Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Rata ho Loka ka Pelo ea Hao Eohle

Rata ho Loka ka Pelo ea Hao Eohle

Rata ho Loka ka Pelo ea Hao Eohle

“U ratile ho loka.”—PES. 45:7.

1. Ke eng e tla re thusa ho latela ‘litsela tsa ho loka’?

JEHOVA o sebelisa Lentsoe la hae le moea oa hae o halalelang ho tsamaisa batho ba hae “litseleng tsa ho loka.” (Pes. 23:3) Leha ho le joalo, kaha ha rea phethahala, re atisa ho kheloha tseleng eo. Ho hlokahala hore re ikitlaetse e le hore re ka boela ra etsa se lokileng. Ke eng e tla re thusa hore re atlehe? Joaloka Jesu, re tlameha ho rata ho etsa se nepahetseng.—Bala Pesaleme ea 45:7.

2. ‘Litsela tsa ho loka’ ke eng?

2 ‘Litsela tsa ho loka’ ke eng? ‘Litsela’ tsena tsa tšoantšetso ke tsela ea bophelo e thehiloeng melaong ea Jehova ea ho loka. Ka Seheberu le ka Segerike, “ho loka” ho bolela ntho e “khabane,” ’me ho fana ka maikutlo a ho latela melao ea boitšoaro ka hloko. Kaha Jehova ke “sebaka sa bolulo sa ho loka,” barapeli ba hae ba thabela hore e be eena ea ba khethelang tsela e nepahetseng ea boitšoaro eo ba lokelang ho e latela.—Jer. 50:7.

3. Ke joang re ka ithutang lintho tse ngata mabapi le ho loka ha Molimo?

3 Re tla be re khahlisa Molimo ka ho feletseng haeba feela re ikitlaetsa ka lipelo tsohle tsa rōna hore re phele ka melao ea hae e lokileng. (Deut. 32:4) Seo se qala ka hore re ithute sohle seo re ka se khonang ka Jehova Molimo, Lentsoeng la hae e leng Bibele. Ha re ntse re ithuta haholo ka eena re bile re atamela haufi le eena letsatsi le leng le le leng, re tla rata ho loka ha hae le ho feta. (Jak. 4:8) Hape re tlameha ho amohela tataiso ea Lentsoe le bululetsoeng la Molimo ha ho hlokahala hore re etse liqeto tsa bohlokoa bophelong.

Batla ho Loka ha Molimo

4. Ho batla ho loka ha Molimo ho akarelletsa’ng?

4 Bala Matheu 6:33. Ho batla ho loka ha Molimo ha ho bolele feela ho qeta nako re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. E le hore tšebeletso ea rōna e halalelang e ka amoheleha ho Jehova, tsela eo re itšoarang ka eona letsatsi le leng le le leng e tlameha ho lumellana le melao ea hae e phahameng. Bohle ba batlang ho loka ha Jehova ba lokela ho etsa’ng? Ba tlameha hore ba “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.”—Baef. 4:24.

5. Ke eng e tla re thusa hore re hlōle ho nyahama?

5 Ha re ntse re loanela ho phela tumellanong le melao e lokileng ea Molimo, ka linako tse ling re ka ’na ra nyahamisoa ke mefokolo ea rōna. Ke eng e ka re thusang hore re hlōle ho nyahama ho tepeletsang re be re ithute ho rata ho loka le ho phela ka hona? (Liprov. 24:10) Re lokela ho rapela Jehova kamehla “ka lipelo tsa ’nete ka kholiseho e feletseng ea tumelo.” (Baheb. 10:19-22) Ebang re Bakreste ba tlotsitsoeng kapa tšepo ea rōna ke ho phela lefatšeng, re bontša tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste le litšebeletsong tsa hae e le Moprista oa rōna e moholo ea Phahameng. (Bar. 5:8; Baheb. 4:14-16) Tsela eo mali a tšolotsoeng a Jesu a atlehang ka eona e ile ea hlakisoa khatisong ea pele ea Senyesemane ea makasine ena. (1 Joh. 1:6, 7) Sehloohong seo ho ile ha thoe: “Ke ’nete hore [ha] ntho e ’mala o bofubelu ba sekareleta kapa ba krimsone [e] shejoa ka khalase e khubelu khanyeng, ntho eo e bonahala e le tšoeu; kahoo, le hoja libe tsa rōna li ka ba joaloka sekareleta kapa krimsone, ha re li sheba kamoo Molimo a li shebang kateng ka mali a Kreste, li nkoa li le tšoeu.” (July 1879, leq. 6) Ruri Jehova o re etselitse tokisetso e babatsehang ka sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae ea ratoang!—Esa. 1:18.

Hlahloba Lihlomo Tsa Hao Tsa Moea

6. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa haholo hore re hlahlobe lihlomo tsa rōna tsa moea?

6 Ka linako tsohle, re lokela ho apara “tšireletso ea sefuba ea ho loka,” hobane ke karolo ea bohlokoa ea lihlomo tsa moea tse tsoang ho Molimo. (Baef. 6:11, 14) Ebang re sa tsoa inehela ho Jehova kapa e se e le lilemo tse mashome re etsa tšebeletso e halalelang, ke habohlokoa haholo hore re hlahlobe lihlomo tsa rōna tsa moea letsatsi le leng le le leng. Hobane’ng? Hobane Diabolose le bademona ba hae ba lihetsoe lefatšeng. (Tšen. 12:7-12) Satane o halefile ’me oa tseba hore nako ea hae e khutšoanyane. Kahoo, o loana ea khumamela khahlanong le batho ba Molimo. Na re utloisisa bohlokoa ba ho apara “tšireletso ea sefuba ea ho loka”?

7. Re tla itšoara joang haeba re utloisisa hore re hloka “tšireletso ea sefuba ea ho loka”?

7 Tšireletso ea sefuba e sireletsa pelo ea sebele. Kaha ha rea phethahala, lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li atisa ho ba bolotsana ebile li tsitlella seo li se batlang. (Jer. 17:9) Kaha lipelo tsa rōna li sekametse ho etseng se fosahetseng, ke habohlokoa haholo hore re li koetlise le ho li laea. (Gen. 8:21) Haeba re utloisisa hore re hloka “tšireletso ea sefuba ea ho loka,” re ke ke ra e hlobola ka nakoana ka hore re khethe ho ithabisa ka lintho tseo Molimo a li hloileng; ebile re ke ke ra itumella hore re lule re nahana ka ho etsa phoso. Re ke ke ra senya nako e ngata ea bohlokoa re shebeletse thelevishene. Ho e-na le hoo, re tla lula re loanela ho etsa lintho tse khahlisang Jehova. Esita le haeba re ne re ka khoptjoa ebe ka nakoana re inehella monahano oa nama o sa lokang, re ne re tla boela re eme ka thuso ea Jehova.—Bala Liproverbia 24:16.

8. Ke hobane’ng ha re hloka “thebe e khōlō ea tumelo”?

8 Karolo e ’ngoe ea lihlomo tsa rōna tsa moea ke “thebe e khōlō ea tumelo.” E re thusa hore re ‘time metsu eohle e tukang ea ea khopo.’ (Baef. 6:16) Ka lehlakoreng le leng, tumelo eo re nang le eona ho Jehova le lerato leo re mo ratang ka lona ka lipelo tsohle, li re thusa hore re etse ho loka ’me re lule re le tseleng e eang bophelong bo sa feleng. Ha re ithuta ho rata Jehova haholo, re tla ananela ho loka ha hae le ho feta. Empa matsoalo a rōna a ameha joang? A re thusa joang ha re ntse re ikitlaelletsa ho rata ho loka?

Lula U E-na le Letsoalo le Letle

9. Re rua molemo joang ha re lula re e-na le matsoalo a matle?

9 Ha re ne re kolobetsoa, re ile ra kōpa hore Jehova a re fe “letsoalo le letle.” (1 Pet. 3:21) Kaha re na le tumelo thekollong, mali a Jesu a koahela libe tsa rōna ’me seo se etsa hore re be le kamano e haufi le Molimo. Leha ho le joalo, e le hore re ka lula re e-na le kamano eo e haufi le Molimo, ho hlokahala hore re lule re e-na le matsoalo a matle. Haeba ka linako tse ling matsoalo a rōna a re qosa a bile a re lemosa, re lokela ho leboha hore ebe a sebetsa ka nepo. Ha matsoalo a rōna a sebetsa ka tsela e joalo, seo se bontša hore ha aa cha mabapi le litsela tse lokileng tsa Jehova. (1 Tim. 4:2) Empa letsoalo le ka boetse la phetha karolo e ’ngoe ho batho ba ratang ho loka.

10, 11. (a) Pheta phihlelo e bontšang hore na ke hobane’ng ha re lokela ho mamela matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ke Bibele. (b) Ke hobane’ng ha ho rata ho loka ho ka re thabisa haholo?

10 Ha re etsa ntho e fosahetseng, matsoalo a rōna a ka ’na a re tšoaea phoso kapa a re tšetšetha. Mocha e mong o ile a kheloha “litseleng tsa ho loka.” O ile a lemalla litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso a ba a qala ho tsuba matekoane. O ne a ikutloa a le molato ha a ne a e-ea libokeng ebile a ikutloa eka ke moikaketsi ha a ne a kopanela tšebeletsong ea tšimo, kahoo o ile a khaotsa ho kopanela mesebetsing ena ea Bokreste. O ile a re: “Empa ke ne ke sa hlokomele hore letsoalo la ka le ne le tla ntšoenya ka lebaka la liketso tsa ka.” O ile a phaella ka ho re, “Ke ile ka phela bophelo boo ba booatla ka lilemo tse ka bang ’nè.” Ka mor’a moo, o ile a qala ho nahana ka ho khutlela ’neteng. Le hoja a ne a nahana hore Jehova o ne a ke ke a mamela thapelo ea hae, ho ntse ho le joalo o ile a rapela eaba o kōpa tšoarelo. Pele ho feta metsotso e leshome, ’mè oa hae o ile a mo etela a ba a mo khothalletsa hore a boele a ee libokeng. O ile a ea Holong ea ’Muso ’me a kōpa hore moholo e mong a mo khannele thuto. Ka mor’a nako e itseng, o ile a kolobetsoa, ’me o leboha Jehova hore ebe o ile a pholosa bophelo ba hae.

11 Ruri rea hlokomela hore ho etsa se nepahetseng ho ka re thabisa haholo! Ho feta moo, ha re ntse re ithuta ho rata ho loka re bile re phela ka hona haholoanyane, re tla thabela ho etsa se khahlisang Ntate oa rōna ea leholimong le ho feta. Nahana feela! Ka letsatsi le leng matsoalo a batho bohle a tla ba tlisetsa maikutlo a thabisang feela; ba tla bonahatsa setšoantšo sa Molimo ka tsela e phethahetseng. Kahoo, a re etseng hore lerato leo re ratang ho loka ka lona le thophothele lipelong tsa rōna ’me re thabise Jehova.—Liprov. 23:15, 16.

12, 13. Re ka koetlisa matsoalo a rōna joang?

12 Re ka etsa’ng e le hore re koetlise matsoalo a rōna? Ha re ithuta Mangolo le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, ke habohlokoa hore re hopole hore “pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.” (Liprov. 15:28) Nahana kamoo sena se re tsoelang molemo kateng ha re tobane le lipotso tse amanang le mosebetsi. Haeba mosebetsi o itseng o hohlana ka ho toba le seo Mangolo a se hlokang, bongata ba rōna re potlakela ho latela tataiso e fanoeng ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. Leha ho le joalo, haeba ho se na karabo e hlakileng tabeng ea mosebetsi, re lokela ho hlokomela ’me ka thapelo re nahane ka melao-motheo ea Bibele. * Sena se sebetsa tabeng ea melao-motheo e kang ea ho qoba ho khopisa matsoalo a batho ba bang. (1 Bakor. 10:31-33) Re lokela ho ameha haholo-holo ka melao-motheo e amanang le kamano ea rōna le Molimo. Haeba re nka hore Jehova ke motho oa sebele, potso e ka sehloohong eo re tla ipotsa eona ke ena, ‘Na ha ke etsa mosebetsi oo, seo se tla utloisa Jehova bohloko?’—Pes. 78:40, 41.

13 Ha re lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa kapa Thuto ea Bibele ea Phutheho, re tšoanela ho hopola hore re thuise ka boitsebiso bo tšohloang. Na re ee re iphumane re thalla likarabo mela ebe re fetela serapeng se latelang ka lepotlapotla? Ho ithuta ka tsela e joalo ho ke ke ha etsa hore lerato leo re ratang ho loka ka lona le be matla kapa ha etsa hore matsoalo a rōna a potlakele ho sebetsa. E le hore re ka rata ho loka, re lokela ho ithuta ka mafolofolo re be re thuise ka seo re se balang Lentsoeng la Molimo le ngotsoeng. Ruri re lokela ho ikitlaetsa e le hore re ka ithuta ho rata ho loka ka lipelo tsohle tsa rōna!

Lapela ho Loka U be U ho Nyoreloe

14. Jehova Molimo le Jesu Kreste ba batla hore re ikutloe joang ka tšebeletso ea rōna e halalelang?

14 Jehova Molimo le Jesu Kreste ba batla hore re etse tšebeletso ea rōna e halalelang re thabile. Ke eng e tla re thusa hore re thabe? Ka sebele, ke ho rata ho loka! Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ho thaba ba lapelang le ho nyoreloa ho loka, kaha ba tla khorisoa.” (Mat. 5:6) Bohlokoa ba mantsoe aa ke bofe ho batho ba batlang ho rata ho loka?

15, 16. Batho ba lapetseng le ho nyoreloa lintho tsa moea ba ka khotsofatsoa ka litsela life?

15 Lefatše leo re phelang ho lona le busoa ke ea khopo. (1 Joh. 5:19) Ha re bala koranta ea litaba naheng efe kapa efe, re fumana litlaleho tse ngata haholo tse buang ka sehlōhō le pefo. Tsela eo batho ba tšoaranang ka sehlōhō ka eona e etsa hore batho ba lokileng ba sisimohe. (Moek. 8:9) Kaha re rata Jehova, rea tseba hore ke eena feela ea ka khotsofatsang batho ba lapileng le ba nyoriloeng moeeng, ba labalabelang ho ithuta ho loka. Haufinyane batho ba sa tšabeng Molimo ba tla felisoa, ’me ba ratang ho loka ha ba sa tla hlaheloa ke mahlomola a bakoang ke batho ba nyelisang molao hammoho le liketso tsa bona tse khopo. (2 Pet. 2:7, 8) Re tla be re utloe le litsebeng!

16 Kaha re bahlanka ba Jehova ebile re balateli ba Jesu Kreste, rea hlokomela hore batho bohle ba lapetseng le ho nyoreloa ho loka “ba tla khorisoa.” Ba tla khotsofatsoa ka ho feletseng ka tokisetso ea Molimo ea maholimo a macha le lefatše le lecha tseo “ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Pet. 3:13) Kahoo, a re se keng ra felloa ke tšepo kapa ra makalla hore ebe khatello le pefo li felisitse ho loka lefatšeng lena la Satane. (Moek. 5:8) Jehova, Ea Phahameng ka ho Fetisisa, o tseba se etsahalang ’me haufinyane o tla lopolla batho ba ratang ho loka.

Rua Molemo ka Lebaka la ho Rata ho Loka

17. Melemo e meng ea ho rata ho loka ke efe?

17 Pesaleme ea 146:8 e totobatsa molemo o ikhethang oa ho latela tsela ea ho loka. Mopesaleme o ile a bina a re: “Jehova o rata ba lokileng.” Nahana feela! ’Musi oa Bokahohle oa re rata kaha re rata ho loka! Ka lebaka la lerato la Jehova, re kholisehile hore o tla re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang ha re ntse re etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele bophelong ba rōna. (Bala Pesaleme ea 37:25; Liproverbia 10:3.) Qetellong, lefatše lena lohle e tla ba la batho ba ratang ho loka. (Liprov. 13:22) Batho ba bangata ba Molimo ba ileng ba phelela ho loka, ba tla fumana thabo e khaphatsehang le bophelo bo sa feleng lefatšeng le letle la paradeise. Esita le hona joale, batho ba ratang ho loka ha Molimo ba putsoa ka kelello e khutsitseng e etsang hore ho be le kutloano malapeng a bona le liphuthehong tsa habo bona.—Bafil. 4:6, 7.

18. Ke lintho life tse ntle tseo re ka li etsang ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova?

18 Ha re ntse re letetse hore letsatsi le leholo la Jehova le fihle, re tlameha ho tsoela pele re batla ho loka. (Sof. 2:2, 3) Ka lebaka leo, a re bontšeng hore re rata litsela tse lokileng tsa Jehova Molimo e le kannete. Seo se akarelletsa hore re lule re apere “tšireletso ea sefuba ea ho loka” e le hore re sireletse lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso. Hape re lokela ho lula re e-na le letsoalo le letle—e leng le tla re thabisa le be le thabise pelo ea Molimo oa rōna.—Liprov. 27:11.

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng, hona ho tla tšohloa’ng sehloohong se latelang?

19 “Mahlo a [Jehova] a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likron. 16:9) Mantsoe ao a re khothatsa hakaakang ha re ntse re etsa se nepahetseng ho sa tsotellehe ho hloka botsitso, pefo le bokhopo bo ntseng bo eketseha lefatšeng lee le tletseng likhathatso! Ke ’nete hore litsela tsa rōna tse lokileng li ka ’na tsa makatsa batho ba bangata ba arohaneng le Molimo. Empa re rua molemo haholo ha re khomarela ho loka ha Jehova. (Esa. 48:17; 1 Pet. 4:4) Ka hona, ka lipelo tse feletseng, a re ikemisetseng ho tsoela pele re thabela ho rata le ho phelela ho loka ka lipelo tsohle tsa rōna. Leha ho le joalo, ho ba le pelo e feletseng ho boetse ho akarelletsa ho hloea tlōlo ea molao. Sehloohong se latelang ho tla bontšoa hore na sena se bolela’ng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Sheba Molula-Qhooa oa April 15, 1999, leqepheng la 28-30 moo ho tšohloang melao-motheo ea Bibele e amanang le litaba tsa mosebetsi.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ananele thekollo e le hore re ka rata ho loka?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa haholo hore re apare “tšireletso ea sefuba ea ho loka”?

• Re ka koetlisa matsoalo a rōna joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Matsoalo a koetlisitsoeng a re thusa hore re tsebe seo re lokelang ho se etsa ha re tobane le lipotso tse amanang le mosebetsi