Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lumella Moea oa Molimo Hore o U Tataise?

Na U Lumella Moea oa Molimo Hore o U Tataise?

Na U Lumella Moea oa Molimo Hore o U Tataise?

“Moea oa hao o molemo; e se eka o ka ntsamaisa naheng ea ho loka.”—PES. 143:10.

1, 2. (a) Bolela liketsahalo tseo ho tsona Jehova a ileng a sebelisa moea o halalelang molemong oa bahlanka ba hae. (b) Na moea o halalelang o sebetsa maemong a khethehileng feela? Hlalosa.

U NAHANA eng ha ho buuoa ka moea o halalelang? Na u nahana ka liketso tse matla tsa Gideone le Samsone? (Baahl. 6:33, 34; 15:14, 15) Ho ka etsahala hore u nahana ka sebete seo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le sona kapa ka khutso eo Setefane a neng a e-na le eona ha a ne a eme ka pel’a Sanhedrine. (Lik. 4:31; 6:15) Mehleng ea kajeno, re ka re’ng ka thabo e bang teng likopanong tsa rōna tsa machaba, botšepehi ba barab’abo rōna ba koaletsoeng lichankaneng hobane ba sa nke lehlakore le keketseho e hlollang e bang teng mosebetsing oa boboleli? Mehlala ena eohle ke bopaki ba tsela eo moea o halalelang o sebetsang ka eona.

2 Na moea o halalelang o sebetsa feela maemong a khethehileng kapa a sa tloaelehang? Che. Lentsoe la Molimo le bolela hore Bakreste ba ‘tsamaea ka moea,’ ba “tataisoa ke moea,” ’me ba “phela ka moea.” (Bagal. 5:16, 18, 25) Mantsoe ana a bontša hore moea o halalelang o ka tsoela pele o re susumetsa bophelong. Letsatsi le leng le le leng re lokela ho kōpa Jehova ka tieo hore a tataise menahano, lipuo le liketso tsa rōna ka moea oa hae. (Bala Pesaleme ea 143:10.) Ha re ntse re lumella moea oo hore o sebetse bophelong ba rōna, o tla hlahisa litholoana tse tla khatholla batho ba bang le tse tlotlisang Molimo.

3. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re tataisoe ke moea o halalelang? (b) Re tla tšohla lipotso life?

3 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa haholo hore re tataisoe ke moea o halalelang? Hobane ho na le matla a mang a lekang ho re laola, e leng matla a khahlanong le moea o halalelang. Matla ao ke seo Mangolo a reng ke “nama,” e leng mekhoa ea rōna ea boetsalibe, ho se phethahale hoo re ho futsitseng hobane re le litloholo tsa Adama. (Bala Bagalata 5:17.) Joale, ho lumella moea oa Molimo hore o re tataise ho akarelletsa’ng? Na ho na le mehato e molemo eo re ka e nkang ho loantša tšusumetso ea boetsalibe? A re tšohleng lipotso tsena ha re ntse re hlahloba litšobotsi tse tšeletseng tse setseng tsa ‘tholoana ea moea,’ e leng “tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”—Bagal. 5:22, 23.

Bonolo le Tiisetso li Etsa Hore ho Rene Khotso ka Phuthehong

4. Bonolo le tiisetso li tlatsetsa joang hore ho be le khotso ka phuthehong?

4 Bala Bakolose 3:12, 13. Ka phuthehong, bonolo le tiisetso li sebetsa hammoho ho etsa hore ho rene khotso. Litšobotsi tsena tsa tholoana ea moea ka bobeli li re thusa hore re sebelisane ka mosa le batho ba bang, re khobe matšoafo ha re halefisoa re be re qobe ho iphetetsa ha batho ba bang ba bua kapa ba re etsa lintho tse sa bontšeng kutloelo-bohloko. Haeba re qabane le Mokreste-’moho le rōna, tiisetso kapa mamello, e tla re thusa hore re se ke ra fella mora kapa morali oabo rōna pelo empa re etse seo re ka se khonang ho lokisa bothata. Na bonolo le tiisetso ehlile lia hlokahala ka phuthehong? Ho joalo, hobane kaofela ha rōna ha rea phethahala.

5. Ho ile ha etsahala’ng pakeng tsa Pauluse le Barnabase, hona see se totobatsa taba efe?

5 Nahana ka se ileng sa etsahala pakeng tsa Pauluse le Barnabase. Ba ne ba sebelitse hammoho ka lilemo, ba ntse ba ntšetsa litaba tse molemo pele. E mong le e mong oa bona o ne a e-na le makhabane a babatsehang. Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng, har’a bona ho ile ha e-ba le “ho phatloha ho hoholo ka bohale, hoo ba ileng ba arohana.” (Lik. 15:36-39) Ketsahalo ena e totobatsa taba ea hore esita le har’a bahlanka ba Molimo ba ikitlaetsang, ka linako tse ling ho tla hlaha liqabang. Haeba Mokreste a e-na le phapang le molumeli-’moho le eena, ke sefe seo a ka se etsang ho qoba hore ba qhoelisane ka mantsoe, e leng se ka etsang hore likamano tsa bona li senyehe ka nako e telele?

6, 7. (a) Ke keletso efe ea Mangolo eo re ka e latelang pele re ka qhoelisana ka mantsoe le molumeli-’moho le rōna? (b) ‘Ho potlakela ho utloa, ho lieha ho bua, ho lieha ho halefa,’ ho na le melemo efe?

6 Joalokaha poleloana e reng “ho phatloha ho hoholo ka bohale” e bontša, qabang e neng e le pakeng tsa Pauluse le Barnabase e ile ea hlaha ka tšohanyetso ebile e ne e le khōlō. Haeba Mokreste a hlokomela hore oa halefa ha a bua taba le molumeli-’moho le eena, e ka ba bohlale hore a ele hloko keletso e fumanoang ho Jakobo 1:19, 20, e reng: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua, a liehe ho halefa; kaha khalefo ea motho ha e hlahise ho loka ha Molimo.” Ho itšetlehile ka maemo, a ka ’na a leka ho fetola moqoqo, ho beha taba molatsa kapa a kōpa tsela pele ba ka qhoelisana ka mantsoe.—Liprov. 12:16; 17:14; 29:11.

7 Melemo ea ho latela keletso ee ke efe? Ha Mokreste a ipha nako ea ho theola moea, ho rapella taba le ho nahana tsela e molemohali ea ho araba, o itumella hore a tataisoe ke moea oa Molimo. (Liprov. 15:1, 28) Moea o ka mo susumelletsa hore a bontše bonolo le tiisetso. Ka tsela eo o mo thusa hore a ele hloko keletso e fumanoang ho Baefese 4:26, 29, e reng: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe . . . Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.” Ka sebele, ha re ikapesa bonolo le tiisetso, re kenya letsoho hore ho be le khotso le bonngoe ka phuthehong.

Khatholla Lelapa la Hao ka Mosa le Molemo

8, 9. Mosa le molemo ke eng, hona li ama moea o renang ka lapeng joang?

8 Bala Baefese 4:31, 32; 5:8, 9Mosa le molemo li khatholla joaloka moea o pholileng le seno se batang letsatsing le chesang. Li etsa hore ho rene khotso ka lapeng. Mosa ke tšobotsi e ratehang, e hlahisoang ke hore re thahaselle batho ba bang e le kannete, e leng thahasello e bonahalang ka liketso tse molemo le mantsoe a bontšang ho nahanela batho ba bang. Joaloka mosa, molemo ke tšobotsi e ntle e bontšoang ka liketso tse tsoelang batho ba bang molemo. E bontšoa ka ho ba le moea oa ho fana. (Lik. 9:36, 39; 16:14, 15) Empa molemo ha o felle moo feela.

9 Molemo ke ho hloka sekoli. Ha o akarelletse feela seo re se etsang, empa habohlokoa le ho feta, o akarelletsa seo re leng sona. Nahana ka ’mè ea lokisetsang lelapa la hae litholoana, o hlahloba e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona ha a ntse a e seha e le ho tiisa hore ea hlabosa ebile e butsoitse kaofela le hore ha ea bola ka ntle le ka hare. Ka tsela e tšoanang, molemo o hlahisoang ke moea o halalelang o laola tsela eohle eo Mokreste a phelang ka eona.

10. Ho ka etsoa’ng ho thusa litho tsa lelapa hore li loanele ho ba le tholoana ea moea?

10 Ke eng e ka thusang litho tsa lelapa la Bokreste hore li tšoarane ka mosa le ka tsela e molemo? Tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e phetha karolo ea bohlokoa tabeng ena. (Bakol. 3:9, 10) Lihlooho tse ling tsa malapa li lokisetsa hore thutong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea ba beke le beke ho akarelletsoe le tholoana ea moea. Ha ho thata ho lokisetsa hore ho be le thuto e joalo. Le sebelisa likhatiso tse fumanehang ka puo ea habo lōna, khethang boitsebiso bo buang ka tšobotsi ka ’ngoe ea tholoana ea moea. Le ka ’na la hlahloba lirapa tse seng kae feela ka beke, e leng se tla etsa hore le qete libeke tse ’maloa le hlahloba tšobotsi ka ’ngoe. Ha le ntse le ithuta boitsebiso boo, balang mangolo a bontšitsoeng le be le a tšohle. Batlang litsela tseo ka tsona le ka sebelisang seo le ithutileng sona, ’me le rapelle hore Jehova a hlohonolofatse boiteko ba lōna. (1 Tim. 4:15; 1 Joh. 5:14, 15) Na ka sebele thuto e joalo e ka ama tsela eo litho tsa lelapa li tšoaranang ka eona?

11, 12. Ho ithuta ka tšobotsi ea mosa ho ile ha tsoela malapa a mabeli a Bakreste molemo joang?

11 Banyalani ba bacha lilemong, ba neng ba batla hore lenyalo la bona le atlehe, ba ile ba etsa qeto ea ho ithuta ka botebo ka tholoana ea moea. Seo se ba tsoetse molemo joang? Mosali o re: “Ho ithuta hore mosa o akarelletsa botšepehi ho entse phapang e khōlō tseleng eo re tšoaranang ka eona ho fihlela kajeno. Ho re rutile hore re tenyetsehe re be re tšoarelane. Hape ho re thusitse hore re ithute ho re ‘kea leboha’ le ho re ‘ke kōpa tšoarelo’ ha ho loketse.”

12 Banyalani ba bang ba Bakreste, ba neng ba e-na le mathata lenyalong, ba ile ba hlokomela hore ba ne ba sa tšoarane ka mosa. Ba ile ba etsa qeto ea hore ba ithute ka tšobotsi ena ea mosa hammoho. Phello e ile ea e-ba efe? Monna o re: “Ho ithuta ka tšobotsi ea mosa ho ile ha re thusa ho bona bohlokoa ba ho tšepana ho e-na le ho nahana hore e mong o etsa ntho ka moea o mobe, ha etsa hore re shebe makhabane ao e mong a nang le ’ona. Re ile ra qala ho tsotellana. Ho ba mosa ho ne ho akarelletsa hore ke kōpe mohats’a ka hore a hlahise maikutlo a hae ka bolokolohi empa ke sa khopisoe ke seo a se buang. Ho ile ha hlokahala hore ke ikokobetse. Ha re qala ho sebelisa mosa lenyalong la rōna, butle-butle re ile ra tlohela ho ikemela. Ruri re ile ra imoloha.” Na ho ithuta ka tholoana ea moea ho ka tsoela lelapa la hao molemo?

Bontša Tumelo le ha U le Mong

13. Ke eng e ka senyang kamano ea rōna le Jehova eo re lokelang ho itebela ho eona?

13 Bakreste ba lokela ho lumella moea oa Molimo hore o ba tataise ha ba le bathong le ha ba le bang. Kajeno lefatšeng la Satane ho atile litšoantšo tse litšila le boithabiso bo hlephileng. Sena se ka senya kamano ea rōna le Jehova. Mokreste o lokela ho etsa’ng? Lentsoe la Molimo lea re eletsa, le re: “Lahlang litšila tsohle le ntho eo e ngata haholo, bobe, ’me le amohele ka bonolo ho hlongoa ha lentsoe le khonang ho pholosa meea ea lōna.” (Jak. 1:21) A re tšohleng kamoo tumelo, e leng tšobotsi e ’ngoe ea tholoana ea moea, e ka re thusang kateng hore re lule re hloekile mahlong a Jehova.

14. Ho hloka tumelo ho ka lebisa boitšoarong bo bobe joang?

14 Ha re e-na le tumelo ea sebele, re tla nka Jehova Molimo e le motho oa sebele. Haeba re sa nke Molimo e le motho oa sebele, ho ka ba bonolo hore re oele boitšoarong bo bobe. Nahana ka se ileng sa etsahala har’a batho ba Molimo ba boholo-holo. Jehova o ile a senolela moprofeta Ezekiele hore batho ba ne ba etsa lintho tse manyala sephiring, a re: “Mor’a motho, na u bone seo ba hōlileng ba ntlo ea Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong likamoreng tse ka hare tsa setšoantšo sa hae? Etsoe ba re, ‘Jehova ha a re bone. Jehova o tlohetse naha.’” (Ezek. 8:12) Na u hlokometse hore na bothata boo bo ne bo bakiloe ke’ng? Ba ne ba sa lumele hore Jehova o ne a bona seo ba se etsang. Ba ne ba sa nke Jehova e le motho oa sebele.

15. Ha re e-na le tumelo e matla ho Jehova, seo se re sireletsa joang?

15 Ka lehlakoreng le leng, nahana ka mohlala oa Josefa. Le hoja a ne a le hōle le lelapa labo le batho ba habo, Josefa o ile a hana ho etsa bofebe le mosali oa Potifaro. Hobane’ng? O ile a re: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” (Gen. 39:7-9) Ho hlakile hore o ne a nka Jehova e le motho oa sebele. Haeba re nka hore Molimo ke motho oa sebele, re ke ke ra shebella boithabiso bo litšila kapa ka sephiri ra etsa ntho leha e le efe eo re tsebang hore ha e khahlise Molimo. Re tla ba le boikemisetso bo tšoanang le ba mopesaleme ea ileng a bina, a re: “Ke tla tsamaea botšepehing ba pelo ea ka ka har’a ntlo ea ka. Nke ke ka beha letho le se nang molemo ka pel’a mahlo a ka.”—Pes. 101:2, 3.

Lebela Pelo ea Hao ka ho Sebelisa Boitšoaro

16, 17. (a) Joalokaha ho hlalositsoe bukeng ea Liproverbia, “mohlankana eo pelo ea hae e haelloang” o tšoasoa ke sebe joang? (b) Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong se leqepheng la 26, ho ka etsahala se tšoanang joang kajeno ho sa tsotellehe hore na motho o moholo hakae?

16 Boitšoaro, e leng tšobotsi ea ho qetela ea tholoana ea moea, bo re thusa hore re hane lintho tseo Molimo a li nyatsang. Bo ka re thusa hore re lebele lipelo tsa rōna. (Liprov. 4:23) Nahana ka boemo bo tlalehiloeng ho Liproverbia 7:6-23, moo ho hlalosoang kamoo “mohlankana eo pelo ea hae e haelloang” a itumellang hore a ekoe ke letekatse. Oa tšoasoa ka mor’a hore a ‘fete seterateng haufi le sekhutlo sa mosali eo.’ Ho ka etsahala hore ebe bohelehele ke bona bo ileng ba etsa hore a fihle sebakeng seo. Ka ho panya ha leihlo feela le pele a hlokomela, o hohelloa tseleng e booatla e ‘amang moea oa hae.’

17 Mohlankana eo a ka be a ile a qoba phoso ee e tšabehang joang? Ka hore ebe o ile a ela hloko temoso e reng: “Le se ke la hlahlathela litseleng tsa hae.” (Liprov. 7:25) Ho na le seo re ka ithutang sona: Haeba re batla hore moea oa Molimo o re tataise, re lokela ho qoba ho ipeha maemong a lekang. Tsela e ’ngoe eo motho a ka iphumanang a le tseleng e booatla ea “mohlankana eo pelo ea hae e haelloang,” ke ka hore a fepetle Inthanete kapa liteishene tsa thelevishene a sa tsebe hore na o batla’ng. Ebang ke ka morero kapa che, a ka ’na a thulana le litšoantšo tse tsosang takatso. Butle-butle a ka ’na a ba le tloaelo e mpe ea ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, e leng se ka senyang letsoalo la hae le kamano ea hae le Molimo. E ka ama bophelo ba hae.—Bala Baroma 8:5-8.

18. Mokreste a ka ’na a nka mehato efe hore a sireletse pelo ea hae, hona mehato ee e akarelletsa ho sebelisa boitšoaro joang?

18 Ho hlakile hore re lokela ho sebelisa boitšoaro ka ho nka khato kapele haeba re thulana le setšoantšo se tsosang takatso. Empa ruri ho ne ho ka ba molemo le ho feta haeba re ne re ka qoba boemo boo li sa tloha! (Liprov. 22:3) Ho sebelisa boitšoaro ho akarelletsa ho beha meeli e loketseng le ho e khomarela. Ka mohlala, ho beha k’homphieutha pooaneng ho ka re sireletsa. Batho ba bang ba fumana ho le molemo hore ba sebelise k’homphieutha kapa ba shebelle thelevishene hafeela batho ba bang ba le teng. Ba bang ba entse qeto ea hore ba se ke ba sebelisa Inthanete. (Bala Matheu 5:27-30.) E se eka re ka nka mehato e hlokahalang hore re itšireletse re be re sireletse malapa a rōna e le hore re ka rapela Jehova ‘ho tsoa pelong e hloekileng le ho tsoa letsoalong le letle le ho tsoa tumelong e se nang boikaketsi.’—1 Tim. 1:5.

19. Melemo ea ho itumella hore re tataisoe ke moea o halalelang ke efe?

19 Tholoana e hlahisoang ke moea o halalelang e na le melemo e mengata. Bonolo le tiisetso li etsa hore ho rene khotso ka phuthehong. Mosa le molemo li etsa hore ho be le thabo ka lapeng. Tumelo le boitšoaro li re thusa hore re lule re e-na le kamano e haufi le Jehova re bile re hloekile mahlong a hae. Ho feta moo, Bagalata 6:8 e re tiisetsa sena: “Ea jalang ka sepheo sa ho jalla moea o tla kotula bophelo bo sa feleng moeeng.” Ka sebele, ka thekollo ea Kreste, Jehova o tla sebelisa moea o halalelang hore a fe batho ba itumellang hore ba tataisoe ke moea oo bophelo bo sa feleng.

U ka Araba Joang?

• Bonolo le tiisetso li ka etsa hore ho rene khotso joang ka phuthehong?

• Ke eng e ka thusang Bakreste hore ba bontše mosa le molemo ka lapeng?

• Tumelo le boitšoaro li thusa Mokreste joang hore a lebele pelo ea hae?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

U ka qoba ho qhoelisana ka mantsoe le motho e mong joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ho ithuta ka tholoana ea moea ho ka tsoela lelapa la hao molemo

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ha re bontša tumelo re bile re sebelisa boitšoaro, re ka qoba likotsi life?