Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Barabase o ne a entse litlōlo life tsa molao?

Likosepele tse ’nè kaofela li bua ka Barabase, monna eo ’musisi oa Roma, Ponse Pilato a ileng a mo lokolla ho e-na le ho lokolla Jesu. Barabase o bitsoa ‘motšoaruoa ea tummeng hampe,’ hape o bitsoa “lesholu.” (Matheu 27:16; Johanne 18:40) O ne a tšoeroe ke Baroma Jerusalema “hammoho le bafetoheli, bao bofetoheling ba bona ba neng ba bolaile.”—Mareka 15:7.

Le hoja ho se na ntho e fanang ka bopaki ba hore na Barabase o ne a entse eng, taba ea hore o balelloa har’a bafetoheli e etsa hore litsebi tse ling li mo amahanye le lihlopha tsa majela-thōko a neng a le teng Iseraele lekholong la pele la lilemo. Rahistori Flavius Josephus o tlalehile hore lihlopha tsa litlokotsebe e ne e le tsona tse li hulang pele merusung ea sechaba mehleng eo; linokoane tseo li ne li re li loanela toka bakeng sa batho feela ba maemong a tlaase ba Bajuda ba neng ba hateletsoe. Borabele bo neng bo etsetsoa Baroma hammoho le Bajuda ba boholong hobane ho thoe ba tšoara Bajuda ka ho hloka toka bo ile ba tota bohareng ba lekholo la pele la lilemo C.E. Hamorao lihlopha tsa litlokotsebe e ile ea e-ba karolo e khōlō ea lebotho la Bajuda le ileng la leleka Baroma Judea ka 66 C.E.

The Anchor Bible Dictionary e re “e ka ’na eaba Barabase e ne e le e mong oa linokoane tsa metseng e ka thōko. Linokoane tseo li ne li ratoa ke batho feela ba tloaelehileng hobane li ne li hlasela mahae a barui ba Iseraele ’me li baka moferefere ’musong oa Roma.”

Mehleng ea Baroma, motho o ne a ka fuoa kahlolo ea lefu e tšoanang le ea Jesu ha a entse eng?

Baroma ba ne ba ahlola majela-thōko, batlōli ba molao le marabele a mang ka ho ba faselletsa nthong e itseng e hlokofatsang ebe ba ba sia moo hore ba shoe. Kahlolo ena e ne e nkoa e le mokhoa oa polao o sehlōhō ka ho fetisisa.

Buka ea Palestine in the Time of Jesus, e re: “Motho o ne a bolaeloa pooaneng, e le lefu le tlotlollang le le bohloko ’me morero e ne e le ho tšosa motho leha e le ofe ea rerang ho ba khahlanong le ’muso oa nakong eo.” Sengoli se seng sa boholo-holo sa Moroma se itse mabapi le ho bolaoa ha batlōli ba molao: “Ho ne ho khethoa litsela tse phetheselang ka ho fetisisa, moo batho ba bangata ba ka bonang ketsahalo eo e le hore ba tlale tšabo.”

Ho latela Josephus, motšoaruoa e mong oa ntoa ea ileng a haptjoa ke lebotho la Titus ha ho ne ho thibeletsoe motse oa Jerusalema ka 70 C.E. o ile a bolaoa ka tsela ena ka pel’a marako a motse ka morero oa ho tšosa balebeli hore ba tle ba inehele. Qetellong ha motse oo o oa, ba bangata ba ile ba bolaoa ka eona tsela eo.

Ketsahalo eo ho eona ho ileng ha bolaoa batho ba bangata ka ho fetisisa ka tsela ena, eo histori e nang le tlaleho ea eona, ke ea ha ho fela bofetoheli bo neng bo eteletsoe pele ke Spartacus (73-71 B.C.E.), moo makhoba le bahlabani ba 6 000 ba ileng ba bolaeloa tseleng e tsoang Capua e leba Roma.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

“Re fe barabase” ka Charles Muller, 1878