Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Ke hobane’ng ha sebini se tsebahalang haholo se ile sa tlohela ’mino eaba se khetha ho qeta nako e ngata se sebeletsa Molimo? Ke eng e ileng ea etsa hore senokoane seo le moahloli a ileng a re ke nama e hlōtseng lithipa e be motho ea thusang sechaba? Bala litaba tsena tsa bona ’me u utloe hore na ba re’ng.

“Ha ho eo e ka Bang Lekhoba la Benghali ba Babeli.”—ANTOLINA ORDEN CASTILLO

SELEMO SA TSOALO: 1962

NAHA EA HESO: SPAIN

PELE: KE NE KE LE SEBAPALI SA LITŠOANTŠISO KE BILE KE LE SEBINI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse motsaneng oa Tresjuncos, sebakeng se bitsoang La Mancha. Lelapa leso e ne e le la lihoai. ’Mè oa ka e ne e le Mok’hatholike ha Ntate eena e ne e le Moprostanta. Ntate o ne a lula a mpolella hore ke lokela ho mamela Bibele; kamehla ke ne ke ’mona a e bala. Empa ’mè oa ka o ne a nkisa Kerekeng e K’hatholike, re ea ’Miseng Sontaha se seng le se seng.

Ha ke le lilemo li 15, ke ile ka tloha motseng oo eaba ke il’o lula le ausi oa ka Madrid. Ke ne ke hloloheloa batsoali ba ka haholo, empa hamorao ke ile ka tloaela bophelo ba toropong. Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka khona ho sebetsa ka likhoeli tse ’maloa le sehlopha sa zarzuela, e leng ’mino oa opera oa setso sa Maspanishe. Ke ne ke thabela bophelo boo haholo eaba ke etsa qeto ea ho bapala litšoantšiso. Ke ile ka tlohela sekolo sa ho ba mongoli ofising, eaba ke il’o bina le lihlopha tse fapa-fapaneng tsa ’mino oa zarzuela. Hoo e ka bang nakong eona eo ke ile ka ratana le khaitseli ea motsoalle e mong oa ka. Ke ne ke ikutloa ke le lehlohonolo haholo ka hore ebe ke na le mosebetsi o monate, chelete esita le motho ea nthatang.

Ke ile ka qala ho tsamaea libaka tse ngata tsa Spain le lihlopha tse fapa-fapaneng tsa zarzuela, hammoho le ho ea linaheng tse kang, Colombia, Costa Rica, Ecuador le Venezuela. Ke ne ke boetse ke bina le lihlopha tse ’maloa Madrid tsa ’mino o tsebahalang haholo o bitsoang “La movida madrileña.” Sehlopha se seng seo ho sona ke neng ke le sebini se ka sehloohong se ile sa atleha haholo.

Ke ne ke rata mosebetsi oo empa ke ne ke sa rate boitšoaro bo bobe bo tsamaisanang le ’ona. Ho feta moo, ke ne ke amehile haholo ka chebahalo ea ka esita le ka hore na batho ba nkukela holimo ho le hokae. Ke ne ke ja ka tsela e itseng feela e le ho qoba hore ke se ke ka nona, kahoo ke ile ka ba le lefu la ho ipolaisa tlala (anorexia) le la ho itlhatsisa ka mor’a ho ja (bulimia).

Leha ho le joalo, sepheo sa ka e ne e ntse e le ho ba sebapali sa litšoantšiso. Qetellong ke ile ka ea sekolong se ikhethang sa litšoantšiso sa Madrid School of Dramatic Arts. Re ile ra rutoa hore ha motho a bapala tšoantšiso o lokela ho tseba hantle hore na motho eo a mo tšoantšisang ke oa mofuta ofe ’me le eena a itsebe hantle hore na ke motho oa mofuta ofe. Ha ke leka ho sebelisa keletso eo, ke ile ka hlokomela hore ha ke itsebe hore na ke motho ea joang. Ke ne ke amehile feela ka hore na batho ba bang ba nkuke joang, ke bile ke ichebile bonna feela.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ke ne ke tseba hore haeba ke batla ho ba le litšobotsi tse ntle, ke lokela ho li sebeletsa. Empa ke ne ke sa tsebe hore na ke qale kae. Ke ile ka etsa qeto ea ho ea Kerekeng ea Fora e Madrid eo nkileng ka ea ho eona le batsoali ba ka. Ke ile ka rapela Molimo ke sebelisa lebitso la hae, Jehova.

Nakoana ka mor’a moo, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa nketela. Ke ile ka thahasella ho buisana le tsona ka Bibele empa ke ne ke boetse ke li hanyetsa ka lintho tse ngata tseo li li rutang. Esther, e leng Paki e neng e ithuta Bibele le ’na, o ne a e-na le mamello haholo. Eena le lelapa la hae ba ile ba mpontša lerato le leholo esita le ho ba le mosa. Ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki ’me ka mor’a nakoana ke ile ka hlokomela hore ke fumane ’nete eo esale ke e batla.

Hang ha ke qeta ho ithutela ho ba motšoantšisi ho ile ha hlaha menyetla e mengata ea mosebetsi. Ke ile ka fuoa mosebetsi tšoantšisong e neng e tlil’o bapalloa holong e tsebahalang haholo Madrid. Empa hape ke ne ke hlokomela hore e le hore ke atlehe litšoantšisong ke lokela ho ikitlaetsa ka hohle-hohle. Qetellong ke ile ka etsa qeto ea ho fumana mosebetsi o mong o neng o tla mpha monyetla oa ho sebeletsa Molimo. Ke ile ka hlokomela hore mantsoe ana a Jesu ke ’nete: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” (Matheu 6:24) Mohlankana eo ke rataneng le eena ka lilemo tse robeli, o ne sa lumellane le tumelo ea ka e ncha, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho khaotsa kamano ea rōna. Ho ne ho se bonolo ho etsa liphetoho tsena kaofela.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Hona joale ke etsa mosebetsi oa nakoana oa ho tlosa maqheku bolutu. Mosebetsi ona o mpha nako e ngata ea ho ruta batho ba buang Searabia ba lulang sebakeng sa heso Bibele. Ke tlameha ho sebetsa ka thata hore ke ithute puo ena, empa ke thabela ho ruta batho bana ba botsoalle le ba ratang ho tseba Molimo ka lintho tse molemo tseo ke ithutileng tsona.

Boikutlo ba ho se tsebe hore na ke phelela’ng boo ke neng ke e-na le bona ha ke ntse ke ithutela ho ba motšoantšisi hona joale bo se bo nketsoe sebaka ke boikutlo ba ho ba le morero bophelong. Ke nka hore Jehova o nthusitse hore ke ntlafetse bophelo ba ka ke be ke thabe.

“Ke Soabisitse Moahloli.”—PAUL KEVIN RUBERY

SELEMO SA TSOALO: 1954

NAHA EA HESO: ENGELANE

PELE: KE NE KE LE SENOKOANE SE MABIFI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse Dudley, e leng motse o moholo o nang le lifeme o Midlands Bophirimela. Ho tloha ha ke sa le ngoana, Ntate o ile a etsa hore ke rate ho bala. O ne a bile a ntšusumelletsa hore ke ananele botle ba pōpo, le hoja a ne a lumela hore lintho li iphetotse. O ile a nthuta hore Molimo ha a eo. Leha ho le joalo, batsoali ba ka ba ile ba nkenya sekolong sa Sontaha sa Methodiste.

Ha ke le lilemo li robeli, ke ile ka bona ha bashanyana ba bang ba motseng ba hotetsa sekepe se neng se le kanaleng. Mapolesa a ile a tla empa ke ile ka tšaba ho ba bolella ’nete. Bashanyana bao ba ne ba itse ha nka bua feela haeso ke naheng. Ke ile ka behoa molato ’me ho hloka toka hoo ho ile ha nkhalefisa haholo. Ke ile ka iphetetsa ka ho senya thepa ea likolo tsa motseng, likereke le lifeme—tšenyo e ka etsang liranta tse likete. Ha ke le lilemo li leshome, ke ne ke se ke qheketsa matlung le mabenkeleng ke utsoa. Ke ile ka qetella ke rata mollo haholo eaba ke chesa lintho tse ngata. Sekolong matichere a ne a re ke ngoana ea sa laoleheng.

Ha ke le lilemo li 12, ke ile ka thola buka ea bonohe eaba ke iketsetsa boto ea Ouija e sebelisoang bakeng sa ho sebelisana le meea. Kaha batsoali ba ka ba ne ba sa lumele ho Molimo, ba ne ba nahana hore thahasello ea ho sebelisana le meea e ne e le ho ithabisa ho se nang kotsi ho tla etsa hore feela ke tlohele ho kena mathateng. Empa nakong eo ke qetang sekolong, ke ne ke se ke ile hangata lekhotleng la bana. Ke ne ke kene sehlopheng sa batho ba mabifi se bitsoang makoroana. Ke ne ke tsamaea ka lehare le ketane ea baesekele e le tsona libetsa tsa ka. Ke ile ka fumana mosebetsi empa ka mor’a nakoana oa ntahlehela kaha ke ile tšoaroa nakoana e itseng. Ha ke qeta ho lokolloa, ke ile ka qalella ho senya thepa hape eaba kea tšoaroa ke koalloa chankaneng ka lilemo tse peli. Moahloli o ile a re ke nama e hlōtseng lithipa ebile ke motho ea kotsi sechabeng.

Ha ke qeta ho lokolloa chankaneng, ke ile ka kopana le kharebe ea ka ea mehleng, Anita. Re ile ra nyalana eaba ke nka nakoana ke sa utsoe kapa hona ho etsa tlōlo ea molao. Leha ho le joalo, ka mor’a lilengoana ke ile ka khutlela mekhoeng ea ka ea bonokoane. Ke ile ka qheketsa likhoebong ebe ke utsoa chelete seifing. Ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi, ho itlopa joala le ho tsamaea ka sethunya. Ke ile ka tšoaroa hape ka ba ka koalloa chankaneng.

Tsela eo ke neng ke phela ka eona e ne e imela Anita haholo maikutlong. Ngaka ea hae e ile ea mo fa lipilisi tse kokobetsang ho imeloa kelello empa ea mo bolella hore tharollo ke hore feela a ntlhale. Ke thabela feela hore ebe ha aa ka a mamela keletso eo ea hae.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha re sa tsoa nyalana, ka nakoana Anita o ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke le chankaneng lekhetlong leo e bileng lona la ho qetela, Lipaki li ile tsa boela tsa mo etela. Ho ile ha etsahala hore letsatsing lona leo ke rapele Molimo ke re, “haeba ehlile u teng, mpontše.”

Likhoeli tse ’maloa ka mor’a moo ha ke lokolloa chankaneng, ke ile ka ea ho moruti oa motseng oa rōna ka mo kōpa hore a nthute Bibele le Anita. O ile a re o tla re ruta lithuto tsa motheo tsa kereke le thapelo feela.

Qetellong, ke ile ka ipalla Bibele. Ke ile ka makala ha ke ithuta hore Bibele ha e lumellane le ho sebelisana le meea. (Deuteronoma 18:10-12) Hamorao ke ile ka fumana Molula-Qhooa o mong oo Lipaki li ileng tsa o siela Anita mohlang ke neng ke rapela Molimo hore a nthuse. Seo ke ileng ka ithuta sona se ile sa etsa hore ke batle Lipaki.

Ba malapa a bo-rōna, metsoalle ea rōna le linokoane tseo ke neng ke tloaelane le tsona, ba ne ba sa thabele hore ebe re ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ba bang ba ne ba re ke fetoloa kelello ka lintho tsa mashano. Empa ha e le hantle kelello ea ka eona e ne e hlile e hloka ho fetoha. Ke ne ke e-na le litšobotsi tse ngata tse mpe, letsoalo la ka le se le chele ’me ntle ho lintho tse ling tse mpe, ke ne ke tsuba lisakarete tse ka bang 60 ka letsatsi. Lipaki tse ileng tsa re thusa ho ithuta Bibele le tseo re neng re kopana le tsona phuthehong eo re neng re ea ho eona, li ne li e-na le mamello li bile li le mosa haholo. Qetellong, ke ile ka tlohela lintho tse mpe tseo ke neng ke li etsa.—2 Bakorinthe 7:1.

MELEMO EO KE E FUMANENG: E se e le lilemo tse 35 joale ke nyalane le Anita. E mong oa bana ba rōna esita le litloholo tsa rōna tse peli, ba sebeletsa Jehova hammoho le rōna. Lilemong tse sa tsoa feta, ’na le Anita re khonne ho qeta nako e ngata re thusa batho hore ba ithute Bibele.

Ho sebeletsa Jehova Molimo ho entse hore bophelo ba rōna bo be le morero. Khale koana ka 1970, moahloli o ile a bolella lekhotla hore ke nama e hlotseng lithipa. Leha ho le joalo, ka thuso ea Molimo le tataiso ea Bibele, ke soabisitse moahloli eo.