Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o Bōpile Diabolose?

Na Molimo o Bōpile Diabolose?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na Molimo o Bōpile Diabolose?

▪ Kaha Bibele e re Molimo ke eena ea “bōpileng lintho tsohle,” batho ba bangata ba entse qeto ea hore e tlameha ebe Molimo o bōpile Diabolose. (Baefese 3:9; Tšenolo 4:11) Bibele e bontša ka ho hlaka hore ha aa mo bōpa.

Jehova o bōpile motho ea ileng a fetoha Diabolose. Ka hona, boteng ba mohanyetsi enoa e moholo oa Molimo bo lokela ho lumellana le seo Mangolo a se bolelang ka ’Mōpi, Jehova. Bibele e re ka eena: “Mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.” (Deuteronoma 32:3-5) Ho latela mantsoe ana re ka etsa qeto ea hore qalong Satane o ne a phethahetse a bile a lokile, e le e mong oa bara ba Molimo ba mangeloi. Lengolong la Johanne 8:44, Jesu o ile a re Diabolose “ha aa ka a ema a tiile ’neteng,” ho bontšang hore Satane e kile ea e-ba motho ea buang ’nete le ea se nang molato.

Leha ho le joalo, lengeloi le ileng la fetoha Satane, le lona joaloka libōpuoa tsohle tsa Jehova tse bohlale, le ne le e-na le bolokolohi ba ho ikhethela ho etsa se lokileng kapa se fosahetseng. Ka ho ikhethela ho hanyetsa Molimo le ho susumelletsa banyalani ba pele hore ba le latele, le ile la iphetola Satane, e bolelang “Mohanyetsi.”—Genese 3:1-5.

Sebōpuoa seo sa moea se khopo hape se ile sa iphetola Diabolose, e bolelang “Moetselletsi.” Satane ke eena moikhakanyi ea ileng a iketsa eka ke noha ’me ka mano a bua leshano ho qhekella Eva hore a se ke a mamela molao o hlakileng oa ’Mōpi. Ke kahoo Jesu a ileng a re Satane “ke ntate oa leshano.”—Johanne 8:44.

Leha ho le joalo, ho tlile joang hore sebōpuoa sa moea se phethahetseng—se neng se sa bōptjoa se e-na le bofokoli kapa se sa susumetsoe ke bokhopo bo mo potolohileng—se qetelle se etsa se fosahetseng? Ho hlakile hore se ile sa e-ba le takatso e matla ea borapeli bo neng bo tšoanela ho lebisoa ho Molimo feela eaba se bona monyetla oa ho etsa hore batho ba busoe ke sona eseng ke Jehova. Ho e-na le hore se qhele maikutlo a hore se ka ba ’musi, se ile sa a lumella hore a hōle kelellong ea sona ho fihlela qetellong se nka bohato. Se ileng sa etsahala ke se hlalosoang bukeng ea Jakobo: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.”—Jakobo 1:14, 15; 1 Timothea 3:6.

Ka mohlala: Nahana ka motho ea ngolang tlaleho ea lichelete tsa khoebo ea bonang monyetla oa hore a etse bolotsana e le hore a tle a utsoe chelete ea k’hamphani. A ka ’na a qhelela monahano oo ka thōko kapele feela. Empa haeba a lula a nahana ka monyetla ona, a ka ’na a utloa a se a thabela maikutlo ao ’me joang kapa joang a ka ’na a etsa seo. Haeba a etsa joalo, ha e le hantle ke eena ea ikentseng lesholu. Haeba a bua leshano ka seo, joale e boetse e ba raleshano. Ka ho tšoanang, ka hore lengeloi leo Molimo a le bōpileng le hōlise takatso ea lona e fosahetseng le be le e phethe, le ile la sebelisa bolokolohi ba lona ba ho ikhethela ka hore le bue leshano ’me le fetohele Ntate oa lona, kahoo la iketsa Satane Diabolose.

Re thabela hore ebe Satane Diabolose o tla timetsoa nakong e tlang e behiloeng ke Molimo. (Baroma 16:20) Hajoale barapeli ba Jehova Molimo ba lemosoa ka maqheka a Satane ebile ba sireletsoa maqiting a hae. (2 Bakorinthe 2:11; Baefese 6:11) Ka hona, etsa sohle hore u ‘hanyetse Diabolose, ’me o tla u balehela.’—Jakobo 4:7.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Ka ho ikhethela ho hanyetsa Molimo, lengeloi le phethahetseng le ile la iphetola Satane