Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ke Lumetse”

“Ke Lumetse”

Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona

“Ke Lumetse”

MARETHA ka kelellong ea hae o ne a ntse a bona moo khaitseli ea hae e bolokiloeng teng—lehaheng le koetsoeng ka lejoe monyako. Bohloko boo a neng a bo utloile bo ne bo mo imetse joalokaha eka lejoe leo le lutse holim’a hae. O ne a sa kholoe hore Lazaro moratuoa oa hae o shoele. Ho ne ho se ho fetile matsatsi a mane joale a hlokahetse empa ao e ne e le matsatsi a tletseng ka mesarelo, baeti le batho ba tlisang matšeliso.

Letsatsing lena Maretha o ne a e-na le motho e mong eo e neng e le oa bohlokoa haholo ho Lazaro. Ho boela a bona Jesu ho ile ha etsa hore pelo ea hae e sise le ho feta, kaha e ne e le eena motho a le mong feela lefatšeng ea neng a ka be a entse hore khaitseli ea hae e se ke ea shoa. Leha ho le joalo, Maretha o ile a tšeliseha ka ho ba le Jesu sebakeng sena se ka thōko ho motsana o lithaba oa Bethani. Ka nakoana eo feela a neng a e-na le eena, o ile a ikutloa a tšelisehile ka lebaka la sefahleho sa hae se bontšang kutloelo-bohloko, le qenehelo ea hae e neng e lula e mo khothatsa. O ile a mo botsa lipotso tse ileng tsa mo thusa hore a tsepamise mohopolo tumelong ea hae le tšepong ea hae ea tsoho ea bafu. Moqoqo oo o ile oa etsa hore Maretha a bue mantsoe a bohlokoa ka ho fetisisa a kileng a tsoa molomong oa hae: “Ke lumetse hore ke uena Kreste Mora oa Molimo, Ea tlang lefatšeng.”—Johanne 11:27.

Maretha e ne e le mosali ea nang le tumelo e ikhethang. Lintlha tse seng kae tseo Bibele e re bolellang tsona ka eena li re ruta lintho tsa bohlokoa haholo tse ka re thusang ho matlafatsa tumelo ea rōna. E le hore re bone hore na li ka etsa seo joang, a re ke re hlahlobe tlaleho ea pele ea Bibele e buang ka Maretha.

“U Tšoenyehile le ho Khathatseha”

E ne e le likhoelinyana pejana. Lazaro o ne a ntse a ipheletse hantle. Lelapa labo le Bethani le ne le tlil’o amohela moeti oa bohlokoa ka ho fetisisa, Jesu Kreste. Lelapa labo Lazaro, Maretha le Maria e ne e le le sa tloaelehang—la bana ba motho ba bararo ba seng ba hōlile ba lulang ’moho. Bafuputsi ba bang ba re ho bonahala Maretha e ne e le eena e moholo, kaha ho bonahala e ne e le eena ea neng a hlokomela moeti enoa oa bona le hore hangata ke eena eo ho qaloang ka eena. (Johanne 11:5) Ha ho kamoo re ka tsebang hore na har’a bona ho ne ho e-na le ea kileng a kena lenyalong. Leha ho le joalo, e ile ea e-ba metsoalle e meholo ea Jesu. Nakong ea tšebeletso ea hae Judea, e leng sebakeng seo ho sona a neng a hanyetsoa haholo a bile a hlouoe, Jesu o ne a fihlela moo habo bona. Ha ho pelaelo hore o ne a ananela haholo lehae leo le renang khotso la batho ba neng ba mo tšehetsa.

Maretha o ne a etsa ka hohle hore lintho li tsamaee hantle lapeng le hore baeti ba ikutloe ba amohelehile. Kaha e ne e le mosali ea khothetseng, ho bonahala hangata a ne a lula a le maphathaphathe. Ho ne ho ntse ho le joalo le ha Jesu a ne a ba etetse. Ka potlako o ile a nahana ho lokisetsa moeti oa hae ea ikhethang, mohlomong le ba bang bao a tsamaeang le bona, lijo tse khethehileng tsa mefuta-futa. Mehleng eo, kamohelo ea baeti e ne e nkoa e le ntho ea bohlokoa haholo. Ha moeti a fihla, o ne a amoheloa ka ho akoa, a rōlisoa meqathatso, maoto a hae a hlatsuoa ’me hlooho ea hae e tšeloa ka oli e hlasimollang e nkhang hamonate. (Luka 7:44-47) Ho ne ho etsoa ka hohle hore a lokisetsoe sebaka se khathollang le lijo tse hlabosang.

Maretha le Maria ba ne ba e-na le mosebetsi o mongata o ba tjametseng. Ha ho pelaelo hore Maria, eo ka linako tse ling ho nahanoang hore e ne e le eena ea hlokolosi haholo le ea nahanang ka botebo ho feta ausi oa hae, qalong o ne a ile a thusa ausi eo oa hae. Empa lintho li ile tsa fetoha ha Jesu a se a le teng. Jesu o ile a nka nako eo e le monyetla oa hore a ba rute—’me o ile a fela a etsa joalo. Ho fapana le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo, Jesu o ne a hlompha basali ’me a lula a ba ruta ka ’Muso oa Molimo, e leng sehlooho sa tšebeletso ea hae. Maria o ile a thabela monyetla ona oo a o fumanang, eaba o lula maotong a Jesu ’me o mamela ka hloko.

U se u ka inahanela hore na e tlameha ebe Maretha o ne a ntse a tlallana ke bohale hakaakang! Ha a nahana ka lijo tsa mefuta-futa tseo a lokelang ho li lokisetsa baeti ba hae le mesebetsi e mengata eo a lokelang ho e etsa, eaba o ntse a tšoenyeha haholo le ho khathatseha. Ha a ntse a leba holimo le tlaase a bona ngoan’abo a lutse fatše moo ho sa re le hore teke! ho eena, na o ile a ’na a retela, a feheloa kapa hona ho tiisa ka mahlong? Hase ntho e makatsang haeba o ile a etsa joalo. Mosebetsi o ne o mo tletse matsoho!

Qetellong Maretha o ile a ntša se ka sefubeng sa hae. O ile a phasoloha feela Jesu a ntse a bua, a re: “Morena, na ha ho tsotellehe ho uena hore ebe morali’eso o ntšiile ke le mong hore ke hlokomele lintho? Ka hona, mo bolelle hore a nthuse.” (Luka 10:40) Mantsoe ana a ne a le matla. Libibele tse ngata li fetolela potso ena tjena: “Morena, na ha u tsotelle . . . ?” Eaba o kōpa Jesu hore a khalemele Maria ’me a mo laele hore a tsamaee a il’o sebetsa.

E ka ’na eaba karabo ea Jesu e ile ea makatsa Maretha, joalokaha e ’nile ea makatsa babali ba bangata ba Bibele. O ile a araba habonolo a re: “Maretha, Maretha, u tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata. Leha ho le joalo, ho hlokahala lintho tse seng kae, kapa e le ’ngoe feela. Maria o khethile karolo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.” (Luka 10:41, 42) Jesu o ne a bolela’ng? Na o ne a bolela hore Maretha o rata lintho tsa nama? Na o ne a bolela hore mosebetsi oa hae o boima oa ho lokisa lijo tse monate ha o na thuso?

Che. Ho hlakile hore Jesu o ne a bona hore Maretha o etsa seo ka lerato le ka boitelo. Ho feta moo, o ne a sa nke hore kamohelo ea baeti e mofuthuhali e fosahetse. Ka boithatelo o ne a ile a ea ‘moketeng o moholo oa kamohelo’ oo Matheu a neng a mo lokiselitse oona. (Luka 5:29) Ho ne ho se phoso ka lijo tseo Maretha a neng a li lokisa; bothata e ne e le hore na ke eng eo a neng a e nka e le ea bohlokoa haholo. O ne a amehile haholo ka lijo tse hlamatsehang hoo a sa kang a lemoha seo e leng sa bohlokoa haholo. Seo e ne e le eng?

Jesu, Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova Molimo, o ne a etetse ha Maretha ho tla ruta ’nete. Ho ne ho se na letho leo e neng e le la bohlokoa ho feta seo, esita le tsona lijo tse hlamatsehang le lintho tse ling tseo Maretha a neng a li lokisa. Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a sa thabele hore ebe Maretha o hlōloa ke monyetla o ikhethang oa hore a matlafatse tumelo ea hae, empa o ne a mo tlohetse hore a iketsetse khetho. Empa joale Maretha o ne a kōpa Jesu ntho e ’ngoe e sa nepahalang ea hore a qobelle Maria hore le eena a lahleheloe ke monyetla ona.

Kahoo o ile a khalemela Maretha ka bonolo, a pheta lebitso la hae habeli e le ho mo kokobetsa maikutlong, eaba o mo bolella hore ha ho hlokahale hore ebe o “tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata.” Lijo tse itekanetseng feela tsa mofuta o le mong kapa e ’meli li ne li lokile, haholo-holo ha ho e-na le matletsetletse a lijo tsa moea. Kahoo, Jesu o ne a se na tokelo ea ho tlosa Maria ‘karolong e ntle’ eo a e khethileng—ea hore a mo rute.

Balateli ba Kreste ba mehleng ena ba ka ithuta ho hongata ka sena se etsahetseng habo Maretha. Le ka mohla ha rea lokela ho lumella letho hore le re sitise ho hlokomela ‘tlhoko ea rōna ea moea.’ (Matheu 5:3) Le hoja re batla ho etsisa Maretha ka ho ba seatla se bulehileng, le ho ba mahlahahlaha, le ka mohla ha rea lokela ho ‘tšoenyeha le ho khathatseha’ haholo ka lintho tseo e seng tsa bohlokoa ha re amohela baeti hoo re ka fetoang ke tsa bohlokoa haholo. Ha re thabela botsoalle le balumeli-’moho le rōna, morero o ka sehloohong hase oa ho fana ka lijo tse hlamatsehang kapa ho tla li ja, empa ke oa ho khothatsana le oa ho fana ka limpho tsa moea. (Baroma 1:11, 12) Esita le lijo tse itekanetseng feela li ka etsa hore ketsahalo eo e be e hahang haholo.

Khaitseli e Ratoang e Tsosoa Bafung

Na Maretha o ile a amohela khalemelo e bonolo ea Jesu a ba a ithuta ho eona? Ha rea lokela ho ingoaea hlooho. Ha moapostola Johanne a bua ka ketsahalo e hlollang ea khaitseli ea Maretha, o qala ka ho re hopotsa: “Joale Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo le Lazaro.” (Johanne 11:5) Ho ne ho se ho fetile likhoeli joale ka mor’a hore Jesu a etele Bethani joalokaha ho hlalositsoe ka holimo. Ho hlakile hore Maretha o ne a sa koatela Jesu; o ne a sa mo jara ka pelo ka lebaka la khalemelo ea hae e lerato. O ile a e nka ka botebo. Le mona hape o ile a re behela mohlala o motle oa tumelo, kaha kaofela ha rōna ka linako tse ling re hloka ho khalemeloa.

Ha khaitseli ea hae e kula, Maretha o ile a lula a phathahane ka ho e oka. O ile a etsa sohle seo a ka se khonang hore a kokobetse bohloko boo khaitseli eo ea hae e bo utloang le hore a e thuse hore e fole. Leha ho le joalo, bokuli ba Lazaro bo ile ba ’na ba tota. Ka linako tsohle, letsatsi le leng le le leng, likhaitseli tsa hae li ne li lula li le lehlakoreng la hae ho mo oka. U se u ka inahanela feela hore na ke hangata hakae Maretha a neng a sheba khaitseli ea hae ’me a bona kamoo e neng e se e khohletse kateng mahlong, ebe o hopola lilemo tse ngata tseo ba li phetseng ’moho le linako tse monate le tse bohloko tseo ba fetileng ho tsona.

Ha Maretha le Maria ba hlokomela hore joale ntoa ea ba hlōla, ba ile ba romella Jesu molaetsa. O ne a ntse a ruta sebakeng se ka etsang leeto la matsatsi a mabeli ho tloha moo. Molaetsa oa bona o ne o hlakile: “Morena, bona! eo u mo ratang oa kula.” (Johanne 11:1, 3) Ba ne ba tseba hore Jesu o rata khaitseli ea bona ’me ba ne ba lumela hore o tla etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa motsoalle eo oa hae. Na ba ne ba tšepile hore Jesu a ka ’na a fihla pele Lazaro a shoa? Haeba ho joalo, ba ile ba soetseha hoba Lazaro o ile a shoa.

Maretha le Maria ba ile ba llela khaitseli ea bona, ba lokisetsa lepato ba ba ba amohela baeti ba bangata ba Bethani le mathōko a eona. Leha ho le joalo ba ne ba ntse ba e-s’o utloe letho ho tsoa ho Jesu. Joang kapa joang e tlameha ebe Maretha o ne a ipotsa hore na ho etsahala’ng ha a bona meso e ntse e tsoala mesoana. Qetellong ha ho se ho fetile matsatsi a mane ka mor’a hore Lazaro a hlokahale, Maretha o ile a utloela hore Jesu o haufi le motse. Joaloka mosali ea mahlahahlaha, le nakong ena e mahlonoko, Maretha o ile a phahama a matha ho ea kopana le Jesu, a sa bolella le Maria.—Johanne 11:20.

Ha a bona Mong’a hae, o ile a bua mantsoe ana ao esale a ba bipelitse, eena le Maria ka matsatsi a mangata: “Morena, hoja u ne u le teng mona khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” Leha ho le joalo, Maretha o ne a ntse a e-na le tšepo le tumelo e matla. O ile a eketsa ka ho re: “Leha ho le joalo, hona joale kea tseba hore lintho tse ngata tseo u li kōpang ho Molimo, Molimo o tla u fa tsona.” Hang-hang Jesu o ile a bua mantsoe a neng a tla matlafatsa tšepo ea hae: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.”—Johanne 11:21-23.

Maretha o ne a nahana hore Jesu o bua ka tsoho ea bafu ea nakong e tlang, kahoo o ile a mo araba: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Johanne 11:24) Tumelo ea hae thutong eo e ne e ikhetha. Baeta-pele ba bang ba bolumeli, ba bitsoang Basaduse, ba ne ba hana taba ea hore ho tla ba le tsoho ea bafu, le hoja e ne e le thuto e hlakileng e hlahang ka Mangolong a bululetsoeng. (Daniele 12:13; Mareka 12:18) Leha ho le joalo, Maretha eena o ne a tseba hore Jesu o ne a ruta ka tšepo ea tsoho ea bafu le hore o ne a kile a tsosa bafu—le hoja ba ne ba sa shoa nako e telele joaloka Lazaro. O ne a sa tsebe se neng se tla tloha se etsahala.

Joale Jesu o ile a bua mantsoe ana a sa lebaleheng: “Ke ’na tsoho le bophelo.” Ka sebele Jehova Molimo o file Mora oa hae matla a ho tsosa bafu lefatšeng lohle nakong e tlang. Jesu o ile a botsa Maretha: “Na u lumela see?” Eaba o fana ka karabo e tšohliloeng qalong ea sehlooho sena. O ne a e-na le tumelo ea hore Jesu ke Kreste, kapa Mesia, ea hore ke Mora oa Jehova Molimo le ea hore baprofeta ba boletse esale pele hore o tla tla lefatšeng.—Johanne 5:28, 29; 11:25-27.

Na Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba nka tumelo ea mofuta oo e le ea bohlokoa? Lintho tseo Maretha a ileng a li bona li etsahala ka mor’a moo, li fana ka karabo e hlakileng. O ile a matha ho ea lata ngoan’abo. Ka mor’a moo o ile a hlokomela hore Jesu o ne a utloile bohloko haholo ha a bua le Maria le ba bang ba neng ba ntse ba lla le eena. O ile a bona likeleli li keleketla marameng a Jesu ha a ntša bohloko boo a bo utloileng ka lebaka la lefu. O ile a utloa ha Jesu a laela hore ho tlosoe lejoe le lebitleng la khaitseli ea hae.—Johanne 11:28-39.

Kaha o ne a nka lintho ka tsela ea sebele, Maretha o ile a hana, a bolela hore e tlameha ebe setopo seo se se se e-na le letsuka kaha ho ne ho se ho fetile matsatsi a mane a shoele. Jesu o ile a mo hopotsa a re: “Na ha kea u bolella hore haeba u ne u ka lumela u ne u tla bona khanya ea Molimo?” O ile a lumela ’me o ile a fela a bona khanya ea Jehova Molimo. Hona moo, ka nako eona eo, o ile a fa Mora oa hae matla a ho tsosa Lazaro bafung! Ak’u nahane ka lintho tsena tseo e tlamehang ebe li ile tsa ’na tsa khutla mohopolong oa Maretha ho fihlela letsatsing leo a ileng a phomola mabitleng ka lona: Taelo ea Jesu e reng, “Lazaro, tsoa!”; molumo o monyenyane o ileng oa utloahala ka lehaheng leo Lazaro a neng a patiloe ka ho lona ha a tsoha ’me a ntse a thatetsoe ka masela a thatelang bafu, a totoba ho ea tsoa monyakong oa lehaha; taelo ea Jesu e reng, “mo lokolleng ’me le mo tlohele a tsamaee”; hammoho le thabo e khaphatsehang eo joang kapa joang Maretha le Maria ba ileng ba ba le eona ha ba mathela khaitseli ea bona ’me a ba kopa ka matsoho. (Johanne 11:40-44) Bohloko bo otlang pelo boo Maretha a neng a bo utloile bo ne bo ile!

Tlaleho ena e bontša hore tsoho ea bafu hase ntho e inahaneloang feela; ke thuto ea Bibele e thobang pelo ebile ke ntho ea sebele e kileng ea etsahala. Jehova le Mora oa hae ba rata ho putsa batho ba nang le tumelo, joalokaha ba ile ba putsa Maretha, Maria le Lazaro. Ba tla u putsa ka tsela e tšoanang le uena haeba u ba le tumelo e matla joaloka ea Maretha. *

“Maretha o ne a Sebeletsa”

Bibele e boetse e bua ka Maretha ka lekhetlo leng hape la ho qetela. E ne e le maqalong a beke ea ho qetela ea Jesu lefatšeng. Kaha Jesu o ne a tseba hantle mahlomola a neng a larile ka pele ho eena, o ile a boela a khetha ho ea lelapeng leo le renang khotso Bethani. Ha a le moo o ne a tla tsamaea lik’hilomithara tse tharo ho ea Jerusalema. Jesu le Lazaro ba ne ba jella ha Simone oa molepera ’me moo re fumana mantsoe ana a ho qetela ka motho enoa eo re ntseng re bua ka eena, a reng: “Maretha o ne a sebeletsa.”—Johanne 12:2.

Ka sebele eo e ne e le mosali ea mahlahahlaha! Lekhetlo la pele ha Bibele e bua ka eena, o ne a sebetsa; le la ho qetela ha e bua ka eena o ne a ntse a sebetsa, a etsa sohle seo a ka se khonang ho hlokomela bao a nang le bona. Liphutheho tsa balateli ba Kreste tsa mehleng ena li hlohonolofalitsoe haholo ka ho ba le basali ba kang Maretha—ba sebete le ba seatla se bulehileng, bao kamehla ba bontšang tumelo ea bona ka hore ba itelle ba bang. Ho ka etsahala hore Maretha o ile a tsoela pele ho etsa joalo. Haeba ho joalo, o ile a etsa ka bohlale, kaha e ne e le hona a tla kopana le litšitiso.

Matsatsing a seng makae ka mor’a moo, Maretha o ile a tlameha ho mamella lefu le bohloko la Mong’a hae ea mo ratang haholo, Jesu. Ho feta moo, bona babolai bao ba baikaketsi ba bolaileng Jesu, ba ne ba batla ho bolaea le Lazaro, kaha ho tsosoa ha hae ho ile ha etsa hore ba bangata ba be le tumelo. (Johanne 12:9-11) Ke ’nete hore qetellong lefu le ile la khaola kamano e lerato e neng e momahantse Maretha le banab’abo. Ha re tsebe hore na seo se etsahetse joang hona neng, empa re ka kholiseha ka sena: Tumelo e babatsehang ea Maretha e ile ea mo thusa hore a mamelle ho fihlela qetellong. Ke kahoo Bakreste mehleng ena ba etsang hantle ka ho etsisa tumelo ea Maretha.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 27 E le hore u ithute ho eketsehileng ka seo Bibele e se rutang ka tsoho, sheba khaolo ea 7 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Esita le ha a ne a saretsoe, Maretha o ile a lumella Jesu hore a mo tataise hore a tsepamise maikutlo a hae lithutong tse matlafatsang tumelo

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Le hoja a ne a “tšoenyehile le ho khathatseha,” ka boikokobetso Maretha o ile a amohela khalemelo

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Tumelo eo Maretha a neng a e-na le eona ho Jesu e ile ea putsoa ha a bona khaitseli ea hae e tsosoa bafung