Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Jehova ke Molisa oa Ka”

“Jehova ke Molisa oa Ka”

Atamela ho Molimo

“Jehova ke Molisa oa Ka”

AK’U shebe setšoantšo se leqepheng lena. Na ua hlokomela hore na konyana ee e ikutloa e sireletsehile joang ha e le sefubeng sa molisa oa eona? Pesalemeng ea 23, Bibele e tšoantšetsa tlhokomelo e mofuthu eo Jehova a e fang barapeli ba hae le molisa le linku. O batla hore re fumane tšireletso e fuoang batho bao joaloka mopesaleme Davida, ba ka reng ka kholiseho: “Jehova ke Molisa oa ka.” *Temana ea 1.

Mongoli oa pesaleme ena, e leng Davida, e ne e le molisa ha a sa le mocha. O ne a tseba lintho tseo linku li li hlokang le boikarabelo ba molisa. Davida ea ileng a bona ha Molimo a mo hlokomela bophelong, o ile a ngola se ’nileng sa bitsoa “pesaleme e bontšang kholiseho kapa tšepo.” Lebitso la Molimo, Jehova, le hlaha qalong ea pesaleme ena le qetellong ea eona. (Temana ea 16) Mantsoe a fumanehang mahareng a bua ka litsela tse tharo tseo ka tsona Jehova a bontšang hore o tsotella batho ba hae joalokaha molisa a tsotella linku tsa hae.—Pesaleme ea 100:3.

Jehova o tataisa linku tsa hae. Ha linku li se na molisa lia lahleha. Ka ho tšoanang re hloka ho tataisoa e le hore re fumane tsela e nepahetseng bophelong. (Jeremia 10:23) Davida o re Jehova o tataisetsa batho ba hae “makhulong a tletseng joang” le ‘libakeng tsa phomolo tse noselitsoeng hantle.’ O ba tsamaisa “litseleng tsa ho loka.” (Temana ea 23) Papiso ena ea molisa e re tiisetsa hore re ka tšepa Molimo. Haeba re latela tataiso ea moea oa hae e fumanehang ka Bibeleng, re ka phela ka tsela e khotsofatsang, e khathollang le e sireletsehileng.

Jehova o sireletsa linku tsa hae. Ha linku li se na molisa, li lula li tšohile ebile ha ho kamoo li ka itšireletsang kateng. Jehova o bolella batho ba hae hore ha baa lokela ho tšoha, esita leha ba “tsamaea phuleng ea moriti o lefifi”—e leng nako eo ho ka bonahalang ho le boima haholo bophelong. (Temana ea 4) Jehova o lula a ba talimile, a itokiselitse ho ba thusa. A ka fa barapeli ba hae bohlale le matla ao ba a hlokang e le hore ba sebetsane le mathata a bona.—Bafilipi 4:13; Jakobo 1:2-5.

Jehova o fepa linku tsa hae. Linku li itšetlehile ho molisa oa tsona hore a li fumanele lijo. Le rōna re lapela lijo tsa moea tseo re ka li fumanang ka thuso ea Molimo feela. (Matheu 5:3) Ho thabisang ke hore, Jehova ke Mohlokomeli ea seatla se bulehileng, o tekela bahlanka ba hae tafole ea lijo tse ngata. (Temana ea 5) Bibele esita le lingoliloeng tse thusang ho ithuta Bibele, tse kang ena eo u ntseng u e bala, ke oona mohloli oa lijo tsa moea tse re thusang ho tseba morero oa bophelo le oa Molimo ka rōna.

Davida o ne a ikutloa a sireletsehile kaha o ne a tseba hore ha a lula a le haufi le Molisa oa hae ea leholimong, o tla fumana tlhokomelo ea Jehova “ka matsatsi ’ohle a bophelo ba [hae].” (Temana ea 6) Na le uena u batla ho sireletseha joalo? Haeba ho joalo, ithute hore na u ka atamela ho Jehova joang. Ka ho etsa joalo u tla ikutloa u sireletsehile matsohong a Molisa e Moholo, ea tataisang, ea sireletsang le ea fepang ba lulang ba tšepahala ho eena.—Esaia 40:11.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka May:

Jobo 38Pesaleme ea 25

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Babali ba bangata ba tloaetse polelo e reng, “MORENA ke Molisa oa ka.” Ho fumana hore na ke hobane’ng ha Libibele tse ngata li sa ngola lebitso la Molimo, Jehova, sheba leqephe la 195-197 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.