Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bakreste Bohle ba Tšepahalang ba ea Leholimong?

Na Bakreste Bohle ba Tšepahalang ba ea Leholimong?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na Bakreste Bohle ba Tšepahalang ba ea Leholimong?

▪ Ba bangata ba balile mantsoe ana a tšelisang a Jesu: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Na Jesu o ne a bolela hore barapeli bohle ba tšepahalang ba Ntate oa hae, Jehova Molimo, ba ne ba tla ea leholimong ho ea phela teng ka ho sa feleng ba thabile?

Hlokomela mantsoe ana a Jesu a etsang hore motho a nahanisise: “Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong haese ea theohileng leholimong, Mor’a motho.” (Johanne 3:13) Sena se bolela hore barapeli ba tšepahalang ba nakong e fetileng, ba kang Noe, Abrahama, Moshe le Davida, ha baa ea leholimong. (Liketso 2:34) Joale ba ile kae kaofela ha bona? Ka bokhutšoane feela: Bahlanka ba tšepahalang ba boholo-holo ba hlokahetseng ba mabitleng, ha ba tsebe letho ’me ba emetse ho tsosoa bafung.—Moeklesia 9:5, 6; Liketso 24:15.

Jesu ke eena oa pele ka Bibeleng ea ileng a bua ka hore ba bang ba tla phela leholimong ka mor’a lefu. O ile a bolella baapostola ba hae hore o ne a tla ba lokisetsa bolulo leholimong. (Johanne 14:2, 3) Ena e ne e le ntho e ncha ho batho ba Molimo. Hamorao moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore ka mor’a hore Jesu a shoe a be a tsosetsoe leholimong, o ile a ‘qalla barutuoa ba hae tsela e ncha le e phelang’—e leng tsela eo ho neng ho se motho ea kileng a e tsamaea pele ho moo.—Baheberu 10:19, 20.

Na see se bolela hore ho tloha ka nako eo ho ea pele bohle ba tšepahalang ba ne ba tla ea leholimong? Che, etsoe ho tsosetsoa leholimong ho amana le mosebetsi o fuoeng batho ba itseng feela. Mantsiboeeng a ho qetela ba le ’moho, Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore ba ne ba tla “lula literoneng ho ahlola” ’Musong oa hae oa leholimo. Ka hona, mosebetsi oa bona e ne e tla ba ho ea busa le Jesu leholimong.—Luka 22:28-30.

Ntle le baapostola, batho ba bang le bona ba ne ba tla fuoa mosebetsi oo o babatsehang. Moapostola Johanne o ile a ba le pono eo ho eona a ileng a bona Jesu leholimong a e-na le sehlopha sa ba tsositsoeng ba hlalosoang e le ‘’muso le baprista ba tla busa holim’a lefatše.’ (Tšenolo 3:21; 5:10) Ba ne ba le bakae ka palo? Joaloka ’musong o mong le o mong, ke batho ba fokolang ka palo ba busang. Ho joalo le ka ’Muso ona oa leholimong. Jesu, e leng konyana ea Molimo, o busa le ba 144 000 ‘ba rekiloeng har’a moloko oa batho.’—Tšenolo 14:1, 4, 5.

Ke ’nete hore 144 000 ke palo e nyenyane ha e bapisoa le palo ea bohle ba tšepahalang ba nakong e fetileng le ba hona joale. Empa sena sea utloahala hobane bao ba 144 000 ba tsosetsoa leholimong ho ea phetha mosebetsi o halalelang o khethehileng. Haeba u ne u haha ntlo, na u ne u tla hira lihahi tsohle tse nang le tsebo tse sebakeng sa heno? Che. U ne u tla batla feela lihahi tse lekaneng hore li phethe mosebetsi o hlokahalang. Ka tsela e tšoanang, Molimo ha a khethe bohle ba tšepahalang hore ba phethe mosebetsi o khethehileng oa ho busa le Kreste leholimong.

’Muso ona oa leholimong o tla phethahatsa seo Molimo a neng a se rerile tšimolohong ka moloko oa batho. Jesu le babusi-’moho le eena ba 144 000 ke bona ba tla beng ba etelletse pele mosebetsi oa ho fetola lefatše paradeise, moo batho ba se nang palo ba tšepahalang ba tla phela ka ho sa feleng ba thabile. (Esaia 45:18; Tšenolo 21:3, 4) Bana ba tla akarelletsa ba mohopolong oa Molimo, ba tla tsosoa bafung.—Johanne 5:28, 29.

Morapeli e mong le e mong oa Jehova—oa nakong e fetileng le oa kajeno—a ka fumana mpho ena e babatsehang ea bophelo bo sa feleng. (Baroma 6:23) Ba ’maloa ba tla fumana bophelo leholimong e le hore ba phethe mosebetsi o khethehileng, empa ba bangata ba tla fumana bophelo lefatšeng leo kaofela e tla beng e le paradeise.