Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumeletse Bokhopo le Mahlomola?

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumeletse Bokhopo le Mahlomola?

Ithute Lentsoe la Molimo

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumeletse Bokhopo le Mahlomola?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Bokhopo bo bile teng joang?

Bokhopo bo bile teng lefatšeng ka mor’a hore Satane a bue leshano la pele. Satane o ne a se khopo ha a bōptjoa. E ne e le lengeloi le phethahetseng, empa “ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” (Johanne 8:44) O ile a hlaolela takatso ea hore borapeli bo lokelang Molimo feela bo lebisoe ho eena. Satane o ile a thetsa mosali oa pele, Eva, a ba a mo susumelletsa hore a mamele eena ho e-na le hore a mamele Molimo. Adama le eena o ile a etsisa Eva eaba ha a mamele Molimo. Qeto eo ea Adama e ile ea fella ka hore ho be le bohloko le lefu.—Bala Genese 3:1-6, 17-19.

Ha Satane a re Eva a se ke a mamela Molimo, ha e le hantle e ne e le ha a qala ho ba khahlanong le bobusi ba Molimo. Boholo ba batho bo ikopantse le Satane ho hana hore Molimo ke ’Musi. Ka hona, Satane o fetohile “’musi oa lefatše.”—Bala Johanne 14:30; Tšenolo 12:9.

2. Na ho ne ho e-na le phoso e itseng pōpong ea Molimo?

Batho hammoho le mangeloi ao Molimo a a bōpileng, ba ne ba e-na le bokhoni bo phethahetseng ba ho mamela melao ea Molimo. (Deuteronoma 32:5) Molimo o re bōpile re e-na le tokoloho ea ho khetha pakeng tsa ho etsa se melemo le se khopo. Tokoloho eo e re fa monyetla oa ho bontša hore na re rata Molimo kapa che.—Bala Jakobo 1:13-15; 1 Johanne 5:3.

3. Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko?

Ha joale Jehova o sa mameletse borabele bo khahlanong le bobusi ba hae. Hobane’ng? E le hore ho hlake hore ha ho boiteko le bo bong ba ho ipusa ntle le eena bo ka ruisang batho molemo. (Jeremia 10:23) Ka mor’a hore batho ba phele lilemo tse 6 000, ’nete e hlakile. Babusi ba batho ba hlōlehile ho felisa ntoa, bokebekoa, ho hloka toka hammoho le maloetse.—Bala Moeklesia 7:29; 8:9; Baroma 9:17.

Ka lehlakoreng le leng, ba amohelang Molimo e le ’Musi oa bona ba itsoela molemo. (Esaia 48:17, 18) Haufinyane Jehova o tla felisa mebuso eohle ea batho. Ba khethang ho busoa ke Molimo ke bona feela ba tla rua lefatše.—Esaia 2:3, 4; 11:9; Bala Daniele 2:44.

4. Mamello ea Molimo e fana ka monyetla ofe?

Satane o ile a bolela hore batho ba ke ke ba tšepahala ka ho feletseng ho Jehova. Mamello ea Molimo e re fa monyetla oa hore re bontše hore na re batla ho busoa ke Molimo kapa ke batho. Re bontša ka tsela eo re phelang ka eona hore na khetho ea rōna ke efe.—Bala Jobo 1:8-11; Liproverbia 27:11.

5. Re bontša joang hore re khetha Molimo e le eena ’Musi?

Haeba re batla borapeli ba ’nete bo thehiloeng Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele, re tla be re bontša hore re khetha Molimo e le ’Musi. (Johanne 4:23) Hape ha re kenelle lipolotiking le lintoeng, joalokaha Jesu a sa ka a etsa joalo.—Bala Johanne 17:14.

Satane o sebelisa matla a hae ho khothalletsa boitšoaro bo bobe le liketso tse kotsi. Ha re qoba mekhoa e joalo, e meng ea metsoalle ea rōna le beng ka rōna ba ka ’na ba re soma kapa ba re hanyetsa. (1 Petrose 4:3, 4) Ka hona, re lokela ho etsa khetho. Na re tla tloaelana le batho ba ratang Molimo? Na re tla mamela melao ea hae e bohlale le e lerato? Haeba re etsa joalo, re fana ka bopaki ba hore Satane o ne a bua leshano ha a re ho ne ho se motho ea tla mamela Molimo.—Bala 1 Bakorinthe 6:9, 10; 15:33..

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 11 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Adama o ile a etsa khetho e mpe

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Khetho ea rōna e senola hore na re batla hore Molimo e be eena ’Musi oa rōna kapa che