Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boprofeta ba Bohlokoa Haholo

Boprofeta ba Bohlokoa Haholo

Boprofeta ba Bohlokoa Haholo

“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—MATHEU 24:14.

LITSEBI li re temana eo ke ea bohlokoa haholo. Ke ea bohlokoa hobane mosebetsi oo e buang ka oona o lokela ho etsoa lefatšeng ka bophara. Hape ke ea bohlokoa hobane e bua ka seo Bakreste ba lokelang ho se etsa, e leng mosebetsi oa ho bolela o tla etella pele seo Jesu a ileng a se bitsa “bofelo” le o tla phatlalatsa ketsahalo eo ea bohlokoa e tla etsahala hohle.

Boprofeta ba temana eo boa phethahala kajeno. Boa u ama hobane litaba tse molemo li na le memo hammoho le temoso. Bo u fa khetho: Amohela ’Muso oa Molimo kapa u o hanyetse. Khetho eo u e etsang e ama bophelo ba hao.

Nahanisisa ka se neng se tšohloa ha ho tla hlaha taba ena. Matsatsi a ’maloa pele Jesu a khokhotheloa, barutuoa ba hae ba ile ba tla ho eena ’me ba mo botsa ka bokamoso. Ba ne ba thahasella ho tseba hore na ’Muso oa Molimo, oo Jesu a neng a bua ka oona khafetsa, o tla thehoa neng. Hape ba ne ba batla ho tseba ka “qetello ea tsamaiso ea lintho” kapa joalokaha Libibele tse ling li beha taba, “ho fela ha lefatše.”—Matheu 24:3, Bibele ea Sesotho.

Ha Jesu a arabela, o ile a re ho tla ba le lintoa libakeng tse ngata tse sa tšoaneng, tlala ea sekoboto, mafu a seoa hammoho le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše. Hape o ile a re tlōlo ea molao e tla eketseha, baruti ba bolumeli ba bohata ba khelose ba bangata, le hore Bakreste ba ’nete ba tla hlouoa le ho hlorisoa. Tsena kaofela e ne e le litaba tse bohloko.—Matheu 24:4-13; Luka 21:11.

Empa ho ne ho boetse ho e-na le litaba tse molemo. Ka mor’a moo, Jesu o ile a bua mantsoe a qotsitsoeng ka holimo, e leng mantsoe a ’nileng a hlolla le ho susumetsa batho ba bangata ka lilemo tse makholo. Le hoja batho ba lumela hore mantsoe ao a Jesu ke a bohlokoa, ha ba lumellane tabeng ea hore na a bolela’ng. Hantle-ntle litaba tsee tse molemo ke eng? ’Muso ke eng? Boprofeta boo bo tla phethahala neng, hona bo phethahatsoa ke bo-mang? Hona “bofelo” ke eng? A re ke re hlahlobe lintlha tsena.

[Setšoantšo se maqepheng a 2, 3]

Kopi ea Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Likosepele tse ’Nè ea Washington. Ho totobalitsoe Matheu 24:14

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book Facsimile of the Washington Manuscript of the Four Gospels in the Freer Collection 1912