Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Chelete

Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Chelete

Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Chelete

“Eaba o lula fatše moo a neng a ka bona matlōle a polokelo ea matlotlo ’me o qala ho hlokomela kamoo bongata bo neng bo akhela chelete ka matlōleng a polokelo ea matlotlo; barui ba bangata ba ne ba akhela lichelete tse ngata tsa tšepe. Joale mohlolohali e mong oa mofutsana a tla ’me a akhela licheletana tse peli tsa tšepe, tsa boleng bo bonyenyane haholo.”—MAREKA 12:41, 42.

BIBELE e atisa ho bua ka chelete. Ka mohlala, joalokaha re bona tlalehong ea Likosepele, Jesu o ile a sebelisa mefuta e sa tšoaneng ea chelete ea tšepe ho ruta melao-motheo ea bohlokoa. O ile a ruta ho itseng ka “licheletana tse peli tsa tšepe” tseo mohlolohali a ileng a nehela ka tsona, tseo ho builoeng ka tsona ka holimo. Ka lekhetlo le leng, o ile a sebelisa mofuta oa chelete ea tšepe e neng e bitsoa denari ho thusa balateli ba hae hore ba tsebe tsela eo ba lokelang ho nka bolaoli ba ’muso ka eona. *Matheu 22:17-21.

Ke hobane’ng ha ho ile ha qaptjoa chelete? Mehleng ea Bibele e ne e etsoa joang? E ne e sebelisoa joang? Hona re ithuta eng Bibeleng ka tsela eo re lokelang ho e nka ka eona?

Ho Reka ka Tšepe ea Bohlokoa ho E-na le ho Fapanyetsana Thepa

Pele chelete e qaptjoa, batho ba ne ba reka thepa ka thepa. Ba ne ba rekisa thepa kapa litšebeletso ka thepa ea boleng bo lekanang le seo ba se rekisang. Empa ho reka thepa ka thepa e ne e se kamehla ho tsamaeang hantle. E le hore mokhoa oo o sebetse hantle, motho o ne a lokela ho rata thepa ea motho ea rekang. Ho phaella moo, bahoebi ba ne ba lokela ho jara kapa ho hlokomela thepa eo e boima eo ba neng ba hoeba ka eona, e kang liphoofolo kapa mekotla ea lijo-thollo.

Qetellong bahoebi ba ile ba hlokomela hore ba hloka ntho eo ba ka e sebelisang habonolo ha ba reka kapa ba rekisa lintho. Tharollo e ile ea e-ba ho sebelisa tšepe ea bohlokoa e kang khauta, silevera le koporo. Setšoantšong se leqepheng lena, mohoebi o reka thepa kapa litšebeletso ka mabenyane le litene tse entsoeng ka tšepe ea bohlokoa. Tšepe eo e ne e bekhoa sekaleng se sebetsang hantle pele mong’a eona a ka fuoa thepa e itseng. Ka mohlala, ha Abrahama a ne a reka setša sa ho pata mosali oa hae eo a neng a mo rata, Sara, o ile a bekha silevera e neng e hlokahala.—Genese 23:14-16.

Nakong eo Jehova a neng a fa Baiseraele Molao o ngotsoeng, bahoebi ba meharo ba ne ba sebelisa likala tse sa sebetseng hantle kapa ba sebelisa boima bo fosahetseng sekaleng e le ho qhekella bareki. Ho se tšepahale ke ntho e mpe mahlong a Jehova Molimo, ka hona, o ile a bolella bahoebi ba Baiseraele: “Le lokela ho ba le sekala se nepahetseng, boima bo nepahetseng.” (Levitike 19:36; Liproverbia 11:1) Kajeno, ba rekisang ba lokela ho hopola hore maikutlo a Jehova ka meharo le ho se tšepahale ha a e-s’o fetohe.—Malakia 3:6; 1 Bakorinthe 6:9, 10.

Kamoo Chelete ea Tšepe e Neng e Etsoa Kateng Qalong

Ho ka etsahala hore ebe chelete ea pele ea tšepe e ile ea etsoa Lydia (eo kajeno e leng Turkey), neng-neng pele ho selemo sa 700 B.C.E. Ka potlako feela ba sebetsang ka tšepe linaheng tse ngata ba ile ba qala ho etsa chelete ea tšepe ka bongata, eaba batho linaheng tsohle tse boletsoeng ka Bibeleng ba qala ho e sebelisa.

Chelete ea tšepe e ne e etsoa joang? Motho ea sebetsang o ne a nka tšepe e qhibilihileng sebōping sa mollo (1) e be o e tšela ka foromong ho etsa lipapetloa tsa tšepe tse sa ngoloang letho (2). Ka mor’a moo, o ne a kenya lipapetloa tseo lipakeng tsa litšepe tse ling tse neng li fatiloe matšoao kapa litšoantšo (3). Joale o ne a otla tšepe e ka holimo ka hamore e le hore matšoao le litšoantšo li salle lipapetloeng (4). Lebelo leo a neng a otla ka lona, hangata le ne le etsa hore setšoantšo se se ke sa lula hantle bohareng. Basebetsi ba ne ba khetha chelete ea tšepe e boemong bo botle ebe baa e bekha ho etsa bonnete ba hore boima bo lumellana le matla a eona, ebe ha ho hlokahala ba tlosa tšepe e sa hlokahaleng ka mathōko (5).

Ba Ananyang ka Chelete, ba Bokellang Lekhetho le Bo-ralibanka

Lekholong la pele la lilemo C.E., chelete ea tšepe e tsoang linaheng tse sa tšoaneng e ne e fihla Palestina. Ka mohlala, batho ba neng ba tla tempeleng Jerusalema ba ne ba tla le lichelete tsa linaha tse ling. Leha ho le joalo, ba neng ba hlokomela tempele ba ne ba amohela mofuta o itseng feela oa chelete bakeng sa lekhetho la tempele. Ka hona, ba ananyang ka chelete ba ile ba etsa khoebo tempeleng moo ’me hangata ba ne ba batla phaello e holimo haholo ha ba chenchela batho chelete e hlokahalang. Jesu o ile a nyatsa batho bao ba meharo. Hobane’ng? Hobane ba ne ba fetola ntlo ea Jehova “ntlo ea thekiso” le “lehaha la masholu.”—Johanne 2:13-16; Matheu 21:12, 13.

Baahi ba Palestina ba ne ba boetse ba lokela ho lefa makhetho a sa tšoaneng. Le leng e ne e le “lekhetho la hlooho” leo bahanyetsi ba Jesu ba ileng ba mo botsa ka lona. (Matheu 22:17) Makhetho a mang a ne a akarelletsa lekhetho la tsela le lekhetho la thepa e kenang le e tsoang ka har’a naha. Babokelli ba lekhetho la ’Muso ba ne ba se na botumo bo botle ka lebaka la ho se tšepahale ’me batho ba ne ba sa ba rate. (Mareka 2:16) Babokelli ba lekhetho ba ne ba rua ka ho bokella chelete e ngata ka ho hanyapetsa ba lefang lekhetho ebe ba inkela e ’ngoe. Leha ho le joalo, ba bang ba neng ba bokella lekhetho, joaloka Zakiase, ba ile ba amohela molaetsa oa Jesu eaba ba khaotsa mekhoa e sa tšepahaleng. (Luka 19:1-10) Kajeno, mang le mang ea batlang ho latela Kreste o lokela ho tšepahala linthong tsohle, ho akarelletsa le litabeng tsa khoebo.—Baheberu 13:18.

Sehlopha se seng sa batho ba neng ba tšoara chelete e ne e le sa bo-ralibanka. Ntle le hore ba ne ba fana ka chelete ea linaheng tse ling, ba ne ba etsa mekhoa ea ho boloka chelete, ba alimana ka chelete le ho fana ka tsoala ho ba entseng matsete bankeng. Jesu o ile a bua ka bo-ralibanka bao papisong ea hae ea makhoba a neng a filoe chelete e sa lekaneng hore a etse khoebo ka eona.—Matheu 25:26, 27.

Tsela e Nepahetseng ea ho Talima Chelete

Linaheng tse ngata kajeno, batho ba lokela ho fumana chelete e le hore ba reke lintho tseo ba li hlokang. Mantsoe ana ao Molimo a ileng a susumetsa Morena Solomone hore a a ngole lilemong tse makholo tse fetileng e ntse e le ’nete le kajeno: ‘Chelete ke tšireletso.’ Empa hape Solomone o ile a bontša hore bohlale ke ba bohlokoa ho feta chelete kaha “bo boloka ba nang le bona ba phela.” (Moeklesia 7:12) Bohlale bo joalo bo fumanoa ka Bibeleng.

Jesu o ile a thusa balateli ba hae hore ba be le pono e loketseng ka chelete, ha a re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Joaloka barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele, re bontša bohlale ha re sebelisa chelete ka tsela e bontšang boikarabelo le ka botšepehi, le ha re qoba ho e rata.—1 Timothea 6:9, 10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Sheba lebokose le reng  “Lintlha Tse Itseng ka Chelete ea Tšepe,” leqepheng la 26.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 26]

 Lintlha Tse Itseng ka Chelete ea Tšepe

Lepton ea koporo e ne e le e ’ngoe ea lichelete tsa tšepe tse nyenyane ka ho fetisisa tse neng li sebelisoa lekholong la pele la lilemo Palestina. Motho o ne a fumana li-lepton tse peli ha a ka sebetsa metsotso e 15. Ho bonahala mohlolohali a ile a tšela li-lepton tse peli ka letlōleng la matlotlo a tempele.—Mareka 12:42.

Drakema ea silevera e ne e le chelete ea tšepe ea Bagerike eo motho a neng a e lefuoa ha a sebelitse letsatsi lohle. (Luka 15:8, 9) Ka selemo, banna bohle ba Bajuda ba ne ba lokela ho lefa lidrakema tse peli e le lekhetho la tempele.—Matheu 17:24.

Denari ea silevera e ne e le chelete ea tšepe ea Baroma e neng e e-na le setšoantšo sa Cesare, ka hona e ne e le eona e loketseng ha ho lefshoa “sethabathaba” seo monna e mong le e mong oa Mojuda a neng a lokela ho se lefa pusong ea Baroma. (Baroma 13:7) Mohiri o ne a ka lefa mohiruoa denari ha a sebelitse lihora tse 12.—Matheu 20:2-14.

Shekele ea silevera e hloekileng e neng e etsoa motseng oa Tyre e ile ea sebelisoa Palestina mehleng ea ha Jesu a ne a le lefatšeng mona. “Likotoana tsa silevera” tse 30 tseo baprista ba ka sehloohong ba ileng ba lefa Judase Iskariota ka tsona ha a ekile Jesu e ka ’na eaba e ne e le lishekele tsa Tyre.—Matheu 26:14-16.

Lichelete tsa tšepe tse bontšitsoeng mona li ne li le kana ka boholo