Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jesu—Moo a Neng a Tsoa Teng

Jesu—Moo a Neng a Tsoa Teng

“Eaba [Pilato] o kena ka tlung ea ’muso ea ’musisi hape ’me o re ho Jesu: ‘U tsoa hokae?’ Empa Jesu a se ke a mo fa karabo.”—JOHANNE 19:9.

’MUSISI oa Moroma Ponse Pilato o ile a botsa potso eo ha Jesu a ne a le nyeoeng eo ho eona a ileng a ahloleloa lefu. * Pilato o ne a tseba hore na Jesu o tsoa karolong efe naheng ea Iseraele. (Luka 23:6, 7) Hape o ne a tseba hore Jesu e ne e se motho feela ea tloaelehileng. Na ebe Pilato o ne a ipotsa hore na Jesu o kile a phela pele? Na ’musi eo oa mohetene o ne a ikemiselitse ho amohela ’nete le ho nka khato ka eona? Ho sa tsotellehe hore na mabaka ke afe, Jesu o ile a hana ho mo araba, eaba ka potlako hoa hlaka hore Pilato o ne a mpa a amehile ka boemo ba hae eseng ka ’nete le toka.—Matheu 27:11-26.

Ka lehlohonolo, ba batlang ho tseba e le kannete hore na Jesu o ne a tsoa hokae ba ka fumana seo habonolo feela. Bibele e hlalosa ka ho hlaka hore na Jesu Kreste o tsoa hokae. Ak’u hlahlobe se latelang.

Moo a hlahetseng teng

Tsela ea ho bala ea mehleng ena e bontša hore mathoasong a hoetla ea selemo seo kajeno ho thoeng ke 2 B.C.E., Jesu o ile a hlahela sebakeng sa boemo bo tlaase motseng oa Bethlehema ea Judea. Taelo ea Cesare Augustase ea hore batho ba e’o ingolisa e ile ea tlama ’mè oa Jesu, e leng Maria, ea “neng a se a hōletsoe,” le monna oa hae, Josefa, hore ba ee Bethlehema, e leng ha habo Josefa. Kaha ha baa ka ba fumana sebaka seo ba ka fihlelang ho sona ka lebaka la sepenya se neng se le motseng, banyalani bao ba ile ba fihlela setaleng, moo Jesu a ileng a hlahela teng eaba o behoa ka sejelong.—Luka 2:1-7.

Lilemo tse makholo pele ho moo, boprofeta ba Bibele bo ne bo ile ba bolela sebaka seo Jesu a neng a tla hlahela ho sona: “Uena Bethlehema Efratha, e monyenyane haholo hore u ka ba har’a likete tsa Juda, ho uena ho tla tsoa bakeng sa ka eo e tlang ho ba ’musi oa Iseraele.” * (Mikea 5:2) Ho bonahala Bethlehema e ne e le motse o monyenyane haholo hore o ka baloa har’a metse ea Juda. Leha ho le joalo, motsana ona o ne o tla ba le tlotla e khōlō. Mesia ea tšepisitsoeng, kapa Kreste, o ne a tla hlahela hona teng Bethlehema.—Matheu 2:3-6; Johanne 7:40-42.

Moo a hōletseng teng

Ka mor’a hore le lule Egepeta nakoana, lelapa labo Jesu le ile la fallela Nazaretha, motse o neng o le seterekeng sa Galilea, lik’hilomithara tse ka bang 96 ka leboea ho Jerusalema. Nakong eo, Jesu o ne a e-s’o tšoare selemo sa boraro. Ke sebakeng sena se setle seo ho sona batho e neng e le lihoai, balisa le batšoasi ba litlhapi, moo Jesu a ileng a hōlela teng lelapeng le leholo, mohlomong la maemo a tlaase.—Matheu 13:55, 56.

Lilemo tse makholo pele ho moo, Bibele e ne e ile ea bolela esale pele hore Mesia e ne e tla ba “Monazaretha.” Matheu, e leng e mong oa bangoli ba Likosepele, o re lelapa labo Jesu le ile la tla lula “Nazaretha, e le hore ho ka phethahala se ileng sa buuoa ka baprofeta: ‘O tla bitsoa Monazaretha.’” (Matheu 2:19-23) Ho bonahala lentsoe Monazaretha le amana le lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “lehlōmela.” Ho hlakile hore Matheu o ne a bua ka boprofeta ba Esaia bo ileng ba bitsa Mesia “lehlōmela” la Jese, ho bolelang hore Mesia o ne a tla tsoa lelokong la Jese, ntate oa Morena Davida. (Esaia 11:1) Ha e le hantle, Jesu e ne e le setloholo sa Jese ka Davida.—Matheu 1:6, 16; Luka 3:23, 31, 32.

Moo a neng a tsoa teng

Bibele e ruta hore Jesu o qalile ho phela nako e telele pele a hlahela setaleng Bethlehema. Boprofeta ba Mikea bo qotsitsoeng pejana bo tsoela pele ho re ke Ea “tsoang linakong tsa pele, matsatsing a nako e sa lekanyetsoang.” (Mikea 5:2) Kaha ke Mora oa Molimo oa letsibolo, Jesu e ne e le sebōpuoa sa moea leholimong pele a tsoaloa e le motho lefatšeng. Jesu ka boeena o ile a re: ‘Ke theohile leholimong.’ (Johanne 6:38; 8:23) See se etsahetse joang?

Jehova Molimo o ile a sebelisa moea o halalelang ho etsa mohlolo oa ho tlosa bophelo ba Mora oa hae leholimong, a bo kenya pōpelong ea moroetsana oa Mojuda ea bitsoang Maria, e le hore a ka tsoaloa e le motho ea phethahetseng. * Mohlolo o joalo ke ntho e bonolo haholo ho Molimo ea Matla ’Ohle. Joalokaha lengeloi le neng le hlalosetsa Maria litaba le ile la bontša, “ho Molimo ha ho polelo e ke keng ea khoneha.”—Luka 1:30-35, 37.

Bibele ha e re bolelle feela hore na Jesu o tsoa hokae. Likosepele tse ’nè—Matheu, Mareka, Luka le Johanne—li re bolella lintho tse ngata mabapi le kamoo a phetseng kateng.

^ ser. 3 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka ho tšoaroa ha Jesu le nyeoe ea hae, sheba sehlooho se reng “Nyeoe e Leeme ka ho Fetisisa e Kileng ea Tšoaroa,” leqepheng la 18-22 makasineng eona ena.

^ ser. 6 Kamoo ho bonahalang kateng, Bethlehema e ne e bitsoa Efratha mehleng ea khale.—Genese 35:19.

^ ser. 10 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.