Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Bo-mang ba Bolelang Litaba Tse Molemo?

Ke Bo-mang ba Bolelang Litaba Tse Molemo?

Ke Bo-mang ba Bolelang Litaba Tse Molemo?

“. . . li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—MATHEU 24:14.

LITABA TSE MOLEMO li boleloa lefatšeng lohle ke Lipaki Tsa Jehova. Li etsa sena ka litsela tse ngata. Tsela e ’ngoe ke ka . . . 

Ho Bolela Lentsoe. Joaloka Jesu le barutuoa ba hae, Lipaki Tsa Jehova li ea ho batho ho ba bolella litaba tse molemo. (Luka 8:1; 10:1) Ha li lebelle hore batho ba tle ho tsona. Ho pakela batho ka ’Muso oa Molimo ke ntho e etsoang ke Lipaki kaofela—tse fetang limilione tse supileng ka palo. Li bolela ka ntlo le ntlo, literateng, ka thelefono le ka mekhoa e meng. Selemong se fetileng, Lipaki li qetile lihora tse fetang bilione le halofo li etsa mosebetsi ona.

Ha li rute ba bang feela ka ’Muso oa Molimo empa hape li ba ruta “lintho tsohle tseo [Jesu a li] laetseng.” (Matheu 28:20) Kamehla li tšoara lithuto tsa mahala tsa Bibele tse fetang limilione tse robeli malapeng a batho.

Lipaki li bolela lefatšeng ka bophara—linaheng tse 236. Li bolella batho ba mefuta eohle. Li bolela mahaeng le litoropong, merung ea Amazon le merung e mokhoabo ea Siberia, mahoatateng a Afrika le Lithabeng Tsa Himalaya. Ha li lefuoe ka mosebetsi ona oo li o etsang; li o etsa ka litšenyehelo tsa tsona le ka nako ea tsona, li susumetsoa ke ho rata Molimo le baahelani ba tsona. Hape li tsebahatsa litaba tse molemo ka . . . 

Lintho Tse Hatisitsoeng. Makasine ena eo sehlooho sa eona se feletseng se reng Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Molimo, hona joale e hatisoa ka lipuo tse 185 ’me ho hatisoa tse fetang limilione tse 42 makasineng e ’ngoe le e ’ngoe e ncha. Makasine ea habo eona, e leng ea Tsoha!, eo le eona e phatlalatsang ’Muso, e hatisoa ka lipuo tse 83 ’me ho hatisoa tse ka bang limilione tse 40 makasineng e ’ngoe le e ’ngoe e ncha.

Ho boetse ho na le libuka, libukana, lipampitšana, li-CD kapa li-MP3 le li-DVD tse hlalosang lithuto tsa Bibele ka lipuo tse 540. Lipaki li hatisitse le ho aba lintho tsena tse fetang libilione tse 20 lilemong tse leshome feela tse fetileng, e leng hoo e ka bang karolelano ea tse tharo bakeng sa motho e mong le e mong ea phelang lefatšeng!

Lipaki Tsa Jehova li boetse li hatisitse kapa li hlophisitse hore ho hatisoe Libibele ka lipuo tse ngata. Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang—e fetoleloang, e hatisoang e bileng e ajoang ke Lipaki—hona joale e fumaneha e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 96. Ho se ho abiloe tse fetang limilione tse 166. Lipaki Tsa Jehova li boetse li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso . . . 

Libokeng Tsa Bokreste. Liboka tsa beke le beke tse tšoaroang Liholong Tsa ’Muso hase feela litšebeletso tsa bolumeli; morero oa tsona ke ho ruta. Ho fanoa ka lipuo tse thehiloeng Bibeleng, ’me ho sebelisoa makasine ea Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling ho ithuta Bibele. Libokeng tseo, Lipaki li boetse li ithuta hore na e ka ba baboleli ba atlehang joang ba litaba tse molemo.

Lipaki li ithuta boitsebiso bo tšoanang liphuthehong tse fetang 107 000 lefatšeng ka bophara, e leng se etsang hore li be le bonngoe. Libokeng tsena ho ka tla mang le mang. Ha ho mohla ho batloang koleke. Ke ’nete hore sena sohle e ne e tla ba lefeela haeba Lipaki li sa sebelise seo li se rutang. Ka hona, li leka ho buella litaba tse molemo ka . . . 

Mohlala o Motle. Li leka ho beha mohlala o motle oa Bakreste, li etsa sohle se matleng a tsona ho tšoara batho ba bang ka tsela eo li tla rata ho tšoaroa ka eona. (Matheu 7:12) Le hoja li sa phethahala ’me ka linako tse ling li etsa liphoso, li lakatsa ka pelo eohle hore li tšoare batho bohle ka tsela e lerato, eseng feela ka ho ba bolella litaba tse molemo empa hape le ka ho fana ka thuso moo ho khonehang.

Lipaki Tsa Jehova ha li leke ho sokolla lefatše ka molaetsa oa tsona. Ho e-na le hoo, ha Jehova a se a khotsofetse hore mosebetsi oo o phethiloe ka botlalo, bofelo bo tla tla joalokaha Jesu a ile a bolela. Seo se tla bolela’ng ka lefatše le batho ba ho lona?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Litaba tse molemo li boleloa lefatšeng lohle ke Lipaki Tsa Jehova