Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boprofeta ba 5. Ho Senya Lefatše

Boprofeta ba 5. Ho Senya Lefatše

Boprofeta ba 5. Ho Senya Lefatše

“[Molimo o tla] felisa ba senyang lefatše.”—TŠENOLO 11:18.

● Monghali Pirri ke ’mokelli oa veine ea palema Kpor, Nigeria. Khoebo ea hae e sentsoe ke oli e ngata e qhalanelang Nōkeng ea Niger. O re: “E bolaea litlhapi, e re senya matlalo e bile e senya le linōka tsa rōna. Ha ke sa na ntho eo ke iphelisang ka eona.”

BOEMO BA LITABA BO BONTŠA ENG? Ho latela litsebi tse ling, litšila tse ka etsang lithane tse limilione li 6,5 li kena maoatleng selemo se seng le se seng. Ho hakanngoa hore hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea litšila tseo ke lipolasetiki tse tla nka lilemo tse makholo pele li ka bola. Batho ha ba silafatse lefatše feela, empa ba bile ba sebelisa lihlahisoa tsa lona ka tsela e feteletseng. Liphuputso li bontša hore lefatše le hloka selemo le likhoeli tse hlano hore le boele le be le lihlahisoa tseo batho ba li sebelisitseng ka selemo. Koranta ea Australia e bitsoang Sydney Morning Herald, e re: “Haeba baahi ba lefatše ba ntse ba eketseha le tsela eo lihlahisoa li sebelisoang ka eona e ntse e eketseha ka tsela ena, ka 2035 re tla hloka lihlahisoa tse lekanang le tse ka hlahisoang ke mafatše a mabeli.”

KA TLOAELO HO THOE’NG HO HANYETSA SEE? Batho ba bohlale ’me ba khona ho fumana tsela ea ho rarolla mathata. Re ka rarolla mathata ana ’me ra pholosa lefatše.

NA LEBAKA LEO LEA UTLOAHALA? Batho ba bangata ba sebetsang ka thata le lihlopha tse itseng ba ’nile ba lemosa ka ho senngoa ha tikoloho. Leha ho le joalo, batho ba ntse ba tsoeloa pele ho silafatsa lefatše ka tsela e tšabehang.

U NAHANA’NG? Na ho hlokahala hore Molimo a kenelle e le hore a pholose lefatše lee la rōna le senngoang, joalokaha a tšepisitse hore o tla etsa joalo?

Ntle le lintho tse hlano tse profetiloeng tseo re li tšohlileng, Bibele e ile ea bua le ka liketso tse ntle tse neng li tla etsahala matsatsing a ho qetela. Hlahloba mohlala o le mong boprofeteng ba botšelela.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

“Ke ikutloa eka ke ne ke e-na le paradeise, empa hona joale ke na le thotobolo ea lintho tse chefo.”—ERIN TAMBER, MOAHI OA GULF COAST, UNITED STATES, HA A BUA KA LIPHELLO TSA OLI E ILENG EA QHALANA KOUNG EA MEXICO KA 2010.

[Lebokose le leqepheng la 8]

Na Molimo ke Eena ea Ikarabellang?

Kaha Bibele e boletse esale pele hore ho tla ba le maemo a mabe mehleng ena, na see se bolela hore Molimo ke eena ea ikarabellang? Na ke eena ea etsang hore re utloe bohloko? U ka fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsena khaolong ea 11 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

U.S. Coast Guard photo