Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Gehena ke Moo Batho ba Hlokofatsoang ka Mollo?

Na Gehena ke Moo Batho ba Hlokofatsoang ka Mollo?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na Gehena ke Moo Batho ba Hlokofatsoang ka Mollo?

▪ Ka Likosepeleng, Jesu o lemosa barutuoa ba hae ka kahlolo e bohloko ea Gehena. Ho hlakile hore Jesu o ne a batla hore temoso ea hae e nkoe ka botebo. Leha ho le joalo, na o ne a bua ka lihele tse tukang tsa kahlolo ea ka ho sa feleng?—Matheu 5:22.

A re ke re qale pele ka ho hlahloba lentsoe lena. Lentsoe la Segerike Geʹen·na le tšoana le la Seheberu geh Hin·nomʹ le bolelang “phula ea Hinome,” kapa ha le feletse ke geh veneh-Hin·nomʹ, ‘phula ea bara ba Hinome.’ (Joshua 15:8; 2 Marena 23:10) Sebaka sena seo hona joale se tsejoang e le Wadi er-Rababi, ke phula e tebileng e tšesaane e karolong e ka boroa ho ea boroa-bophirimela ho Jerusalema.

Nakong ea marena a Juda, ho tloha lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., sebakeng sena ho ne ho etsoa litšebeletso tsa bohetene ho akarelletsa le ho etsa mahlabelo ka bana ka ho ba chesa mollong. (2 Likronike 28:1-3; 33:1-6) Moprofeta Jeremia o ile a profeta hore sona sebaka sena e ne e tla ba seo Bajuda ba tla bolaeloa ho sona ke Bababylona, e le kahlolo e tsoang ho Molimo ka lebaka la bokhopo ba bona. *Jeremia 7:30-33; 19:6, 7.

Ho latela setsebi sa Mojuda David Kimhi (hoo e ka bang ka 1160-1235 C.E.), hamorao phula eo e ile ea fetoha thotobolo eo ho qhalloang lithōle tsa motse oa Jerusalema ho eona. E ne e le sebōpi sa mollo o lulang o tuka hore o chese lithōle. Ntho leha e le efe e neng e tšeloa thotobolong ena e ne e tla cha lore!

Bafetoleli ba bangata ba Bibele ba ile ba khetha ho fetolela Geʹen·na e le “lihele.” (Matheu 5:22, Bibele ea Sesotho) Hobane’ng? Hobane ba ile ba amahanya maikutlo a bohetene a hore ka mor’a lefu batho ba khopo ba fuoa kahlolo ea ho chesoa mollong le mollo oa sebele o neng o lula o tuka phuleng e ka ntle ho motse oa Jerusalema. Leha ho le joalo, Jesu eena ha aa ka a amahanya Gehena le ho hlokofatsoa ha batho.

Jesu o ne a tseba hore Ntate oa hae oa leholimo, Jehova, o hloile esita le khopolo feela ea ho chesa batho ba phela. Ha Molimo a ne a bua ka tsela eo Gehena e neng e sebelisoa ka eona mehleng ea moprofeta Jeremia, o ile a re: “Ba hahile libaka tse phahameng tsa Tofethe, e phuleng ea bara ba Hinome, e le hore ba chese bara ba bona le barali ba bona mollong, e leng ntho eo ke neng ke sa ka ka e laela le e neng e sa ka ea hlaha pelong ea ka.” (Jeremia 7:31) Ho feta moo, khopolo ea tlhokofatso ea bafu e hanana le botho ba Molimo bo lerato hammoho le thuto ea Bibele e hlakileng ea hore bafu “ha ba tsebe letho.”—Moeklesia 9:5, 10.

Jesu o ile a sebelisa lentsoe “Gehena” ha a tšoantšetsa timetso ea ka ho sa feleng e tlisoang ke kahlolo e bohloko ea Molimo. Ka hona, “Gehena” e bolela ntho e tšoanang le “letša la mollo” leo ho buuoang ka lona bukeng ea Tšenolo. Ka bobeli ba tsona li tšoantšetsa timetso ea ka ho sa feleng eo ka mor’a eona ho ke keng ha e-ba le tsoho.—Luka 12:4, 5; Tšenolo 20:14, 15.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Ha New Catholic Encyclopedia e bua ka boprofeta bona, e re: “Ha Jerusalema e timetsoa baahi ba bangata ba ne ba tla bolaoa ’me litopo tsa bona li ne li tla lahleloa ka har’a phula li sa patoa hore li bole kapa li che.”