Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le ka Mohla U se ke Ua Lahla Balumeli-’moho le Uena

Le ka Mohla U se ke Ua Lahla Balumeli-’moho le Uena

Le ka Mohla U se ke Ua Lahla Balumeli-’moho le Uena

JAROSŁAW le mosali oa hae Beata ba re: “Ka lilemo tse leshome re ne re hapiloe ke mabaibai a lefatše la khoebo ’me re ne re ruile haholo. Le hoja re ne re hōliselitsoe ’neteng, re ne re se re hlahlathelletse hōle le eona ’me re ne re ikutloa re se na matla a ho khutlela ho Jehova.” *

Mora e mong oabo rōna ea bitsoang Marek o re: “Ka lebaka la liphetoho tse ileng tsa e-ba teng lipolotiking le sechabeng Poland, ke ile ka lula ke felloa ke mesebetsi. Ke ne ke ferekane. Ke ne ke tšaba ho iqalla khoebo kaha ke ne ke se na talenta ea ho e tsamaisa. Qetellong ke ile ka lekeha hore ke e qale, ke nahana hore e tla nthusa hore ke hlokomele lelapa la ka hantle ka lintho tseo le li hlokang nameng, empa e sa tl’o beha kamano ea ka le Jehova kotsing. Ha nako e ntse e feta, ke ile ka hlokomela hore ke ne ke fositse haholo.”

Lefatšeng lena leo ho lona theko ea lintho e lulang e ntse e phahama le tlhokahalo ea mosebetsi e ntseng e e-hloa mekoalaba, batho ba bang baa tsieleha, ka lebaka leo ba qetella ba entse liqeto tse seng bohlale. Barab’abo rōna ba bangata ba ’nile ba etsa qeto ea hore ba amohele ho sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi, ho etsa mesebetsi e meng kapa ba iqalle khoebo le hoja ba se na boiphihlelo. Ba nahana hore chelete e eketsehileng eo ba tla e fumana e tla thusa lelapa ebile e ke ke ea senya kamano ea bona le Jehova. Leha ho le joalo, maemo a sa lebelloang hammoho le maemo a moruo a sa tsitsang a ka senya esita le merero e metle. Ka lebaka leo, batho ba bang ba ’nile ba oela lerabeng la ho ba meharo ’me ba lumeletse hore ho lelekisa lintho tse bonahalang ho ame tšebeletso ea bona ho Jehova.—Moek. 9:11, 12.

Bara le barali ba bang babo rōna ba shebane le ho lelekisa lintho tsa lefatše hoo ba seng ba se na nako ea ho etsa thuto ea botho, ho ea libokeng kapa tšebeletsong ea tšimo. Ho hlakile hore seo se ama kamano ea bona le Jehova. Ba ka ’na ba boela ba hlokomoloha kamano e ’ngoe ea bohlokoa—e leng tlamahano ea bona le ‘bao ba amanang le bona tumelong.’ (Bagal. 6:10) Butle-butle ba bang ba ikhula mokhatlong oa bara ba motho oa Bokreste. Nahanisisa taba ena ka ho teba.

Boikarabelo Boo re Nang le Bona ho Balumeli-’moho le Rōna

Kaha re bara le barali ba motho, re na le menyetla e mengata ea ho bontša ba bang lerato. (Bar. 13:8) Ho ka etsahala hore ebe phuthehong ea heno u ’nile ua bona ba ‘hlorileng ba hoeletsang ho kōpa thuso.’ (Jobo 29:12) E ka ’na eaba ba bang ba kolla ntsi hanong. Moapostola Johanne o re hopolitse hore na sena se re fa monyetla ofe. “Mang kapa mang ea nang le mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo ’me a bona mor’abo a hloka leha ho le joalo a mo koalla monyako oa qenehelo ea hae e bonolo, lerato la Molimo le lula ka tsela efe ho eena?”—1 Joh. 3:17.

E ka ’na eaba u ile ua ba fa lintho tseo ba li hlokang ua ba ua ba thusa ka seatla se bulehileng. Leha ho le joalo, ha re bontše hore re tsotella barab’abo rōna feela ka ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang nameng. Ba bang ba ka ’na ba labalabela ho thusoa hobane ba jeoa ke bolutu kapa ba nyahame. E ka ’na eaba ba ikutloa eka ha ba tšoanelehe ho sebeletsa Jehova, ba kula haholo, kapa ba hlokahalletsoe ke motho eo ba mo ratang. Tsela e ’ngoe eo re ka ba khothatsang ka eona ke ka ho ba mamela le ho bua le bona, ka tsela eo re tla be re ela hloko litlhoko tsa bona tsa maikutlo le tsa moea. (1 Bathes. 5:14) Hangata sena se tiisa maqhama a lerato pakeng tsa rōna le barab’abo rōna.

Ka ho khetheha baholo ka phuthehong ba ka ’na ba e-ba boemong bo botle ba hore ba bontše kutloelo-bohloko ha ba mametse motho, ba bontše hore baa utloisisa ba be ba fane ka keletso e lerato e thehiloeng Mangolong. (Lik. 20:28) Ka tsela eo, balebeli ba etsisa moapostola Pauluse ea neng a e-na le “lerato le mofuthu” bakeng sa bara le barali babo ba moea.—1 Bathes. 2:7, 8.

Leha ho le joalo, haeba Mokreste a hlahlathella hōle le mohlape ho etsahala’ng ka boikarabelo boo a nang le bona ho balumeli-’moho le eena? Ho ka etsahala hore le baholo ba lekehe ho lelekisa lintho tse bonahalang. Mokreste o lokela ho etsa’ng haeba ho ka etsahala hore a inehele tekong e joalo?

Ho Imeloa ke Matšoenyeho a Bophelo

Joalokaha ho bontšitsoe, ho sebetsa ka thata e le hore re finyelle litlhoko tsa nama tsa malapa a rōna hangata ho etsa hore re tšoenyehe ’me ho ka thefula tsela eo re talimang lintho tsa moea ka eona. (Mat. 13:22) Marek, eo ho builoeng ka eena pejana o re: “Ha khoebo ea ka e ne e sa atlehe, ke ile ka etsa qeto ea ho ea batla mosebetsi o lefang haholo naheng e ’ngoe. Qalong ke ile ka qeta likhoeli tse tharo feela ke le sieo, eaba ke boela ke tsamaea ka likhoeli tse tharo ’me ke ile ka ’na ka lula ke etsa joalo, ke ntse ke khutlela hae ka nakoana. Mosali oa ka eo e neng e se Mokreste o ile a tšoenyeha haholo maikutlong ka lebaka la seo.”

Bophelo ba lelapa la hae hase bona feela bo ileng ba thefuleha. Ha Marek a tsoela pele o re: “Ho phaella tabeng ea ho sebetsa lihora tse telele har’a mocheso o tepeletsang, ke ne ke sebetsa le batho ba tala ka hanong bao sepheo sa bona e neng e le ho hatella batho ba bang. Ba ne ba etsa lintho joaloka likenke tsa seterateng. Ke ne ke ikutloa ke sithabetse ke bile ke hateletsoe. Kaha ke ne ke bile ke se na nako ea ho itlhokomela, ke ile ka qala ho belaela hore na ke ne nka khona ho sebeletsa ba bang.”

Litholoana tse bosula tsa qeto eo Marek a ileng a e etsa li lokela ho re susumelletsa hore re ke re eme ’me re nahane. Esita le haeba ho bonahala eka ho ea naheng e ’ngoe ho ka ’na ha rarolla mathata a lichelete, na ho ke ke ha baka mathata a mang? Ka mohlala, ho tla etsahala’ng ka boiketlo ba lelapa la rōna moeeng le maikutlong? Na ha re tsamaea seo se ke ke sa etsa hore re khaotse ho kopanela le phutheho? Na se ke ke sa re amoha tokelo ea ho sebeletsa balumeli-’moho le rōna?—1 Tim. 3:2-5.

Leha ho le joalo, joalokaha mohlomong u hlokomela, hase hore motho o lokela ho sebetsa naheng e ’ngoe e le hore a phathahane haholo ka mosebetsi oa boipheliso. Nahana ka Jarosław le Beata. Jarosław o re: “Qalong re ne re se na sepheo se sebe. Ha re sa tsoa nyalana, re ile ra bula lebenkele le lenyenyane le rekisang li-hot-dog sebakeng se phetheselang. Kaha re ne re etsa phaello e ngata re ile ra batla ho hōlisa khoebo ea rōna. Empa re ne re se na nako, kahoo re ne re lofa liboka tsa Bokreste. Ho e-s’o ee kae, ke ile ka khaotsa ho ba pula-maliboho le ho sebeletsa ke le mohlanka ea sebeletsang. Kaha re ne re thabetse phaello eo re neng re e etsa, re ile ra bula lebenkele le leholo eaba re kopanela khoebo le motho eo e seng Mokreste. Ka mor’a nakoana ke ne ke se ke nka maeto ke e-ea linaheng tse ling ke il’o saena likonteraka tse jang lidolara tse limilione. Ke ne ke lula ke le sieo lapeng, kahoo kamano eo ke neng ke e-na le eona le mosali oa ka le morali oa ka e ile ea ’na ea thefuleha. Qetellong, khoebo ea rōna e neng e atlehile haholo e ile ea re koieetsa moeeng. Kaha re ne re se re sa kopanele le phutheho, re ne re se re sa nahane ka barab’abo rōna.”

Re ithuta’ng ho see? Takatso ea hore motho a iketsetse paradeise ea hae e ka tšoasa Mokreste, e leng se tla fella ka hore a se tsotelle letho—esita le ha a lahleheloa ke ‘seaparo sa hae sa ka ntle,’ e leng boitsebahatso ba rōna re le Bakreste. (Tšen. 16:15) Seo se ka re lahlela hōle le barab’abo rōna bao pele re neng re khona ho ba thusa.

Itlhahlobe ka Botšepehi

Re ka ’na ra ipolella hore, ‘Seo se ke ke sa nketsahalla.’ Empa, e ka ba hantle hore kaofela ha rōna re nahane ka botebo hore na ha e le hantle ho hlokahala chelete e kae bophelong. Pauluse o ile a ngola a re: “Ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le letho. Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” (1 Tim. 6:7, 8) Ke ’nete hore maemo a bophelo aa fapana naheng e ’ngoe le e ’ngoe. Lintho tse ka ’nang tsa nkoa e le tsa motheo linaheng tse ruileng li ka ’na tsa nkoa e le ho phela mabothobothong linaheng tse ling tse ngata.

Ho sa tsotellehe hore na maemo a bophelo ke afe moo re lulang teng, re lokela ho nahana ka mantsoe a latelang ao Pauluse a ileng a a bua a reng: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.” (1 Tim. 6:9) Leraba le pateloa phofu ea lona. Le etselitsoe hore le tšoase phofu ea lona e sa lebella. Re ka qoba ho tšoasoa ke ‘litakatso tse kotsi’ joang?

Ho tseba hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba rōna, ho ka re susumelletsa hore re iphe nako e ngata ea ho sebeletsa Jehova, ho akarelletsa le ea ho ba le thuto ea botho. Ha Mokreste a rapela a bile a ithuta joalo, seo se ka mo thusa hore a ‘tšoanelehe ka botlalo, a hlomelloe ka ho feletseng’ e le hore a ka thusa ba bang.—2 Tim. 2:15; 3:17.

Ka lilemo tse ’maloa, baholo ba lerato ba ile ba sebeletsa hore ba matlafatse Jarosław ba be ba mo khothatse. O ile a susumelletseha hore a etse liphetoho tse khōlō. O re: “Puisanong e ’ngoe ea bohlokoa eo ke ileng ka ba le eona le baholo, ba ile ba qotsa mohlala oa Mangolo o buang ka monna e mong ea ruileng ea neng a batla ho phela ka ho sa feleng empa a sa ikemisetsa ho arohana le matlotlo a hae. Ka mor’a moo, ka bohlale ba ile ba mpotsa hore na mohlala oo o ke ke oa sebetsa ho ’na. Ruri seo se ile sa mpula mahlo!”—Liprov. 11:28; Mar. 10:17-22.

Jarosław o ile a hlahloba boemo ba hae ka botšepehi eaba o etsa qeto ea ho tsoa khoebong e khōlō. Nakong ea lilemo tse peli, eena le ba lelapa la hae ba ile ba boela ba e-ba matla moeeng. Hona joale o sebeletsa barab’abo e le moholo. Jarosław o re: “Ha barab’abo rōna ba phathahana haholo ka khoebo hoo ba seng ba hlokomoloha bomoea ba bona, ke sebelisa mohlala oa ka ho ba hlokomelisa booatla ba ho kena jokong e sa lekaneng le batho ba sa lumelang. Ha ho bonolo ho hana menyetla ea khoebo e hohelang le ho qoba mekhoa e sa tšepahaleng khoebong.”—2 Bakor. 6:14.

Marek le eena o ile a ithuta habohloko. Le hoja mosebetsi o lefang haholo o ile oa thusa lelapa la hae licheleteng, kamano ea hae le Molimo hammoho le barab’abo e ile ea ameha habohloko. Ha nako e ntse e e-ea, o ile a boela a hlahloba hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba hae. O re: “Ha lilemo li ntse li feta, boemo ba ka bo ile ba tšoana le ba Baruke oa boholo-holo ‘ea neng a ntse a ipatlela lintho tse khōlō.’ Qetellong, ke ile ka tšollela Jehova pelo ea ka, ka mo bolella lintho tse ntšoenyang ’me hona joale ke ikutloa ke boetse ke tsitsitse moeeng.” (Jer. 45:1-5) Hona joale Marek o hahamalla “mosebetsi o motle” oa ho ba molebeli ka phuthehong.—1 Tim. 3:1.

Ha Marek a eletsa batho ba ka ’nang ba nahana ho ea naheng e ’ngoe ho ea batla mosebetsi o lefang haholo, o re: “Ha u le naheng e ’ngoe, ho bonolo haholo ho oela marabeng a lefatše lena le khopo. Ho se tsebe puo ea sebakeng seo hantle ho u sitisa ho buisana le batho ba bang. U ka ’na ua khutlela hae u e-na le chelete, empa u ka boela ua khutla u lemetse moeeng ’me ho ka ’na ha nka nako e telele hore u boele u be matla moeeng.”

Ho etsa hore ho be le ho leka-lekana pakeng tsa mosebetsi oa boipheliso le boikarabelo ba rōna ho barab’abo rōna ho tla re thusa hore re thabise Jehova. Hape re ka behela ba bang mohlala oa sebele o ka ’nang oa ba susumetsa hore ba etse liqeto tse bohlale. Batho ba imetsoeng ba hloka ho tšehetsoa, ho utloeloa bohloko le ho beheloa mohlala ke bara le barali babo bona. Baholo ba phutheho le Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong ba ka thusa balumeli-’moho le bona hore ba leka-lekanye lintho le hore ba qobe ho imeloa ke matšoenyeho a bophelo.—Baheb. 13:7.

Ruri, e se eka le ka mohla re ke ke ra lahla balumeli-’moho le rōna kherehloa ka hore re phathahane haholo ka mosebetsi oa boipheliso. (Bafil. 1:10) Ho e-na le hoo, e se eka re ka “ruela ho Molimo” ha re ntse re eteletsa pele lintho tse amanang le ’Muso bophelong ba rōna.—Luka 12:21.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Mabitso a mang a fetotsoe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Na mosebetsi oa hao oa boipheliso o u sitisa ho ba teng libokeng?

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Na u nka menyetla ea hore u thuse bara le barali beno ba moea e le ea bohlokoa?