Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha ba Hōlileng ba E-ba Bacha Hape

Ha ba Hōlileng ba E-ba Bacha Hape

Atamela ho Molimo

Ha ba Hōlileng ba E-ba Bacha Hape

KE MANG ho rōna ea thabelang liphello tsa botsofali—letlalo le masoebe, mahlo a seng a sa bone hantle, litsebe tse seng li sa utloe hantle le mangole a khoehlang? U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a re bōpile re e-na le mahlahahlaha a hore re thabele bocha, empa re qetella re tšoenngoa ke liphello tsa botsofali?’ Litaba tse monate ke tsa hore hase seo Molimo a neng a re reretse sona. Ho e-na le hoo, ka lerato o rerile ho re lokolla hore re se ke ra hlola re tsofala! Hlokomela mantsoe a ileng a bolelloa mopatriareka Jobo, a fumanoang ho Jobo 33:24, 25.

Nahana ka boemo ba Jobo, monna ea neng a tšepahala, eo Jehova a neng a mo rata. Le hoja Jobo a ne a sa tsebe, Satane o ile a belaella botšepehi ba hae, a re o sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati feela. Kaha Jehova o ne a tšepa Jobo, a bile a tseba hore eena o na le matla a ho fetola boemo bo bobe, o ile a lumella Satane hore a leke Jobo. Joale Satane o ile a “otla Jobo ka mathopa a bolaeang ho tloha bohatong ba leoto ho ea har’a hlooho.” (Jobo 2:7) Letlalo la Jobo le ile la tlala tšenyane ’me la etsa likhoo, la ntšofala la ba la khakhapheha. (Jobo 7:5; 30:17, 30) U se u ka inahanela feela bohloko bo tšabehang boo a neng a bo utloa! Leha ho le joalo, Jobo o ile a lula a tšepahala, a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!”—Jobo 27:5.

Leha ho le joalo, Jobo o ile a etsa phoso e khōlō. Ha a bona eka o se a le makhatheng a lefu, o ile a ameha haholo ka ho ipuella, a “bolela hore moea oa hae o lokile ho e-na le Molimo.” (Jobo 32:2) ’Muelli oa Molimo, e leng Elihu, o ile a khalemela Jobo. Leha ho le joalo, Elihu o ile a boela a fa Jobo molaetsa o monate o tsoang ho Molimo: “Mo tloheleng [Jobo] hore a se ke a theohela ka sekoting [lebitleng le tloaelehileng]! Ke fumane thekollo! Nama ea hae e ke e nchafale ho feta bocheng; a ke a khutlele matsatsing a mahlahahlaha a hae a bocha.” (Jobo 33:24, 25) Mantsoe ao a tlameha a ile a fa Jobo tšepo. O ne a ke ke a hlokofala ho fihlela a e-shoa. Haeba Jobo a ne a baka, Molimo o ne a tla amohela thekollo bakeng sa hae ka thabo a be a mo lokolle mahlomoleng a hae. *

Ka boikokobetso Jobo o ile a amohela khalemelo eaba oa baka. (Jobo 42:6) Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a amohela thekollo e etsetsoang Jobo, a e lumella hore e koahele phoso ea hae ’me seo sa etsa hore Molimo a fe Jobo bophelo bo botle hape, a be a mo putse. Jehova o ile a “hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho feta tšimoloho ea hae.” (Jobo 42:12-17) Har’a litlhonolofatso tsohle tseo Jobo a ileng a li fumana, u se u ka inahanela feela hore na o ile a imoloha hakaakang ha a fola lefung la hae le nyonyehang ’me nama ea hae ha e le hantle e ‘nchafala ho feta bocheng!’

Thekollo eo Molimo a neng a e amohetse bakeng sa Jobo e ne e phetha mosebetsi oa nakoana, kaha monna eo o ile a ’na a tsoela pele a sa phethahala ’me hamorao a shoa. Hona joale re na le thekollo e molemo ho feta eo. Ka lerato Jehova o re file Mora oa hae, Jesu, e le thekollo ea rōna. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Bohle ba nang le tumelo thekollong eo ba na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. Lefatšeng leo le lecha le tlang, Molimo o tla etsa hore batho ba tšepahalang ba se ke ba hlola ba tsofala. Ruri ho ka ba molemo hore u ithute haholoanyane hore na u lokela ho etsa’ng e le hore u tle u be teng ha ba hōlileng ba tla be ba bona ‘nama ea bona e nchafala ho feta bocheng.’

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka April:

Jobo 16–37

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Lentsoe le sebelisitsoeng mona e le “thekollo” le bolela “ho koahela.” (Jobo 33:24, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Boemong ba Jobo, e ka ’na eaba thekollo e ne e ka ba sehlabelo sa phoofolo, seo Molimo a neng a tla se amohela e le ho koahela phoso ea Jobo.—Jobo 1:5.