Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

KE ENG e ileng ea susumelletsa sebini sa ’mino o hlaha oa rock se neng se sa rate batho hore se qetelle se ba rata le ho leka ka hohle ho thusa batho ba bang? Ke eng e ileng ea susumetsa ntate e mong oa Mexico hore a tlohele boitšoaro bo bobe? Ho tlile joang hore e mong oa batho ba neng ba li hula pele reisising ea libaesekele Japane a tlohele mosebetsi oo e le hore a tsebe ho sebeletsa Molimo? Bala ’me u fumane hore na batho bana ba itlhalosa joang.

“Ke ne ke tella, ke ikhohomosa ke bile ke le mabifi.”—DENNIS O’BEIRNE

SELEMO SA TSOALO: 1958

NAHA EA HESO: ENGELANE

PELE: KE NE KE LE SEBINI SA ’MINO O HLAHA OA ROCK KE BILE KE SA RATE BATHO

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ba habo Ntate ke Maaerishe ’me ke hōtse ke le Leaerishe la Mok’hatholike. Ke ne ke tloaetse ho ea kerekeng ke le mong, le hoja ke ne ke sa rate ho ea. Leha ho le joalo, ke ne ke lapetse lintho tsa moea. Ke ne ke etsa Thapelo ea Morena hangata, ’me ke hopola ke le betheng bosiu ke ntse ke nahana hore na ebe e bolela’ng. Ke ne ke tloaetse ho e arola ka lipoleloana ebe ke leka ho nahana hore na poleloana ka ’ngoe e bolela’ng.

Ha ke le mahareng a lilemo tsa bocha, ke ile ka ba Lerasta. Ke ne ke boetse ke thahasella lintho tse amanang le lipolotiki tse kang Mokha o Khahlanong le Bonazi. Empa ke ile ka hema moea o matla oa borabele ’minong o hlaha oa rock. Ke ile ka sebelisa lithethefatsi, haholo-holo matekoane, ao ke neng ke a tsuba hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng. Ke ile ka ba le moea oa hore “ha ke tsotelle,” eaba ke qala ho noa haholo, ka etsa lintho tse behang bophelo ba ka kotsing, ka ba ka se ke ka khathalla batho ba bang. Ke ne ke sa rate batho, ho se mohlang ke buisanang le motho ntle le haeba ke nka hore hoa hlokahala. Ke ne ke bile ke hana ho nkoa litšoantšo. Ha ke icheba hona joale, kea bona hore ke ne ke tella, ke ikhohomosa ke bile ke le mabifi. Ke ne ke e-ba mosa ke bile ke phutholoha feela ho motho eo ke mo tloaetseng.

Ha ke le lilemo li 20, ke ile ka thahasella ho bala Bibele. Motsoalle oa ka ea neng a hoeba ka lithethefatsi o ne a ile a qala ho bala Bibele ha a le teronkong ’me re ne re ee re buisane nako e telele ka bolumeli, Kereke le karolo eo Satane a e phethang lefatšeng. Ke ile ka reka Bibele eaba ke qala ho ithuta eona ke le mong. ’Na le motsoalle oa ka re ne re bala likarolo tse itseng tsa Bibele, ebe rea kopana ho tla tšohla hore na re ithutile’ng re ntan’o etsa qeto ka seo re se balileng. Re ile ra etsa sena ka likhoeli tse ’maloa.

Tsena ke tse ling tsa liqeto tseo re ileng ra li etsa ha re ntse re bala: hore re phela matsatsing a ho qetela a lefatše lena; hore Bakreste ba lokela ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo; hore ha baa lokela ho ba karolo ea lefatše lena ho akarelletsa le lipolotiki tsa lona; le hore Bibele e fana ka tataiso e utloahalang litabeng tsa boitšoaro. Re ne re bona ka ho hlaka hore Bibele e bua ’nete le hore e tlameha ebe ho na le bolumeli ba ’nete. Empa e ne e le bofe? Re ile ra nahana ka likereke tse hlaheletseng, ka litšebeletso tsa tsona tse majabajaba le mekete ea tsona hammoho le hore ebe li kenella lipolotiking ’me ra hlokomela hore Jesu o ne a se joalo. Re ile ra bona hore ha li lumellane le seo Molimo a se batlang, kahoo ra etsa qeto ea ho hlahloba likereke tse sa tsebahaleng hakaalo e le hore re bone hore na tsona li etsa lintho joang.

Re ne re kopana le batho ba kenang likereke tseo ebe re ba botsa lipotso tse ngata. Re ne re tseba karabo ea Bibele ka lipotso tseo, kahoo re ne re bona habonolo ha ba sa arabe ho latela Lentsoe la Molimo. Ha re qeta ho arohana le bona, ke ne ke rapela Molimo, ‘Haeba batho bao ehlile ke ba bolumeli ba ’nete, ke kōpa u etse hore ke batle ho kopana le bona hape.’ Esita le ka mor’a likhoeli tse ’maloa re ntse re ikopanya le bona ka ho fapa-fapana, ke ne ke ntse ke sa fumana sehlopha se arabang lipotso tsa rōna ho latela Bibele; ke bile ke se na takatso ea ho batla ho kopana le sona hape.

Qetellong, ’na le motsoalle oa ka re ile ra kopana le Lipaki Tsa Jehova. Re ile ra li botsa lipotso joaloka kamehla—empa tsona li ne li sebelisa Bibele ha li araba. Seo li neng li se bua se ne lumellana hantle le seo re neng re ithutile sona. Kahoo re ile ra li botsa le lipotso tseo re neng re e-s’o fumane likarabo tsa tsona ka Bibeleng—ka mohlala, ea maikutlo a Molimo ka ho tsuba le lithethefatsi. Le teng mona li ile tsa araba li sebelisa Lentsoe la Molimo. Re ile ra lumela ho ea libokeng Holong ea ’Muso.

Ho ea libokeng e ne e le bothata ho ’na. Ke ne ke sa rate batho hoo ke neng ke sa batle ho atameloa ke batho bao ba botsoalle, ba apereng hantle. Ke ne ke nka hore ba bang ba bona ba mpa ba ntšehisa ka meno a ka pele feela, kahoo ke ile ka ipolella hore ha ke sa tla ea libokeng tseo. Empa joaloka kamehla, ke ile ka rapela Molimo hore a etse hore ke lakatse ho kopana le batho bana hape haeba ke ba bolumeli ba ’nete—’me ke ile ka ikutloa ke e-na le takatso e matla ea ho batla ho ithuta Bibele le Lipaki.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ke ne ke tseba hore ke lokela ho tlohela ho sebelisa lithethefatsi ’me ke ile ka khona ho li tlohela kapele. Bothata bo boholo e ne e le sakerete. Ke ile ka leka ka makhetlo a ’maloa ho emisa ho e tsuba empa ka hlōleha. Ha ke utloela ka ba bang ba ileng ba tlohela ho tsuba sakerete habonolo feela, ke ile ka bua le Jehova ka taba ena. Ka mor’a moo, ke ile ka emisa ho tsuba ka thuso ea Jehova. Ke ithutile hore ke habohlokoa haholo hore ha ke rapela ke bue le Jehova ka bolokolohi le ka botšepehi.

Phetoho e ’ngoe e khōlō eo ke e entseng ke ea moaparo oa ka le boitlhopho. Ha ke ne ke qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso, e ne eka ke hlakahlothoana hloohong, ke bile ke entse motsero o mosesaane moriring, o boputsoa bo kang ba pikoko. Hamoraonyana ke ile ka o daea hore o be bosehla ba lamunu. Ke ne ke apara libokate le lilamba tsa letlalo tse ngotsoeng. Ke ne ke bona ho sa hlokahale hore ke fetohe, le hoja Lipaki ka mosa li ne li mpontša bohlokoa ba ho etsa joalo. Leha ho le joalo, qetellong ke ile ka nahana ka 1 Johanne 2:15-17: “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena.” Ke ile ka etsa qeto ea hore tsela eo ke shebahalang ka eona e ne e bontša hore ke rata lefatše le hore ke lokela ho fetoha e le hore ke bontše hore ke rata Molimo. Ke ile ka etsa joalo.

Ka mor’a nakoana ke ile ka hlokomela hore hase Lipaki feela tse batlang hore ke ee libokeng tsa Bokreste. Baheberu 10:24, 25 e ile ea mpontša hore ke ntho eo Molimo a batlang hore ke e etse. Ka mor’a hore ke qale ho ea libokeng tsohle le hore ke tsebe batho, ke ile ka etsa qeto ea ho bontša hore ke inehetse ho Jehova ka ho kolobetsoa.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke anngoe ka botebo ke tsela eo ka eona Jehova a re fang monyetla oa hore re be le kamano e haufi-ufi le eena. Kutloelo-bohloko ea hae le ho tsotella ha hae li entse hore ke ikutloe ke tlameha ho mo etsisa le ho latela Mora oa hae, Jesu Kreste, e le mohlala oa ka bophelong. (1 Petrose 2:21) Ke ithutile hore leha ke ntse ke leka ho phela ka tsela ea Bokreste, ke ntse ke tla ba le botho ba ka bo nkhethollang. Ke lekile ho hlaolela ho ba le lerato le ho tsotella. Ke leka ho etsisa Kreste ha ke sebelisana le mosali oa ka le mora oa ka. Ke bile ke rata bara le barali beso bao e leng balumeli-’moho le ’na haholo. Ho latela Kreste ho entse hore ke be le seriti, ke itlhomphe ke be ke khone ho bontša ba bang hore kea ba rata.

“Ba ne ba ntšoara ka tlhompho.”—GUADALUPE VILLARREAL

SELEMO SA TSOALO: 1964

NAHA EA HESO: MEXICO

PELE: BOITŠOARO BA KA BO NE BO LE BOBE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Re ne re le bana ba supileng lapeng ’me re hōletse Hermosillo, e Sonora, Mexico, e leng sebaka se neng se futsanehile haholo. Ntate oa ka o hlokahetse ke sa le monyenyane, kahoo ’Mè o ne a lokela ho sebetsa e le hore a re hlokomele. Hangata ke ne ke tsamaea ke sa roala lieta kaha re ne re se na chelete ea ho li reka. Ke qalile ho sebetsa ke sa le monyenyane e le hore ke thuse lelapa leso. Joaloka malapa a mang, re ne re lula re le bangata ka ntlong e nyenyane.

Ha re sa le banyenyane ’Mè o ne a sitoa ho re sireletsa kaha o ne a e-ba sieo letšehare kaofela. Ha ke le lilemo li tšeletseng, moshanyana ea lilemo li 15 o ile a qala ho ntlhekefetsa ka ho kopanela liphate. Tlhekefetso ena e ile ea tsoela pele ka nako e telele. Phello e ’ngoe ea sena ke hore ke ile ka ferekana haholo ka taba ea ho kopanela liphate. Ke ne ke nahana hore ke ntho ea tlhaho ho ikutloa ke khahloa ke banna ba bang. Ha ke leka ho kōpa thuso ho lingaka kapa ho baruti, ba ile ba ntiisetsa hore ha ke na bothata le hore ho ikutloa joalo ke ntho e tloaelehileng.

Ha ke le lilemo li 14, ke ile ka etsa qeto ea ho itšenola hore ke monna ea ratanang le banna ba bang. Ke ile ka lula ke le joalo ka lilemo tse 11 ’me nakong eo ke ile ka phela le banna ba fapa-fapaneng. Qetellong ke ile ka ithutela ho lokisa batho moriri eaba ke bula khoebo ea ho etsa batho botle. Leha ho le joalo, ke ne ke sa thaba. Hangata ke ne ke utloa bohloko ke bile ke soetseha. Ke ne ke utloa hore ntho eo ke e etsang ha ea nepahala. Ke ile ka qala ho ipotsa, ‘Na ho na le batho ba lokileng le ba molemo?’

Ke ile ka nahana ka khaitseli ea ka. O ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova eaba o qetella a kolobelitsoe. O ne a tloaetse ho mpolella hore na o ntse a ithuta eng, empa ke ne ke sa mo mamele. Leha ho le joalo, o ne a nkhahla ka lebaka la bophelo ba hae le bophelo ba lelapa la hae. Ke ne ke bona hore eena le monna oa hae ehlile baa ratana ebile baa hlomphana. Ba ne ba tšoarana ka mosa. Ka mor’a nakoana, e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a qala ho ithuta Bibele le ’na. Qalong ke ne ke mpa ke bala le eena feela—ke sa thahaselle hakaalo. Eaba lintho lia fetoha.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Lipaki li ile tsa ’memela libokeng tse ling tsa tsona eaba kea ea. Ke ne ke qala ho kopana le ntho e joalo. Batho ka kakaretso ba ne ba ntšoma empa Lipaki tsona ha lia ka tsa etsa joalo. Tsona li ile tsa ntumelisa ka mosa tsa ba tsa ntšoara ka tlhompho. Ke ile ka ameha haholo.

Ke ile ka ba le maikutlo a matle le ho feta ka Lipaki ha ke ea kopanong ea tsona. Ke ile ka bona hore le moo li bokaneng ka bongata li ntse li tšoana le khaitseli ea ka—ke batho ba se nang boikaketsi le ba pelo li ntle. Ke ile ka ipotsa hore na ebe sehlopha sena ke sa batho bao e leng khale ke ba batla, sa batho ba lokileng le ba molemo. Ke ile ka tsota lerato la bona le bonngoe ba bona esita le tsela eo ka eona ba neng ba sebelisa Bibele ho araba potso e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ile ka hlokomela hore ke Bibele e neng e ba susumetsa hore ba etse se lokileng bophelong ba bona. Hape ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho etsa liphetoho tse ngata e le hore ke be e mong oa bona.

Ha e le hantle, ke ile ka lokela hore ke fetohe ka ho feletseng kaha ke ne ke phela joalokaha eka ke motho e motšehali. Ke ne ke lokela ho fetola tsela eo ke buang ka eona, lintho tseo ke li etsang ha ke bua, moaparo, moriri esita le metsoalle. Batho bao e neng e le metsoalle ea ka ba ile ba mphoqa, ba re: “Ke hobane’ng u etsa tje? U ne u ntse u lokile kamoo u neng u le kateng. Se k’a bala Bibele. Ha ho na ntho eo u e hlokang.” Bonneteng ho ne ho le thata hore ke fetole boitšoaro ba ka bo bobe.

Leha ho le joalo, ke ne ke tseba hore nka khona ho etsa liphetoho tse khōlō, kaha mantsoe ana a Bibele a fumanehang ho 1 Bakorinthe 6:9-11 a ne a nkamme haholo: “Khele! Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo? Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna . . . ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo. Leha ho le joalo ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke.” Ho tloha khale Jehova o ile a thusa batho ba hae hore ba fetohe ’me le ’na o ile a nthusa. Ho nkile lilemo tse ngata ’me ke ile ka loana ka thata, empa tataiso ea Lipaki le lerato la tsona li nthusitse haholo.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Kajeno ke se ke phela ka tsela e tloaelehileng. Ke nyetse, ’me ’na le mosali oa ka re ruta mora oa rōna ho phela ka melao-motheo ea Bibele. Hona joale ke furaletse bophelo ba ka ba nakong e fetileng ka ho feletseng ’me ke thabela melemo e mengata ea moea eo ke e fumanang hammoho le likabelo tseo ke li fuoang. Ke sebeletsa ke le moholo ka phuthehong ’me ho se ho e-na le bao ke ba thusitseng hore ba ithute ’nete ea Lentsoe la Molimo. Liphetoho tseo ke li entseng li ile tsa thabisa ’mè oa ka hoo a ileng a amohela ho ithuta Bibele ’me e ile ea e-ba Mokreste ea kolobelitsoeng. Khaitseli e ’ngoe ea ka eo le eona e neng e se na boitšoaro bo botle e se e le Paki ea Jehova.

Esita le batho ba bang ba neng ba ntseba pele baa hlokomela hore hona joale ke se ke hlile ke fetohile, ’me kea tseba hore na ke eng e nthusitseng hore ke etse liphetoho tseo. Nakong e fetileng ke ile ka batla thuso ea litsebi empa tsa mpha likeletso tse fosahetseng. Leha ho le joalo, ruri Jehova o nthusitse. Le hoja ke ne ke ikutloa ke se na thuso, o ile a nkela hloko eaba o mpontša lerato le mamello. Taba ea hore Molimo eo ea tsotehang, ea bohlale le ea lerato o ile a nkela hloko ’me a batla hore ke phele ka tsela e molemo, ke eona e nthusitseng hore ke etse liphetoho tsena.

“Ke ne ke ikutloa ke sa khotsofala ke bile ke sa thaba.”—KAZUHIRO KUNIMOCH

SELEMO SA TSOALO: 1951

NAHA EA HESO: JAPANE

PELE: KE NE KE BATLA HO LULA KE HLŌLA REISISING EA LIBAESEKELE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse toropong e koung e se nang sephethephethe, Seterekeng sa Shizuoka, Japane, moo re ne re lula ntlong e nyenyane le lelapa leso la litho tse robeli. Ntate oa ka o ne a e-na le khoebo ea libaesekele. Ho tloha ha ke sa le monyenyane o ne a nkisa reisising ea libaesekele ’me a etsa hore ke qetelle ke rata papali eo. Eaba o qala ho ntokisetsa hore ke tle ke tšoanelehe ho kena lireisising tsa libaesekele. O ile a nkoetlisa ka thata ho tloha ke sa le sekolong se mahareng. Ha ke le sekolong se phahameng ke ile ka hlōla ka makhetlo a mararo a latellanang litlhōlisanong tsa likolo tsa selemo le selemo tsa naha. Ke ile ka fuoa monyetla oa ho ea univesithi, empa ke ile ka etsa qeto ea ho ea sekolong sa koetliso ea reisisi ea libaesekele ka ho toba. Ke ile ka kenela litlhōlisano tse khōlō tsa libaesekele ha ke le lilemo li 19.

Ka nako eo, sepheo sa ka e ne e le ho ba ’mampoli oa bapalami ba libaesekele Japane. Ke ile ka rera ho etsa chelete e ngata e le hore lelapa la ka le tle le sireletsehe le be le phele hantle. Ke ile ka ikoetlisa ka matla haholo. Neng le neng ha ke utloa ke khathala ke ho ikoetlisa ka thata kapa ho nyolosetsa ha ke le reisising, ke ne ke lula ke ipolella hore ke tsoaletsoe reisisi ea libaesekele ’me ke lokela ho tsoela pele ho sa tsotellehe eng kapa eng! Ke sona seo ke neng ke hlile ke se etsa. Ke ile ka qala ho khola litholoana tsa ho ikoetlisa ka thata. Selemong sa pele ke ile ka hlahella ke le oa pele ho bapalami ba bacha. Selemong sa bobeli ke ile ka ba e mong oa ba tšoanelehang ho kenela reisisi ea bo-’mampoli ba Japane. Ke ile ka hlaha ke le oa bobeli ka makhetlo a tšeletseng a fapaneng reisising eo.

Ha ke ntse ke tsoela pele ke le e mong oa bapalami ba lulang ba hapa likhau, ke ile ka tuma ka lebitso la maoto a ho tiea a Tokai, e leng sebaka se seng Japane. Ke ne ke e-na le moea o matla oa tlhōlisano. Hamorao ke ile ka tšajoa kaha ke ne ke etsa ntho leha e le efe e hlokang mosa hore feela ke hlōle reisising. Mokholo oa ka o ile oa nyoloha, ’me ke ile ka hlokomela hore nka reka ntho leha e le efe eo ke e ratang. Ke ile ka reka ntlo e nang le phaposi ea boikoetliso e nang le mechine ea boemo bo phahameng ka ho fetisisa. Ke ile ka reka koloi e tsoang mose ka chelete e batlang e lekana le ea ntlo. E le hore ke lule ke ikatetse, ke ile ka qala ho etsa matsete a chelete ka litša le mehaho hammoho le ho e isa ’marakeng oa matsete.

Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke ikutloa ke sa khotsofala ke bile ke sa thaba. Ka nako eo ke ne ke se ke nyetse ke bile ke e-na le bana, empa hangata ke ne ke ba tenehela. Ke ne ke fella mosali oa ka le bana ba ka pelo ka lintho tse nyenyane. Ba ile ba ntšaba eaba ba qala ho ithuta sefahleho sa ka e le hore ba hlokomele mohlang ke sa thabang.

Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea, mosali oa ka o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Seo se ile sa etsa hore ho be le liphetoho tse ngata. O ile a re o batla ho ea libokeng tsa Lipaki, ka hona ke ile ka etsa qeto ea hore re tla ea re le lelapa. Ke ntse ke hopola hantle mohlang moholo e mong a tlang ha ka a tlil’o qala ho ithuta Bibele le ’na. Seo ke ileng ka ithuta sona se ile sa nkama ka botebo.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke sa tla lebala kamoo ke ileng ka ameha kateng ka mor’a ho bala Baefese 5:5. E re: “Ha ho sehlola kapa motho ea sa hloekang kapa motho ea meharo—e leng ho bolelang ho ba morapeli oa litšoantšo—ea nang le lefa leha e le lefe ’musong oa Kreste le oa Molimo.” Ke ile ka hlokomela hore reisisi ea libaesekele e amana le ho becha le hore papali eo e khothalletsa meharo. Letsoalo la ka le ile la qala ho nkhoebetha. Ke ile ka utloa hore haeba ke batla ho thabisa Jehova Molimo, ke lokela ho tlohela lireisisi. Empa eo e ne e le qeto e boima.

Ke ne ke sa tsoa feta selemo seo ke ileng ka atleha ka ho fetisisa reisising, ’me ke ne ke batla ho atleha ho feta moo. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela hore ho ithuta Bibele ho etsa hore kelello ea ka e be le khotso ’me e hlaphoheloe—e leng ntho e fapaneng hōle le moea oa tlhōlisano oo ke neng ke e-na le oona! Ke ile ka ea reisising ka makhetlo a mararo feela ka mor’a hore ke qale ho ithuta, le hoja pelo ea ka e ne e ntse e saletse teng. Ke ne ke boetse ke eme hlooho hore na ke tla hlokomela lelapa la ka joang. Ke ile ka ikutloa ke tlaletsoe ke nōka, ke sitoa ho tsoela pele kapa ho khutlela morao ’me ba lelapa leso le bona ba ne ba hloile tumelo ea ka e ncha. Ntate oa ka o ne a koatile ka ho fetisisa. Kaha ke ne ke tsielehile, ke ile ka ba le khatello e khōlō ea kelello eaba ke ba le liso ka maleng.

Ntho e ileng ea nthusa nakong eo e boima ke hore ke ile ka tsoela pele ho ithuta Bibele le ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ha nako e ntse e e-ea, tumelo ea ka e ile ea matlafala. Ke ile ka kōpa Jehova hore a utloe lithapelo tsa ka ’me a nthuse hore ke bone hore oa li utloa. Ke ile ka imoloha kelellong le ho feta ha mosali oa ka a mpolella hore ha ho hlokahale hore a lule ntlong e khōlō e le hore a thabe. Ke ile ka hatela pele hanyane ka hanyane.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke ithutile hore ruri mantsoe a Jesu a hlahang ho Matheu 6:33 ke ’nete. O itse: “Le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” Ha ho mohlang re kileng ra hloka “lintho tse ling” tseo Jesu a buileng ka tsona, e leng lintho tse hlokahalang hore re tsoele pele re phela. Le hoja chelete eo ke e fumanang e ka etsa karolo ea boraro feela ea chelete eo ke neng ke e fumana reisising, ha ho ntho eo nkileng ka e hloka le lelapa la ka lilemong tsena tse 20 tse fetileng.

Empa ntho e thabisang haholo ke hore ha ke sebetsa kapa ke rapela le balumeli-’moho le ’na, ke thaba le ho khotsofala ka tsela eo pele ke neng ke sa ikutloe ka eona. Hona joale matsatsi a feta ka potlako. Bophelo ba lelapa la ka le bona bo ntlafetse haholo. Bara ba ka ba bararo kaofela ke bahlanka ba Jehova ba tšepahalang, hammoho le basali ba bona.