Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

’Muso oa Molimo ke Eng?

’Muso oa Molimo ke Eng?

’Muso oa Molimo ke Eng?

“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . .”—MATHEU 24:14.

THUTONG ea hae e tummeng ea Thabeng, Jesu o ile a etsa thapelo ea mohlala e akarelletsang kōpo ena ho Molimo: “’Muso oa hao o ke o tle.” Batho ba limilione ba tšoere thapelo eo ka hlooho ’me ba e pheta-pheta hangata. Ho latela encyclopedia e ’ngoe, ena ke “thapelo e ka sehloohong e etsoang ke Bakreste bohle ha ba rapela.” Leha ho le joalo, ba bangata ba phetang thapelo ena ka hlooho ha ba tsebe hore na ’Muso oo ke eng kapa hona hore na o tlil’o etsa’ng ha o fihla.—Matheu 6:9, 10.

Seo ha se makatse. Baeta-pele ba malumeli a ipitsang a Bokreste ba hlalosa hore na ’Muso ke eng ka litsela tse fapa-fapaneng, tse ferekanyang le tse rarahaneng. E mong o re ’Muso oa Molimo ke “ntho e phahametseng tlhaho, . . . ntho e itseng e ka har’a motho e mo kopanyang le Molimo . . . , ho tseba Molimo ka tsela e tla etsa hore banna le basali ba pholohe.” E mong eena o hlalosa kosepele e buang ka ’Muso e le “thuto e buang ka kereke.” Athe Catechism of the Catholic Church eona e re: “’Muso oa Molimo [ke] ho loka le khotso le thabo ka Moea o Halalelang.”

U tla fumana tlhaloso e hlakileng haholoanyane leqepheng la 2 la makasine ena. Eona e re: “’Muso oa Molimo, oo e leng puso ea sebele e leholimong, o tla tloha o felisa bokhopo bohle ’me o fetole lefatše paradeise.” A re hlahlobe hore na Bibele e tšehetsa kutloisiso eo joang.

Babusi ba ka Moso ba Lefatše Lohle

’Muso ke puso e tsamaisoang ke morena. Morena oa ’Muso oa Molimo ke Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung. Ho behoa ha hae teroneng e leholimong ho ile ha hlalosoa ponong e ileng ea fuoa moprofeta Daniele, ea ileng a ngola a re: “Ka ’na ka talima liponong tsa bosiu, ’me, bonang! e mong ea joaloka mor’a motho [Jesu] o ne a tla ka maru a maholimo; a kena ho Moholo-holo oa Matsatsi [Jehova Molimo], ’me a atametsoa ka pel’a Hae. A fuoa bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse. Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.”—Daniele 7:13, 14.

Buka ea Bibele ea Daniele e boetse e bontša hore Molimo o tla theha ’Muso oo ka tsela e tsitsitseng le hore o tla felisa mebuso eohle ea batho, ’me oona o ke ke oa tlosoa ke o mong. Khaolo ea 2 e hlalosa toro e bululetsoeng eo morena oa Babylona a ileng a ba le eona, eo ho eona a ileng a bona setšoantšo se seholo, se neng se emela mebuso ea lefatše e neng e tla latellana. Moprofeta Daniele o ile a hlalosa toro eo. O ile a ngola: “Karolong e qetellang ea matsatsi, . . . Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:28, 44.

Morena oa ’Muso oa Molimo ha a buse a le mong. Ha Jesu a sa le lefatšeng, o ile a tiisetsa baapostola ba hae ba tšepahalang hore bona, hammoho le ba bang, ba ne ba tla tsosetsoa leholimong ’me ba ne ba tla lula literoneng. (Luka 22:28-30) Jesu o ne a sa bue ka literone tsa sebele, etsoe o bontšitse hore ’Muso o ne o tla ba leholimong. Bibele e hlalosa hore bana ba tlang ho busa le eena ba tsoa “molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng.” E tla ba “’muso le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa e le marena holim’a lefatše.”—Tšenolo 5:9, 10.

Lebaka Leo Litaba Tsa ’Muso li Leng Molemo

Hlokomela hore Kreste Jesu o filoe matla a ho busa “batho, lichaba le lipuo” kaofela ’me ba neng ba sebetsa le eena ba tla “busa e le marena holim’a lefatše.” Joale ke bo-mang bao e tla ba bafo ba ’Muso oo? Ke ba amohelang litaba tse molemo tse boleloang kajeno. Bafo bao ba akarelletsa ba tla tsosoa bafung ba tlil’o phela lefatšeng ba bile ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng.

Bibele e hlalosa ka ho hlakileng hore na batho ba tla fumana litlhohonolofatso joang ’Musong oo. Tse seng kae tsa tsona ke tsena:

“O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; o chesa likoloi mollong.”Pesaleme ea 46:9.

“Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.”Esaia 65:21, 22.

[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”Tšenolo 21:3, 4.

“Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.”Esaia 35:5, 6.

“Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu] ’me ba tsoe, ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo.”Johanne 5:28, 29.

“Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”Pesaleme ea 37:11.

Ka sebele tseo ke litaba tse monate! Ho feta moo, boprofeta ba Bibele bo phethahetseng bo bontša hore nako e se e le haufi ea hore ’Muso oo o tlise puso ea oona e lokileng lefatšeng lohle.