Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Bofelo” ke Eng?

“Bofelo” ke Eng?

“Bofelo” ke Eng?

“. . . joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—MATHEU 24:14.

MEHLENG ena ho buuoa haholo ka bofelo ba lefatše. Libuka, lifilimi le limakasine, ebang ke tsa metlae kapa tsa saense, li bua ka letsatsi la timetso ka litsela tse sa tšoaneng. Tsona li akarelletsa timetso e bakoang ke ntoa ea nyutlelie, ho thulana ha lipolanete, livaerase tse bolaeang, ho fetoha ha tlelaemete ho sa laoleheng, kapa lintho tse kotsi tse tsoang sepakapakeng.

Malumeli le ’ona a ruta lintho tse sa tšoaneng; a mangata a ruta hore “bofelo” bo bolela hore lintho tsohle tse phelang lefatšeng li tlil’o timela. Setsebi se seng sa bolumeli ha se hlalosa Matheu 24:14 se ngotse mantsoe ana a bohlokoa: “Ena ke e ’ngoe ea litemana tsa bohlokoa ka ho fetisisa ho tsohle tse Lentsoeng la Molimo . . . Moloko oa rōna o tjametsoe ke ho timetsoa ka ho e feletseng hoo e leng batho ba fokolang feela ba lekang ho nahana ka ntho ena e tšosang e hlileng e tla etsahala.”

Hangata maikutlo a joalo a hlokomoloha ’nete ena ea bohlokoa: Jehova Molimo o ‘tiisitse lefatše ka thata’; ha aa ‘le bōpela lefeela, empa o le etselitse hore le be le baahi.’ (Esaia 45:18) Ka hona, ha Jesu a bua ka “bofelo,” o ne a sa bolele hore ho tla timetsoa lefatše la sebele kapa oona moloko oa batho kaofela. O ne a bolela hore ba khopo—bao ka manganga ba hanang ho latela tataiso ea Jehova e lerato—ba tla timetsoa.

Ak’u nahane ka papiso ena. A re re mohlomong u na le lehae le letle leo u lumeletseng batho hore ba lule ho lona ba sa lefe letho. Ba bang ba batho ba lulang moo ba phelisana ka khotso le ba bang ba bile ba hlokomela lehae lena hantle. Empa ba bang bona, ha bona ke likhathatso feela, ba lula ba loantšana ba bile ba hlekefetsa ba se nang likhathatso. Ba senya thepa ea hao ka boomo ’me ba tiisa melala feela ha u leka ho ba khalemela.

U ne u tla rarolla bothata boo joang? Na u ne u tla senya lehae la hao? Le hanyenyane! Mohlomong u ne u tla leleka batho bao ba likhathatso ebe u lokisa tšenyo eo ba e entseng.

Jehova o tla etsa se tšoanang. O ile a susumetsa mopesaleme hore a ngole tjena: “Etsoe baetsi ba bobe ba tla felisoa, empa ba tšepang Jehova ke bona ba tla rua lefatše. Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:9-11.

Moapostola Petrose o ile a bua ka taba e tšoanang. O ile a bululeloa hore a ngole tjena: “Ho ne ho e-na le maholimo ho tloha khale le lefatše le neng le eme le setlellane ho tsoa metsing le har’a metsi ka lentsoe la Molimo; ’me ka mekhoa eo lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa ke metsi.” (2 Petrose 3:5, 6) Mona moapostola o bua ka Moroallo oa mehleng ea Noe. Lefatše leo la batho ba sa tšabeng Molimo le ile la timetsoa, empa lefatše ka bolona ha lea ka la felisoa. Moroallo oo oa lefatše lohle o “behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla.”—2 Petrose 2:6.

Joale Petrose o ile a phaella: “Maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo.” Haeba re ne re ka fella hona mona, re ne re tla ba le khopolo e fosahetseng. Leha ho le joalo, hlokomela hore temana ena e tsoela pele ho re: “Le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.” Timetso hase ea lefatše ka bolona empa ke ea batho ba se nang bomolimo. Ebe ho latela eng? Petrose o ile a ngola: “Ho na le maholimo a macha [’Muso oa Molimo oa Bomesia] le lefatše le lecha [sechaba sa batho ba lokileng] tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.”—2 Petrose 3:7, 13.

Boprofeta ba Bibele bo boetse bo bontša hore nako ea “bofelo” e se e le haufi. Bala Matheu 24:3-14 le 2 Timothea 3:1-5 e le hore u bone lintho tse pakang hore sena ke ’nete. *

Na ke ntho e u makatsang hore ebe ho na le pherekano ka lengolo lee leo le ngoana e monyenyane a ka le utloisisang, la Matheu 24:14? Lebaka le teng. Satane o foufalitse batho hore ba se ke ba bona linnete tsa Lentsoe la Molimo. (2 Bakorinthe 4:4) Hape Molimo o patetse ba ikhohomosang merero ea hae ’me o e senoletse ba ikokobetsang. Malebana le sena, Jesu o ile a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena ’me u li senoletse bana.” (Matheu 11:25) Ke tlotla e kaakang ho ba har’a ba ikokobelitseng ba utloisisang seo ’Muso oa Molimo o hlileng o leng sona le ba lebeletseng ka cheseho litlhohonolofatso tseo o tla li tlisetsa ba o tšehetsang!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 E le hore u fumane boitsebiso bo bongata, bona khaolo ea 9 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

’Muso o tla ‘felisa’ bohle ba khopo lefatšeng