Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ruta Bana ba Hao

Na U ke U Ikutloe Eka ha U Tsotelloe ’me U Lula U Tšohile?

Na U ke U Ikutloe Eka ha U Tsotelloe ’me U Lula U Tšohile?

BATHO ba bangata mehleng ena ba ikutloa eka ha ba na mang oe!—ba nka hore ha ho motho ea nang le taba le bona. Hangata batho ba baholo ba ikutloa ka tsela ena. Empa bana ba bangata mehleng ena, esita le ba bangata ba sebeletsang Molimo ba ikutloa ba tšohile ebile eka ha ho ea ba tsotellang. Na ua tseba hore na ke hobane’ng? *

Ho ka ba le mabaka a mangata. Nka mohlala oa monna ea phetseng khale koana—lilemo tse ka bang sekete pele Jesu a tsoaloa. Lebitso la hae e ne e le Elia. O phetse nakong eo sechaba sa Iseraele se neng se tlohetse ho sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova. Batho ba bangata ba ne ba se ba rapela molimo oa bohata Baale. Elia o ile a re: ‘Ke setse ke le mong.’ Empa na u nahana hore ehlile Elia e ne e le eena a le mong feela ea neng a ntse a sebeletsa Jehova?

Le hoja Elia a ne a sa hlokomele, ho ne ho ntse ho e-na le batho ba neng ba ntse ba rapela Molimo oa ’nete Iseraele. Empa ba ne ba ipatile. Ba ne ba tšaba. Na ua tseba hore na ba ne ba tšaba eng?

Akabe, morena oa Iseraele, o ne a sa sebeletse Jehova, o ne a rapela Baale, molimo oa bohata oa mosali ea khopo oa Akabe, Jezebele. Ka hona, eena le Akabe ba ne ba batla ho fumana batho ba neng ba sebeletsa Jehova ebe baa ba bolaea, haholo-holo Elia. Ke ka hona Elia a ileng a baleha. O ile a balehela sebakeng se bohōle bo ka etsang lik’hilomithara tse 483, a ea hōle lehoatateng ho ea fihla Horebe, e leng sebaka se boetseng se bitsoang Sinai ka Bibeleng. Lilemong tse makholo pele ho nako ea Elia, ke hona mona moo Jehova a ileng a fa sechaba sa hae Melao e Leshome hammoho le Melao e meng kaofela. Elia o ile a ipata lehaheng Horebe a le mong feela. Na u nahana hore ho ne ho loketse hore ebe Elia o ne a tšohile?

Bibele e bontša hore pejana ho moo Jehova o ile a sebelisa Elia hore a etse mehlolo e meholo. Jehova o ne a kile a araba thapelo ea Elia ea hore a romele mollo ho tsoa leholimong e le hore o chese sehlabelo. Ka ho etsa joalo, Jehova o ile a bontša hore ke Eena Molimo oa ’nete, eseng Baale. Joale ha Elia a ntse a le ka lehaheng, Jehova o ile a bua le eena.

Jehova o ile a mo botsa: “U batla’ng mona?” Ke eona nakong ena eo Elia a ileng a re, ‘Ke setse ke le mong har’a barapeli ba hao.’ Eaba ka mosa Jehova o khalemela Elia o re, ‘Ke sa na le ba likete tse supileng ba ntseng ba ntšebeletsa.’ Jehova o ile a bolella Elia hore a khutle, a mo hlalosetsa hore O ntse a e-na le mosebetsi o mongata oo a batlang hore a o etse.

U nahana hore re ka ithuta eng ho Elia?— Esita le ba sebeletsang Jehova ba ka tšoha ka linako tse ling. Ka hona, kaofela ha rōna, ho sa tsotellehe hore na re banyenyane kapa re baholo, re lokela ho hopola ho kōpa thuso ho Jehova. Bibele e tšepisa hore, “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena.”

Ho na le ho hong hape hoo re ka ithutang hona: Re na le bara le barali babo rōna hohle ba ratang Jehova le ba re ratang. Bibele e re: “Litlhokofatso tse tšoanang li ntse li etsahalla mokhatlo oohle oa barab’abo [rōna] lefatšeng.” Na ha u thabisoe ke ho utloa hore ha ho mohlang re leng bang?

^ ser. 3 Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.