Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Atamela ho Molimo

“U Tla Hloloheloa”

“U Tla Hloloheloa”

KE NTHO e bohloko haholo ho bona ha motho eo u mo ratang a hoehla a bile a qetella a shoele. Ka tlhaho seo se etsa hore re sareloe. Leha ho le joalo, hoa tšelisa ho tseba hore ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, o utloisisa bohloko boo re bo utloang. Ho feta moo, o labalabela ho sebelisa matla a hae a maholohali ho tsosa bafu. Hlokomela tšepo e fumanoang mantsoeng a Jobo a tlalehiloeng ho Jobo 14:13-15.

Nahana ka boemo bona. Jobo, e leng monna ea nang le tumelo e ikhethang, o hlaheloa ke liteko tse bohloko haholo—tse akarelletsang ho lahleheloa ke maruo a hae, ho shoeloa ke bana ba hae kaofela bao a ba ratang le ho tšoaroa ke lefu le bohloko. Har’a mahlomola ao a hae, o ile a bitsa ho Molimo, a re: “Hoja u ka mpata Sheole [lebitla le tloaelehileng]!” (Temana ea 13) Jobo o ne a bona Sheole e le eona e ka mo phomotsang mahlomoleng a hae. Ha a le moo, joalokaha eka ke letlotlo le patiloeng ke Molimo, o ne a ke ke a hlola a imeloa ke mathata le ho opeloa. *

Na Jobo o ne a tla fella Sheole? Jobo o ne a sa lumele joalo. O ile a tsoela pele a re thapelong ea hae: “Hoja u ka . . . ntekanyetsa nako ’me ua nkhopola!” Jobo o ne a kholisehile hore Jehova a ke ke a mo lebala, o tla ba sheole nakoana feela. Jobo o ile a tšoantša nako eo a tla e qeta a le Sheole le ‘mosebetsi o qobelloang’—e leng nako eo motho a qobelloang hore a e lete. O ne a tla leta nako e kae? O ile a re: “Ho fihlela phomolo ea ka e fihla.” (Temana ea 14) Phomolo eo e ne e tla bolela ho lokolloa Sheole—ka mantsoe a mang, ho tsosoa bafung!

Ke hobane’ng ha Jobo a ne a kholisehile hore phomolo ea hae e tla fihla? Hobane o ne a tseba hore na ’Mōpi oa rōna ea lerato o ikutloa joang ka barapeli ba Hae ba tšepahalang ba seng ba shoele. Jobo o ile a re: “U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.” (Temana ea 15) Jobo o ile a lumela hore o entsoe ke Molimo. Mofani enoa oa bophelo ea neng a entse Jobo ka pōpelong ka sebele o ne a tla khona ho mo tsosa ha a shoele.—Jobo 10:8, 9; 31:15.

Mantsoe a Jobo a re ruta kamoo Jehova a leng lerato kateng: O na le kamano e khethehileng le ba ipehang tlas’a tataiso ea hae, joaloka Jobo, ba mo lumellang hore a ba bōpe hore e be batho ba ratehang ho eena. (Esaia 64:8) Jehova o nka barapeli ba hae ba tšepahalang e le ba bohlokoa haholo. O “hloloheloa” batho ba hae ba tšepahalang ba seng ba hlokahetse. Setsebi se seng se re lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona “ho hlakile hore ke le leng la mantsoe a matla ka ho fetisisa a hlalosang boikutlo ba ho labalabela ho itseng.” Ka sebele, Jehova ha a hopole barapeli ba hae feela empa o boetse o labalabela ho ba tsosa bafung.

Ke ho thabisang hore ebe bukeng ea Jobo—e leng e ’ngoe libuka tsa pele tsa Bibele tse ileng tsa ngoloa—Jehova o ile a senola morero oa hae oa ho tsosa bafu. * O batla hore u boele u kopane le baratuoa ba hao ba ileng ba hlokahala. Seo se etsa hore re khone ho mamella bohloko ba ho shoeloa. E ka ba hantle haholo ha u ka ithuta ka Molimo enoa ea lerato, ua ba ua ithuta hore na u ka etsa’ng e le hore a u bōpe ho ba e mong oa ba tla bona ha morero oa Hae o phethahala.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka March:

Esthere 1Jobo 15

^ ser. 2 Buka e ’ngoe e re mantsoe a Jobo ha a ne a re ‘mpate’ a ka bolela “ho mpoloka moo ho sireletsehileng joaloka letlotlo la bohlokoa.” E ’ngoe eona e re mantsoe ana a fana ka maikutlo a hore o ne a re “mpate joaloka letlotlo.”

^ ser. 6 E le hore u ithute ho eketsehileng ka tšepiso ea Bibele ea hore bafu ba tla tsosetsoa lefatšeng le lecha le lokileng, sheba khaolo ea 7 bukeng e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.