Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Likopano Tsa Setereke Tsa Lehlabula Russia li re Tsoela Molemo

Likopano Tsa Setereke Tsa Lehlabula Russia li re Tsoela Molemo

Likopano Tsa Setereke Tsa Lehlabula Russia li re Tsoela Molemo

SELEMO se seng le se seng hlabula, batho ba Russia ba ratang tlhaho ba tloha ka bongata lifoleteng tseo ba lulang ho tsona litoropong ’me ba ea libakeng tsa mahaeng ho ea khatholoha matlong a bitsoang li-dacha. Ba nka eo e le nako ea hore ba ke ba ikhutse sephethephetheng sa bophelo ba toropong. E se e le lilemo tse ’maloa joale Lipaki Tsa Jehova tsa Russia le tsona li leba libakeng tsa mahaeng ka bongata hlabula—empa ka morero o fapaneng.

Le hoja metseng e meng mosebetsi oa ho bolela o thibetsoe, Lipaki Tsa Jehova tsa Russia li sebelisa tokelo eo li nang le eona ea motheo ea tokoloho ea bolumeli ’me li ntse li kopana hammoho ka bolokolohi bakeng sa borapeli. Leha ho le joalo, maemong a mang khanyetso le khatello e tsoang ho ba boholong ba fuoeng ka ntle ho letsoho ka Lipaki, kapa e tsoang ho baruti ba kereke ea Orthodox ea Russia, e ’nile ea etsa hore ho be thata hore li fumane libaka tse loketseng tseo li ka tšoarelang ho tsona likopano tsa setereke tsa lehlabula selemo le selemo. Ka hona, Lipaki li hlophisitse hore li tšoarele likopano ka ntle “morung” kapa “lepala-paleng.” Ho tloha ka 2007 ho ea ho 2009, ho ’nile ha e-ba le “lipikiniki” tse joalo tsa moea tse 40 tse ileng tsa tšoareloa libakeng tse 25 tsa Russia.

Paki e ’ngoe e ’nileng ea e-ba teng likopanong tsa Russia ka lilemo tse ngata e re: “Lilemong tse fetileng ha re ne re hira mabala a lipapali le liholo metseng e meholo, batho ba bangata ba ratang ’nete le ba boholong ba ne ba khona ho iketsetsa qeto ka mokhatlo oa rōna ha ba bona bohloeki ba rōna le tsela eo re hlophisehileng ka eona. Hona joale re tlameha ho ea morung moo re bonoang feela ke liphoofolo tsa naha. Ke ntho e sa thabiseng hore ebe sechaba se sitoa ho bona lipokano tsena tse babatsehang tseo ho tsona ho nang le batho ba tsoang limelong tse sa tšoaneng, merabeng e sa tšoaneng le malumeling a sa tšoaneng.”

Le hoja lipokano tse joalo e le tse thabisang, Paki e ’ngoe e re: “Ho thabisa haholo ho bona boitelo le botšepehi ba Lipaki tsa heso tse ikamahanyang le maemo. Empa ho bua ’nete, ha ba boholong ba etsa hore re thatafalloe ke ho tšoara likopano tsa rōna, sena sea re imela ’meleng le likelellong. Hape se khina tokoloho eo re nang le eona ea ho rapela Molimo ea matla ’ohle ka tsela e nang le seriti.” Lipaki Tsa Jehova tse Russia li sebetsane joang le bothata boo?

Likopano Tsa Merung Naheng ka Bophara

Hangata ha Lipaki li haneloa ho sebelisa libaka tseo li li hirileng motsotsong oa ho qetela, sena se bolela hore bahlophisi ba kopano ba sala ka matsatsi a ’maloa feela hore ba etse litokisetso tse ncha bakeng sa batho ba likete ba tlang kopanong. Ka mohlala, ka 2008, Lipaki tsa Cheboksary, Chuvash Republic, li ile tsa tlameha ho tšoarela kopano ea setereke lebaleng le leholo leo batho ba ka hlomang litente tsa bona ho lona le pota-potiloeng ke lifate tsa birch ’me le le ka holim’a Nōka ea Volga. Li ne li tjametsoe ke mosebetsi oa tonanahali. Ho batho ba 1 930 ba neng ba lebeletsoe ho tla kopanong, ba 1 700 ba bona ba ne ba lokela ho lokisetsoa moo ba ka robalang teng hona moo lebaleng. Ho ne ho hlokahala lishaoara le lisinki tsa metsi a chesang le a batang, matloana hammoho le motlakase. Hape batho bao kaofela ba ne ba lokela ho feptjoa.

Barab’abo rōna ba ile ba sebetsa ka thata hore ba finyelle lintho tseo. Ho ile ha fumanoa babetli ba mapolanka, bo-ramotlakase le bo-ralipompo. Sehlopha sa Lipaki tse 350 se ile sa ithaopela ho tla thusa mosebetsing oo, ’me tse 14 tsa tsona li ile tsa lula moo lebaleng matsatsi a leshome. Li ile tsa sakha mapolanka, tsa bokella setoroi eaba li hloma litente, lishaoara hammoho le matloana. Sehlopha se seng sa barab’abo rōna se ile sa ea toropong ka makhetlo a mangata ho ea reka lintho tse hlokahalang. Kaha ho ne ho se na moo ho ka behoang lijo tse batang teng, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho phehela hona moo lebaleng e le hore ba fe bohle lijo tse chesang hararo ka letsatsi. Ba tsamaiso ea lebala leo ba ile ba e-ba le tšebelisano e ntle eaba ba hira batho ba tla phehela ba tlileng kopanong lijo. Qetellong, ba 500 ba ile ba itlela le litente tsa bona, ba 150 ba hira matlo a haufi le lebala, ba 15 ba thabela ho robala holim’a furu e ka setaleng, ha ba bang bona ba ile ba robala litenteng tse neng li hlonngoe ke barab’abo rōna.

Ha batho ba tlileng kopanong ba fihla, ba ile ba bona lebala le tletseng litulo tsa polasetiki tse mebala-bala li behiloe ka mela e hlophisitsoeng hantle. Ka pel’a tsona e ne e le lithala tse peli tse neng li ikhabiselitsoe ka lipalesa feela, se seng e le sa lenaneo la Serussia ha se seng e ne e le sa lenaneo la Sechuvash. Motho e mong le e mong o ile a thabela lenaneo leo la lijo tsa moea a ba a ananela mosebetsi oa boitelo oa baithaopi. E mong oa ba neng ba lokisa lijo o ile a tsota, a re: “Hoja ke ne ke sa iponela ka mahlo, ke ne nke ke ka lumela hore ho na le mokhatlo o kang ona oa lōna o hlophisehileng le o nang le taolo hakana!” Ba bang ba ile ba bapisa likopano tseo le Mokete oa Maphephe oo Baiseraele ba neng ba o keteka mehleng ea Bibele.

Metseng e meng, hangata Lipaki li ne li iphumana li tlameha ho fumana sebaka se seng moo li ka tšoarelang kopano ho se ho setse letsatsi le le leng feela. Ho bile joalo sebakeng sa Nizhniy Novgorod, moo baithaopi ba ileng ba sebetsa lichifi bosiu le motšehare setšeng se seholo sa motho e mong. Ba ile ba lokela ho sakha lifate le ho hela lihlahla, ba kuta mohloa le ho bolaea liboseleise le likokoanyana. Ha ba tlang kopanong ba fihla Labohlano hoseng, baithaopi ba ne ba se ba behile litulo tsa polasetiki tse 2 000, ba tlisitse matloana a 10 a hiroang, ba hlomme lisinki tse tsoang metsi, ba hahile sethala, jenereithara e se e hokeletsoe ho bile ho hlophisitsoe tsamaiso ea molumo. Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Ntho e hlollang ke hore barab’abo rōna ba neng ba sebelitse bosiu le motšehare ha baa ka ba ikutloa ba tšoaneloa ke tlotla. Ba ile ba tsoela pele ba sebeletsa ba bang ka boikokobetso kopanong eo. Ba ile ba sebelisa matla ’ohle a bona e le hore bara le barali babo bona ba ikutloe ba khatholohile ba be ba thabele ho koetlisoa moeeng.”

Mor’abo rōna e mong o itse: “Ho ne ho rena moea oa tšebelisano-’moho. Le hoja e ne e le lekhetlo la pele barab’abo rōna ba hlophisetsa ho tšoarela kopano ka ntle le hona ho ne ho se ho se na nako, ba ile ba nahana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang e le hore nakong ea mananeo ho se ke ha e-ba le lintho tse ngata tse sa tsamaeeng hantle. Empa le ka mor’a moo ha rea ka ra ikutloa re khathetse. E ne eka Jehova o file e mong le e mong oa rōna matla!”

Moea oa Molimo oa Sebetsa

Ho sebetsana le mathata a amanang le ho tšoara likopano ho ile ha etsa hore Lipaki li momahane ka litsela tse ngata ha ba ha bontša hore moea oa Molimo oa sebetsa. Smolensk, letsatsing la ho qetela ha e tla tsoha e le kopano, libaka tse ngata tse neng li hiretsoe barab’abo rōna ho ile ha thoe ha li sa fumaneha. Moholo e mong o re: “Ha libese tse ’maloa tsa ba tlang kopanong li fihla ka hora ea pele hoseng, ho ne ho se moo ba ka fihlelang teng. Ke ile ka tlalloa eaba ke qala ho lla. Eaba ke rapela Jehova ’me ke mo kōpa hore a sebetsane le bothata boo. Ke ile ka thaba hakaakang ka mor’a hora ha re fumana sebaka se seng seo barab’abo rōna kaofela ha bona ba ka fihlelang ho sona! E ne e le mohlolo o bontšang hore Jehova a ke ke a lahla ea lokileng kherehloa!” Kopanong e ’ngoe e neng e tšoaretsoe morung, barab’abo rōna ba ile ba kōpa thuso ea marobalo motseng o haufi, ’me kaha Lipaki li na le botumo bo botle sebakeng seo, batho ba motse ba ile ba ithaopela ho fana ka marobalo a batho ba 2 000 malapeng a bona nakong ea kopano.

Paki e ’ngoe e re: “Taba feela ea hore kopano eona e ile ea khona ho ba teng e ne e le bopaki bo matla ba hore ke ntho ea bohlokoa haholo ho itšetleha ka Jehova maemong ’ohle.” Ho bile joalo ka ho khetheha ha ho ne ho fihla batho ba sa lebelloang kopanong, ba neng ba tletse ho tla luka khotso. Sebakeng sa Novoshakhtinsk, moruti oa Kereke ea Orthodox ea Russia le ba khahlanong le Lipaki ba ile ba tla eaba ba bina lifela le ho rapella holimo ka libuela-hōle e le ho leka ho koahela lentsoe la sebui kopanong. Leha ho le joalo, mapolesa a ile a ba thibela ho senya lenaneo. Ha mosali e mong oa Moorthodox hona sehlopheng seo a ilibana ka lebaka la mocheso, barab’abo rōna ba ile ba mo isa Lefapheng la Thuso ea Pele eaba o thusoa ka meriana. Seo se ile sa mo makatsa haholo.

Ba Ile ba Hlolloa ke Seo ba se Bonang

Kaha batho ba se ba le hlokolosi haholo ka lebaka la bokhukhuni, hangata ha ho e-na le batho ba bangata ba bokanang Russia ho ba le mapolesa hammoho le batho ba bohelehele. Ka mohlala, kopanong e ’ngoe e neng e tšoaretsoe morung Volzhskiy, ho ile ha tla lefapha la sepolesa se loantšang ba chesehelang ho fetelletsa lintho. E mong oa mapolesa ao o ile a lahla selefouno ea hae nakong ea kopano, eaba barab’abo rōna ba e fumana Lefapheng la Lost and Found ’me ba mo tholisa eona. Nakoana ka mor’a moo, o ile a founeloa ke mookameli oa hae, ea neng a batla ho tseba hore na ho na le ba hlohlelletsang liketso tse mabifi kapa ba chesehelang ho fetelletsa lintho moo kopanong. Lepolesa leo le ile la araba la re: “Lintho li tsamaea hantle haholo; ho na le batho ba 5 000 empa ho rena khutso. U sa botsa ka batho ba chesehelang ho fetelletsa lintho? E-re ke u bolelle se etsahetseng. Ke ne ke lahlile fono empa ba ntholisitse eona!”

Molebeli e mong o ile a khahloa ke bohloeki ba lebala leo kopano e neng e tšoaretsoe ho lona, a ba a makatsoa ke hore ho ne ho e-na le bana ba bangata empa ha aa ka a thonaka leha e le pampiri e le ’ngoe feela ea pompong. Mong’a sebaka se seng seo kopano e neng e tšoaretsoe ho sona o ile a kopana le mapolesa a neng a tlile hobane a boleletsoe hore ho na le moo balumeli ba bokaneng teng ka bongata. O ile a isa ofisiri ea mapolesa ao mokatong oa boraro oa mohaho o shebileng ka lebaleng la kopano, eaba o re: “Ak’u shebe batho bana! Ua iponela le uena hore na ba hlophisehile hakaakang!” Mong’a sebaka seo o ne a tsota hore ebe Lipaki li ne li sa noe kapa hona ho tsuba, ebile ha li tloha lebaleng moo ho ne ho sa bonahale le hore ho ne ho e-na le batho kaha li ne li bile li tsamaea le toti ea tsona. O ile a khotsa: “Che, ekare ke paradeise!”

Bonngoe bo Bonahalang Bathong ba Molimo

Ka mor’a kopano e ’ngoe e neng e tšoaretsoe morung, ramotse oa motse o mong o haufinyane le moo o ile a re: “Kea tseba hore le batho ba ikokobelitseng, empa ha e le hantle le bahale. Ha rōna re ntse re itšehla thajana, lōna le khona ho kopanya batho!” Ho tloha Kaliningrad ho ea Kamchatka, baahi ba sebaka sena se seholohali ba lula ba hloletsoe ke bonngoe bo bontšoang ke batho ba Molimo ha ba bokane hammoho ho tla koetlisoa ka Bibele. Ho sa tsotellehe hore na merero ea bona e ka ’na ea fetoloa kapele hakae le hona ka tšohanyetso, ntho e sa fetoheng ke hore ba lula ba hlompha ba boholong, ba bile ba hlompha le batho ba bang.

Ho sa tsotellehe boemo boo Lipaki Tsa Jehova li leng ho bona Russia, li tsoela pele ho kopana ka thabo bakeng sa ho koetlisoa ka Bibele. Li rapela “malebana le marena le bohle ba boemong bo phahameng; e le hore [li] ka tsoela pele [li] phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo bo feletseng.”—1 Timothea 2:2.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

E mong oa baithaopi ba neng ba thusa ho lokisetsa kopano e neng e tla tšoareloa ka ntle

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Lipaki Tsa Jehova Russia li tsoela pele ho “phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo”

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Baithaopi ba ile ba sebelisana hammoho ho hloekisa lebala pele kopano e qala le ho lokisetsa ba likete ba tlileng kopanong lijo

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

E mong le e mong o ile a thabela lenaneo la moea le ho ananela mosebetsi oa boitelo oa baithaopi