Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsa Liqeto Tse Tlotlisang Molimo

Etsa Liqeto Tse Tlotlisang Molimo

Etsa Liqeto Tse Tlotlisang Molimo

“Ea masene o nahana ka mehato ea hae.”—LIPROV. 14:15.

1, 2. (a) Re tlameha ho ameha ka eng haholo liqetong tsohle tseo re li etsang? (b) Re tlil’o tšohla lipotso life?

MOHLOMONG re etsa liqeto tse ngata letsatsi le letsatsi. Bongata ba tsona ke tse sa reng letho. Leha ho le joalo, tse ling tsa tsona li ka ama bophelo ba rōna haholo. Liqetong tsohle tseo re li etsang, ebang ke tse nyenyane kapa ke tse khōlō, re ameha haholo ka ho tlotlisa Molimo.—Bala 1 Bakorinthe 10:31.

2 Na u nolofalloa ke ho etsa liqeto, kapa hoa u thatafalla? Haeba re batla ho finyella khōlo e feletseng ea Bokreste, re tlameha ho ithuta ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng ebe re etsa liqeto re ipapisitse le seo re se lumelang, eseng seo motho e mong a se lumelang. (Bar. 12:1, 2; Baheb. 5:14) Ke mabaka afe a mang a re tlamang hore re ithute ho etsa liqeto tse molemo? Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho le thata ho li etsa? Hona re ka latela mehato efe e le ho netefatsa hore liqeto tseo re li etsang li tlotlisa Molimo?

Ha e le Hantle ke Hobane’ng ha re Lokela ho Etsa Liqeto?

3. Ke’ng eo re sa lokelang ho e lumella hore e kena-kenane le tsela eo re etsang liqeto ka eona?

3 Haeba re hlōleha ho etsa liqeto ha ho ameha melao-motheo ea Bibele, bana bao re kenang sekolo le bona kapa batho bao re sebetsang le bona ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ha rea kholiseha hakaalo ka seo re se lumelang ebile re joaloka metsi a foro. Ba ka ’na ba bua leshano, ba qhekella, kapa ba utsoa ebe ba leka ho re susumelletsa hore re ‘latele bongata’ ka hore re ikopanye le bona kapa bonyane re pate seo ba se etsang. (Ex. 23:2) Leha ho le joalo, motho ea tsebang ho etsa liqeto tse tlotlisang Molimo a ke ke a lumella hore ho tšaba batho kapa ho batla ho ba khahlisa ho mo susumelletse hore a itšoare ka tsela e khahlanong le letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele.—Bar. 13:5.

4. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba batla ho re etsetsa liqeto?

4 Hase hore batho bohle ba batlang ho re etsetsa liqeto ba re lakaletsa bobe. Metsoalle ea rōna e lakatsang ho re thusa e ka ’na ea re phehella hore re latele likeletso tsa eona. Haeba re lula hōle le hae, mohlomong beng ka rōna ba ntse ba re khathalla ’me ba ka ’na ba ikutloa eka ba tlameha ho tsoela pele ba kenella liqetong tsa bohlokoa tseo re tobaneng le tsona. Ka mohlala, nahana ka taba ea phekolo. Ka ho hlakileng, Bibele e hanyetsa tšebeliso e mpe ea mali. (Lik. 15:28, 29) Leha ho le joalo, litaba tse ling tse amanang le phekolo ha lia totobala ’me li hloka hore e mong le e mong oa rōna a iketsetse qeto ea hore na o tla amohela kapa a hane phekolo ea mofuta ofe. * Baratuoa ba rōna ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a matla litabeng tsena. Leha ho le joalo, ha Mokreste e mong le e mong ea inehetseng a bile a kolobelitsoe a etsa qeto litabeng tsena o lokela ho jara “mojaro oa hae” oa boikarabelo. (Bagal. 6:4, 5) Seo re amehileng ka sona haholo ke ho lula re e-na le letsoalo le letle ka pel’a Molimo, eseng ka pel’a batho.—1 Tim. 1:5.

5. Re ka qoba ho senyeheloa ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng joang?

5 Ho hlōleha ho etsa liqeto ho ka re beha kotsing e tšabehang. Morutuoa Jakobo o ile a ngola hore motho ea hlōlehang ho etsa qeto ha aa ‘tsitsa litseleng tsohle tsa hae.’ (Jak. 1:8) Joaloka motho ea ka sekepeng se se nang lesokoana leoatleng le loebehlanang, o tla akhotsoa ke maikutlo a batho a lulang a fetoha. Ruri ho ka ba bonolo hore motho ea joalo a senyeheloe ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng ebe o re batho ba bang ke bona ba mo baketseng boemo bo bohloko boo a leng ho bona! (1 Tim. 1:19) Re ka qoba boemo bo joalo joang? Re tlameha ho “tsitsisoa tumelong.” (Bala Bakolose 2:6, 7.) E le hore re tsitse, re tlameha ho ithuta ho etsa liqeto tse bontšang tumelo eo re nang le eona Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng. (2 Tim. 3:14-17) Leha ho le joalo, ke eng e ka ’nang ea re sitisa ho etsa liqeto tse molemo?

Ke Hobane’ng ha ho ka ba Thata ho Etsa Liqeto?

6. Tšabo e ka ’na ea re ama joang?

6 Tšabo e ka ’na ea re khina—tšabo ea ho etsa liqeto tse fosahetseng, tšabo ea ho hlōleha, kapa tšabo ea ho iphetola sephoqo ho ba bang. Mabaka a joalo aa utloahala. Ha ho na motho ea ratang ho etsa liqeto tse fosahetseng, tse tla mo kenya khathatsong li be li mo hlabise lihlong. Leha ho le joalo, lerato leo re ratang Molimo le Lentsoe la hae ka lona, le ka re thusa hore re fokotse tšabo eo re nang le eona. Le ka re thusa ka litsela life? Lerato leo re ratang Molimo ka lona le tla re susumelletsa hore kamehla re hlahlobe Lentsoe la hae le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng pele re etsa liqeto tsa bohlokoa. Ka tsela eo re tla fokotsa liphoso tseo re li etsang. Hobane’ng? Hobane Bibele e ka “fa ba se nang phihlelo masene, [ea] fa mohlankana tsebo le matla a ho nahana.”—Liprov. 1:4.

7. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Morena Davida?

7 Na re tla lula re etsa liqeto tse nepahetseng kamehla? Che. Kaofela ha rōna re etsa liphoso. (Bar. 3:23) Ka mohlala, Morena Davida e ne e le motho ea bohlale le ea tšepahalang. Empa, ka linako tse ling o ile a etsa liqeto tse fosahetseng tse ileng tsa bakela eena le batho ba bang mahlomola. (2 Sam. 12:9-12) Leha ho le joalo, Davida ha aa ka a lumella liphoso tsa hae hore li mo sitise ho etsa liqeto tseo Molimo a li amohelang. (1 Mar. 15:4, 5) Re ka khona ho etsa liqeto ho sa tsotellehe liphoso tseo re li entseng nakong e fetileng, haeba joaloka Davida re hopola hore Jehova o tla hlokomoloha liphoso tsa rōna a be a re tšoarele libe. O tla lula a tšehetsa batho ba mo ratang le ba mo hlomphang.—Pes. 51:1-4, 7-10.

8. Re ithuta’ng ho seo moapostola Pauluse a ileng a se bua mabapi le lenyalo?

8 Re ka fokotsa tšabo eo re nang le eona mabapi le ho etsa liqeto. Joang? Ka ho hlokomela hore ka linako tse ling ho na le litsela tse ngatanyana tse nepahetseng tseo re ka khethang ho tsona. Nahana ka tsela eo moapostola Pauluse a ileng a beha mabaka ka eona tabeng ea lenyalo. O ile a bululeloa hore a ngole sena: “Empa haeba leha e le mang a nahana hore o itšoara ka mokhoa o sa tšoanelang mabapi le bosoha ba hae, haeba a fetile palesa ea bocha, ’me ena e le tsela eo ho lokelang hore ho etsahale ka eona, a ke a etse seo a se batlang; ha a etse sebe. Ba ke ba kene lenyalong. Empa haeba leha e le mang a tsitsitse pelong ea hae, a sa qobelloe ke letho, empa a e-na le matla thatong ea hae ’me a entse qeto ena ka pelong ea hae, hore a boloke bosoha ba hae, o tla etsa hantle.” (1 Bakor. 7:36-38) Pauluse o ile a buella hore bosoha ke bona bo molemo ka ho fetisisa, empa e ne e se bona feela bo nepahetseng bo ka khethoang.

9. Na re lokela ho ameha ka hore na batho ba bang ba talima liqeto tsa rōna joang? Hlalosa.

9 Na re lokela ho ameha ka hore na batho ba bang ba talima liqeto tseo re li etsang joang? E, ka linako tse ling. Hlokomela seo Pauluse a ileng a se bua mabapi le ho ja lijo tseo ho ka bonahalang eka li ne li hlabetsoe litšoantšo tse rapeloang. O ile a lumela hore e ka ’na eaba qeto e itseng ha ea fosahala, empa e ka ’na ea lematsa motho e mong ea nang le letsoalo le fokolang. Pauluse o ne a ikemiselitse ho etsa’ng? O ile a ngola a re: “Haeba lijo li etsa hore mor’eso a khoptjoe, le ka mohla nke ke ka boela ka ja nama ho hang, e le hore ke se ke ka etsa hore mor’eso a khoptjoe.” (1 Bakor. 8:4-13) Le rōna re lokela ho nahana kamoo liqeto tseo re li etsang li tlang ho ama matsoalo a batho ba bang kateng. Ho hlakile hore ntho eo re amehileng ka eona haholo ke hore na liqeto tseo re li etsang li tla ama setsoalle sa rōna le Jehova joang. (Bala Baroma 14:1-4.) Ke melao-motheo efe ea Bibele e tla re thusa ho etsa liqeto tse tlotlisang Molimo?

Mehato e Tšeletseng ea ho Etsa Liqeto Tse Molemo

10, 11. (a) Re ka qoba ho iketelletsa pele joang ka lapeng? (b) Baholo ba lokela ho hopola’ng ha ba etsa liqeto tse amang phutheho?

10 Qoba ho iketelletsa pele. Pele re khetha ho etsa ntho e itseng, re lokela ho ipotsa, ‘Na ke na le matla a ho etsa qeto ee?’ Morena Solomone o ile a ngola a re: “Na ho iketelletsa pele ho tlile? Joale ho se hlomphehe ho tla tla; empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”—Liprov. 11:2.

11 Batsoali ba ka ’na ba fa bana ba bona monyetla oa hore ba iketsetse liqeto tse itseng, empa bana ha baa lokela ho nka feela hore ba na le matla a joalo. (Bakol. 3:20) Basali le bo-’mè ba na le matla a itseng ka lapeng empa e ka ba hantle hore ba ele hloko bohlooho ba banna ba bona. (Liprov. 1:8; 31:10-18; Baef. 5:23) Ka tsela e tšoanang, banna le bona ba lokela ho ela hloko hore ho na le moo matla a bona a fellang teng le hore ba lokela ho ipeha tlas’a Kreste. (1 Bakor. 11:3) Baholo ba etsa liqeto tse amang phutheho. Leha ho le joalo, ba etsa bonnete ba hore ‘ha ba fetele ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng’ ka Lentsoeng la Molimo. (1 Bakor. 4:6) Ba boetse ba latela haufi-ufi tataiso eo ba e fuoang ke lekhoba le tšepahalang. (Mat. 24:45-47) Re ka qoba ho ipakela matšoenyeho le mesarelo le ho e bakela ba bang haeba ka boikokobetso re etsa liqeto hafeela re filoe matla a ho etsa joalo.

12. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa lipatlisiso? (b) Hlalosa hore na motho a ka etsa lipatlisiso tseo joang.

12 Etsa lipatlisiso. Solomone o ile a ngola a re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liprov. 21:5) Ka mohlala, na u nahana ho qala khoebo? U se ke ua laoloa ke maikutlo. Batla boitsebiso bohle bo hlokahalang, kōpa malebela ho batho ba tsebang lintho tse joalo ’me u hlokomele hore na ke melao-motheo efe ea Bibele e sebetsang tabeng eo. (Liprov. 20:18) E le hore u hlophise lipatlisiso tsa hao hantle, ngola mathathamo a mabeli—le leng e be le thathamisitseng melemo, ’me le leng e be le thathamisitseng mathata. ‘Bala litšenyehelo’ pele u etsa qeto. (Luka 14:28) Nahana kamoo qeto ea hao e tlang ho ama maemo a hao a lichelete le bomoea ba hao kateng. Ho etsa lipatlisiso ho nka nako ebile ho hloka boiteko. Empa ka ho etsa joalo, u ka ’na ua qoba ho etsa liqeto ka lepotlapotla, e leng tse ka u bakelang matšoenyeho a sa hlokahaleng hamorao.

13. (a) Jakobo 1:5 e re tiisetsa eng? (b) Ho rapella bohlale ho ka re thusa joang?

13 Rapella bohlale. Liqeto tsa rōna li tla tlotlisa Molimo haeba feela re mo kōpa hore a re thuse ho li etsa. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise; ’me o tla bo fuoa.” (Jak. 1:5) Ha rea lokela ho hlajoa ke lihlong ho lumela hore re hloka bohlale ba Molimo hore bo re thuse ho etsa liqeto. (Liprov. 3:5, 6) Etsoe ho itšetleha feela ka kutloisiso ea rōna ho ka re khelosa habonolo. Ha re rapella bohlale re bile re batlisisa melao-motheo ea Lentsoe la Molimo re tla be re lumella moea o halalelang hore o re thuse ho hlokomela sepheo-pheo sa hore re batle ho etsa ntho e itseng.—Baheb. 4:12; bala Jakobo 1:22-25.

14. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho lieha ho etsa liqeto?

14 Etsa qeto. U se ke ua potlakela mohato ona pele u etsa lipatlisiso le ho rapella bohlale. Motho ea bohlale o nka nako a “nahana ka mehato ea hae.” (Liprov. 14:15) Ka lehlakoreng le leng, u se ke ua lieha ho etsa qeto. Motho ea liehang ho etsa lintho a ka ’na a fana ka mabaka a sa utloahaleng a ho se nke khato. (Liprov. 22:13) Empa ka tsela e itseng o etsa qeto—ha e le hantle o etsa qeto ea ho tlohela batho hore ba laole bophelo ba hae.

15, 16. Ho phethahatsa qeto ho akarelletsa’ng?

15 Phethahatsa qeto eo u e entseng. Boiteko ba rōna ba ho etsa qeto e molemo e ka ba ba lefeela haeba re sa phethahatse qeto eo re e entseng ka mafolofolo. Solomone o ile a ngola a re: “Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao.” (Moek. 9:10) E le hore re atlehe, re tlameha ho ikemisetsa ho sebelisa matlotlo a hlokahalang e le hore re phethahatse liqeto tseo re li entseng. Ka mohlala, mohoeletsi a ka ’na a etsa qeto ea ho ba pula-maliboho. Na o tla atleha? Mohlomong a ka atleha haeba a sa lumelle mosebetsi o mongata haholo oa boipheliso le boithabiso bo feteletseng hore li mo qete matla li be li mo jelle nako eo a e hlokang ho kopanela tšebeletsong.

16 Hase kamehla ho leng bonolo ho phethahatsa liqeto le haeba li le molemo ka ho fetisisa. Hobane’ng? Hobane “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Joh. 5:19) Re tlameha ho loana le “babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” (Baef. 6:12) Moapostola Pauluse le morutuoa Juda ba ile ba bontša hore batho ba etsang qeto ea ho tlotlisa Molimo ba tla tlameha ho loana.—1 Tim. 6:12; Juda 3.

17. Mabapi le liqeto tseo re li etsang, Jehova o lebeletse eng ho rōna?

17 Hlahloba qeto eo u e entseng ’me u etse liphetoho haeba ho hlokahala. Hase liqeto tsohle tse phethahalang hantle ka tsela eo re rerileng ka eona. Kaofela re hlaheloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moek. 9:11) Leha ho le joalo, Jehova o lebeletse hore re phehelle liqeto tse itseng tseo re li entseng le haeba re ka tobana le liteko. Haeba motho a se a entse qeto ea ho nehela bophelo ba hae ho Jehova kapa ea ho etsa kano ea lenyalo a ke ke a e hlanohela. Molimo o lebeletse hore re phelele liqeto tse joalo tseo re li entseng. (Bala Pesaleme ea 15:1, 2, 4.) Leha ho le joalo, liqeto tse ngata hase tsa bohlokoa hakaalo. Nako le nako motho ea bohlale o tla hlahloba liqeto tseo a li entseng. A ke ke a lumella boikakaso kapa manganga hore li mo sitise ho lokisa kapa ho fetola qeto eo a e entseng. (Liprov. 16:18) Ntho e ka sehloohong eo a amehileng ka eona ke ho tiisa hore tsela eo a phelang ka eona e lula e tlotlisa Molimo.

Koetlisa ba Bang Hore ba Etse Liqeto Tse Tlotlisang Molimo

18. Batsoali ba ka koetlisa bana ba bona joang hore ba etse liqeto tse molemo?

18 Batsoali ba ka phetha karolo e khōlō ho thusa bana ba bona hore ba ithute ho etsa liqeto tse tlotlisang Molimo. Ho ba behela mohlala o motle ke e ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa tsa ho ba ruta. (Luka 6:40) Ha ho loketse, batsoali ba ka hlalosetsa bana ba bona hore na bona ba ile ba etsa qeto e itseng joang. Ba ka ’na ba boela ba lumella bana ba bona hore ba iketsetse liqeto tse itseng ebe baa ba babatsa ha liqeto tseo li atleha. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ngoana a etsa qeto e seng bohlale? Ntho ea pele eo motsoali a ka ’nang a batla ho e etsa ke ho sireletsa ngoana liphellong tsa qeto eo a e entseng, empa hase kamehla ho etsa joalo ho ka ’nang ha tsoela ngoana molemo. Ka mohlala, motsoali a ka ’na a lumella ngoana hore a fumane lengolo la ho khanna. A re re ngoana o tlōla molao oa tsela ebe oa lefisoa. Motsoali o ne a ka ’na a mo lefella. Leha ho le joalo, haeba ngoana a tlangoa hore a sebeletse chelete eo a tla lefa ka eona, ho ka etsahala hore o tla ithuta ho jara boikarabelo ba lintho tseo a li etsang.—Bar. 13:4.

19. Ke eng eo re lokelang ho e ruta liithuti tsa rōna tsa Bibele, hona re ka etsa seo joang?

19 Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba rute ba bang. (Mat. 28:20) E ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo re ka li rutang liithuti tsa Bibele ke hore na li ka etsa liqeto tse molemo joang. E le hore re atlehe ho etsa seo, re lokela ho qoba maikutlo a ho batla ho li bolella hore na li etse’ng. Ho molemo haholo hore re li rute ho nahanisisa ka melao-motheo ea Bibele e le hore li ka iketsetsa qeto ea hore na li etse’ng. Etsoe “e mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.” (Bar. 14:12) Kahoo, kaofela ha rōna re na le mabaka a re tlamang ho etsa liqeto tse tlotlisang Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Sheba kenyelletso e nang le sehlooho se reng “Pono ea ka ke Efe ka Likaroloana Tsa Mali le Mekhoa ea Bongaka eo ho Eona ho Sebelisoang Mali a Ka?” e hatisitsoeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea January 2007, leqepheng la 3-6 (CD-ROM km-E 11/06 maq. 3-6), moo taba ena e tšohloang teng.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ho etsa liqeto?

• Tšabo e ka ’na ea re ama joang, hona re ka e hlōla joang?

• Ke mehato efe e tšeletseng eo re ka e nkang ho tiisa hore liqeto tseo re li etsang li tlotlisa Molimo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]

Mehato ea ho Etsa Liqeto Tse Molemo

1 Qoba ho Iketelletsa Pele

2 Etsa Lipatlisiso

3 Rapella Bohlale

4 Etsa Qeto

5 Phethahatsa Qeto eo U e Entseng

6 Hlahloba Qeto eo U e Entseng ’me U Etse Liphetoho

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Motho ea hlōlehang ho etsa qeto o joaloka sekepe se se nang lesokoana leoatleng le loebehlanang