Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebeletsa Jehova ka ho Nka Lintho ka Botebo Bohle

Ho Sebeletsa Jehova ka ho Nka Lintho ka Botebo Bohle

Ho Sebeletsa Jehova ka ho Nka Lintho ka Botebo Bohle

“Lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, . . . le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”—BAFIL. 4:8.

1, 2. Ke eng e entseng hore batho ba bangata lefatšeng lee ba nke bophelo habobebe, hona see se hlahisa lipotso life?

RE PHELA linakong tse thata le tse mahlonoko ka ho fetisisa historing ea batho. Batho ba se nang kamano e haufi le Jehova ba ka ’na ba thatafalloa ke ho mamella ‘linako tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Tim. 3:1-5) Ba tšepile matla a bona feela hore ba tsoelle letsatsi ka leng—le hoja ba atleha ka tsela e fokolang. Batho ba bangata ba lula ba batla boithabiso bo bocha boo lefatše le fanang ka bona e le ho qoba hore ba nke bophelo ka botebo haholo.

2 E le ho itebatsa likhatello tsa bophelo, hangata batho ba etelletsa menyaka pele bophelong. Haeba Bakreste ba se hlokolosi, habonolo feela ba ka qala ho etsa se tšoanang. Re ka qoba seo joang? Na e ka ba ka hore re nke lintho ka botebo ka linako tsohle? Re ka lekanyetsa lintho hantle joang mabapi le menyaka le boikarabelo? Re lokela ho tataisoa ke melao-motheo efe ea Mangolo e le hore le hoja re nka bophelo ka botebo, re se ke ra nka lintho ka botebo ho feta tekano?

Ho Nka Lintho ka Botebo Lefatšeng le Ratang Menyaka

3, 4. Mangolo a re thusa joang hore re ele hloko bohlokoa ba ho nka lintho ka botebo?

3 Ha ho pelaelo hore lefatše lena le nka ho ‘rata menyaka’ e le habohlokoa ho feta tekano. (2 Tim. 3:4) Tsela eo lefatše le nkang menyaka e le ea bohlokoa ka eona e ka beha bomoea ba rōna kotsing. (Liprov. 21:17) Ke ka lebaka le utloahalang mangolo ao moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Timothea le Tite a boetseng a akarelletsang keletso e mabapi le taba ea ho nka lintho ka botebo. Ho sebelisa keletso eo ho tla re thusa hore re se ke ra susumetsoa ke tsela eo lefatše le nkang bophelo habobebe ka eona.—Bala 1 Timothea 2:1, 2; Tite 2:2-8.

4 Lilemo tse makholo pele ho moo, Solomone o ile a ngola ka bohlokoa ba hore ka linako tse ling re itime menyaka e le hore re ka nka bophelo ka botebo. (Moek. 3:4; 7:2-4) Ha e le hantle, kaha bophelo bo bokhutšoanyane, ho hlokahala hore re ‘ikitlaetse ka matla’ e le hore re fumane poloko. (Luka 13:24) Ka lebaka leo, ho hlokahala hore re lule re nahana ka lintho tsohle “tseo ho amehoang ka tsona ka botebo.” (Bafil. 4:8, 9) Seo se bolela hore re ele hloko karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna ba Bokreste.

5. Karolo e ’ngoe ea bophelo eo re lokelang ho e nka ka botebo ke efe?

5 Ka mohlala, kaha Bakreste ba etsisa Jehova le Jesu, ba nka boikarabelo ba bona ba ho sebetsa ka thata ka botebo. (Joh. 5:17) Ka lebaka leo, hangata batho baa ba babatsa ka lebaka la ho sebetsa ka thata le ho tšepahala. Ka ho khetheha, lihlooho tsa malapa li ameha ka ho sebetsa ka thata e le hore li ka phelisa malapa a tsona. Etsoe, ha motho a sa hlokomele ba ntlo ea hae nameng, ho tšoana le ha a “latotse Jehova”!—1 Tim. 5:8, NW, ftn.

Re Nka Borapeli ba Rōna ka Botebo Empa Rea bo Thabela

6. Re tseba joang hore re lokela ho nka borapeli ba rōna ho Jehova ka botebo?

6 Ha ho mohla Jehova a kileng a nka borapeli ba ’nete habobebe. Ka mohlala, tlas’a Molao oa Moshe, Baiseraele ba ne ba khola litholoana tse bosula ha ba ne ba fapoha borapeling ba bona ho Jehova. (Josh. 23:12, 13) Lekholong la pele la lilemo C.E., ho ne ho hlokahala hore balateli ba Kreste ba loane ea khumamela e le hore lithuto tse silafetseng le maikutlo a silafetseng a se ke a kena borapeling ba ’nete. (2 Joh. 7-11; Tšen. 2:14-16) Kajeno, Bakreste ba ’nete le bona ba sa ntse ba nka borapeli ba bona ka botebo.—1 Tim. 6:20.

7. Pauluse o ne a lokisetsa tšebeletso ea hae joang?

7 Tšebeletso ea rōna ea tšimo e re thabisa haholo. Leha ho le joalo, e le hore re ka lula re thabela tšebeletso, re lokela ho nahana ka botebo ka eona re be re e lokisetse esale pele. Pauluse o hlalositse kamoo a neng a nahana kateng ka batho bao a neng a ba ruta. O ile a ngola tjena: “Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele nka pholosa ba bang. Empa ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka li arolelana le ba bang.” (1 Bakor. 9:22, 23) Pauluse o ne a thabela ho thusa batho ba bang moeeng, ’me o ne a nahana ka botebo hore na o ne a ka thusa bamameli ba hae joang ka lintho tse tobileng tseo ba neng ba li hloka. Ka lebaka leo, o ile a khona ho ba khothatsa a ba a ba susumelletsa ho rapela Jehova.

8. (a) Re lokela ho ba le boikutlo bofe mabapi le batho bao re ba rutang tšebeletsong? (b) Ho khanna thuto ea Bibele ho ka etsa hore tšebeletso ea tšimo e be e thabisang joang?

8 Pauluse o ne a nka tšebeletso ea hae ka botebo hakae? O ne a ikemiselitse ho ba “lekhoba” la Jehova le la ba neng ba tla mamela molaetsa oa ’nete. (Bar. 12:11; 1 Bakor. 9:19) Ha re amohela boikarabelo ba ho ruta batho Lentsoe la Molimo—ebang ke thutong ea lehae ea Bibele, sebokeng sa Bokreste kapa Borapeling ba Lelapa—na re elelloa boikarabelo boo re nang le bona ho batho bao re ba rutang? Mohlomong re nka hore ho khanna thuto ea Bibele kamehla ke moroalo o boima. Ke ’nete hore hangata ho akarelletsa ho fokotsa nako eo re e qetang mabakeng a rōna ebe re e sebelisetsa ho thusa batho ba bang. Empa na seo hase lumellane le mantsoe a Jesu a reng, “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela”? (Lik. 20:35) Bonneteng ho ruta ba bang tsela ea ho fumana poloko ho tla re thabisa ho feta ho etsa ntho leha e le efe e ’ngoe.

9, 10. (a) Na ho nka lintho ka botebo ho bolela hore re se ke ra ba le nako ea ho phomola le ho ithabisa le batho ba bang? Hlalosa. (b) Ke eng e ka thusang moholo hore e be motho ea khothatsang le eo ho leng bonolo ho mo atamela?

9 Ho nka lintho ka botebo ha ho bolele hore re ke ke ra ba le nako ea ho phomola le ho ithabisa le batho ba bang. Jesu o behile mohlala o phethahetseng oa hore a se ke a qeta nako a ruta batho feela, empa a boele a be le nako ea ho phomola le ho theha setsoalle se molemo le bona. (Luka 5:27-29; Joh. 12:1, 2) Hape, ho nka lintho ka botebo ha ho bolele hore re lokela ho lula re tiisitse ka mahlong. Hoja Jesu e ne e le motho ea nkang lintho ka botebo ho feta tekano, ha ho potang hore batho ba ne ba ke ke ba lokoloha ho mo atamela. Esita le bana ba ne ba phutholoha ha ba ne ba e-na le eena. (Mar. 10:13-16) Re ka leka-lekanya lintho joang joaloka Jesu?

10 Ha mora e mong oabo rōna a ne a bua ka moholo e mong o ile a re, “O ipehetse melao e phahameng haholo, empa ha aa lebella hore ba bang ba phethahale.” Na ho ka buuoa joalo ka uena? Ke ntho e loketseng ho lebella lintho tse itseng ho ba bang. Ka mohlala, bana baa mamela ha batsoali ba ba behela lipakane tse ba lekaneng ba bile ba ba thusa hore ba li finyelle. Ka ho tšoanang, baholo le bona ba ka ’na ba khothalletsa batho ba itseng ka phuthehong hore ba hōle moeeng ebe ba ba fa litlhahiso tse tobileng tsa kamoo ba ka etsang seo kateng. Ho feta moo, haeba moholo a sa inkele holimo, o tla khona ho khothatsa ba bang ’me ba tla lokoloha ho mo atamela. (Bar. 12:3) Morali e mong oabo rōna o itse: “Ha ke rate ha moholo a etsa eka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke papali. Empa le teng ha a lula a tiisitse ka mahlong ka linako tsohle, ho ba thata hore batho ba mo atamele.” Morali e mong oabo rōna eena o ile a re o bona eka baholo ba bang “baa tšosa hobane ke batho ba nkang lintho ka botebo ho feta tekano.” Le ka mohla baholo ba ke ke ba batla ho tapisa thabo eo balumeli bohle ba lokelang ho ba le eona borapeling ba bona ho Jehova, “Molimo ea thabileng.”—1 Tim. 1:11.

Ho Jara Boikarabelo ka Phuthehong

11. Ho “hahamalla” boikarabelo ka phuthehong ho bolela’ng?

11 Ha Pauluse a ne a khothalletsa banna ka phuthehong hore ba hahamalle ho tšoaneleha ho phetha boikarabelo bo boholoanyane, boikemisetso ba hae e ne e se ho ba khothalletsa hore ba khotsofatse takatso ea bona ea ho rata bophahamo. Ho e-na le hoo, o ile a ngola a re: “Haeba motho leha e le ofe a hahamalla boemo ba molebeli, o lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Tim. 3:1, 4) Ho “hahamalla” boikarabelo ho hloka hore banna ba Bakreste ba be le takatso e matla ea ho sebetsa ka thata hore ba be le litšobotsi tse hlokahalang tsa moea e le hore ba ka sebeletsa barab’abo bona. Haeba bonyane ho fetile selemo mor’abo rōna a kolobelitsoe ’me ka tsela e khotsofatsang a finyella litšoaneleho tsa Mangolo tse boletsoeng ho 1 Timothea 3:8-13 tse lebeletsoeng ho bahlanka ba sebeletsang, ho ka buelloa hore a khethoe. Hlokomela hore temana ea 8 e bolela ka ho toba hore: “Bahlanka ba sebeletsang ka ho tšoanang ba lokela ho nka lintho ka botebo.”

12, 13. Hlalosa litsela tseo barab’abo rōna ba bacha lilemong ba ka hahamallang boikarabelo ka tsona.

12 Na u mor’abo rōna ea kolobelitsoeng le ea nkang lintho ka botebo ’me u se u tla ba lilemo li 20? Ho na le litsela tse ngatanyana tseo u ka hahamallang boikarabelo ka tsona. E ’ngoe ea tsona ke ka ho ntlafatsa tsela eo u kopanelang ka eona tšebeletsong ea tšimo. Na u motho ea thabelang ho sebetsa le batho ba lilemo tse fapa-fapaneng tšebeletsong ea tšimo? Na u leka ho fumana motho eo u ka ithutang Bibele le eena? Ha u latela litlhahiso tse fanoang libokeng tsa Bokreste nakong eo u khannang thuto ea Bibele, u tla ntlafatsa tsebo ea hao ea ho ruta. Ho feta moo, u tla ithuta ho nahanela motho ea ithutang litsela tsa Jehova. Ha motho eo u ithutang le eena a qala ho bona bohlokoa ba ho etsa liphetoho, u tla ithuta ho mo thusa ka mamello le ka bohlale hore a sebelise melao-motheo ea Bibele.

13 Barab’abo rōna ba ntseng ba le bacha, le ka ithaopela ho thusa batho ba hōlileng ka phuthehong, le ikemisetse ho ba thusa ka litsela leha e le life tse hlokahalang. Le ka boela la bontša hore le thahasella tsela eo Holo ea ’Muso e shebahalang ka eona, le thuse ho e boloka e hloekile ebile e le makhethe. Ha le ithaopela ho thusa ka hohle kamoo le ka khonang kateng, moea oa lōna oa boithaopo o bontša hore le nka tšebeletso ea lōna ka botebo. Joaloka Timothea, le ka ithuta ho hlokomela litlhoko tsa phutheho e le kannete.—Bala Bafilipi 2:19-22.

14. Barab’abo rōna ba bacha lilemong ba ka ‘lekoa joang pele mabapi le ho tšoaneleha’ ho sebeletsa ka phuthehong?

14 Baholo, falimehelang ho sebelisa barab’abo rōna ba bacha lilemong ba ikitlaelletsang ho ‘balehela litakatso tsa tlhaho tsa bocha’ le ba hahamallang “ho loka, tumelo, lerato, khotso,” hammoho le litšobotsi tse ling tse bontšang hore ba nka lintho ka botebo. (2 Tim. 2:22) Ha le ba abela mesebetsi eo ba ka e etsang ka phuthehong, ba ka ‘lekoa pele mabapi le ho tšoaneleha’ ho jara boikarabelo, e le hore ‘tsoelo-pele ea bona e ka bonahala ho batho bohle.’—1 Tim. 3:10; 4:15.

Ho Nka Lintho ka Botebo ka Phuthehong le ka Lapeng

15. Ho ea ka 1 Timothea 5:1, 2, re ka bontša joang hore re siela batho ba bang seriti?

15 Ho nka lintho ka botebo ho akarelletsa ho siela bara le barali babo rōna seriti. Pauluse o ile a bua ka bohlokoa ba ho hlompha batho ba bang keletsong eo a ileng a e fa Timothea. (Bala 1 Timothea 5:1, 2.) Taba ena ke ea bohlokoa haholo-holo ha re sebelisana le batho ba bong bo fapaneng. Mohlala oa Jobo oa ho siela basali seriti, haholo-holo molekane oa hae, o tšoanela ho etsisoa. O ne a ikemiselitse ka matla hore a se ke a sheba mosali e mong ka ho mo lakatsa. (Jobo 31:1) Ho siela bara le barali babo rōna seriti ho ka akarelletsa ho se bonye le bona kapa ho etsa ntho leha e le efe e ka etsang hore ba ikutloe ba sa phutholoha ha ba e-na le rōna. Ke habohlokoa ka ho khetheha hore batho ba babeli ba ratanang ba bile ba rera ho nyalana ba sielane seriti. Le ka mohla Mokreste ea nkang lintho ka botebo a ke ke a bapala ka maikutlo a lerato a motho oa bong bo fapaneng.—Liprov. 12:22.

16. Bontša phapang pakeng tsa tsela eo batho ba bang lefatšeng ba talimang karolo eo monna kapa ntate a e phethang le tsela eo Bibele e hlalosang boikarabelo ba hae ka eona.

16 Re boetse re lokela ho ba hlokolosi hore re lule re nka ka botebo likarolo tseo Molimo a re fileng tsona ka lapeng. Lefatše la Satane le etsa hore ho bonahale eka monna kapa ntate ke sephoqo. Indasteri ea boithabiso e thabela ho etsa hore ho bonahale eka monna kapa ntate o lokela ho songoa feela kapa ho se hlomphuoe. Leha ho le joalo, Mangolo a bontša hore monna o na le boikarabelo bo boholo, a re ke “hlooho ea mosali oa hae.”—Baef. 5:23; 1 Bakor. 11:3.

17. Hlalosa kamoo tsela eo re kopanelang ka eona borapeling ba lelapa e ka bontšang kateng hore na re nka boikarabelo ba rōna ka botebo hakae.

17 Monna a ka ’na a fa ba lelapa la hae lintho tseo ba li hlokang nameng. Empa haeba a sa ba fe lintho tseo ba li hlokang moeeng, o tla be a bontša hore o haelloa ke temoho le bohlale. (Deut. 6:6, 7) Kahoo, 1 Timothea 3:4 e re haeba u hlooho ea lelapa ’me u hahamalla boikarabelo bo boholoanyane ka phuthehong u tlameha ho ba monna ea “okamelang ba ntlo ea hae ka mokhoa o motle, ea nang le bana ba ipehileng tlaase ka ho nka lintho ka botebo bohle.” Tabeng ena, ipotse, ‘Na kamehla ke beha nako ka thōko ea ho tšoarela ba ntlo ea ka borapeli ba lelapa?’ Basali ba bang ba Bakreste ba bile ba tlameha ho sala banna ba bona morao e le hore ba etelle pele linthong tsa moea. Monna e mong le e mong o lokela ho itlhahloba ka botebo hore na o talima boikarabelo bona joang. Ho hlakile hore mosali oa Mokreste o lokela ho tšehetsa tokisetso ea Borapeli ba Lelapa a be a sebelisane le monna oa hae ho etsa hore e atlehe.

18. Bana ba ka ithuta ho nka lintho ka botebo joang?

18 Bana le bona ba khothalletsoa hore ba nke bophelo ka botebo. (Moek. 12:1) Ha ho na phoso ha bana ba ithuta ho sebetsa ka thata, ho etsa mesebetsi e tloaelehileng lapeng e lekaneng lilemo le bokhoni ba bona. (Lillo 3:27) Ha Morena Davida e sa ntse e le moshanyana, o ile a ithuta ho ba molisa ea hloahloa. O ile a boela a ithuta ho bina le ho qapa lipina—e leng tsebo e ileng ea fella ka hore a sebeletse ka pel’a ’musi oa Iseraele. (1 Sam. 16:11, 12, 18-21) Ha ho pelaelo hore ha Davida e ne e sa le moshanyana o ne a bapala, empa o ile a boela a ithuta mesebetsi ea bohlokoa eo hamorao a ileng a e sebelisa ho tlotlisa Jehova. Tsebo eo a ileng a ba le eona ha e ntse e le molisa e ile ea mo thusa hore a etelle sechaba sa Iseraele pele ka mamello. Bacha, ke mesebetsi efe ea bohlokoa eo le ithutang eona, eo ho e tseba ho tla le thusa ho sebeletsa ’Mōpi oa lōna le ho le hlomella hore le jare boikarabelo nakong e tlang?

Ho Talima Lintho ka Tsela e Leka-lekaneng

19, 20. U ikemiselitse ho ba le boikutlo ba mofuta ofe ka uena le ka borapeli ba hao?

19 Kaofela ha rōna re ka loanela ho italima ka tsela e leka-lekaneng—re se ke ra nka lintho ka botebo haholo. Re ke ke ra batla ho ba ba “lokileng ho feta tekanyo.” (Moek. 7:16) Mesoaso e seng mekae e ka nolofatsa boemo bo tsitsipaneng, ebang ke lapeng, mosebetsing kapa ha re sebelisana le bara le barali babo rōna ba Bakreste. Litho tsa lelapa li lokela ho ba hlokolosi hore li se ke tsa tšoaea liphoso ka ho feteletseng, e le hore li se ke tsa senya khotso e lokelang ho rena lapeng. Ka phuthehong, kaofela ha rōna re ka ithuta ho tšeha le batho ba bang le ho thaba le bona, re etse hore meqoqo ea rōna le tsela eo re rutang ka eona e be e hahang le e khothatsang.—2 Bakor. 13:10; Baef. 4:29.

20 Re phela lefatšeng le sa nkeleng Jehova kapa melao ea hae hloohong. Ho fapana le hoo, batho ba Jehova ba amehile haholo ka ho mamela Molimo oa bona le ho tšepahala ho eena. Ruri hoa thabisa ho ba karolo ea sehlopha se seholo joalo sa batho ba rapelang Jehova “ka ho nka lintho ka botebo bohle”! E se eka re ka ikemisetsa ho lula re nka bophelo ba rōna le borapeli ba rōna ka botebo.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba tsela ea lefatše ea ho nka bophelo habobebe?

• Re ka thabela tšebeletso ea rōna joang empa re ntse re nka lintho ka botebo?

• Tsela eo re talimang boikarabelo ka eona e bontša joang hore na re nka lintho ka botebo kapa che?

• Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho siela barab’abo rōna le litho tsa lelapa seriti e le taba ea bohlokoa.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 12]

Monna o lokela ho hlokomela lelapa la hae ka lintho tseo le li hlokang nameng le moeeng