Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Ruri Jesu o Shoeletse Sefapanong?

Na Ruri Jesu o Shoeletse Sefapanong?

Na Ruri Jesu o Shoeletse Sefapanong?

ENCYCLOPEDIA e ’ngoe e re: “Sefapano ke le leng la matšoao a tloaelehileng haholo a Bokreste.” Litšoantšo tse ngata tsa bolumeli tse takiloeng le tse bōpiloeng li bontša Jesu a khokhothetsoe sefapanong. Ke hobane’ng ha letšoao lee le atile hakaale likerekeng tse ipitsang tsa Bokreste? Na ruri Jesu o shoeletse sefapanong?

Ba bangata ba ka ’na ba re sefapano se hlaha ka Bibeleng. Ka mohlala, ho latela Bibele ea Sesotho, nakong eo Jesu a neng a bolaoa, ba shebeletseng ba ile ba fetola Jesu litšeho ba ba ba re ho eena: “Theoha sefapanong.” (Matheu 27:40, 42) Libibele tse ling tse ngata le tsona li baleha joalo. Ha Bibele—Phetolelo e Ncha e bua ka Simone oa Cyrene, e re: “Bahlabani ba mo qobella ho jara sefapano sa Jesu.” (Mareka 15:21) Litemaneng tsena, lentsoe le fetoletsoeng e le “sefapano” le tsoa lentsoeng la Segerike, staurosʹ. Na ho na le motheo o tiileng oa hore ebe le fetoletsoe joalo? Ha e le hantle lentsoe leo la Segerike le bolela’ng?

Na e ne e le Sefapano?

Ho latela setsebi sa Mogerike, W. E. Vine, staurosʹ “ha e le hantle e bolela thupa e otlolohileng kapa palo. Linokoane li ne li khokhotheloa linthong tse joalo ha li bolaoa. Lereho le leetsi stauroō, e leng ho faselletsa palong kapa thupeng, ho tloha qalong esale li fapane le sefapano sa lithupa tse peli tse fapakaneng se sebelisoang ke malumeli.”

The Imperial Bible-Dictionary e re lentsoe staurosʹ “ka nepo le bolela thupa, palo kapa thupa e motsu eo ho ka fanyehoang ntho e itseng ho eona, kapa e ka khokhothelloang fatše.” Dikishinari eo e tsoela pele: “Esita le ho Baroma, lentsoe crux (e leng lentsoe la Selatine leo lentsoe sefapano le tsoang ho lona) ho bonahala qalong le ne le bolela palo.” Ka hona, ha ho makatse hore ebe The Catholic Encyclopedia e re: “Leha ho le joalo, hoa hlaka hore qalong sefapano e ne e mpa feela e le palo e neng e betliloe hore e be nchocho qetellong.”

Ho na le lentsoe le leng la Segerike, e leng xyʹlon, leo bangoli ba Bibele ba le sebelisitseng ho hlalosa seo Jesu a bolaetsoeng ho sona. A Critical Lexicon and Concordance to the English and Greek New Testament e hlalosa lentsoe xyʹlon e le “sekotoana sa patsi, palo ea lehong.” E tsoela pele ho bontša hore joaloka staurosʹ, xyʹlon “e ne e mpa e le thupa e otlolohileng kapa palo eo Baroma ba neng ba khokhothela bao ho neng ho thoe baa thakhisoa ho eona.”

Tumellanong le sena, Liketso 5:30 e baleha tjena Bibeleng ea Sesotho: “Molimo oa bo-ntat’a rōna o tsositse Jesu, eo le ’molaileng ka ho mo fanyeha sefateng [xyʹlon].” Le hoja Libibele tse ling li fetoletse lentsoe staurosʹ e le “sefapano,” ha li fetolela lentsoe xyʹlon teng li itse ke “sefate.” Ho Liketso 13:29, ha Bibele ea Sesotho e bua ka Jesu, e re: “Eitse hobane ba phethe litaba tsohle tse ngoliloeng bakeng sa hae, ba mo fanyolla sefateng [xyʹlon], ba mo kenya lebitleng.”

Mabapi le se hlileng se boleloang ke mantsoe a Segerike staurosʹ le xyʹlon, Critical Lexicon and Concordance e qotsitsoeng ka holimo, e re: “Mantsoe ana ka bobeli a hanana le khopolo ea morao tjena ea sefapano, seo re se tloaetseng ka lebaka la ho se bona litšoantšong.” Ka mantsoe a mang, seo bangoli ba Kosepele ba neng ba se hlalosa ha ba sebelisa lentsoe staurosʹ se fapane hōle le seo kajeno batho ba reng ke sefapano. Ka hona, ke ka nepo Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e sebelisang poleloana ‘thupa ea tlhokofatso’ ho Matheu 27:40-42 le libakeng tse ling moo lentsoe staurosʹ le hlahang teng. Ka tsela e tšoanang, Complete Jewish Bible e sebelisa lentsoe “thupa ea polao.”

Tšimoloho ea Sefapano

Haeba ehlile Bibele ha e re Jesu o bolaetsoe sefapanong, joale ho tla joang hore ebe likereke tsohle tse reng li ruta Bibele ebile lia e latela—tsa K’hatholike, Prostanta le Orthodox—li khabisa mehaho ea tsona ka sefapano, li bile li se sebelisa e le letšoao la tumelo ea tsona? Ho tlile joang hore sefapano e be letšoao le tummeng tjee?

Karabo ke hore sefapano ha se sebelisoe borapeling feela ke batho ba eang likerekeng tse reng li latela Bibele, empa se sebelisoa le ke batho ba sa lumeleng Bibeleng le bao borapeli ba bona bo bileng teng le pele ho e-ba le likereke tsa “Bokreste.” Libuka tse ngata tsa bolumeli lia lumela hore ho sebelisa lifapano tsa mefuta le tsa libōpeho tse sa tšoaneng ho qalile khale koana le pele tlhaboloho e ba teng. Ka mohlala, mengolo ea litšoantšo ea Baegepeta ba boholo-holo le litšoantšo tsa bona tsa melimo le melingoana hangata li na le sefapano se bōpehileng joaloka T, seo ka holimo se nang le selikalikoe. Sefapano sena seo ho thoeng se na le mohoele se nkoa se emela bophelo. Ka mor’a nako, mofuta oo oa sefapano o ile oa amoheloa oa ba oa sebelisoa haholo ke Kereke ea Egepeta ea Bokreste le ke likereke tse ling.

Ho latela The Catholic Encyclopedia, “sefapano sa khale ka ho fetisisa ho bonahala e le sa mofuta o bitsoang ‘gamma’ (crux gammata), seo batho ba Bochabela bo Hare le liithuti tsa ho epolla lintho tsa khale tsa pele histori e ngoloa, ba se tsebang ka lebitso la Sesanskrite, e leng swastika.” Letšoao lena le ’nile la sebelisoa haholo ke Mahindu a India le Mabuddha ho pholletsa le Asia, ’me le kajeno le ntse le bonahala mekhabisong ea libaka tseo.

Ha ho tsebahale hantle hore na sefapano se qalile ho sebelisoa neng ka ho khetheha e le letšoao la “Bokreste.” Vine’s Expository Dictionary of New Testament Words, e re: “Bohareng ba lekholo la bo3 la lilemo A.D., likereke li ne li se li furaletse kapa li sothile lithuto tse itseng tsa tumelo ea Bokreste. E le hore botumo ba bolumeli ba bokoenehi bo name, bahetene ba ile ba amoheloa likerekeng le hoja ba ne ba e-s’o be le tumelo, ’me ha baa ka ba thibeloa ho le hokaalo hore ba ’ne ba sebelise matšoao a bona a bohetene,” a akarelletsang sefapano.

Lingoli tse ling li bua ka ketsahalo ea 312 C.E. ha Constantine ea neng a rapela molimo oa letsatsi a ne a le ho e ’ngoe ea liphutuho tsa hae tsa ntoa ’me a re o bile le pono ea sefapano se neng se le holim’a letsatsi se neng se e-na le mantsoe a Selatine a reng “in hoc vince” (hlōla ka sena). Hamorao letšoao lena leo ho neng hothoe ke la Bokreste le ile la etsoa lifolakheng, lithebeng esita le lihlomong tsa masole a hae. (Le bontšitsoe ka ho le letšehali.) Ho lumeloa hore Constantine o ile a sokolohela Bokresteng, le hoja a sa ka a kolobetsoa ho fihlela lilemo tse 25 hamorao ha a se a le makhatheng a lefu. Ba bang ba bile le khoao ka sepheo sa hae. Buka ea The Non-Christian Cross e re: “Ho e-na le hore eena a sokolohele lithutong tsa Jesu oa Nazaretha, o ile a leka ho fetola Bokreste hore bo be ka tsela eo a neng a nahana hore bafo ba hae ba bangata ba tla e amohela e le bolumeli [bo amohelang batho bohle] ba k’hatholike.”

Ho tloha nakong eo, ho ’nile ha sebelisoa lifapano tsa mefuta le tsa libōpeho tse sa tšoaneng. Ka mohlala, The Illustrated Bible Dictionary e re bolella hore sefapano seo ho thoeng ke sa St. Anthony “se ne se bōpehile joalo ka tlhaku ea T, e leng seo ba bang ba neng ba nahana hore se nkuoe letšoaong la molimo [oa Babylona] Tamuze.” Ho ne ho boetse ho e-na le sefapano sa St. Andrew, se neng se bōpehile joaloka ka tlhaku ea X, hammoho le sefapano se tloaelehileng sa thupa e fapanang le e ’ngoe bohareng. Sefapano sena sa morao, se bitsoang sa Selatine, ke sona seo ho ileng ha fosoa ka hore “ho nkoe e le seo Morena oa rōna a shoeletseng ho sona.”

Seo Bakreste ba Lekholong la Pele la Lilemo ba Neng ba se Lumela

Bibele e bontša hore lekholong la pele la lilemo, ba bangata ba ileng ba utloa lithuto tsa Jesu e ile ea e-ba balumeli ’me ba amohela bohlokoa ba thekollo ea lefu la hae la sehlabelo. Ka mor’a hore moapostola Pauluse a rute Bajuda ba Korinthe ’me a fane ka bopaki ba hore Jesu ke Kreste, Bibele e re: “Krispase molaoli ea okamelang oa synagoge ea e-ba molumeli ho Morena, ’me ha e-ba joalo le ka bohle ba ntlo ea hae. Bakorinthe ba bangata ba ileng ba utloa ba qala ho lumela le ho kolobetsoa.” (Liketso 18:5-8) Ho e-na le hore ba leke ho kenya matšoao a itseng a bolumeli kapa litšoantšo borapeling ba bona, Pauluse o ile a laela Bakreste-’moho le eena hore ba “balehele borapeli ba litšoantšo” le mekhoa leha e le efe e tsoang borapeling ba bohetene.—1 Bakorinthe 10:14.

Bo-rahistori le bafuputsi ha baa fumana bopaki bo tiisang hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sebelisa sefapano. Ntho e thahasellisang ke hore buka ea History of the Cross e qotsa sengoli se seng sa ho elella bofelong ba lekholo la bo17 la lilemo, se ileng sa botsa: “Na Jesu ea hlohonolofalitsoeng a ka khahleha ha a bona barutuoa ba Hae ba tlotlisa setšoantšo sa ntho eo ka mamello [ho thoeng] O ile a bolaeloa ho eona a se na molato, a sa natse ho tlotlolloa?” Uena u re’ng ka taba ee?

Borapeli bo amohelehang ho Molimo ha bo hloke hore ho sebelisoe lintho tse itseng kapa litšoantšo. Pauluse o ile a botsa: “Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang?” (2 Bakorinthe 6:14-16) Ha ho na moo Mangolo a bontšang hore borapeli ba Bakreste bo lokela ho sebelisa lintho tse kang eo Jesu a ileng a khokhotheloa ho eona.—Bapisa Matheu 15:3; Mareka 7:13.

Joale letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete ke lefe? Hase sefapano kapa letšoao leha e le lefe, empa ke lerato. Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:34, 35.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Se hlalositsoeng ke bangoli ba Likosepele se fapane hōle le seo kajeno batho ba reng ke sefapano

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Setšoantšo sa lekholong la bo17 la lilemo sa motho ea bolaetsoeng ho staurosʹ, bukeng ea Lipsius e bitsoang “De Cruce”

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Setšoantšo se leboteng la Egepeta (hoo e ka bang lekholong la bo14 la lilemo B.C.E.) se bontšang sefapano se nang le mohoele, se emelang bophelo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© DeA Picture Library/Art Resource, NY

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Sefapano sa gamma Tempeleng ea Mahindu ea Laxmi Narayan

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]

From the book The Cross in Tradition, History, and Art (1897)