Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jesu—Lebaka Leo a Shoeleng ka Lona

Jesu—Lebaka Leo a Shoeleng ka Lona

‘Mor’a motho o tletse ho fana ka moea oa hae [kapa, bophelo] ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’—MAREKA 10:45.

JESU o ne a tseba hore na o tlil’o hlaheloa ke eng. O ne a tseba hore a ke ke a phela ka khotso. Ho e-na le hoo, o ne a lemoha hore o tlil’o bolaoa ka sehlōhō a sa ntse a le lilemong tsa bo-30 ’me o ne a itokiselitse lefu leo la hae.

Bibele e bontša hore lefu la Jesu ke la bohlokoa haholo. Buka e ’ngoe e re Mangolong a Segerike a Bakreste, kapa Testamenteng e Ncha, ho buuoa ka lefu la Jesu ka ho toba ka makhetlo a ka bang 175. Empa ke hobane’ng ha Jesu a ile a tlameha ho utloa bohloko le ho shoa? Re lokela ho tseba hobane lefu leo la Jesu le ka ama bophelo ba rōna haholo.

Seo Jesu a neng a se lebeletse

Selemong sa hae sa ho qetela a phela lefatšeng, Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae ka makhetlo a mangata hore o ne a tla hlokofatsoa le ho bolaoa. Ha ba le tseleng e eang Jerusalema ho ea keteka Paseka ea hae ea ho qetela, o ile a bolella baapostola ba hae ba 12, a re: “Ho tla nehelanoa ka Mor’a motho ho baprista ba ka sehloohong le bangoli, ba tla mo ahlolela lefu ’me ba tla nehelana ka eena ho batho ba lichaba, ’me ba tla mo fetola litšeho ’me ba tla mo tšoela ka mathe le ho mo shapa ’me ba mo bolaee.” * (Mareka 10:33, 34) Ke hobane’ng ha a ne a kholisehile hore o tla hlaheloa ke seo?

Jesu o ne a tseba boprofeta bo bongata bo Mangolong a Seheberu bo neng bo boletse esale pele hore na bophelo ba hae bo tla fella joang. (Luka 18:31-33) Hlokomela bo bong ba boprofeta boo hammoho le Mangolo a bontšang hore na bo ile ba phethahala joang.

Mesia . . .

Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo le bo bong bo bongata. Ha ho pelaelo hore o ne a ke ke a etsa seo ka matla a hae. Ho phethahala ha boprofeta boo kaofela ho Jesu ke bopaki ba hore ka sebele o ne a ronngoe ke Molimo. *

Empa ke hobane’ng ha Jesu a ne a lokela ho utloa bohloko le ho shoa?

Jesu o ile a shoa e le hore a lokise tseko ea bohlokoa haholo

Jesu o ne a tseba tseko ea bohlokoa haholo bokahohleng e neng e ile ea etsoa serapeng sa Edene. Adama le Eva ba ile ba susumetsoa ke sebōpuoa sa moea sa lerabele, eaba ba khetha ho se mamele Molimo. Borabele ba banyalani bao bo ile ba etsa hore ho be le pelaelo ka bobusi ba Molimo, kapa tsela eo a busang ka eona. Sebe seo sa bona se ile sa boela sa etsa hore ho be le pelaelo ea hore na ho na le motho ea ka lulang a tšepahala ho Molimo ha a le tlas’a teko.—Genese 3:1-6; Jobo 2:1-5.

Jesu o ile a fana ka karabo e khaolang khang ka hohle-hohle litabeng tseo tse peli tseo ho neng ho e-na le pelaelo ka tsona—e leng bobusi ba Jehova le botšepehi ba batho. Ka ho mamela ha hae ho phethahetseng “ho isa lefung . . . thupeng ea tlhokofatso,” Jesu o ile a tšehetsa bobusi ba Molimo. (Bafilipi 2:8) Hape Jesu o ile a paka hore motho ea phethahetseng a ka lula a tšepahala ka ho feletseng ho Jehova ho sa tsotellehe liteko tse matla ka ho fetisisa.

Jesu o ile a shoa e le hore a lokolle batho

Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore ho hlokofatsoa ha Mesia ea tšepisitsoeng le lefu la hae li ne li tla koahela libe tsa batho. (Esaia 53:5, 10) Jesu o ne a utloisisa sena ka botlalo ’me o ile a ikemisetsa ho fana ka “moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Lefu la hae la sehlabelo le ile la bulela batho ba sa phethahalang monyetla oa hore ba be le kamano e ntle le Jehova le oa hore ba pholosoe sebeng le lefung. Lefu la Jesu le re bulela monyetla oa ho fumana seo Adama le Eva ba se lahlileng—e leng tšepo ea ho phela ka ho sa feleng maemong a phethahetseng lefatšeng. *Tšenolo 21:3, 4.

Seo u ka se etsang

Letotong la lihlooho tsena, re hlahlobile seo Bibele e se rutang ka Jesu—hore na o ne a tsoa hokae, o phetse joang le hore na ke hobane’ng ha a ile a shoa. Ho tseba ’nete eo ka Jesu ho ka etsa ho fetang feela ho hlakisa likhopolo tse fosahetseng ka eena. Ho etsa lintho tumellanong le ’nete eo ho ka tlisa litlhohonolofatso—e leng ho phela hantle hona joale le ho phela ka ho sa feleng nakong e tlang. Bibele ea re bolella hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re rue melemo eo.

  • Ithute ka ho eketsehileng ka Jesu Kreste le ka karolo eo a e phethang morerong oa Jehova.—JOHANNE 17:3.

  • E-ba le tumelo ho Jesu, u bontše ka tsela eo u phelang ka eona hore u mo amohela e le Mopholosi oa hao.—JOHANNE 3:36; LIKETSO 5:31.

Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u ithute ka ho eketsehileng ka Jesu Kreste, ‘Mora ea tsoetsoeng a ’notši’ oa Molimo, eo ka eena re ka fumanang mpho ea “bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

^ ser. 5 Hangata Jesu o ne a ipitsa “Mor’a motho.” (Matheu 8:20) Tlhaloso ena ha e bontše feela hore e ne e hlile e le motho, empa hape e bontša hore e ne e le “mor’a motho” eo boprofeta ba Bibele bo neng bo buile ka eena.—Daniele 7:13, 14.

^ ser. 13 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka boprofeta bo ileng ba phethahala ka Jesu, sheba sehlomathiso se nang le sehlooho se reng “Jesu Kreste ke Mesia ea Tšepisitsoeng” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 17 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka bohlokoa ba sehlabelo sa lefu la Jesu, sheba khaolo ea 5 e nang le sehlooho se reng, “Thekollo ke Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa,” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?