore a il’o becha. Ha Adama a ne a fetohela Jehova, o ile a amoha bana ba hae monyetla oo ba neng ba ka ba le oona—e leng oa ho ba le thabo ea ka ho sa feleng. Boikhabi ba hae bo ile ba etsa hore batho e be makhoba a ho se phethahale. Ka lebaka leo, batho bohle baa kula, baa hlonama ’me qetellong baa shoa. Ho hlokahala tefello e le hore lekhoba le lokolloe, ’me Jehova o fane ka tefello e ka re lopollang liphellong tseo tse tšosang. (Bala Baroma 5:21.) A sebetsa tumellanong le thato ea Ntate oa hae, Jesu Kreste o ile a “fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Mat. 20:28) Haufinyane bohle ba fumaneng kamohelo ea Molimo ba tla fumana melemo e feletseng ea tefello eo ea thekollo.

7 ’Mōpi oa rōna, Jehova, o entse ho fetang hoo mang kapa mang a neng a ka ho etsa ho re fa bophelo bo thabisang le bo nang le morero. Ha re e-na le kamohelo ea hae, re tla khona ho bona kamoo a tla felisa mahlomola ’ohle a ’nileng a bakeloa batho. Jehova o tla tsoela pele ho bontša e mong le e mong oa rōna kamoo e bang “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheb. 11:6.

“Batho ba Hao ba Tla Itlhahisa ka ho Rata”

8. Se ileng sa etsahalla Esaia se re ruta’ng mabapi le ho sebeletsa Molimo?

8 Ho fumana kamohelo ea Molimo ho akarelletsa hore re sebelise boikhethelo ba rōna ka tsela e loketseng. Lebaka ke hore Jehova ha a qobelle mang kapa mang hore a mo sebeletse. Mehleng ea Esaia, O ile a botsa: “Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?” Jehova o ile a bontša hore o hlompha moprofeta Esaia ka ho ela hloko tokelo ea hae ea ho etsa qeto. Nahana hore na Esaia o ne a khotsofetse hakae ha a ne a araba, a re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esa. 6:8.

9, 10. (a) Re lokela ho sebeletsa Molimo ka moea ofe? (b) Ke hobane’ng ha e le ho loketseng hore re sebeletse Jehova ka moea oohle?

9 Batho ba na le boikhethelo ba ho sebeletsa Molimo kapa ho se mo sebeletse. Jehova o batla hore re mo sebeletse ka ho rata. (Bala Joshua 24:15.) Batho leha e le bafe ba sa rateng ho rapela Molimo ba ke ke ba mo khahlisa; ebile ha a amohele boinehelo ba batho bao ha e le hantle sepheo sa bona e leng ho khahlisa batho ba bang. (Bakol. 3:22) Haeba re ne re ka etsa tšebeletso e halalelang ka ho “tsilatsila,” ka ho lumella lintho tsa lefatše hore li sitise borapeli ba rōna, re ne re ke ke ra fumana kamohelo ea Molimo. (Ex. 22:29) Jehova oa tseba hore ho mo sebeletsa ka moea oohle ho re tsoela molemo. Moshe o ile a phehella Baiseraele hore ba khethe bophelo ‘ka hore ba rate Jehova Molimo oa bona, ba mamele lentsoe la hae ’me ba mo khomarele.’—Deut. 30:19, 20.

10 Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a binela Jehova, a re: “Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata letsatsing la lebotho la hao la sesole. Bokhabaneng ba khalalelo, ho tsoa pōpelong ea mafube, u na le sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka.” (Pes. 110:3) Kajeno batho ba bangata ba phelela boikhathollo feela le hore ba eme hantle licheleteng. Leha ho le joalo, ho batho ba ratang Jehova, tšebeletso e halalelang e tla pele ho ntho efe kapa efe. Cheseho eo ba bolelang litaba tse molemo ka eona e bontša hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba bona. Ba kholisehile ka ho feletseng hore Jehova o khona ho ba fa lintho tseo ba li hlokang letsatsi le letsatsi.—Mat. 6:33, 34.

Mahlabelo ao Molimo a a Amohelang

11. Baiseraele ba ne ba lebeletse ho fumana melemo efe ha ba ne ba nyehela mahlabelo ho Jehova?

11 Tlas’a selekane sa Molao, batho ba Molimo ba ne ba nyehela mahlabelo a loketseng e le hore a ba amohele. Levitike 19:5 e re: “Haeba le hlabela Jehova sehlabelo se kopanetsoeng, le lokela ho se hlabela hore le iphumanele kamohelo.” Bukeng eona eo ea Bibele, ho thoe: “Haeba le lokela ho hlabela Jehova sehlabelo sa liteboho, le lokela ho se etsa bakeng sa hore le iphumanele kamohelo.” (Lev. 22:29) Ha Baiseraele ba ne ba nyehela mahlabelo a loketseng a liphoofolo aletareng ea Jehova, mosi o neng o tsoa o ne o tšoana le “monko o khathollang” ho Molimo oa ’nete. (Lev. 1:9, 13) Mahlabelo a joalo a bontšang lerato ao batho ba hae ba neng ba a etsa, a ne a etsa hore a ikutloe a khatholohile. (Gen. 8:21) Litšobotsing tsena tsa Molao re fumana molao-motheo o sebetsang kajeno. Batho ba nyehelang mahlabelo a amohelehang ho Jehova ba fumana kamohelo ea hae. O amohela mahlabelo afe? Nahana ka likarolo tse peli bophelong: boitšoaro ba rōna le seo re se buang.

12. Ke mekhoa efe e ka etsang hore ho ‘hlahisa ’mele ea rōna e le sehlabelo’ ho Molimo ho nyonyehe?

12 Lengolong leo a neng a le ngoletse Baroma, moapostola Pauluse o ile a re: “Le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana.” (Bar. 12:1) E le hore motho a fumane kamohelo ea Molimo, o lokela ho etsa hore ’mele oa hae o lule o amoheleha ho Molimo. Haeba a ne a ka itšilafatsa ka koae, betel nut, lithethefatsi tse seng molaong kapa ho sebelisa joala hampe, nyehelo eo e ne e tla be e se na thuso. (2 Bakor. 7:1) Ho feta moo, kaha motho “ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae,” boitšoaro bo bobe ba mofuta ofe kapa ofe bo etsa hore nyehelo ea hae e nyonyehe ho Jehova. (1 Bakor. 6:18) E le hore motho a khahlise Molimo, o tlameha ho ‘halalela boitšoarong bohle ba hae.’—1 Pet. 1:14-16.

13. Ke hobane’ng ha ho loketse hore re rorise Jehova?

13 Sehlabelo se seng seo Jehova a se thabelang se amana le seo re se buang. Kamehla batho ba ratang Jehova ba ’nile ba mo rorisa phatlalatsa le moo ba leng bang lapeng. (Bala Pesaleme ea 34:1-3.) Bala Pesaleme ea 148-150, ’me u hlokomele hore na lipesaleme tsena tse tharo li re khothalletsa hangata hakae hore re rorise Jehova. Ka sebele, “thoriso e loketse ho ba lokileng.” (Pes. 33:1) Ho feta moo, motho ea re behetseng mohlala, e leng Jesu Kreste, o ile a hatisa bohlokoa ba ho rorisa Molimo ka ho bolela litaba tse molemo.—Luka 4:18, 43, 44.

14, 15. Hosea o ile a phehella Baiseraele hore ba nyehele mahlabelo a mofuta ofe, hona Jehova o ile a ikutloa joang?

14 Ha re bolela litaba tse molemo ka cheseho re bontša hore re rata Jehova le hore re labalabela ho fumana kamohelo ea hae. Ka mohlala, nahana kamoo moprofeta Hosea a ileng a eletsa Baiseraele ba neng ba amohetse borapeli ba bohata kateng, ba bile ba lahlehetsoe ke kamohelo ea Molimo. (Hos. 13:1-3) Hosea o ile a ba bolella hore ba kōpe ka tieo ba re: “E se eka [Jehova] u ka tšoarela phoso; ’me u amohele se molemo, ’me re tla nyehela e le puseletso lipohoana tsa melomo ea rōna.”—Hos. 14:1, 2.

15 Poho e ne e le phoofolo e turang ka ho fetisisa eo Moiseraele a neng a ka e nyehela ho Jehova. Kahoo, “lipohoana tsa melomo ea rōna” li ne li bolela mantsoe a tsoang botebong ba pelo le a nahannoeng hantle, a rorisang Molimo oa ’nete. Jehova o ile a ikutloa joang ka batho ba neng ba etsa mahlabelo a joalo? O ile a re: “Ke tla ba rata ka boithatelo ba ka.” (Hos. 14:4) Jehova o ne a tšoarela batho ba neng ba nyehela mahlabelo a joalo a thoriso, a ba amohela ’me e e-ba motsoalle oa bona.

16, 17. Ha tumelo eo motho a nang le eona ho Molimo e mo susumelletsa hore a bolele litaba tse molemo, Jehova o ikutloa joang ka thoriso ea motho ea joalo?

16 Haesale ho rorisa Jehova phatlalatsa e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete. Mopesaleme o ne a nka ho tlotlisa Molimo oa ’nete e le habohlokoa haholo hoo a ileng a mo kōpa ka tieo, a re: “Jehova, ka kōpo u khahlisoe ke linyehelo tsa boithaopo tsa molomo oa ka.” (Pes. 119:108) Kajeno teng? Esaia o ile a profeta tjena ha a ne a bua ka batho ba bangata ba mehleng ea rōna: “Ba tla tsebahatsa lithoriso tsa Jehova. . . . Ka tumello [limpho tsa bona] li tla nyolohela aletareng ea ka [ea Molimo].” (Esa. 60:6, 7) E le ho phethahatsa seo, batho ba limilione ba nyehela ho Molimo “sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.”—Baheb. 13:15.

17 Uena? Na u nyehela mahlabelo a amohelehang ho Molimo? Haeba ha ho joalo, na u tla etsa liphetoho tse hlokahalang ’me u qale ho rorisa Jehova phatlalatsa? Ha tumelo e u susumelletsa hore u qale ho bolela litaba tse molemo, nyehelo ea hao e tla ba e “khahlisang ho Jehova ho feta poho.” (Bala Pesaleme ea 69:30, 31.) Kholiseha hore “monko o khathollang” oa sehlabelo sa hao sa thoriso o tla fihla ho Jehova ’me u tla fumana kamohelo ea hae. (Ezek. 20:41) Thabo eo u tla ba le eona ka mor’a moo ke e ke keng ea lekanngoa.

‘Jehova o Tla Hlohonolofatsa Mang Kapa Mang ea Lokileng’

18, 19. (a) Kajeno batho ba bangata ba na le maikutlo afe ka ho sebeletsa Molimo? (b) Ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo ho fella ka eng?

18 Kajeno, batho ba bangata ba fihlela qeto e tšoanang le eo ba bang ba ileng ba e fihlela mehleng ea Malakia: “Ha ho thuse letho ho sebeletsa Molimo! re rua’ng, ha re boloka seo o re laetseng sona?” (Mal. 3:14, Bibele ea Sesotho) Kaha ba laoloa ke ho rata lintho tsa nama, ba nka hore morero oa Molimo o ke ke oa phethahala le hore melao ea hae ha e sa sebetsa. Ho bona, ho bolela litaba tse molemo ke mokhoka-khoale ebile ke tšenyo ea nako.

19 Maikutlo a joalo a simolohile serapeng sa Edene. Satane ke eena ea ileng a phehella Eva hore a hlokomolohe molemo oa ’nete oa bophelo bo hlollang boo Jehova a neng a mo file bona le hore a se ke a natsa kamohelo ea Hae. Kajeno, Satane o lula a leka ho susumelletsa batho hore ba lumele hore ba ke ke ba rua molemo oa letho ka ho etsa thato ea Molimo. Leha ho le joalo, Eva le monna oa hae ba ile ba hlokomela hore ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo ho ne ho bolela ho lahleheloa ke bophelo ba bona. Kajeno batho ba latelang mohlala oa bona o mobe, haufinyane le bona ba tla hlokomela hore ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo ho bolela ho lahleheloa ke bophelo.—Gen. 3:1-7, 17-19.

20, 21. (a) Mohlolohali oa Sarepta o ile a etsa’ng, ’me phello e ile ea e-ba efe? (b) Re lokela ho etsisa mohlolohali oa Sarepta joang, hona hobane’ng?

20 Hlokomela kamoo litholoana tse bosula tseo Adama le Eva ba ileng ba li kotula li fapaneng kateng le se ileng sa etsahala ka mor’a liketsahalo tse boletsoeng pejana tse amang Elia le mohlolohali oa Sarepta. Ka mor’a hore mosali eo a utloe mantsoe a khothatsang a Elia, o ile a apeha bohobe ’me a ngoathela moprofeta Elia pele. Joale, Jehova o ile a phethahatsa tšepiso eo a neng a e boletse a sebelisa Elia. Tlaleho e re: “A tsoela pele ho ja, mosali eo hammoho le eena le ba ntlo ea hae, ka matsatsi-tsatsi. Nkho e khōlō ea phofo ha ea ka ea fela, le nkho e nyenyane ea oli ha ea ka ea fela, ho ea ka lentsoe la Jehova leo a neng a le buile ka Elia.”—1 Mar. 17:15, 16.

21 Mohlolohali oa Sarepta o ile a etsa ntho eo e leng batho ba seng bakae feela har’a batho ba libilione ba phelang hona joale ba ikemiselitseng ho e etsa. O ile a tšepa Molimo oa poloko ka ho feletseng, ’me Molimo ha aa ka a mo lahla kherehloa. Tlaleho ena le tse ling tsa Bibele li tiisa hore re tšoanela ho tšepa Jehova. (Bala Joshua 21:43-45; 23:14.) Bophelo ba Lipaki Tsa Jehova tsa mehleng ena bo fana ka bopaki bo boholo le ho feta ba hore le ka mohla a ke ke a lahla kherehloa batho ba nang le kamohelo ea hae.—Pes. 34:6, 7, 17-19. *

22. Ke hobane’ng ha ho potlakile hore re batle kamohelo ea Molimo ntle ho tieho?

22 Letsatsi la Molimo la kahlolo “holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle” le haufi. (Luka 21:34, 35) Motho a ke ke a le qoba. Ha ho maruo kapa mabothobotho a lintho tse bonahalang ao le ka mohla a ka bapisoang le molemo oa ho utloa ha Moahloli ea khethiloeng ke Molimo a re: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’muso oo le o lokiselitsoeng.” (Mat. 25:34) Ka sebele, ‘Jehova o tla hlohonolofatsa mang kapa mang ea lokileng; joalokaha eka ke ka thebe e khōlō, o tla ba lika-liketsa ka kamohelo.’ (Pes. 5:12) Na ha rea lokela ho batla kamohelo ea Molimo?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 21 Sheba Molula-Qhooa oa March 15, 2005, leqepheng la 13, serapeng sa 15; oa August 1, 1997, leqepheng la 20-25.

Na U sa Hopola?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle?

• Kajeno Jehova o amohela mahlabelo afe?

• Mantsoe a reng “lipohoana tsa melomo ea rōna” a bolela’ng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho li nyehela ho Jehova?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho batla kamohelo ea Molimo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Moprofeta oa Molimo o ile a teka taba efe ea bohlokoa ka pel’a ’mè ea neng a futsanehile?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Re fumana molemo ofe ha re nyehela sehlabelo sa thoriso ho Jehova?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Le ka mohla u ke ke ua soetseha ha u tšepa Jehova ka pelo eohle