Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jesu—Kamoo a Phetseng Kateng

Jesu—Kamoo a Phetseng Kateng

“Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.”—JOHANNE 4:34.

BOEMO boo Jesu a buileng mantsoe ana a le ho bona bo senola ho hongata ka seo a neng a amehile ka sona haholo bophelong. Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba qetile nako ea hoseng kaofela ba ntse ba tsamaea sebakeng se lithaba sa Samaria. (Johanne 4:6, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Barutuoa ba hae ba ile ba nahana hore Jesu o se a lapile, eaba ba mo botsa hore na ba mo fe lijo. (Johanne 4:31-33) Ha Jesu a ba araba, o ile a akaretsa seo ha e le hantle e neng e le morero oa hae bophelong. O ne a nka ho etsa mosebetsi oa Molimo e le habohlokoa ho feta ho ja. Ka mantsoe le ka liketso, Jesu o ile a phelela ho etsa thato ea Molimo. See se ne se akarelletsa eng?

Ho bolela le ho ruta ka ’Muso oa Molimo

Ha Bibele e hlalosa mosebetsi oo Jesu a neng a o etsa bophelong, e re: “A potoloha ho pholletsa le Galilea eohle, a ruta . . . le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 4:23) Jesu o ne a sa bolele feela, kapa hona ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo. O ne a boetse a ruta batho—ke hore o ne a ba rupela, a ba hlalosetsa a bile a ba fa mabaka a utloahalang a ka ba kholisang. Molaetsa oa Jesu o ne o bua ka ’Muso.

Nakong eohle ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a ruta bamameli ba hae hore na ’Muso oa Molimo ke eng le hore na o tla etsa eng. Ela hloko lintho tse latelang tseo e leng ’nete ka ’Muso oo, hammoho le Mangolo a bontšitsoeng ao ho ’ona Jesu a buang ka ’Muso oo.

  • ’Muso oa Molimo ke puso ea leholimong ’me Jehova o khethile Jesu hore e be Morena oa oona.—MATHEU 4:17; JOHANNE 18:36.

  • ’Muso oo o tla halaletsa lebitso la Molimo ’me o etse hore thato ea hae e etsoe lefatšeng joaloka leholimong.—MATHEU 6:9, 10.

  • Ha ’Muso oa Molimo o se o busa, lefatše lohle le tla fetoha paradeise.—LUKA 23:42, 43.

  • ’Muso oa Molimo o se o le haufi le ho fihla ’me o tla phetha thato ea Molimo lefatšeng. *MATHEU 24:3, 7-12.

Ho etsa mesebetsi e tsotehang

Ka ho khetheha, Jesu o ne a tsejoa e le “Mosuoe.” (Johanne 13:13) Leha ho le joalo, lilemong tse tharo le halofo tseo a li phetseng lefatšeng, o ile a etsa le mesebetsi e mengata e tsotehang. Mesebetsi eo e ile ea phetha bonyane merero e ’meli. Oa pele, e ne e paka hore ka sebele o ne a romiloe ke Molimo. (Matheu 11:2-6) Oa bobeli, e ne e fana ka leseli la hore na ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo o tla etsetsa moloko oohle oa batho eng. Hlokomela e meng ea mehlolo eo a ileng a e etsa.

U se u ka inahanela hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng ha Morena ea matla joalo e se e le eena ea busang!

Ho senola botho ba Jehova Molimo

Ha ho tluoa tabeng ea ho ruta ba bang ka Jehova, ha ho motho ea tšoanelehang ho feta Mora oa Molimo, ea ileng a tsejoa e le Jesu Kreste. Kaha ke “letsibolo la pōpo eohle,” Jesu o ile a phela le Jehova leholimong nako e telele ho feta sebōpuoa leha e le sefe se seng sa moea. (Bakolose 1:15) Nahana feela hore na o ile a ba le monyetla o mokaakang oa ho ithuta tsela eo Ntate oa hae a neng a nahana ka eona le ho ithuta thato ea Hae, melao ea hae le litsela tsa hae!

Ke ka nepo Jesu a ileng a re: “Ha ho ea tsebang hore na Mora ke mang haese Ntate; ’me ha ho ea tsebang hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela eena.” (Luka 10:22) Ha Jesu a le lefatšeng mona, ka ho ithatela le ka cheseho o ile a senola hore na Ntate oa hae o joang. Jesu o ne a bua a bile a ruta ka tsela e ikhethang; o ne a hopola seo a ithutileng sona ha a ne a le leholimong, sebakeng se phahameng seo Molimo ea Phahahameng ka ho Fetisisa a leng ho sona.—Johanne 8:28.

Seo Jesu a se entseng ha a senola Ntate oa hae se ka tšoantšoa le seo transformer e se etsang ka motlakase. Transformer e nka motlakase o nang le matla a maholo ebe e theola matla ao hore o tle o khone ho sebelisoa ke motho e mong le e mong. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a nka seo a ithutileng sona ho Ntate oa hae ha a ne a le leholimong eaba o se fetisetsa ho batho lefatšeng ka tsela eo ba neng ba ka e utloisisa le ho e sebelisa habonolo.

Nahana ka litsela tse peli tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a senola Ntate oa hae ka tsona.

  • Ha Jesu a ruta, o ile a tsebahatsa ’nete ka Jehova—lebitso la Hae, morero oa hae le litsela tsa hae.—JOHANNE 3:16; 17:6, 26.

  • Liketso tsa Jesu li ile tsa bontša litšobotsi tse ngata tse babatsehang tseo Jehova a nang le tsona. Jesu o ne a bonahatsa botho ba Ntate oa hae ka ho phethahetseng hoo ha e le hantle, a neng a ka re: ‘Haeba le batla ho tseba hore na Ntate oa ka o joang, shebang ’na.’—JOHANNE 5:19; 14:9.

Tsela eo Jesu a phetseng ka eona ea tsoteha! Re ka rua molemo o moholo haeba re hlahloba hore na ke hobane’ng ha a ile a shoa, le haeba re etsa lintho tumellanong le seo re ithutileng sona.

^ ser. 9 E le hore u ithute ho eketsehileng ka ’Muso oa Molimo le hore na re tseba joang hore o se o le haufi le ho tla, sheba khaolo ea 8 e nang le sehlooho se reng, “’Muso oa Molimo ke Eng?,” le khaolo ea 9 e nang le sehlooho se reng “Na re Phela ‘Matsatsing a ho Qetela’?,” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.